Pina ea 35
Tsela e Tsotehang ea Lerato
1. O! Molimo, o lerato;
A re tsamaeeng ratong.
Rata ’Mōpi le oa heno
Linthong tsohle bophelong.
Ha re na le tsebo eohle
Puong le boprofeteng,
Ha lerato le le sieo,
Ha re tsamaee ’neteng.
2. Ha re ruta batho bohle,
Re mamelle tlhoriso;
Na ho tla ba le molemo
Ha re sena lerato?
Rato le bonolo, mosa,
Ha le mekhoa e mebe,
Ha le’ikhantše ha le mōna,
Le hloekile kannete.
3. Rato ha le thatafale,
Ha le rate bokhopo.
Le mamella lintho tsohle,
Le thabela tsa toko.
Tšepo, rato le tumelo
Ruri tsona li khōlō;
Empa tsela ea lerato
E tsoteha haholo.