’Muso O Tla Tlisa Paradeise
Ha Jesu a le lefatšeng, o boleletse balateli ba hae ho rapella ’Muso oa Molimo: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10) Hape kamehla o ne a bua ka ‘litaba tse molemo tsa ’Muso.’ (Mattheu 4:23) Bonneteng, o buile haholo ka ’Muso ho feta taba leha e le efe e ’ngoe. Hobane’ng? Hobane ’Muso ke kofuto eo Molimo o tla e sebelisa ho lokisa mathata a entseng hore bophelo bo be thata hakana kajeno. Haufinyane Molimo o tla sebelisa ’Muso ho felisa lintoa, tlala, maloetse, le tlōlo ea molao, ’me o tla tlisa bonngoe le khotso.
Na u ka rata ho phela lefatšeng le joalo? Haeba u rata, u lokela ho bala bukana ena. Kahare ho eona, u tla ithuta hore ’Muso ’ona o molemo ho feta ’muso leha e le ofe o kileng oa busa batho. O tla bona hape le tsela e hlasimollang eo butle-butle Molimo o ileng oa hlalosetsa bahlanka ba oona merero ea oona mabapi le ’Muso. Ho phaella moo, u tla bona le kamoo ’Muso o ka u thusang esita le kajeno.
Ha e le hantle, u ka ba mofo oa ’Muso oa Molimo hona joale. Empa pele u khetha ho etsa joalo, u lokela ho ithuta ho eketsehileng ka ’ona. Ka baka leo re u khothalletsa hore u hlahlobe bukana ena. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bukana ena e tla u bolella eona ka ’Muso e tsoa Bibeleng.
Pele ho tsohle, a re boneng hore na ke hobane’ng ha re hloka ’Muso oa Molimo hakana.
Tšimolohong ea pale ea motho, Molimo oa etsa motho ea phethahetseng ’me oa ’mea paradeiseng. Ka nako eo ’Muso o ne o sa hlokahale.
Leha ho le joalo, Adama le Eva, batsoali ba rōna ba pele, ba mamela Satane, lengeloi la lerabele. A ba bolella mashano ka Molimo ’me a etsa hore le bona ba rabele ho Molimo. Ka baka leo ba ne ba tšoaneloa ke ho shoa, kahobane “moputso oa sebe ke lefu.”—Ba-Roma 6:23.
Motho ea sa phethahalang, ea nang le sebe a ke ke a ba le bana ba phethahetseng. Ka baka leo bana bohle ba Adama ba hlahile ba sa phethahala, ba e-na le sebe, e le ba shoang.—Ba-Roma 5:12.
Ho tloha nakong eo ho ea pele, batho ba qala ho hloka ’Muso oa Molimo ho ba thusa ho tsoa thohakong ea sebe le lefu. Hape ’Muso o tla tlosa mashano a ’ohle phaelletsoeng ke Satane lebitsong la Molimo.
Jehova Molimo a tšepisa hore “peō” e khethehileng (kapa ngoana) e tla tsoaloa ho lopolla batho sebeng. (Genese 3:15) “Peō” ena e tla ba Morena oa ’Muso oa Molimo.
Ke mang eo?
Ho e ka bang lilemo tse 2 000 hoba Adama a etse sebe, ho ile ha phela monna ea tšepahalang haholo ea bitsoang Abrahama. Jehova a bolella Abrahama hore a tlohe motseng oa habo ’me a e’o lula litenteng naheng ea Palestina.
Abrahama a etsa ka tsohle tseo Jehova a ’moleletseng tsona, ho kopanyelletsa le ntho e ’ngoe e thata ka ho fetisisa. Jehova a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaaka aletareng.
Ha se hore Jehova o ne a hlile a batla sehlabelo sa motho. Empa o ne a batla ho tseba hore na Abrahama o mo rata hakae. Abrahama o ne a le makhatheng a ho bolaea Isaaka ha Jehova a mo thiba.
Ka baka la tumelo ea Abrahama e matla, Jehova a mo tšepisa hore o tla nea bana ba hae naha ea Palestina ’me a re Peō e tšepisitsoeng e tla hlaha ka leloko la hae, le la mora oa hae Isaaka.—Genese 22:17, 18; 26:4, 5.
Isaaka a ba le bashemane ba mafatla, Esau le Jakobo. Jehova o itse Peō e tšepisitsoeng e tla hlaha ka Jakobo.—Genese 28:13-15.
Jakobo, eo Jehova a ’mitsitseng Iseraele, a ba le bara ba 12, bao le bona ba bileng le bana. Ka baka leo bana ba Abrahama ba qala ho ata.—Genese 46:8-27.
Ha tlala ea sekoboto e aparela sebaka seo ba lulang ho sona, Jakobo le lelapa la hae ba fallela Egepeta ba menngoe ke Faro, ’musi oa Egepeta.—Genese 45:16-20.
Ha ba le Egepeta ha senoloa hore Peō e tšepisitsoeng e tla ba setloholo sa mora oa Jakobo Juda.—Genese 49:10.
Hamorao Jakobo a shoa, ’me palo ea bana ba hae ea eketseha ho fihlela ha ba le ka ka sechaba. Baegepeta ba ba tšaba ’me ba ba etsa makhoba.—Exoda 1:7-14.
Qetellong Jehova a romela Moshe, monna ea tšepahalang haholo, ho ea kōpa hore Faro oa nako eo a lokolle bana ba Iseraele.—Exoda 6:10, 11.
Faro a hana, ka hona Jehova a tlisetsa Baegepeta likotlo tse leshome. Kotlong ea ho qetela, a romela lengeloi la lefu ho ea bolaea bara bohle ba matsibolo ba Egepeta.—Exoda, likhaolo 7 ho ea ho 12.
Molimo oa bolella Baiseraele hore haeba ba ka bolaea konyana bakeng sa lijo tsa bona tsa mantsiboea ’me ba fafatse mali a mang a eona likoseneng tsa menyako, lengeloi la lefu le tla feta matlo a bona. Matsibolo a Baiseraele a bolokeha joalo.—Exoda 12:1-35.
Eaba Faro o laela Baiseraele ho tsoa Egepeta. Empa a fetola monahano oa hae, a ba phallela hore ba khutle.
Jehova a bulela Baiseraele tsela ho feta har’a Leoatle le Lefubelu. Ha Faro le makhotla a hae ba leka ho ba latela, ba qoela.—Exoda 15:5-21.
Jehova a tataisa bana ba Iseraele ho ea thabeng ea Sinai lefeelleng. Ha ba le moo, a ba nea Molao oa hae ’me a ba bolella hore haeba ba ka o boloka, e tla ba ’muso oa baprista le sechaba se halalelang. Kahoo, ha metsotso e ntse e-ja babeli, Baiseraele ba e-ba le monyetla oa ho ba karolo ea bohlokoa ea ’Muso oa Molimo.—Exoda 19:6; 24:3-8.
Hoba Baiseraele ba be Thabeng ea Sinai ka nako e ka etsang selemo, Jehova a ba tataisa ho ea Palestina, naha eo a neng a e tšepisitse Abrahama ntate moholo oa bona.
Hamorao, ha ba le Palestina, Molimo oa lumella Baiseraele ho busoa ke marena. Joale, ’muso oa Molimo oa e-ba lefatšeng.
Morena oa bobeli oa Iseraele e ne e le Davida, setloholo sa Juda. Davida a hlōla lira tsohle tsa Baiseraele, ’me a etsa Jerusalema motse-moholo oa sechaba.
Se etsahetseng pusong ea Davida se bontša hore haeba Jehova a tšehetsa morena, ha ho morena oa lefatšeng ea ka hlōlang morena eo.
Jehova o itse Peō e tšepisitsoeng e tla tsoa ho e mong oa bana ba Davida.—1 Likronike 17:7, 11, 14.
Salomone, mora oa Davida, a mo hlahlama pusong. E ne e le morena ea bohlale, ’me Iseraele ea atleha pusong ea hae.
Hape Salomone a hahela Jehova tempele e ntle Jerusalema. Maemo naheng ea Iseraele tlas’a puso ea Salomone a re bontša mahlohonolo a mang ao ’Muso oa Molimo o tlang o tla a tlisetsa batho.—1 Marena 4:24, 25.
Leha ho le joalo, marena a mangata a ileng a hlahlama Salomone a ne a sa tšepahale.
Empa nakong eo litloholo tsa Davida li neng li busa Jerusalema, Jehova a sebelisa moprofeta oa hae Esaia ho bolela ka Mora oa Davida oa nakong e tlang ea tla busa lefatše lohle ka botšepehi. Eo e tla ba Peō e tšepisitsoeng.—Esaia 9:6, 7.
Moprofeta Esaia o boletse e sa le pele hore puso ea Hae e tla ba ntle haholo ho feta ea Salomone.—Esaia, likhaolo 11 le 65.
Joale, ho feta leha e le neng pele, bahlanka ba Molimo ba ’nile ba ipotsa hore na Peō ena e tla ba mang.
Leha ho le joalo, pele Peō e hlaha, marena a Iseraele a fetella bobeng ba ’ona hoo ka 607 B.C.E. Jehova a ileng a lumella hore sechaba se hlōloe ke ba-Babylona, ’me batho ba bangata ba isoa botlamuoeng Babylona. Empa Molimo ha oa ka oa lebala tšepiso ea oona. Peō e ne e tla ’ne e hlahe lelokong la Davida.—Ezekiele 21:25-27.
Se ileng sa etsahalla Iseraele se bontšitse hore le hoja morena ea tšepahalang oa motho, ea bohlale, a ne a ka tlisa melemo, melemo eo e ne e sehetsoe meeli haholo. Banna ba tšepahalang ba shoa ’me mohlomong bahlahlami ba bona ba ka ’na ba fetoha ba sa tšepahaleng. Pheko e ne e tla ba eng? Peō e tšepisitsoeng.
Qetellong, kamor’a lilemo tse likete-kete, Peō ea hlaha. E ne e le mang?
Lengeloi le tsoang ho Molimo la nea moroetsana oa Moiseraele ea bitsoang Maria karabo. La ’molella hore o tla ba le mora eo lebitso la hae e tla ba Jesu. Lengeloi le boletse mantsoe ana:
“O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae.”—Luka 1:32, 33.
Jesu e ne e tla ba Peō e tšepisitsoeng ’me qetellong e be Morena oa ’Muso oa Molimo. Empa ke hobane’ng ha Jesu a ne a fapane le banna ba tšepahalang ba phetseng pele?
Jesu o ne a tsoetsoe ka mohlolo. ’M’ae o ne a sa tsebe monna, ’me Jesu o ne a se na ntate oa motho. Jesu o ne a phetse pele leholimong ’me moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, oa fetisetsa bophelo ba Jesu ho tloha leholimong ho kena popelong ea Maria. Ka baka leo ha a ka a futsa sebe sa Adama. Jesu ha a ka a etsa sebe bophelong bohle ba hae.—1 Petrose 2:22.
Ha Jesu a le lilemo li 30, a kolobetsoa.
A bolella batho ka ’Muso oa Molimo ’me qetellong a itsebahatsa e le Morena oa ’Muso oo.—Mattheu 4:23; 21:4-11.
A etsa le mehlolo e mengata. A folisa ba kulang.—Mattheu 9:35.
A fepa ba lapileng ka mohlolo.—Mattheu 14:14-22.
A ba a tsosa le bafu.—Johanne 11:38-44.
Mehlolo ena e bontša mofuta oa lintho tseo Jesu a tla li etsetsa batho ha e le Morena oa ’Muso oa Molimo.
Na u sa hopola kamoo Morena Davida a neng a etse hore Jerusalema e be motse-moholo oa ’muso oa hae? Jesu o hlalositse hore ’Muso oa Molimo o ke ke oa ba lefatšeng, empa leholimong. (Johanne 18:36) Ke ka lebaka leo ’Muso o bitsoang “Jerusalema oa leholimo.”—Ba-Heberu 12:22, 28.
Jesu o thathamisitse melao eo bao e tla ba bafo ba ’Muso ba lokelang ho e boloka. Melao ena e se e le ka Bibeleng. Melao ea bohlokoahali e ne e le hore batho ba lokela ho rata Molimo le ho ratana.—Mattheu 22:37-39.
Hape Jesu a senola hore a ke ke a ba mong ’Musong oa hae. O tla ba le batho ba khethetsoeng ho ea leholimong ’me ba buse moo le eena. (Luka 12:32; Johanne 14:3) Ba tla ba bakae? Tšenolo 14:1 e-ea arabela: 144 000.
Haeba ba 144 000 ke bona feela ba tla ea leholimong ho ea busa le Jesu, batho ba bang kaofela ba tla ba le tšepo efe?
Bibele e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng ba bitsoa “linku tse ling.”—Johanne 10:16.
Ka baka leo ho na le mefuta e ’meli ea tšepo. Ho na le ba 144 000 ba mengoang ke Jehova Molimo ho ea leholimong ho busa le Jesu Kreste. Empa ba bang ba limillione ba na le tšepo e tiileng ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng e le bafo ba ’Muso oa hae.—Tšenolo 5:10.
Satane a hloea Jesu ’me a mo hanyetsa. Kamor’a hore Jesu a bolele ka lilemo tse tharo le halofo, Satane a etsa hore a tšoaroe ’me a bolaoe ka ho khokhotheloa thupeng. Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse ketso ena?
Hopola, kahobane re hlaha ho Adama, kaofela ha rōna re etsa sebe ’me re lokela ho shoa.—Ba-Roma 6:23.
Hopola hape hore ka baka la hore Jesu o tsoetsoe ka mohlolo, o ne a phethahetse ’me o ne a sa lokela ho shoa. Leha ho le joalo, Molimo oa lumella Satane ho ‘loma serethe sa Jesu,’ ho ’molaea. Empa Molimo oa mo tsosetsa bophelong e le moea o sa shoeng. Kaha o ne a sa ntse a e-na le tokelo ea bophelo bo phethahetseng, joale o ne a ka e sebelisa ho lopolla batho sebeng.—Genese 3:15; Ba-Roma 5:12, 21; Mattheu 20:28.
Ho re thusa ho utloisisa ka botlalo se boleloang ke sehlabelo sa Jesu, Bibele e bua ka sona ka mehlala ea boprofeta.
Ka mohlala, na u sa hopola kamoo Jehova a laetseng Abrahama ho etsa mora oa hae sehlabelo, e le teko ea lerato la hae?
Ona e ne e le mohlala oa boprofeta oa sehlabelo sa Jesu. O bontšitse kamoo lerato la Jehova ho batho le neng le le leholo kateng hoo a ileng a lumella Mora oa hae, Jesu, ho re shoela hore re phele.—Johanne 3:16.
Na u sa hopola kamoo Jehova a lopollotseng Baiseraele Egepeta kateng ’me a boloka matsibolo a bona ka hore lengeloi le bolaeang le fete ho bona?—Exoda 12:12, 13.
Ona e ne e le mohlala oa boprofeta. Joalokaha mali a konyana a ne a bolela bophelo ho letsibolo la Moiseraele, mali a Jesu a tšolotsoeng a bolela bophelo ho ba lumelang ho eena. ’Me joalokaha se etsahetseng bosiung boo se ne se bolela ho lopolloa ha Baiseraele, lefu la Jesu le lopolla batho sebeng le lefung.
Ke ka baka leo Jesu a bitsoang “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.”—Johanne 1:29.
Leha ho le joalo, ha Jesu a le lefatšeng a bokella barutuoa ba hae ’me a ba koetlisetsa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, esita le kamor’a lefu la hae.—Mattheu 10:5; Luka 10:1.
Bana e ne e le batho ba pele ba khethiloeng ke Molimo ho busa le Jesu ’Musong oa hae.—Luka 12:32.
Na u sa hopola hore Molimo o ne o tšepisitse Bajode hore haeba ba boloka Molao, e tla ba “’muso oa baprista”? Ba ne ba neiloe monyetla oa hore e be karolo ea ’Muso oa Molimo ’me ba sebeletse e le baprista leholimong haeba ba amohela Jesu. Empa ba bangata ba hana Jesu.
Ho tloha nakong eo ho ea pele, Bajode ba khaotsa ho ba sechaba se khethiloeng sa Molimo; Palestina ea khaotsa ho ba Naha ea Pallo.—Mattheu 21:43; 23:37, 38.
Ho tloha mehleng ea Jesu ho fihla ho ea rōna, Jehova o ’nile a bokella batho bana ba tla busa leholimong le Jesu. Ho sa ntse ho e-na le likete tse ’maloa tsa bona tse phelang lefatšeng kajeno. Re ba bitsa masala a tlotsitsoeng.—Tšenolo 12:17.
Joale, u qala ho bona hore na ’Muso oa Molimo ke eng. Ke puso ea leholimong, Morena oa eona ke Jesu Kreste, ’me o na le batho ba 144 000 ba tsoang lefatšeng. O tla busa batho ba lokileng lefatšeng ’me o tla ba le matla a ho tlisa khotso lefatšeng.
Kamor’a lefu la hae, Jesu a tsosoa ’me a ea leholimong. Moo, o emetse hore Molimo o ’molelle nako ea hore a qale ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. (Pesaleme ea 110:1) Nako eo e tla tla neng?
Ka linako tse ling Jehova a romela litoro ho batho, a ba tsebisa lintho tse ling ka ’Muso oa hae.
Mehleng ea Daniele, Jehova a romela toro e joalo ho Nebukadnezare, morena oa Babylona. E ne e le toro ea sefate se seholo.—Daniele 4:10-37.
Sefate se ile sa rengoa ’me kutu ea sona ea tlangoa ka lilemo tse supileng.
Sefate se ne se emela Nebukadnezare. Joalokaha kutu e ile ea tlangoa ka lilemo tse supileng, Nebukadnezare a hlanya ka lilemo tse supileng. ’Me kelello ea hae ea khutla.
Lintho tsena kaofela e ne e le mohlala oa boprofeta. Nebukadnezare o ne a tšoantšetsa bobusi ba Jehova lefatšeng lohle. Pele, bo ne bo emeloa ke litloholo tsa Morena Davida Jerusalema. Ha Babylona e hlōla Jerusalema ka 607 B.C.E., tatellano eo ea marena ea khaotsa. Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le morena lelokong la Davida “ho be ho fihle eo kahlolo e leng ea hae.” (Ezekiele 21:27) Eo e ne e le Jesu Kreste.
E ne e tla ba nako e kae ho tloha ka 607 B.C.E. pele Jesu a qalisa ho busa? Mengoaha e supileng ea boprofeta. Ke hore, lilemo tse 2 520. (Tšenolo 12:6, 14) ’Me lilemo tse 2 520 ho tloha ka 607 B.C.E. li re tlisa ho 1914 C.E.
Jesu a qala ho busa leholimong ka 1914. Hoo ha bolela eng?
Bibele e re bolella ka setšoantšo se bonoeng ke moapostola Johanne.
A bona mosali leholimong a beleha ngoana e motona.—Tšenolo 12:1-12.
Mosali o ne a tšoantšetsa tlhophiso ea leholimo ea Molimo, e etsoang ke bahlanka bohle ba mangeloi ba Molimo leholimong. Ngoana e motona o tšoantšetsa ’Muso oa Molimo. O “tsoetsoeng” ka 1914.
Joale ha etsahala eng? Ntho ea pele eo Jesu a e entseng e le Morena e bile ho lahlela Satane ntle, hammoho le mangeloi a ileng a rabela le eena, a a tlosa leholimong ho a lihela tlase lefatšeng.—Tšenolo 12:9.
Bibele e re bolella liphello tsa seo: “Thabang ke hona, maholimo le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:12.
Kahoo ha Jesu a qala ho busa leholimong, lira tsa hae tsa e-ba matla mona lefatšeng. Joalokaha Bibele e boletse e sa le pele, a qala ho busa har’a lira tsa hae.—Pesaleme ea 110:1, 2.
Sena se ne se tla bolela eng ho batho?
Jesu o re boleletse: lintoa, likhaello tsa lijo, maloetse, le litšisinyeho tsa lefatše.—Mattheu 24:7, 8; Luka 21:10, 11.
Re bone lintho tsena li etsahala ho tloha ka 1914, ’me ke lebaka le leng leo re tsebang ka lona hore ’Muso o qalile ho busa nakong eo.
Buka ea Tšenolo e re bolella hore batho ba tla ‘senya lefatše.’ (Tšenolo 11:18) Le hoo re ho bone, haholo-holo ho tloha ka 1914.
Moapostola Pauluse a phaella ka hore batho “e tla ba baithati, le ba ratang leruo, . . . le ba sa utloeng batsoali ba bona, . . . leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara.”—2 Timothea 3:1-5.
Joale u tseba lebaka le etsang hore bophelo bo be thata hakaale kajeno. Satane o ’nile a ba matla haholo. Empa ’Muso oa Molimo le ’ona o bile matla.
Kapele-pele kamor’a 1914, masala a ba tšepileng ho busa leholimong le Jesu a qala ho bolela litaba tse molemo tsa hore ’Muso o hlonngoe. Hona joale mosebetsi ’ona o tsebahalitsoe lefatšeng lohle, joalokaha Jesu a boletse.—Mattheu 24:14.
Morero oa mosebetsi ona oa ho bolela ke ofe?
Oa pele, ke ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo.
Oa bobeli, ke ho thusa batho ho khetha hore na ba batla ho ba bafo ba ’Muso kapa che.
Jesu o boletse hore mehleng ea rōna batho bohle ba tla aroloa e le ba kang linku kapa ba kang lipoli.—Mattheu 25:31-46.
“Linku” e tla ba ba ratang eena le baena ba hae. “Lipoli” li tla ba hloea.
“Linku” li tla fumana bophelo bo sa feleng ’me “lipoli” li ke ke tsa bo fumana.
Mosebetsi ona oa ho arola o etsoa ka ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso.
Moprofeta Esaia o fane ka boprofeta bona.
“Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng.”—Esaia 2:2.
Hona joale batho ba talimane le ‘mehla ea bofelo.’
“Ntlo” ea Jehova ea borapeli e ‘okametse’ bolumeli ba bohata.
“Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”—Esaia 2:3.
Kahoo, batho ba bangata ba tsoang lichabeng tsohle ba tla borapeling ba Jehova ’me ba mema ba bang ho kopanela le bona. Ba ithuta kamoo ba ka itšoarang ka tsela eo Jehova a e batlang.
“’Me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.
Ba rapelang Jehova ba kopane ’me ba na le khotso.
Phello ea mosebetsi ona oa ’Muso oa Molimo ke hore hona joale ho na le batho ba limillione tse ngata lefatšeng ka bophara bao e leng bafo ba ’Muso.
Ba teetse masala hare, e leng ba setseng bao tšepo ea bona e leng ho ea leholimong le ho busa le Kreste.
Ba fumana lijo tsa moea ka tlhophiso ea Molimo.—Mattheu 24:45-47.
Ke boena ba machaba ba Bakreste ba ratanang e le ka ’nete.—Johanne 13:35.
Ba thabela khotso ea kelello, tšepo ea bokamoso.—Ba-Filippi 4:7.
Haufinyane, litaba tse molemo li tla be li boletsoe hohle. “Linku” li tla be li bokelletsoe. ’Me ’Muso o tla etsa eng?
Na u sa hopola hore Morena Davida ea tšepahalang o ile a hlola lira tsohle tsa batho ba Molimo? E, Morena Jesu o tla etsa se tšoanang.
Morena Nebukadnezare o kile a lora setšoantšo se seholo se emelang mebuso eohle ea lefatše ho tloha mehleng ea hae ho tla fihla mehleng ea rōna.
Eaba o bona lejoe le betliloeng le khephoha thabeng, la pshatla setšoantšo likoto. Lejoe le emela ’Muso oa Molimo.
Sena se bolela ho timetsoa ha tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho.—Daniele 2:44.
Lintho tse ling tseo ’Muso o tla li ketola ke tsena.
Bolumeli ba bohata bo tla nyamela, joaloka leloala le akhetsoeng leoatleng.—Tšenolo 18:21.
Ke ka baka leo bohle ba ratang Molimo ba khothalletsoang ho tsoa bolumeling ba bohata HONA JOALE.—Tšenolo 18:4.
Ho latelang, Morena Jesu o tla ‘otla lichaba . . . ’me o tla li alosa ka lere la tšepe.’—Tšenolo 19:15.
Ka baka leo, Lipaki tsa Jehova li lefa makhetho a tsona le ho boloka melao ea naha, ha li itšunya-tšunye lipolotiking.
Qetellong, Satane ka boeena, “drakone” e khōlō, o tla liheloa sekoting.—Tšenolo 20:2, 3.
Ke feela “linku,” e leng ba ikokobeletsang Jesu e le Morena, tse tla pholoha mahlomola.—Mattheu 25:31-34, 41, 46.
Moapostola Johanne a bona setšoantšo sa “linku” tse pholohang mahlomola.
“Ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona.”—Tšenolo 7:9.
“Bongata bo boholo” bo entsoe ka bohle ba arabelang boboleling ba litaba tse molemo.
Ke ba “tsoang mahlomoleng a maholo.”—Tšenolo 7:14.
“Makala a lipalema” a bontša hore ba amohela Jesu e le Morena oa bona.
Ho apara ha bona “liaparo tse tšoeu” ho bontša hore ba na le tumelo sehlabelong sa Jesu.
“Konyana” ke Jesu Kreste.
Joale ba thabela mahlohonolo afe? Na u sa hopola thabo e bileng teng Iseraeleng ha Morena Salomone ea tšepahalang a ne a busa? Seo se fane ka setšoantšo se senyenyane sa thabo e tla ba teng lefatšeng tlas’a Morena Jesu.
Ho tla ba le khotso ea ’nete har’a batho le pakeng tsa batho le liphoofolo, kamoo Esaia a boletseng e sa le pele.—Pesaleme ea 46:9; Esaia 11:6-9.
Joalokaha Jesu a ile a phekola ba kulang ha a le lefatšeng, o tla tlosa boloetse ho batho bohle.—Esaia 33:24.
Joalokaha Jesu a ile a fepa matšoele-tšoele, o tla boela a felise likhaello tsa lijo ho batho bohle.—Pesaleme ea 72:16.
Joalokaha a ile a tsosa bafu, o tla boela a tsose bafu ba sa kang ba ba le monyetla o tletseng oa hore ba ikokobeletse ’Muso oa Molimo.—Johanne 5:28, 29.
Butle-butle, o tla khutlisetsa batho phethehong eo Adama a e lahlileng.
Na boo hase bokamoso bo thabisang? Na u rata ho bo bona? Haeba ho joalo, sebetsa ka tsela eo u ka ikokobeletsang ’Muso oa Molimo hona joale ’me u be e mong oa “linku.”
Ithute Bibele ’me u tsebe Jehova Molimo le Jesu Kreste.—Johanne 17:3.
Kopanela le ba bang bao le bona e leng bafo ba ’Muso.—Ba-Heberu 10:25.
Ithute melao ea ’Muso ’me u e boloke.—Esaia 2:3, 4.
Nehela bophelo ba hao ho sebeletsa Jehova, ’me u kolobetsoe.—Mattheu 28:19, 20.
Qoba lintho tse mpe tse sa khahliseng Jehova Molimo, tse kang ho utsoa, leshano, boitšoaro bo bobe, le botahoa.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Kopanela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mattheu 24:14.
Ka thuso ea Molimo, u tla bona ho tsosolosoa ha Paradeise eo Adama a entseng hore e lahlehele bana ba hae, ’me u tla bona tšepiso ena e phethahala: “Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
[Chate e leqepheng la 20]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
607 B.C.E. 1914 C.E.
B.C.E. | C.E.
500 1 000 1 500 2 000 2 520
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Abrahama
Isaaka
Jakobo
Juda
Davida
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
144 000
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Adama
Jesu