Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 31
  • Moshe le Arone ho Faro

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moshe le Arone ho Faro
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotlo Tse Tharo Tse Qalang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Moshe le Aarone—Baboleli ba Sebete ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Likotlo Tse Ling Tse Tšeletseng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jehova ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 31

PALE EA 31

Moshe le Arone ho Faro

HA Moshe a khutlela Egepeta, a phetela moholoane oa hae Arone ka mehlolo eohle e etsahetseng. ’Me ha Moshe le Arone ba bontša Baiseraele mehlolo eo, batho bohle ba lumela hore Jehova o na le bona.

Joale Moshe le Arone ba ea ho Faro. Ba re ho eena: ‘Jehova Molimo oa Iseraele o re, “Lokolla batho ba ka ba e’o nthapela lefeelleng ka matsatsi a mararo.”’ Empa Faro a re: ‘’Na ha ke lumele ho Jehova. Ebile ha ke na ho lokolla Baiseraele hore ba tsamaee.’

Faro o ne a halefile, hobane batho ba ne ba batla ho tlohela mosebetsi ba e’o rapela Jehova. Joale a etsa hore ba sebetse ka thata le ho feta. Baiseraele ba re ke Moshe ea etsang hore ba tšoaroe hampe, ’me Moshe a utloa bohloko. Empa Jehova a re a se ke a tšoenyeha. Jehova a re: ‘Ke tla etsa hore Faro a lokolle batho ba ka.’

Moshe le Arone ba khutlela ho Faro hape. Lekhetlong lena ba etsa mohlolo. Arone a lahlela molamu oa hae fatše, ’me oa fetoha noha e khōlō. Empa le banna ba bohlale ba Faro le bona ba lahlela melamu ea bona fatše, ’me ha hlaha linoha. Empa bonang! Noha ea Arone e ja linoha tsa banna ba bohlale. Empa Faro a ’na a hana ho lokolla Baiseraele hore ba tsamaee.

Joale ha fihla nako ea hore Jehova a rute Faro thuto. Na ua tseba hore na o ile a etsa seo joang? Ka hore a tlisetse Egepeta likotlo tse 10 kapa likhathatso tse khōlō.

Ka mor’a likotlo tse ngata, Faro o ne a lata Moshe a re: ‘Emisa likotlo tsena, ke tla lokolla Baiseraele ba tsamaee.’ Empa e ne e re ha kotlo e emisa, Faro a fetole maikutlo. A hane ha ba tsamaea. Empa qetellong, ka mor’a kotlo ea leshome, Faro a re Baiseraele ba tsamaee.

Na u tseba kotlo ka ’ngoe ho tse leshome? Phetla leqephe re ithute tsona.

Exoda 4:27-31; 5:1-23; 6:1-13, 26-30; 7:1-13.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela