Pina ea 201
Ho Thaba le Sechaba sa Molimo
1. Tšebetsong ea boboleli
Re sebeliseng Bibele
Ha re ruta batho ’nete.
Re ruteng ka ’Muso ka sebete.
Jah o batla bohle
Ba se oeloe ke tlokotsi
Haa timetsa fatše lohle
La Satane a tl’o bus’a ’notši.
(Chorus)
2. Bonang! ho na le ‘sechaba’
Se inehetseng ho paka
’Moho le ho tsebahatsa
’Muso oa Molim’o seng o tla tla.
Re tla bontšoa mosa
Ha re lisa mekho’a rōna,
Re etsisa Jesu Mora;
Ha ho molao oo a’ileng a’o tlōla.
(Chorus)
3. Naheng e se nang bokhopo,
Bonang batho ba bonolo,
Ba phelisanang ka khotso
’Me ba sebeletsa Jah ka hlompho.
Ha ba sa feheloa
Kahobane ba phelela
’Nete eo ba seng ba’e reka
Ho Jehova ka ho mo rapela.
(CHORUS)
Tlong, lōna batho, thabang!
Kaofela hasang,
Le na le ‘chaba’ sa Molimo,
Litaba tse molemo
Tsa ho tla ha ’Muso
O tla rarolla mathat’a batho.