Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 2 maq. 10-12
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Ke’ng e ka Thusang Banyalani ba Holileng Hore ba se ke ba Hlalana?
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo
    Tsoha!—2013
  • Na Poelano e ka Khoneha?
    Tsoha!—1999
  • “Lenyalo le ke le Hlomphehe”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 2 maq. 10-12
Ntate o boema-fofane ’me o bua le molekane oa hae ea lapeng ka video.

Ke Joang Theknoloji E Ka Amang Lenyalo La Hao?

Ha banyalani ba sebelisa theknoloji hantle, e ka matlafatsa lenyalo la bona. Ka mohlala, e ka ba thusa hore ba buisane letšehare lohle ha ba se ’moho.

Leha ho le joalo, banyalani ba bang ba sebelisa theknoloji hampe ’me seo se etsa hore . . .

  • ba se ke ba qeta nako ba le ’moho.

  • ba tle le mosebetsi hae le ha ho sa hlokahale.

  • ba se ke ba tšepana hape ba se ke ba tšepahala.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Monna le mosali ba sebelisa lifono tsa bona ha ba ntse ba paqame betheng bosiu.

HO QETA NAKO HAMMOHO

Monna ea bitsoang Michael o re: “Ka linako tse ling ha ke e-na le mosali oa ka, ho tšoana leha eka ha a eo. O lula a shebile fono ebe o re, ‘Haesale ke sa khone ho e sheba ho fihlela hona joale.’ ” Monna ea bitsoang Jonathan o re maemong a joalo “banyalani ba ka ba ’moho empa ba ikutloa eka ba libakeng tse peli tse fapaneng.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke hangata hakae molaetsa kapa fono e llang e kena-kenanang le nako eo u e qetang le molekane oa hao?​—BAEFESE 5:33.

MOSEBETSI

Batho ba bang ba sebetsa mesebetsi e ba hlokang hore ba lule ba ikemiselitse ho araba lifono kapa li email tsa bona ka nako leha e le efe. Ba bang ba sebetsang mesebetsi e sa ba hlokeng hore ba lule ba araba lifono le li email, ba utloa ho ntse ho le thata hore ba se ke ba sebetsa ha ba le hae. Monna ea bitsoang Lee o re: “Ho thata hore ke se ke ka araba fono kapa molaetsa o mong le o mong o amanang le mosebetsi oa ka le hoja e le nakong eo ke e behelletseng ka thoko bakeng sa mosali oa ka. Mosali ea bitsoang Joy o re: “Ke sebeletsa hae, kahoo ho thata hore ke emise ho sebetsa. Ke loana ka thata hore ke leka-lekanye lintho.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na u mamela molekane oa hao ka hloko ha a bua le uena?​—LUKA 8:18.

BOTŠEPEHI

Batho ba bangata ba re ba kile ba qabana le balekane ba bona hobane molekane e mong a belaella seo e mong a se etsang Inthaneteng. Ba bang baa lumela hore ba kile ba beha lintho Inthaneteng tseo ba sa batleng hore balekane ba bona ba li bone.

Batho ba bangata baa lumela hore marang-rang a na le likotsi tse ngata tse sa bonahaleng bakeng sa banyalani ebile a etsa ho be bonolo hore ba etse bofebe. Ha ho makatse hore bo-ramolao ba sebetsanang le tlhalo ba re marang-rang a qhala manyalo a mangata.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na u patela molekane oa hao melaetsa ea motho eo u neng u buisana le eena oa bong bo sa tšoaneng le ba hao?​—LIPROVERBIA 4:23.

SEO U KA SE ETSANG

KHETHA LINTHO TSE LOKELANG HO TLA PELE

Motho ea sa jeng a ke ke a phela hantle ’meleng. Ka tsela e tšoanang, motho ea se nang nako bakeng sa molekane oa hae, lenyalo la hae le tla ba le mathata.​—Baefese 5:​28, 29.

KELETSO EA BIBELE: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—BAFILIPI 1:10.

Buisana le molekane oa hao ka litlhahiso tse latelang tseo u ka thabelang hore le li sebelise kapa u ngole tsa hao tse tla le thusa hore theknoloji e se ke ea kena-kenana le lenyalo la lona.

  • Jang hammoho leha e ka ba ha ’ngoe ka letsatsi

  • Behang nako eo ka eona le ke keng la sebelisa lisebelisoa tsa elektronike

  • Ipeheleng letsatsi leo le tla il’o ithabisa ka lona le le bang

  • Timang lifono ha le il’o robala

  • Ipeheleng metsotso e 15 letsatsi le letsatsi le buisana ’me le behile lisebelisoa tsa elektronike hole

  • Timang Inthanete ka nako e itseng letsatsi le letsatsi

LIPOTSO TSEO BANYALANI BA KA BUISANANG KA TSONA

Ka mor’a hore uena le molekane oa hao le nahane ka lipotso tsena ka bomong, buisanang ka likarabo tsa tsona.

  • Le ka sebelisa theknoloji ka litsela life ho matlafatsa lenyalo la lona?

  • Ho ea ka maikutlo a hao, ke hakae theknoloji e kena-kenanang le nako eo le e qetang le le ’moho?

  • U ka rata hore le etse liphetoho life?

  • Na u khona ho siea mosebetsi mosebetsing? Na molekane oa hao a ka lumellana le uena hore ho joalo?

  • U ka bontša ho leka-lekana joang ha ho tluoa tabeng ea nako eo u lebelletseng hore molekane oa hao a u fe eona?

    KELETSO EA BIBELE: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”​—1 BAKORINTHE 10:24.

Jason le Alexandra.

“Ke sebeletsa hae, kahoo ke leka ho ipehela nako ea ho chaisa. Ke boetse ke koala li email tsa ka ka mor’a nako e itseng e le hore ke sebelisetse fono ea ka lintho tse ling tse kang ho sheba nako ka ntle le ho sitisoa ke mosebetsi.”​—JASON LE MOSALI OA HAE ALEXANDRA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela