Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • tp khao. 1 maq. 4-9
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Talima ka ’Nģane ho “Khotso le Tšireletseho” tse Tlisitsoeng ke Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso e Tsoang ho Molimo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Pono ea Bibele ka Khotso le Tšireletseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
tp khao. 1 maq. 4-9

Khaolo ea 1

Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!

1. Ke maemo afe a etsang hore khotso ea ’nete le tšireletseho li lakatsehe hakaale?

KA SEBELE uena, joaloka batho ba bangata, u labalabela khotso le tšireletseho. Hohle batho ba khathetse ke bonokoane, pefo, ntoa, le ho tšosa hoa nuclear. Hape, ba bangata ha ba na mesebetsi e itlhomphang, matlo a lekaneng, kapa lijo tse lekaneng. E ne e tla ba thabo e kaakang haeba mathata a joalo a ne a ka rarolloa ’me lefatše lena la fetoha lehae le monate le le sireletsehileng bakeng sa baahi ba lona!

2, 3. (a) Haeba khotso ea ’nete le tšireletseho li fela li le haufi, ho hlokahala hore ho botsoe lipotso life? (b) Bohato bo nkiloeng ke Machaba a Kopaneng ho bonahala bo lumellana joang le takatso ea khotso le tšireletseho?

2 Ho makatsang, ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore topollo e labalabeloang e haufi, hore khotso le tšireletseho lefatšeng ka bophara li tla tloha li e-ba teng! Empa ke mang ea tla li tlisa? Na lichaba tsa lefatše lee li tla behella kathōko liqabang tsa tsona e le hore li ka finyella see?

3 Boprofeta bo khahlisang ba Bibele bo ile ba bolela hore nako e ne e tla tla ea ha baeta-pele ba lefatše ba ne ba tla hle ba bolele “khotso le tšireletseho!”a Ha e le hantle, ha Machaba a Kopaneng a bolela 1986 e le “Selemo sa Khotso sa Machaba” a ile a kōpa hore hohle mekhatlo e ikitlaetse ka ho khethehileng hore ho tloha ka selemo seo e ntšetse pele pakane ea “khotso, tšireletseho ea machaba le tšebelisano.”1

4. Haeba tokisetso leha e le efe bakeng sa khotso le tšireletseho e tla u tsoela molemo, e tlameha ho rarolla mathata afe?

4 Empa na hona e ne e tla ba “khotso le tšireletseho” tsa ’nete? Na li ne li tla kena motseng oa heno le ka lapeng la hao ’me li sebetsane le mathata a u amang ka bouena? Na li ne li tla rarolla mathata a ntseng a eketseha a bonokoane le temallo ea lithethefatsi, theko e ntseng e phahama ea lijo, makhetho a boima, tšilafatso e ntseng e e-ja setsi, le ho senyeha ho ntseng ho kekela hoa likamano tsa lelapa? Hafeela a mang a maemo ana a ntse a tsoela pele, a tšosa khotso le tšireletseho tsa hao.

5, 6. Motheong oa phihlelo ea hao bophelong, na u lumela hore batho ba tla rarolla mathata ao?

5 Ke ’nete, batho ba na le tšepo ea hore ba tla hlōla mathata ana. Ba bolela hore, ha ba lokolotsoe boimeng bo sithabetsang ba lichelete tsa ntoa, ba ka sokolla letlotlo leo lohle, phuputso, le matla a sebelisoang ke batho hore ba rarolle mathata a joalo.

6 Na u hlile u lumela hoo? Na ho na le bopaki bo tiileng bo bontšang hore batho ba tla ke ba tlise pheko e sa feleng? Histori e bontša eng? Ka sebele, phihlelo ea hao ea botho bophelong e u bolella eng?

7, 8. (a) Ke hokae hape moo re ka talimang bakeng sa pheko? (b) Bibele ke buka e tsebisahalang hakae?

7 U ka ’na ua botsa: ‘Haeba batho ba se na pheko, joale ho tla etsahala joang?’ Ha e le hantle, ho na le bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore lefatše le lintho tse phelang tse ho lona li bontša hore li qapiloe ka bohlale. (Ba-Heberu 3:4) Na ho ka etsahala hore e be Ea amehang boqaping bona o kenella tabeng? Na o tla kenya letsoho litabeng tsa batho? Ke Bibele feela e fanang ka likarabelo lipotsong tsena.

8 Ha ho talingoa hore na ho ameha eng, na ho ke ke hoa u tsoela molemo hore u nahane ka seo Bibele e se buang tabeng ee? Mohlomong u hlokomela hore ke buka e fetoleloang ka bophara le e tsamaisoang ka bophara ka ho fetisisa lefatšeng. Ho tsamaisitsoe likopi tsa eona tse libillione e felletse kapa e le karolo feela, ka lipuo tse fetang 1 800.2 Empa na u ne u tseba hore buka ena ea boholo-holo e sebetsana kannete le litaba tse re amang ka ho fetisisa lekholong lee la bo20 la lilemo?

9, 10. (a) Bibele e re’ng ka bokamoso, le ka mebuso ea batho? (b) ’Muso oa Molimo ke eng, ’me o tla nka taolo pusong eohle ea kajeno neng?

9 Ba bangata ba tseba hore Bibele e profeta ka ‘bofelo ba lefatše.’ Empa ke ba seng bakae ba tsebang seo e se bolelang ka hore na bofelo boo bo tla tla neng, kapa hore na bophelo lefatšeng bo tla ba joang kamorao ho moo. (Mattheu 24:​21, 22; 2 Petrose 3:​11-13) Mohlomong ba ka ba ba rapela Thapelo ea Morena, moo ba kōpang ‘ ’muso oa Molimo hore o tle.’ (Mattheu 6:​9, 10) Empa ke ba seng bakae ba hlokomelang hore ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele e tla nka sebaka sa litsamaiso tsohle tsa kajeno tsa lipolotiki. Joalokaha moprofeta Daniele a itse: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:⁠44.

10 Ho khahlisang, boprofeta ba Bibele bo buang ka “khotso le tšireletseho” bo hlokometsoeng pejana, bo akarelletsa litšobotsi tsena: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo.” (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW) Kahoo, ho totobetse hore khotso le tšireletseho leha e le life tseo baeta-pele ba batho ba li bolelang, e tla ba tsa nakoana. Hobane boprofeta bo bontša hore hang kamorao ho moo puso eohle ea batho e tla putuloa hore e fele, e tla nkeloa sebaka ke puso e le ’ngoe feela bakeng sa lefatše lohle—’Muso oa Molimo.

11, 12. Ho se tšoane ho hong ho teng pakeng tsa se boleloang ke Bibele hore ’Muso oa Molimo o tla se etsa le seo baeta-pele ba batho ba lekang ho se etsa ke hofe?

11 Ho feta moo, Bibele e senola ho se tšoane ho hongata pakeng tsa khotso le tšireletseho tse tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo le se tšepisoang ke baeta-pele ba batho. Kajeno batho ba bua ka ho fokotsa lihlomo ka lilekane. Ha ho bapisoa, Bibele e bolela hore haufi Molimo o tla felisa ka ho feletseng lihlomo tsohle ’me o tlose mehloli eohle ea ntoa. (Pesaleme ea 46:9; Esaia 2:​2-4) ’Me tšireletseho e tšepisoang ke Molimo hase tšireletseho feela ntoeng e pakeng tsa lichaba. Ke tšireletseho lireng tsa mefuta eohle, hoo ho seng motho ea sa tla hlola a tšaba—motšehare kapa bosiu. (Mikea 4:​3, 4) Hape, batho hona joale ba amehile ka ho laola bonokoane, empa morero o boletsoeng oa Molimo ke ho fothola le bona boikutlo le maemo tse khannelang bonokoaneng.—Pesaleme ea 37:​8-11; Ba-Galata 5:​19-21.

12 Lichaba li boetse li ikhantša ka tsoelopele liphuputsong tsa bongaka le ka tlhokomelo e ntlafalitsoeng ea bakuli le ba tsofetseng. Empa Bibele e hlalosa kamoo puso ea Molimo e tla tlisa bophelo bo botle ka ho feletseng le ba nako e telele haesita le ho felisa botsofali le lefu! (Tšenolo 21:​3, 4) Ho phaella moo, tlas’a ’Muso oa Molimo mosebetsi oa motho e tla ba o beang kannete le o khotsofatsang ka sebele. Hobane u ka thaba joang haeba mosebetsi oa hao o nyahamisa kapa o sa u etse hore kannete u ikutloe hore ho na le seo u se finyelletseng?—Esaia 65:​21-23; Ba-Roma 8:​19-21.

13. Ke lipotso life tseo ho ka bang molemo hore re li hlahlobe?

13 Ke hofe hoo u lumelang hore ho fana ka khotso le tšireletseho tsa mofuta o tlang ho ntlafatsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hao—litšepiso tsa batho kapa litšepiso tsa Molimo joalokaha li tla kenngoa tšebetsong ke puso ea ’Muso oa oona? Ka ho nkeha ke seo lefatše ka kakaretso le fanang ka sona, na u fumane seo u hlileng u se batlang bophelong? Ho thoe’ng haeba u ka itlohella hore u hoholehe ke seo e ka ’nang eaba sea rateha hona joale, empa e be joale u hlokomela hore u nkehile ke litšepiso tse thetsang, tse u siang u se na khotso ea ’nete le tšireletseho? Ka lehlakoreng le leng, na u ka kholiseha hore seo Bibele e se tšepisang ke se ka lumeloang, se molemo, le sa sebele? Ka sebele, likarabelo tsa lipotso tse joalo li lokeloa ke hore li hlahlojoe ka mokhoa o matla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a 1 Ba-Thessalonika 5:3, NW.

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 4]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ha ho ea sa tla hlola a tšaba—motšehare kapa bosiu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela