Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g23 no. 1 leq. 15
  • Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng
  • Tsoha!—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mpho ea ka ho sa Feleng e Tsoang ho ’Mōpi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Makasineng Ena ea Tsoha!
    Tsoha!—2023
  • Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na Lefatše le Tla Felisoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2023
g23 no. 1 leq. 15
Letša le pota-potiloeng ke lithaba le moru.

Oleh_Slobodeniuk/E+ via Getty Images

Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng

“Batho ba nahana hore lefatše le tla senyeha ka ho feletseng empa ha ho joalo.”

Bafuputsi ba hlahang linaheng tse fapaneng ba ile ba fihlela qeto ena ka mor’a ho batlisisa hore na ho feto-fetoha ha maemo a leholimo ho tla senya lefatše ka ho feletseng. Haeba u lumela hore ho na le ’Mopi ea tsotellang batho, qeto ena e fihletsoeng e re hopotsa kamoo Molimo a bopileng lefatše ka tsela eo le ka khonang ho itokisa.

Leha ho le joalo, kaha batho ba sentse lefatše haholo, le ke ke la khona ho itokisa ka bolona. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla lokisa lefatše?

Hlokomela mangolo a ka lebokoseng a re kholisang hore lefatše le tla lula le le teng.

  • Lefatše le bopiloe ke Molimo. “Qalong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.”—Genese 1:1

  • Lefatše ke la Molimo. “Lefatše ke la Jehovaa le tsohle tse ho lona.”—Pesaleme ea 24:1

  • Molimo o bopile lefatše hore le lule le le teng. “O tiisitse lefatše metheong ea lona. Le ka mohla le ke ke la suthisoa sebakeng sa lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 104:5

  • Molimo o tšepisa hore re tla phela hamonate lefatšeng ka ho sa feleng. “Molimo oa ’nete ea entseng lefatše, . . . ea sa kang a le bopela lefeela empa [o] le etselitse hore batho ba lule ho lona.”—Esaia 45:18

  • Molimo o tšepisa hore batho ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng. “Lefatše e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29

Molimo o bopile lefatše hore batho ba le thabele eseng hore ba le senye. Bibele e tšepisa hore ka nako ea hae e nepahetseng, Jehova Molimo o tla felisa lintho tsohle tse senyang lefatše. —Tšenolo 11:18

Bibele e tšepisa hore Molimo o tla etsa lefatše hore e be serapa se setle se sireletsehileng “ebe [o] khotsofatsa lintho tsohle tse phelang.” —Pesaleme ea 145:16

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela