Pina ea 11
Masala a Mosulamithe
1. “Kamoo u leng motle, Mosulamithe.
Tsa hao litholoana tsa moea, li ntle.
La hao ntsoe le monate, ka ’nete u motle,
Moroetsana oa me, Mosulamithe.”
2. Ke Jesu Morena, oa hae Molisa.
O rata ho mo fa mpho ea kamehla.
Ekaba moroetsana o arabela joang
Molisa ea motle, eena ea ratoang?
3. “Lerato le matla, ke le sa feleng.
Le tuka ka mokhoa o khethehileng!
Ha le shoe, le tiile, lerato la ’nete.
Le joale ka khabo ea Mookameli!”
4. ’Me lōna masal’a ratoang haholo,
Le hloeke bakeng sa Monyali, Jesu.
Le bona baroetsana ba u salang morao
Ba thaba le uena ka putso oa hao.