Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 23
  • Litoro Tsa Faro

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litoro Tsa Faro
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Na Litlhaloso Hase Tsa Molimo?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tlala e Bolaeang Nakong ea Nala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jehova ha aa ka a Lebala Josefa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Na U ke U be Mōna? Barab’abo Josefa ba ne ba le Mōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 23

PALE EA 23

Litoro Tsa Faro

HO FETA lilemo tse peli, Josefa o ntse a le teronkong. Moqhatsetsi o ntse a mo lebetse. Eaba bosiung bo bong Faro o lora litoro tse peli tse ikhethang, ’me a ipotsa hore na ebe li bolela’ng. Na ua mo bona moo a robetseng teng? Hoseng ka le hlahlamang, Faro o bitsa banna ba hae ba bohlale o ba bolella seo a se lorileng. Empa ba sitoa ho mo bolella seo litoro tsa hae li se bolelang.

Qetellong moqhatsetsi o hopola Josefa. O re ho Faro: ‘Ha ke ne ke le teronkong ho ne ho e-na le monna e mong ea tsebang ho hlalosa seo litoro li se bolelang.’ Faro o laela hore Josefa a ntšoe teronkong hona hoo.

Faro o bolella Josefa litoro tsa hae, o re: ‘Ke bone likhomo tse supileng tse ntle, tse nonneng. Ka ntan’o bona tse ling tse supileng tse otileng tse bileng li leng masapo. Eaba likhomo tse otileng li ja likhomo tse nonneng.

‘Torong ea ka ea bobeli ke bone ho hlaha lehlakeng le le leng liqoapi tse supileng tse nonneng, tse butsoitseng. Ka ntan’o bona liqoapi tse supileng tse otileng, tse omeletseng. Eaba liqoapi tse otileng li qala ho koenya liqoapi tse ntle, tse nonneng.’

Josefa o re ho Faro: ‘Litoro tseo ka bobeli li bolela ntho e le ’ngoe. Likhomo tse supileng tse nonneng le liqoapi tse supileng tse nonneng li bolela lilemo tse supileng, ’me likhomo tse supileng tse otileng le liqoapi tse supileng tse otileng li bolela lilemo tse ling tse supileng. Ka lilemo tse supileng lijo li tla ba ngata Egepeta. Joale ka lilemo tse ling tse supileng ho tla ba le tlala.’

Joale Josefa o re ho Faro: ‘Khetha monna ea bohlale hore a ikarabelle bakeng sa ho bokella lijo lilemong tse supileng tsa khora. Joale batho ba ke ke ba lapa ka lilemo tse latelang tse supileng tsa tlala.’

Faro o thabela maikutlo ao. ’Me o khetha Josefa hore a bokelle lijo le ho li boloka. Josefa e-ba eena ea hlahlamang Faro ka boholo Egepeta.

Lilemo tse robeli hamorao, Josefa o bona ho tla banna ba bang nakong ea tlala. Na ua tseba hore na ke bo-mang? Ke baholoane ba hae ba 10! Ntat’a bona Jakobo o ba romme Egepeta hobane ba feletsoe ke lijo Kanana. Josefa o tseba baholoane ba hae, empa bona ha ba mo tsebe. Na u tseba lebaka la seo? Ke hobane Josefa o se a hōlile, ’me o apere liaparo tse fapaneng.

Josefa oa hopola hore ha e sa le moshemane o ile a lora baholoane ba hae ba tla ho tla mo inamela. Na u sa hopola u bala ka seo? Kahoo Josefa oa bona hore ke Molimo ea mo rometseng Egepeta, le hona e le ka lebaka le utloahalang. U nahana hore Josefa o ile a etsa’ng? A re bone.

Genese 41:1-57; 42:1-8; 50:20.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela