Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 25
  • Lelapa le ea Egepeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lelapa le ea Egepeta
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova ha aa ka a Lebala Josefa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Na ke Sebakeng sa Molimo?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Banab’abo Josefa Baa mo Hloea
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Ka Kōpo, Mamelang Toro Ena”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 25

PALE EA 25

Lelapa le ea Egepeta

JOSEFA o se a sitoa ho pata maikutlo a hae. O re bahlanka bohle ba hae ba tsoe. Ha a setse le banab’abo, Josefa o qala ho lla. Re ka inahanela kamoo banab’abo ba ileng ba makala kateng, kaha ha ba tsebe seo a se llelang. Qetellong o re: ‘Ke ’na Josefa. Na Ntate o sa phela?’

Banab’abo ba maketse hoo ba sitoang ho bua. Ba tšohile. Empa Josefa o re: ‘Atamelang hle.’ Ha ba atamela, o re: ‘Ke ’na Josefa, ngoan’abo lōna eo le mo rekisitseng Egepeta.’

Josefa o tsoela pele ho bua le bona ka mosa, o re: ‘Le se ke la ipona molato ha le nthekisitse mona. Ha e le hantle ke Molimo ea nthometseng Egepeta hore ke pholose bophelo ba batho. Faro o nkentse ’musisi naheng eohle. Joale, khutlelang ho Ntate ka potlako le mo bolelle litaba tsena. Le re a tle a tl’o lula mona.’

Joale Josefa o haka banab’abo le ho ba aka kaofela ha bona. Ha Faro a utloa hore banab’abo Josefa ba teng, o re ho Josefa: ‘E-re ba nke makoloi ba e’o lata ntate oa bona le ba malapa a bona ba tle le bona. Ke tla ba fa naha e ntle haholo mona Egepeta.’

Ba etsa joalo. Ke eo Josefa o kopana le ntat’ae ha a fihla Egepeta le bohle ba lelapa la hae.

Lelapa la Jakobo le se le atile haholo. Le na le batho ba 70 ha le fallela Egepeta, ho akarelletsoa Jakobo le bana ba hae le litloholo tsa hae. Ho ne ho boetse ho le teng basali, ’me mohlomong le bahlanka ba bangata. Kaofela ha bona ba lula Egepeta. Ba bitsoa Baiseraele, hobane Molimo o ile a fetola lebitso la Jakobo hore ebe Iseraele. Baiseraele e ile ea e-ba batho ba bohlokoa ho Molimo joalokaha re tla bona hamorao.

Genese 45:1-28; 46:1-27.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela