Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 27
  • Ho Busa Morena e Mobe Egepeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Busa Morena e Mobe Egepeta
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ba Tšela Leoatle le Lefubelu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jehova ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Likotlo Tse Ling Tse Tšeletseng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 27

PALE EA 27

Ho Busa Morena e Mobe Egepeta

BANNA bana ba qobella batho ho sebetsa. Bona monna ea shapang e mong oa basebetsi ka sephali! Basebetsi ke ba lelapa la Jakobo, ’me ba bitsoa Baiseraele. ’Me banna ba ba qobellang ho sebetsa ke Baegepeta. Baiseraele e se e le makhoba a Baegepeta. Ho tlile joang hore e be makhoba?

E se e le lilemo tse ngata joale lelapa le leholo la Jakobo le lutse Egepeta ka khotso. Le ne le hlokometsoe ke Josefa, eo e neng e le motho oa bohlokoa ka ho fetisisa Egepeta a hlahlama morena Faro ka boholo. Empa joale Josefa o se a shoele. ’Me morena oa Egepeta e ba Faro e mocha, ea sa rateng Baiseraele.

Joale Faro enoa e mobe a etsa Baiseraele makhoba. ’Me o re batho ba khopo le ba sehlōhō ba ba fe mosebetsi. Batho bao ba qobella Baiseraele ho sebetsa ka thata ba hahela Faro metse. Empa Baiseraele ba ’na ba ngatafala. Ha nako e ntse e feta, Baegepeta ba tšoha hore Baiseraele ba tla ba bangata haholo, ba be matla ho ba feta.

Na ua tseba hore na joale Faro o etsa’ng? O re ho basali ba neng ba thusa basali ba Baiseraele ha ba ba le bana: ‘Le bolaee bana bohle ba bashemane ba tsoaloang.’ Empa basali bao ba molemo, ’me ha ba bolaee bana bao.

Joale Faro o laela batho bohle ba hae o re: ‘Nkang masea a bashemane a Baiseraele le a bolaee. A banana ’ona le se ke la a bolaea.’ Na hase taelo e tšabehang ee eo a fanang ka eona? A re bone kamoo lesea le leng la moshemane le ileng la bolokoa kateng.

Exoda 1:6-22.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela