Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 95
  • Kamoo Jesu a Rutang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Jesu a Rutang Kateng
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea ho ba Mosa
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani oa ’Makhonthe
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Mosamaria ea Nang le Moea oa Boahisani
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mosamaria ea Molemo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 95

PALE EA 95

Kamoo Jesu a Rutang Kateng

KA LETSATSI le leng Jesu o re monna e mong o lokela ho rata moahelani oa hae. Monna eo o botsa Jesu o re: ‘Moahelani oa ka ke mang?’ Jesu o tseba seo monna enoa a se nahanang. Monna eo o nahana hore baahelani ba hae ke batho ba morabe oa hae le ba bolumeli ba hae feela. Joale a re utloe hore na Jesu o re’ng ho eena.

Ka linako tse ling Jesu o ruta ka ho pheta pale. Ke seo a se etsang mona. O pheta pale ea Mojuda le Mosamaria. Re se re ithutile hore Bajuda ba bangata ba hloile Basamaria. Joale pale ea Jesu e re:

Ka letsatsi le leng Mojuda e mong o ne a tsamaea tseleng e theosang thabeng a ea Jeriko. Masholu a mo khaoletsa. A mo nkela chelete ’me a mo otla a mo siea a le haufi le ho shoa.

Hamorao, moprista oa Mojuda a tla ka tsela eo. A bona monna ea otliloeng. U nahana hore o ile a etsa’ng? O ile a tšelela ka lehlakoreng le leng la tsela eaba oa itsamaela. Ka mor’a moo, ha feta molumeli e mong ea ka sehloohong. E ne e le Molevi. Na o ile a ema? Le eena ha aa ka a ema a thusa monna eo ea otliloeng. Moprista ke eloa le Molevi ba itheosetsa ka tsela.

Empa bona hore na ke mang ea nang le monna ea otliloeng. Ke Mosamaria. O thusa Mojuda. O tlotsa maqeba a hae ka moriana. Ka mor’a moo, o isa Mojuda eo moo a ka phomolang teng ’me a hlaphoheloa.

Ha Jesu a qeta ho pheta pale ena, o re ho monna ea mo botsitseng potso: ‘U nahana hore ke ofe ho batho baa ba bararo ea ikentseng moahelani oa monna eo ea otliloeng? Na ke moprista, Molevi kapa Mosamaria?’

Monna eo o re: ‘Ke Mosamaria. O bile mosa ho monna ea otliloeng.’

Jesu o re: ‘U nepile. E-ea ’me u etse batho ba bang joaloka Mosamaria eo.’

Na ha u rate tsela eo Jesu a rutang ka eona? Akere re ka ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa haeba re mamela seo Jesu a se buang ka Bibeleng?

Luka 10:25-37.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela