Lebaka la Hore U Tšepe Bibele
Batho ba bang ba re Bibele ha e tšepahale, ’me maikutlo a bona a amoheloa hohle. Ka baka lena batho ba bangata kajeno ha ba lumele se boleloang ke Bibele ba re e ke ke ea tšepjoa.
Ka lehlakoreng le leng, seo Jesu Kreste a se buileng ha a rapela Molimo se hōlisa tšepo: “Lentsoe la hao ke ’nete.” ’Me Bibele ka boeona e ipolela hore e bululetsoe ke Molimo.—Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16.
U nahana eng ka sena? Na ho na le motheo o utloahalang oa ho tšepa Bibele? Kapa na ho hlile ho na le bopaki ba hore Bibele e ke ke ea tšepuoa, le hore e-ea ikhanyetsa ’me ha e lumellane?
Na E-ea Ikhanyetsa?
Leha ba bang ba ka bolela hore Bibele e-ea itoantša, na ho na le ea kileng a u bontša mohlala oa sebele oa hoo? Ha re e-s’o fumane mohlala oo re ka o hlahlobang. Ke ’nete hore, ho ka ’na ha bonahala ho e-na le ho se lumellane litlalehong tse itseng tsa Bibele. Empa hangata bothata bo bakoa ke ho haelloa ke tsebo ea makolopetso kapa maemo a linako.
Ka mohlala, batho ba bang ba ka ’na ba qotsa seo ba nahanang hore ke ho se lumellane ka Bibeleng, ba botsa: ‘Kaine o fumane mosali oa hae kae?’ Ba nahana hore bana ba Adama le Eva e ne e le Kaine le Abele feela. Empa monahano oo o theiloe ho se utloisiseng hantle seo Bibele e se buang. Bibele e hlalosa hore Adama “a tsoala bara le barali.” (Genese 5:4) Kahoo Kaine o nyetse e mong oa likhaitseli tsa hae kapa mohlomong e mong oa bana ba banab’abo.
Hangata bahanyetsi ba batla feela likhanyetso ’me ba ka ’na ba re: ‘Mongoli oa Bibele Mattheu o re molaoli oa lekhotla o ile a tla ho Jesu ho tla kōpa thuso, athe Luka eena o re ho ile ha romeloa baemeli ho tla kōpa thuso. Ke efe e nepahetseng?’ (Mattheu 8:5, 6; Luka 7:2, 3) Empa na ruri hona ke ho ikhanyetsa?
Ha mosebetsi oa batho o lebohuoa ho motho ea hlileng a ikarabellang ka ’ona, motho ea nahanang hantle a ke ke a re hoo ke ho ikhanyetsa. Ka mohlala, na u nahana hore e ka ba phoso ho bua hore ramotse o hahile tsela le hoja tsela ka boeona e hahuoe ke li-enjinere le basebeletsi ba hae? Che ha ho phoso ho bua joalo! Ka mokhoa o tšoanang, Mattheu ha a ikhanyetse ha a re molaoli oa lekhotla o ile a etsa kōpo ho Jesu empa, joalokaha Luka a ngola, kōpo eo e ile ea etsoa ka baemeli ba itseng.
Ha re ntse re fumana tsebo ka lintlha tse eketsehileng, litaba tse bonahalang li ikhanyetsa ka Bibeleng lia fela.
Histori le Mahlale
Ho nepahala ha histori ea Bibele ho kile ha belaeloa haholo. Ka mohlala, bahanyetsi ba ile ba belaela ho ba teng ha batho ba bang ba Bibele ba kang Morena Sargone oa Assyria, Beltsatsare oa Babylona, le ’musisi oa Roma Ponse Pilato. Empa litšibollo tsa morao tjena li tiisitse ho nepahala ha litlaleho tsa Bibele ka ho latellana. Kahoo rahistori Moshe Pearlman o ngotse: “Kapele-pele, bahanyetsi ba neng ba belaela esita le ho nepahala ha likarolo tsa histori tsa Testamente ea Khale ba qala ho fetola mehopolo ea bona.”
Haeba re tšepa Bibele, e lokela ho nepahala le litabeng tsa mahlale. Na ho joalo? Hase khale haholo ha bahlalefi, ho fapana le Bibele, ba bua hore bokahohle ha bo na tšimoloho. Leha ho le joalo, morao tjena molepi oa linaleli Robert Jastrow o ile a fana ka boitsebiso bo bocha bo hanyetsang taba ena, a hlalosa: “Joale re bona kamoo bopaki ba bolepi ba linaleli bo re lebisang ponong ea Bibeleng mabapi le tšimoloho ea lefatše. Makolopetso aa fapana, empa likarolo tsa bohlokoa litlalehong tsa bolepi ba linaleli le tsa Bibele tsa Genese lia tšoana.”—Genese 1:1.
Hape batho ba fetotse pono ea bona mabapi le sebopeho sa lefatše. The World Book Encyclopedia e-ea hlalosa, “Maeto a likepe le a lifofane a litšobollo, a bontšitse hore lefatše le chitja, e seng hore le sephara joalokaha batho ba bangata ba ne ba lumela.” Empa Bibele e ne e ntse e nepile! Lilemo tse kaholimo ho 2 000 pele ho maeto a joalo a litšobollo, Bibele e itse ho Esaia 40:22: “Ho na le Ea lutseng holim’a selika-likoe sa lefatše,” kapa joaloka ha liphetolelo tse ling li re, “polokoe ea lefatše” (Douay), “lefatše le chitja.” (Moffatt)
Kahoo ha batho ba ntse ba ithuta, le bopaki ba hore Bibele e ka tšepjoa boa eketseha. Monghali Frederic Kenyon, eo e neng e le motsamaisi oa Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Brithani, o ngotse, “Liphello tse seng li finyelletsoe li tiisa seo tumelo e se tšehetsang, hore Bibele e rua molemo ka tsebo e eketsehang.”
Ho Profeta Bokamoso
Empa na re ka tšepa boprofeta ba Bibele ka bokamoso, ho kopanyelletsa le litšepiso tsa ‘maholimo a macha le lefatše tse lokileng’? (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Koana, tlaleho ea nako e fetileng ea ho tšepahala ha Bibele ke efe? Ka makhetlo a mangata boprofeta bo ileng ba fanoa esita le lilemong tse makholo e sa le pele bo ile ba phethahala ka ho nepahala ho feletseng!
Ka mohlala, Bibele e profetile ho lihuoa ha Babylona e matla ho e ka bang lilemo tse 200 pele hoo ho etsahala. Ha e le hantle, Bamede, ba ileng ba tšehetsa Bapersia, ba ile ba bitsoa bahlōli. Le pele Cyruse, morena oa Persia, a tsoaloa, Bibele e profetile hore o tla ba moholo ntoeng. E boletse hore metsi a Babylona a sireletsang, e leng nōka ea Eufrate, ‘a tla psha,’ le hore ‘menyako [ea Babylona] e ke ke ea koaloa.’—Jeremia 50:38; Esaia 13:17-19; 44:27–45:1.
Makolopetso ana a ile a phethahala, joaloka ha rahistori Herodotus a tlalehile. Ho phaella moo, Bibele e profetile hore qetellong Babylona e tla fetoha lesupi. ’Me ho fetse ha etsahala. Kajeno Babylona e fetohile qubu ea majoe. (Esaia 13:20-22; Jeremia 51:37, 41-43) ’Me Bibele e na le boprofeta bo bong bo bongata bo ileng ba phethahala.
Bibele e profeta eng ka tsamaiso ea lintho ea hona joale ea lefatše? E re: “Mehla ea qetello ea lefatše lena e tla ba nako ea mathata. Ha ho letho leo batho ba tla le rata ha e se chelete le ho ithata; ba tla ba manganga, ba ikhantše, ba be bohale; ba se hlomphe batsoali, ba se lebohe, ba se be le kutloelo-bohloko, ba se be le kameho ea tlhaho . . . e tla ba batho ba beang menate sebakeng sa Molimo, e be batho ba ikapesitseng sebopeho sa bolumeli, empa e le ba hlileng ba bo latolang.”—2 Timothea 3:1-5, The New English Bible.
Ka sebele, re bona ho phethahala ha sena hona joale! Empa hape Bibele e profeta lintho tsena bakeng sa “mehla ea qetello ea lefatše lena”: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng.” Ho phaella moo, “litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng, . . . le mafu a akaretsang.”—Mattheu 24:7; Luka 21:11.
E, boprofeta ba Bibele boa phethahala kajeno! Joale, ho thoe’ng ka litšepiso tse tla tloha li phethahala, tse kang: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng,” le “marumo a bona ba tla a tea lisekele; . . . ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana”?—Pesaleme ea 37:29; Esaia 2:4.
Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Hoo ho ke ke ha etsahala.’ Empa, ha ho hlile ha ho na lebaka la hore re belaele letho leo ’Mōpi oa rōna a le tšepisang. Lentsoe la Hae le ka tšepjoa! (Tite 1:2) Ka ho hlahloba bopaki ho ea pele, u tla kholiseha haholo ka sena.
Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Liphello tse seng li finyelletsoe li tiisa seo tumelo e se tšehetsang, hore Bibele e rua molemo ka tsebo e eketsehang”