Pina ea 155
“Le Amohelane”!
1. Jesu Krest’o le amohetse, amohelanang!
Le Jes’o shoetse bohle ho se eo a mo khethang.
Ka hoo ba matla ba thuse bao ba se nang oona
Ho tiisa tšepo’a bona ha ba batla ho loka.
Re tšelisoa hape ke taba tsa baprofeta.
Li re matlafaletsa ho lula re mamella.
Ka hoo a re lekeng hore re se ikhahlise
Re mpe re khahliseng baena ba rōna bohle.
2. Jehova o bokella ba sa tlo ithuta ntoa
Ho ba bafo ’Musong oa hae oa khotso ka Mora.
Ke ka Mor’a memang batho ba lichaba tsohle.
Melao ea hae ba e boloka ba nyakaletse.
Ka khopolo ea ho tlotlisa ’Mōpi oa rōna,
Re mema batho bohle ’me rea ba amohela.
Ke tlotl’a rōna ho etsisa mos’a Jehova.
Joaloka Kreste a re rateng baena ba rōna.
3. Kahoo a re pheelleng bohle ho roka Jehova,
Ho thaba le chaba sa hae le ho mo rorisa.
R’etseng joalo ka ho bolela libakeng tsohle
Litaba tsa botumo ba Jah ho batho bohle.
Re ke ke ra hlola re fuoa tokelo ena
Re haufi-ufi le bofelo ba fatše lena.
Ka hoo re tlotliseng Molimo ’me re rataneng;
Re utloe Lentsoe la hae ’me re amohelaneng.