Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 58
  • Davida le Goliathe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Davida le Goliathe
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Davida le Goliathe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Davida o ne a sa Tšabe Letho
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 58

PALE EA 58

Davida le Goliathe

BAFILISTA ba boela ba tl’o loantša Baiseraele. Baholoane ba Davida ba bararo joale ba lebothong la Saule. Joale ka letsatsi le leng Jese o re ho Davida: ‘Ak’u isetse baholoane ba hao lijo-thollo le bohobe. U bone hore na ba ntse ba phela joang.’

Ha Davida a fihla kampong ea masole, o mathela moleng oa ntoa ho ea sheba baholoane ba hae. Goliathe, senatla sa Mofilista oa tsoa hore a tl’o soma Baiseraele. Esale a ntse a ba soma hoseng le mantsiboea ka matsatsi a 40. Oa hoeletsa o re: ‘Khethang monna ea ka loanang le ’na. Ha a ka hlōla ’me a mpolaea, re tla ba makhoba a lōna. Empa ha ke hlōla ’me ke mo bolaea, le tla ba makhoba a rōna. E-bang sebete ho khetha motho ea ka loanang le ’na.’

Davida o botsa masole a mang o re: ‘Monna ea tla bolaea Mofilista eo ’me a lokolle Iseraele masoabing aa o tla fumana eng?’

Masole a re: ‘Saule o tla mo fa maruo a mangata. ’Me o tla mo nyalisa morali oa hae.’

Empa Baiseraele bohle ba tšaba Goliathe hobane ke senatlahali. O bolelele ba limithara tse ka bang tharo, ebile o na le lesole le mo nketseng thebe.

Masole a mang a ea ho Morena Saule a mo bolella hore Davida o batla ho loantša Goliathe. Empa Saule o re ho Davida: ‘U ke ke ua loantša Mofilista eo. U sa ntse u le moshemane feela, ’me eena e bile lesole bophelo bohle ba hae.’ Davida o arabela ka ho re: ‘Ke ile ka bolaea bere le tau tse neng li nkile linku tsa Ntate. ’Me Mofilista eo o tla ba joaloka e ’ngoe ea tsona. Jehova o tla nthusa.’ Joale Saule o re: ‘Tsamaea, ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.’

Davida o theohela nōkeng ’me o nka majoe a mahlano a boreleli, o a kenya ka mokotleng. Joale o nka letjeketjane la hae ’me o il’o teana le senatla seo. Ha Goliathe a mo bona, ha a lumele seo a se bonang. O nahana hore o tla bolaea Davida habonolo feela.

Goliathe o re: ‘Atamela feela u tl’u bone; ke tla fa linonyana le liphoofolo setopo sa hao hore li se je.’ Empa Davida o re: ‘U tla ho ’na ka sabole, lerumo le tsenene, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova. Kajeno lena Jehova o tla nehelana ka uena matsohong a ka ’me ke tla u bolaea.’

Eaba Davida o mathela ho Goliathe. O ntša lejoe ka mokotleng oa hae, o le kenya letjeketjaneng ’me o le betsa ka matla a hae kaofela. Lejoe leo le toba phatleng ea Goliathe hantle, ’me o oela fatše oa shoa! Ha Bafilista ba bona hore ’mampoli oa bona o oele, kaofela baa khutla ’me baa baleha. Baiseraele baa ba lelekisa ’me ba hlōla ntoa.

1 Samuele 17:1-54.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela