Pina ea 163
Litholoana tsa Moea
1. Re bontše tholoana tsa moea
Tseo ’Mōpi a nang le tsona
Re tle re mo tlisetse hlompho,
’Me re phele Taolong e Ncha.
Kamehla re bontše lerato
La sebele la boena
Re batle le thabo kamehla
Kahobane e’a re tiisa.
2. Re hloka le khotso’a Molimo
Ho re thusa ho ba bonngoeng.
Re hloka sebete hammoho
Le mamello boboleling.
Re amoheloa hantle hohle
Ha re ntse re bontša mosa.
Ha re aba taba tsa ’Muso,
Ke molem’o re fang matla.
3. Tumelo e’a re matlafatsa,
E re etsa ba sebete.
Bonolo ke ntho e ntlehali,
Bo thiba meferefere.
Le boitšoaro bo’a hlokahala
Ha re batla ho pholoha.
Ha re bontša tholoana tsena,
Molim’o tla re hauhela.