Pina ea 98
Ho Loanela Tumelo
(Juda 3)
1. Khale Jesu o ne a re
Fatše le tla ba khopo
’Me lerato le tla tapa:
Ho fokole tumelo.
A re loaneleng tumelo
E ileng ea fumanoa
Ke phutheho ea Bakreste
Ba ’nileng ba lumela.
2. Sera se se fokolise
Tumelo e ho rōna.
Ka thapelo le tšebetso
Tumelo e ba matla.
Ka ho loana re tiile
Re sa tšabe le letho,
Teng re tla matlafatsana
’Me re be le mamello.
3. Sebelisa mekhoa eohle
Ho loanela tumelo.
Paka u be le sebete
Ho b’o fihle bofelo.
Ka ho hlōla ha Jehova
Bokhopo bo tla fela
Tlas’a Puso ea Molimo
Teng re tla sireletsoa.