Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 94
  • O Rata Bana ba Banyenyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Rata Bana ba Banyenyane
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phehisano ea Phahama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • O Lokisetsa Baapostola Lefu la Hae
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Phahama Phehisano
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Taeo e Tsoelang Pele ea ha ba Tla Arohana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 94

PALE EA 94

O Rata Bana ba Banyenyane

BONA Jesu mona moo a sikileng moshemanyana enoa. U ka bona hore ha e le hantle Jesu o tsotella bana. Banna ba shebelletseng ke baapostola ba hae. Jesu o re’ng ho bona? A re bone.

Jesu le baapostola ba hae ba khutla leetong le lelelele. Ha ba le tseleng barutuoa ba ne ba phehisane khang. Ha ba fihla moo ba eang Jesu oa ba botsa, o re: ‘Le ne le phehile khang ka eng ha le le tseleng?’ Ha e le hantle, Jesu o tseba seo ba neng ba phehisane khang ka sona. Empa o botsa baapostola potso eo hobane a batla ho utloa hore na ba tla re’ng.

Baapostola ha ba mo arabe, hobane ha ba le tseleng ba ne ba phehisane khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona. Baapostola ba bang ba batla ho phahamela ba bang. Jesu o tla etsa’ng ho ba bontša hore ho rata boholo ho fosahetse?

O bitsa moshemanyana enoa, o mo emisa ka pel’a bona. O re ho barutuoa ba hae: ‘Ha e le hantle ke rata hore le tsebe hore ha le sa fetohe la tšoana le bana ba banyenyane, le ke ke la kena ’musong oa Molimo. Motho e moholo ’musong ke ea tšoanang le ngoana enoa.’ Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a rialo?

Ke hobane bana ba banyenyane ha ba tšoenyehe ka hore ba baholo ho ba bang kapa ke ba bohlokoa ho ba feta. Kahoo baapostola ba lokela ho ithuta ho tšoana le bana ka tsela ena, ’me ba tlohele ho tseka boholo kapa ho ba batho ba bohlokoa.

Jesu o boetse o bontša hore o tsotella bana le maemong a mang. Likhoeli hamorao, batho ba bang ba tlisa bana ba bona ho tla bona Jesu. Baapostola ba leka ho ba thibela. Empa Jesu o re ho baapostola ba hae: ‘Tlohelang bana ba tle ho ’na, ’me le se ke la ba thibela, hobane ’muso oa Molimo ke oa batho ba kang bona.’ Kahoo Jesu o nka bana bao, oa ba hlohonolofatsa. Na hase ho thabisang ho tseba hore Jesu o rata bana ba banyenyane?

Matheu 18:1-4; 19:13-15; Mareka 9:33-37; 10:13-16.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela