Pina ea 110
Tšoarelanang
1. Ka lerato re thusitsoe
Ho tsoa tleneng tsa sebe
Ha Jehov’a roma Jesu
Ho tla shoela lefatše.
Ha re bontša pako’a ’nete
Re ka kōpa tšoarelo
Motheong oa sehlabelo
Sa Kreste sa topollo.
2. Empa Molim’o tšoarela
Bao ho tšoana le eena,
Ba tšoarelang batho bohle,
Hape ba hauhela.
Kaha ha re’a phethahala,
Re atisa ho fosa
Ka leleme le liketso,
Re hloka ho tšoareloa.
3. Ho tšoarela ho qobisa
Ho hlonamela ruri,
’Me ka hona re ka bontša
Le lereko la ’Mōpi.
Tšoarelano’e supa hantle
Kamoo re hōtseng tsebong,
E re thusa hore rōna
Le ba bang re be khotsong.
4. Ke ntho e ntle ho tšoarela,
Bohle re ho hlaolele.
Ho re thusa ho se etse
Lira empa metsoalle.
Ha re tšoarela kannete,
Re etsisa Jehova,
O thabela ho tšoarela,
Ke Molimo o mosa.