Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 371-leq. 375
  • Pōpo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pōpo
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Tsebang Hore Molimo o Teng
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Pōpo
    Tsoha!—2014
  • Kamoo Moea o Halalelang o Sebelitseng Kateng Nakong ea Pōpo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bophelo bo Bile Teng Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 371-leq. 375

Pōpo

Tlhaloso: Pōpo joalokaha e hlalositsoe ka Bibeleng, e bolela hore Molimo o Matla ’Ohle o qapile oa ba oa etsa bokahohle, ho akarelletsa le batho ba bang ba moea (spirit) le mefuta eohle ea mathomo ea bophelo bo lefatšeng.

Lefatšeng lena la kajeno la bohlalefi, na hoa utloahala ho kholoa pōpo?

“Melao ea tlhaho ea bokahohle e nepahetse hoo re se nang bothata ba ho etsa sefofa-sebakeng ho fofela khoeling ’me re ka se beela nako ea ho fofa ka nepo e phethahetseng. Melao ena e tlameha e be e beiloe ke e mong.”—E qotsitsoe ho Wernher von Braun, ea neng a sebetsana haholo le Maamerika a romeloang khoeling.

Bokahohleng bo bonahalang: Haeba u fumana sesupa-nako se nepang nako hantle, na u ka qeta ka hore se hlahile feela ka tsietsi ea ho tsoakana hoa likaroloana tsa lerōle? Ho hlakile hore ho na le motho e mong ea bohlale ea se entseng. Ho bile ho na le “sesupa-nako” se seng se babatsehang haholoanyane. Mafatše a potolohang letsatsi la rōna, hammoho le linaleli tsa bokahohleng bohle, li tsamaea ka nepo e fetang lisupa-nako tse ngata tse entsoeng ke motho. Sehlopha sa linaleli seo letsatsi la rōna le mafatše a le potolohang li leng ho sona se akarelletsa linaleli tse fetang libillione tse 100, ’me ba ithutileng linaleli ba hakanya hore ho na le lihlopha tse joalo tsa linaleli tse libillione tse 100 bokahohleng. Haeba sesupa-nako e le bopaki ba boqapi bo hlalefileng, ebe ho ka ba joalo haholoanyane joang ka bokahohleng bo rarahaneng le bo boholo ho feta moo! Bibele e hlalosa ea Bo entseng e le “Molimo [oa ’nete] Jehova, ea entseng maholimo, ea a phutholotseng.”—Esa. 42:5; 40:26; Pes. 19:1.

Lefatše (“Earth”): Ha u haola lehoatateng, ha u ka fihla ntlong e ntle, e nang le thepa ka ho feletseng ’me e e-na le lijo, na u ka lumela hore e bile teng moo ka ho phatloha ho hong hoa mohlolo? Che; u ne u tla hlokomela hore e mong ea bohlale haholo o e hahile. E, bo-ramahlale ha ba e-s’o fumane bophelo mafatšeng ’ohle a potolohang letsatsi la rōna ntle ho lefatšeng la rōna, bopaki bo teng bo supa hore mafatše a mang a nyopile. Lefatše lena, joalokaha buka The Earth e bolela, ke “bokhabane ba bokahohle, pitikoe e ikhethang.” (New York, 1963, Arthur Beiser, leq. 10) Le hole le letsatsi ka mokhoa o nepahetseng bakeng sa bophelo ba motho, ’me le tsamaea ka lebelo le nepahetseng hantle hore le ’ne le tsoelepele ho potoloha. Sepaka-paka se nang le meea e entsoeng ka tekanyetso e lekaneng hantle e phelisang, se fumanoa feela ho potoloha lefatše lena. Ho tsotehang, khanya e tsoang letsatsing, moea o sa hloekang o tsoang sebakeng, le metsi le matsoai a mobu o nonneng li kopana ho hlahisetsa baahi ba lefatše lijo. Na hohle ho etsahetse ka baka la ho phatloha ho hong ho se nang taolo sepaka-pakeng? Science News e-ea lumela: “Ho bonahala eka maemo a joalo a khethehileng le a nepahetseng a ne a ke ke a itlhahela feela tjee.” (August 24 le 31, 1974, leq. 124) Qeto ea Bibele ke e utloahalang, ha e re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.”—Ba-Heb. 3:4.

Boko ba motho: Li-computer tsa kajeno ke tholoana ea liphuputso tse matla le boenjiniere bo hlokolosi. Ha lia “itlhahela feela tjee.” Ho thoe’ng ka boko ba motho? Ho fapana le boko ba phoofolo efe kapa efe, boko ba lesea bo eketseha ka makhetlo a mararo selemong sa lona sa pele. Hore na bo sebetsa joang, e sa ntsane e le pharela ho bo-ramahlale. Bathong, ho hahelletsoe bohlale ba ho ithuta lipuo-puo tse thata, ho ananela botle, ho qapa ’mino, ho lekanyetsa hore na tšimoloho ea bophelo ke efe le hore na bo bolela eng. Setsebi sa boko Robert White se itse: “Ha ke na boikhethelo ha e se feela ho lumela hore ho na le Bohlale bo Phahameng, bo ikarabellang bakeng sa ho qaptjoa le ho hōlisoa hoa kamano ea mohlolo e pakeng tsa boko le kelello—ntho e phahametseng kutloisiso ea motho ka ho fetisisa.” (The Reader’s Digest, September 1978, leq. 99) Ho hōla hoa mohlolo ona ho qala ka sele e le ’ngoe e nyenyane e emolisitsoeng ka popelong. Ka temohisiso e fetisisang, mongoli oa Bibele Davida a re ho Jehova: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholo-holo.”—Pes. 139:13, 14.

Sele e phelang: Ka linako tse ling ha ho buuoa ka sele e le ’ngoe e phelang ho thoe ke bophelo bo sa “rarahanang.” Empa phoofolo e nang le sele e le ’ngoe e ka tšoasa lijo, ea li sila, ea ntša litšila, ea ikahela ntlo le ho kopanela likamano tsa botona kapa botšehali. Sele ka ’ngoe ea ’mele e ’nile ea tšoantšoa le motse o marako o nang le ’muso o setsing o bolokang taolo, mochine o fehlang matla, lifeme tse etsang lihaha-’mele, mokhoa o rarahaneng oa ho tsamaisa thepa, le balebeli ba laolang se lumelloang ho kena kahare. ’Me ’mele oa motho a le mong o entsoe ka lisele tse ngata tse ka bang litrillione tse 100. Mantsoe a Pesaleme ea 104:24 ke a loketseng hakaakang: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale”!

Na Bibele e lumella maikutlo a hore Molimo o sebelisitse ho iphetola hoa lintho hore ho hlahise mefuta e sa tšoaneng ea lintho tse phelang?

Genese 1:11, 12 e re joang le lifate li entsoe hore ho hong le ho hong ho bee ‘tsa mofuta oa hona.’ Litemana tsa 21, 24, 25 li phaella ka hore Molimo o bōpile libopuoa tsa leoatle, libopuoa tse fofang le liphoofolo tsa naha, e ’ngoe le e ’ngoe ‘ka mofuta oa eona.’ Mona ha ho sebaka sa hore mofuta o mong o fetohe kapa o iketse o mong.

Ka motho, Genese 1:26 e tlaleha hore Molimo o itse: “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna.” Ka hona o ne a lokela ho ba le litšoaneleho tse kang tsa Molimo, e seng litšobotsi tseo e mpang e le feela ntlafatso ea tsa sebatana. Genese 2:7 e-ea eketsa: “Jehova Molimo a bōpa motho [e seng ka bophelo bo bong bo neng bo se bo ntse bo le teng empa] ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela.” Mona ha ho tlhase le e nyenyane ea ho iphetola hoa lintho, empa, ho e-na le hoo, ke tlhaloso ea pōpo e ncha.

Na Molimo o bōpile mefuta-futa e limillione ea lintho tse phelang tse teng lefatšeng kajeno?

Genese khaolo ea 1 ka bonolo e re Molimo o entse e ’ngoe le e ’ngoe ka ‘mofuta oa eona.’ (Gen. 1:12, 21, 24, 25) Ha o lokisetsa Moroallo oa lefatše mehleng ea Noe, Molimo oa laela hore “mofuta” o mong le o mong oa liphoofolo tsa naha le oa libopuoa tse fofang o kenyetsoe o o emelang ka arekeng. (Gen. 7:2, 3, 14) “Mofuta” ka mong o na le matla a lefutso a hlahisang motsoako o mongata o sa tšoaneng. Ke kahoo ho tlalehoang hore ho na le mefuta e sa tšoaneng ea lintja e fetang 400 le e fetang 250 ea lipere. Mefuta eohle e ka atisanang ea liphoofolo ke “mofuta” o le mong feela oa Genese. Ka ho tšoanang, mefuta eohle ea batho—ea Bochabela, Afrika, Makhooa, Badinka ba Sudan ba balelele ba 2,1 m le ba bakhutšoaane ba Lipygmy tse 1,3 m—e tsoa ho batho ba babeli ba pele, Adama le Eva.—Gen. 1:27, 28; 3:20.

Ke eng e ikarabellang bakeng sa ho tšoana hoa motheo kahehong ea lintho tse phelang?

‘Molimo o hlolile lintho tsohle.’ (Ba-Ef. 3:9) Ka hona lintho tsohle li na le Moqapi a le mong e Moholo.

“Lintho tsohle li entsoe ke lona [Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, eo e bileng Jesu Kreste ha a le lefatšeng], ’me har’a lintho tse leng teng, ha ho letho le entsoeng ka ntle ho lona.” (Joh. 1:3) Ka hona ho na le Motlatsi a le mong e Moholo eo Jehova a entseng mesebetsi ea hae ea pōpo ka eena.—Liprov. 8:22, 30, 31.

Tšimoloho ea thepa e entseng bokahohle ke efe?

Bo-ramahlale ba ithutile hore thepa e etsang lintho bokahohleng ke matla (energy) a bokellaneng nģa e le ’ngoe. Hona ho bontšoa ka ho phatloha hoa lihlomo tsa nuclear. Seithuti sa linaleli Josip Kleczek se re: “Boholo ba liphatsa tsa pele ’me mohlomong kaofela hoa tsona, e ka ’na eaba li entsoe ka hore matla [energy] a fetohe ntho e bonahalang.”—The Universe (Boston, 1976), Moq. 11, leq. 17.

E be matla a joalo a ne a ka tsoa hokae? Hoba e botse, “Ea entseng ntho tseo [linaleli le mafatše] ke mang?” Bibele e re ka Jehova Molimo, “Ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” (Esa. 40:26) Ka hona Molimo ka booona ke Mohloli oa ‘matla a maholo’ a neng a hlokahala ho bōpa bokahohle.

Na pōpo eohle e bonahalang e finyelletsoe neng-neng ka matsatsi a tšeletseng feela lilemong tse fetileng tse 6 000 ho isa ho tse 10 000?

Linnete li hanana le qeto e joalo: (1) Khanya e tsoang sehlopheng sa linaleli se bitsoang Andromeda e ka bonoa ka bosiu bo elileng karolong e ka leboea ea lefatše. Ho nka lilemo tse ka bang 2 000 000 hore khanya eo e fihle lefatšeng, e bontša hore bokahohleng bo tlameha bo be bo e-na le lilemo tse limillione bo le teng. (2) Phoofo ea mafika a kumehileng ke mahlaseli lefatšeng e paka hore kaheho ea mafika a mang e lutse e sa tšoenngoe ka lilemo tse libillione.

Genese 1:3-31 ha e bue ka tšimoloho ea pōpo ea thepa e entseng bokahohle kapa ka lihloliloeng tsa leholimo. E hlalosa ho lokisoa hoa lefatše le neng le se ntse le le teng bakeng sa hore le ahuoe ke batho. Hona hoa akarelletsa ho bōptjoa hoa mefuta ea mathomo ea limela, libopuoa tsa metsing, libopuoa tse fofang, liphoofolo tsa naha le batho ba babeli ba pele. Hona hohle ho thoe ho entsoe ka “matsatsi” a tšeletseng. Leha ho le joalo, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “letsatsi” le bolela lintho tse sa tšoaneng, ho akarelletsa ‘nako e telele; nako ea ketsahalo e sa tloaelehang.’ (Old Testament Word Studies, Grand Rapids, Mich., 1978, W. Wilson, leq. 109) Lentsoe le sebelisitsoeng le lumella mohopolo oa hore “letsatsi” ka leng le ne le ka ’na la e-ba lilemo tse likete-kete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela