Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 16
  • Isaka o Fumana Mosali ea Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Isaka o Fumana Mosali ea Molemo
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Rebeka Mosali ea Neng a le Mafolofolo a Bile a Tšaba Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Rebeka o ne a Ikemiselitse ho Khahlisa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Rebeka o ne a Batla ho Thabisa Jehova
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 16

PALE EA 16

Isaka o Fumana Mosali ea Molemo

NA UA tseba hore na mosali eo ea setšoantšong moo ke mang? Lebitso la hae ke Rebeka. Monna eo a tlil’o teana le eena ke Isaka. E tlil’o ba mosali oa hae. See se etsahetse joang?

Ntate oa Isaka, e leng Abrahama, o ne a batla ho fumanela mora oa hae mosali ea molemo. O ne a sa rate ha Isaka a ka nyala e mong oa basali ba Kanana, kaha batho bao ba ne ba rapela melimo ea bohata. Kahoo Abrahama a bitsa mohlanka oa hae ’me a re: ‘Ke batla u khutlele Harane moo beng ka ’na ba lulang teng ’me u fumanele mora oa ka Isaka mosali.’

Mohlanka oa Abrahama a nka likamele tse leshome hona hoo ’me a tsamaea sebaka se selelele. Eitse ha a fihla haufi le moo beng ka Abrahama ba lulang teng, a ema selibeng. E ne e se e le mantsiboea, e le nako eo basali ba motse ba tl’o kha metsi ka eona selibeng. Eaba mohlanka oa Abrahama o rapela Jehova, o re: ‘E se eka mosali ea tla nkhella metsi le likamele e ka ba eena eo u mo khethetseng Isaka.’

Ha feta nakoana Rebeka a tla selibeng. Eare ha mohlanka a mo kōpa metsi, a mo fa. Eaba oa khutla ’me o khella le likamele tsohle tse nyoriloeng metsi a li lekaneng. Oo e ne e le mosebetsi o boima kaha likamele li noa metsi a mangata.

Eitse ha Rebeka a qeta ho li khella metsi, mohlanka oa Abrahama a mo botsa hore na lebitso la ntat’ae ke mang. A mo botsa le hore na a ka robaletsa habo. Rebeka a re: ‘Ntate ke Bethuele, ’me heso re na le sebaka seo u ka lulang ho sona.’ Mohlanka oa Abrahama o ne a tseba hore Bethuele ke mora oa ngoan’abo Abrahama, Nakore. Eaba oa khumama o leboha Jehova ha a mo isitse ho ba habo Abrahama.

Bosiung boo mohlanka oa Abrahama a bolella Bethuele le ngoan’abo Rebeka, Labane, hore na o tletse’ng moo. Ba lumela hore a ka tsamaea le Rebeka, ’me a nyaloa ke Isaka. Rebeka o ile a re’ng ha a bolelloa seo? O ile a re, ‘Ho lokile,’ o tla tsamaea le eena. Kahoo ka le hlahlamang ba palama likamele ba qala leeto le lelelele la ho khutlela Kanana.

Ba fihla e se e le mantsiboea. Rebeka a bona monna e mong a ntse a tsamaea masimong. E ne e le Isaka. Isaka a thaba ha a bona Rebeka. Ho ne ho fetile lilemo tse tharo feela ’mè oa hae, e leng Sara, a hlokahetse ’me o ne a ntse a saretsoe ke seo. Empa joale Isaka a rata Rebeka haholo, ’me a boela a thaba.

Genese 24:1-67.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela