Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g22 no. 1 maq. 4-6
  • 1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 | Sireletsa Bophelo ba Hao
  • Tsoha!—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO E LENG SA BOHLOKOA
  • Seo U Lokelang ho se Tseba
  • Seo U ka se Etsang Hona Joale.
  • Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2015
  • U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • Tsela ea ho Sireletsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—1999
  • Boloka Tumelo ea Hao le Bophelo bo Botle ba Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2022
g22 no. 1 maq. 4-6
Mefuta ea lijo tse nang le phepo e ntle.

KE’NG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

SEO E LENG SA BOHLOKOA

Litlokotsi kapa likoluoa li ama batho ka litsela tse sa tšoaneng.

  • Ha ho etsahala lintho tse mpe batho ba tšoaroa ke stress. Batho ba tšoaroang ke stress nako e telele ba kula hangata.

  • Ha tsietsi e hlaha ho ba thata ho fumana kalafo e ntle hobane lipetlele li amohela batho ba bangata ka nako e le ’ngoe ’me seo se ka etsa hore ba se ke ba fumana meriana e lekaneng.

  • Ha likoluoa li hlahile ho ka ba thata hore batho ba batle lintho tsa bohlokoa tse kang lijo le meriana e lekaneng.

Seo U Lokelang ho se Tseba

  • Ho kula haholo le ho ba le khatello ea kelello ho ka etsa hore u etse liqeto tse fosahetseng, tse ka behang bophelo ba hao kotsing. Ka lebaka la seo u ka ’na oa kula haholo.

  • Haeba u sa rarolle mathata a hao a bophelo, a ka eketseha ’me a beha bophelo ba hao kotsing.

  • Haeba u lula u phetse hantle ’meleng, u tla etsa liqeto tse bohlale nakong ea ha u hlaheloa ke mathata.

  • Ho sa tsotellehe hore na u ruile kapa u futsanehile, u ka etsa lintho tse tla sireletsa bophelo ba hao.

Seo U ka se Etsang Hona Joale.

Motho ea bohlale o nahana ka likotsi tse ka etsahalang ’me o sebetsa ka thata hore a li qobe. U ka sebelisa keletso ena ho sireletsa bophelo ba hao. E le hore u fokotse menyetla ea ho kula, u lokela ho hloekisa moo u phelang teng le hore u lule u hloekile. Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.

Andreasa o re: “Ha moo re phelang teng ho hloekile ’me le rona re lula re hloekile re fokotsa litšenyehelo tsa ho reka meriana.”

a Mabitso a hlahang makasineng ena a fetotsoe.

U KA THUSOA KE’NG? Lintho Tse ka U Thusang

Nakong ena eo lefatše le nang le mathata, itšireletse ka hore u latele lintlha tsena

LULA U HLOEKILE

Ntate o hlatsoa matsoho a hae ka sesepa le metsi.

Lula u hloekile

Seo Bibele e se buang: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Leka ho nahana ka lintho tse ka behang bophelo ba hao kotsing ’me u li qobe.

  • Hlapa matsoho a hao khafetsa ka sesepa le metsi haholo-holo pele u tšoara lijo kapa ha u tsoa toilet.

  • Hloekisa ntlo ea hao kamehla haholo-holo lintho kapa libaka tse tšoaroang hangata.

  • Haeba ho khonahala, qoba ho ba haufi le batho ba nang le lefu le tšoaetsanoang.

E-JA LIJO TSE NANG LE PHEPO E NTLE

Mefuta ea lijo tse nang le phepo e ntle.

E-ja lijo tse nang le phepo e ntle

Seo Bibele e se buang: “Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae, empa oa e fepa le ho e baballa.” (Baefese 5:​29) Re bontša hore re rata ’mele ea rona ka hore re ele hloko lintho tseo re li jang le tseo re li noang.

  • Noa metsi a mangata.

  • E-ja mefuta e fapaneng ea litholoana le meroho.

  • Qoba ho ja lijo tse nang le mafura a mangata, letsoai le lengata le tsoekere e ngata.

  • Qoba ho tsuba hape u se ke oa sebelisa joala le lithethefatsi ka tsela e fosahetseng.

Carlos o re: “E le hore re se ke ra kula, re leka ho ja lijo tse nang le phepo e ntle hobane ha re sa etse joalo re ka qetella re sebelisa chelete eo re e fumanang ho ea ngakeng le ho reka meriana. Re rata ho sebelisa chelete ea rona ho reka lijo tse nang le phepo e ntle.”

IKOETLISE ’ME U PHOMOLE HANTLE

Ntate oa ikoetlisa.

Ikoetlise

Seo Bibele e se buang: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:6) Re lokela ho sebetsa empa re boetse re hloka ho phomola hantle.

  • Lula u ikoetlisa. U ka qala ka ho lula u tsamaea khafetsa. Boikoetliso bo ka u thusa hore u lule u phetse hantle ho sa tsotellehe hore na u oa kula, u holile kapa u na le mathata a mang a itseng a bophelo.

  • ’Mè o phomotse.

    Phomola

    Phomola ka ho lekaneng. Ho se phomole ka ho lekaneng ho ka u ekelletsa stress ’me ha etsa hore u thatafalloe ke ho tsepamisa mohopolo. Haeba u sa phomole ka ho lekaneng u ka qetella u kula haholo.

  • Ipehele nako eo u tla robala ka eona ’me u e tšepahalle. Leka ho robala le ho tsoha ka nako e tšoanang letsatsi le leng le le leng.

  • Qoba ho shebella TV kapa lisebelisoa tsa elektronike ha u le ka likobong.

  • Qoba ho ja lijo tse ngata, caffeine le ho noa lino tse nang le tahi pele u robala.

Justin o re: “Ke ile ka hlokomela hore tsela eo ke robalang ka eona e ama bophelo ba ka. Ka linako tse ling ha ke sa robala hantle, ke tsoha ke opeloa ke hlooho hape le ’mele oa ka o ba bohloko. Empa haeba ke robetse ka ho lekaneng ke ikutloa hantle ’me ke khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke lokelang ho e etsa. Ke ba le matla a mangata ’me ha se hangata ke kulang.”

Setšoantšo se hlahang videong ea “Seo U ka se Etsang ho Itšireletsa ho Maloetse a Tšoaetsanoang.” ’Mè o bulela kokoana-hloko monyako.

BAKENG SA HO ITHUTA LINTLHA TSE LING. Sheba video e nang le sehlooho se reng Seo U ka se Etsang ho Itšireletsa ho Maloetse a Tšoaetsanoang. U ka boela oa bala sehlooho se reng “Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao” se fumanehang ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela