Selelekela
Na u tšoenyehile ka litheko tsa lintho tse ntseng li phahama? Na u lokela ho sebetsa ka thata ebile e le ka lihora tse telele e le hore feela u phele? Na nako eo u e qetang le baratuoa ba hao e ntse e fokotseha? Haeba ho joalo, lihlooho tse hlahang makasineng ena li ka u thusa. Li fana ka litlhahiso tse ka u thusang e le hore u thabe haholoanyane le hore u fokotse ho tšoenyeha. Sehlooho sa ho qetela se tla fana ka tšepo ea sebele ka bokamoso ’me tšepo eo e ka u tšelisa le hona joale.