Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • br78 maq. 3-5
  • Ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang?
  • Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la tsona
  • Ke Bo-mang?
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?
    Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
Bala Tse Ling
Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
br78 maq. 3-5

Ke Bo-mang?

Ke takatso ea Lipaki tsa Jehova hore u tloaelane le tsona hamolemo. E ka ’na eaba u kopane le tsona e le baahelani, bahiruoa ’moho le uena kapa litabeng leha e le life tsa letsatsi le leng le le leng tsa bophelo. E ka ’na eaba u li bone seterateng li fana ka limakasine tsa tsona ho batho ba fetang ka tsela. Kapa, e ka ’na eaba u buisane le tsona ka bokhutšoanyane ha hao.

Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova lia u thahasella le bophelo ba hao. Li batla hore u be motsoalle oa tsona le ho u bolella haholoanyane ka tsona, litumelo tsa tsona, mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng, le kamoo li ikutloang ka teng ka batho le lefatše leo bohle re phelang ho lona. Ho finyella morero ona li u lokiselitse bukana ena.

Ka litsela tse ngata haholo Lipaki tsa Jehova li tšoana le motho e mong le e mong. Li na le mathata a tsona—a moruo, a ’mele, le a maikutlo. Ka linako tse ling li etsa liphoso, hobane ha lia phethahala, kapa ha lia bululeloa, leha e le hore ha li lobe litaba. Empa li leka ho ithuta ka liphihlelo tsa tsona ’me ka matla li ithuta Bibele ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Li itlamme ho Molimo, boinehelo ba ho etsa thato ea oona, ’me li ikitlaetsa ho e phethahatsa. Mesebetsing eohle ea tsona li batla tataiso Lentsoeng la Molimo le moeeng oa oona o halalelang.

Ke habohlokoa haholo ho tsona hore litumelo tsa tsona li theoe Bibeleng e seng feela liphuputsong tsa batho kapa litumelong tsa bolumeli. Li ikutloa joaloka moapostola Pauluse ha a ne a itlhalosa tlas’a pululelo: “’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano.” (Ba-Roma 3:4, Bibele ea Sesothoa) Ha ho tluoa lithutong tse fanoang e le ’nete ea Bibele, li tšehetsa ka matla tsela e latetsoeng ke Baberea ha ba ne ba utloa moapostola Pauluse a bolela: “Ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?” (Liketso 17:11) Lipaki tsa Jehova li lumela hore lithuto tsohle tsa bolumeli li lokela ho lekoa ka tsela ena ho bona hore na li lumellana le Mangolo, e bang ke thuto e fanoang ke tsona kapa ke motho e mong. Lia u mema, lia u phehella, hore u etse sena ha u buisana le tsona.

Ho sena, ho totobetse hore Lipaki tsa Jehova li lumela Bibele e le Lentsoe la Molimo. Li nka libuka tse 66 tsa eona li bululetsoe ’me li nepahetse ho ea ka histori. Hoo ka tloaelo ho tsejoang e le “Testamente e Ncha” li ho bitsa Mangolo a Bakreste a Segerike, ’me “Testamente ea Khale” li e bitsa Mangolo a Seheberu. Li itšetlehile ka Mangolo a Segerike le a Seheberu, ’me li a nka a hlile a le joalo ntle ho moo lipolelo kapa maemo ka ho hlakileng a bontšang hore aa tšoantšetsa. Li utloisisa hore boprofeta bo bongata ba Bibele bo se bo phethahetse, bo bong ke hona bo ntseng bo phethahala, ’me bo bong bo sa ntse bo emetse ho phethahala.

Lebitso la tsona

Lipaki tsa Jehova? E, ke ka tsela eo li ipitsang ka eona. Ke lebitso le hlalosang, le bontšang hore li paka ka Jehova, Bomolimo ba hae le merero ea hae. Molimo, Morena, ’Mōpi—joaloka Mopresidente, Morena, Mogenerale—ke litlotla ’me li ka sebelisoa ho batho ba bangata ba sa tšoaneng. Empa “Jehova” ke lebitso la botho ’me le lebisoa ho Molimo o Matla ’Ohle le ’Mōpi oa bokahohle. Hona ho bontšoa ho Pesaleme ea 83:18: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”

Lebitso “Jehova” (kapa “Yahweh,” joalokaha Jerusalem Bible ea Roma e K’hatholike le liithuti tse ling tsa kajeno li rata joalo) le hlaha ka makhetlo a 6 828 ka Mangolong a pele a Seheberu. Libibele tse ngata ha li le hlahise le le joalo, empa li le nkela sebaka ka “Molimo” kapa “Morena.” Leha ho le joalo, le Libibeleng tsena motho o ntse a ka bolela moo Mangolo a pele a Seheberu a sebelisang Jehova, hobane libakeng tse joalo mantsoe a le nketseng sebaka a ngotsoe ka litlhaku tse khōlō le tse khōlō tse nyenyane, tjena: MOLIMO, MORENA. Liphetolelo tse ngata tsa kajeno li sebelisa lebitso Jehova kapa Yahweh. Ka baka leo, Bibele ea Sesotho e baleha tjena, ho Esaia 42:8, “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka.”

Tlaleho ea Mangolo eo Lipaki tsa Jehova li e beang bakeng sa lebitso la tsona e khaolong ea 43 ea Esaia. Mono pono ea lefatše e talingoa joaloka ka lekhotleng: Melimo ea lichaba e mengoa hore e hlahise lipaki tsa eona ho paka boipolelo ba eona ba hore e lokile, kapa ho utloa lipaki tse ka lehlakoreng la Jehova le ho lumela ’nete. Mono Jehova o bolella batho ba hae: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’mōloki e mong, ha e se ’na.”—Esaia 43:10, 11.

Jehova Molimo o ne a e-na le lipaki lefatšeng ka likete tsa lilemo pele ho Kreste. Hoba e thathamise ba bang ba banna bao ba tumelo ho Ba-Heberu khaolo ea 11, Ba-Heberu 12:1 e re: “Joale he, le rōna ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tšoasang feela, ’me re ke re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng.” Jesu a re ka pel’a Ponse Pilato: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” O bitsoa “paki e tšepehang, ea ’nete.” (Johanne 18:37; Tšenolo 3:14) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna; ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.

Ka baka leo, batho ba fetang 3 000 000 kajeno ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ka Kreste Jesu linaheng tse fetang 200 ba ikutloa hore ke ka nepo ba ipitsang Lipaki tsa Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litšupiso tsa Bibele tse qotsitsoeng bukaneng ena li hlaha phetolelong ena, ntle leha ho bontšitsoe ka hosele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Lia u thahasella

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Li inehetse ho etsa thato ea Molimo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Li lumela hore Bibele ke lentsoe la Molimo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Lebitso joalokaha le amana le pono ka lekhotleng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Lipaki tse fetang 3 000 000 linaheng tse fetang 200

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Lebitso la botho la Molimo ka Seheberu sa boholo-holo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela