Baprofeta ba Bohata
Tlhaloso: Batho ka bomong le mekhatlo ka bomong e hlophisitsoeng ba bolelang melaetsa eo ho thoeng e tsoa matleng a phahametseng motho empa e sa simolohe ho Molimo oa ’nete ’me e hanana le thato e senotsoeng ea oona.
Baprofeta ba ’nete le ba bohata ba ka tsejoa joang?
Baprofeta ba ’nete ba tsebahatsa tumelo ea bona ho Jesu, empa ho hlokahala ho fetang ho bolela ka lebitso la hae
1 Joh. 4:1-3: “Le mpe le leke meea, hore na ke e tsoang ho Molimo; hobane baprofeta ba bohata ba tlile lefatšeng ba le bangata. Tsebang Moea oa Molimo ka hona: Moea o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ea tlileng nameng, ke oa Molimo; ’me moea o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng, hase oa Molimo.”
Matt. 7:21-23: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? . . . Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”
Baprofeta ba ’nete ba bua ka lebitso la Molimo, empa ho bua feela hore motho o emela Molimo ha hoa lekana
Deut. 18:18-20: “Ke tla ba hlahisetsa moprofeta ea tsoang har’a banab’abo bona, ea joale ka uena [joaloka Moshe]; ke tla bea mantsoe a ka molomong oa hae, ’me o tla ba bolella tsohle tsee ke tla mo laela tsona. Etlare ha e mong a ka hana ho utloa mantsoe a ka ao a tla a bolela ka lebitso la ka, ke ’na ke tla ’motsa hoo. Empa ha e le moprofeta ea ipeang ka boikhohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba ee ke sa kang ka mo laela eona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la melimo esele, moprofeta eo a shoe.” (Bapisa Jeremia 14:14; 28:11, 15.)
Jesu o itse: “Ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Joh. 8:28) A re: “Ke tlile ka lebitso la Ntate.” (Joh. 5:43) Jesu a boela a re: “Ea iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ea hae.”—Joh. 7:18.
Haeba mekhatlo efe kapa efe e hlophisitsoeng kapa batho ka bomong ba bolela hore ba emela Molimo empa ba hana ho sebelisa lebitso la Molimo, ’me ba itloaetsa ho hlalosa litaba ka maikutlo a bona, na ba finyella tšoaneleho ee ea bohlokoa ea moprofeta oa ’nete?
Bohlale ba ho etsa “mehlolo e meholo” kapa “meeka” ha e hlile hase bopaki ba moprofeta oa ’nete
Matt. 24:24: “Ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.”
2 Ba-Thess. 2:9, 10: “Ke lekanya eo ho tla ha hae ho leng ka tšebetso ea Satane, ka matla ’ohle, le ka lipontšo, le ka mehlolo ea bohata, le ka thetso eohle ea bokhopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata ’nete, ba tle ba bolokehe.”
Ka lehlakoreng le leng, Moshe o entse mehlolo ka taelo ea Jehova. (Ex. 4:1-9) Jehova a boela a fa Jesu matla a hore a etse mehlolo. (Lik. 2:22) Empa ha e-ea ba mehlolo feela e faneng ka bopaki ba hore ruri ba romiloe ke Molimo.
Se profetoang ke baprofeta ba ’nete sea etsahala, empa mohlomong ba ke ke ba utloisisa hore na se tla etsahala neng kapa joang
Dan. 12:9: “E-ea, Daniele, hobane litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo.”
1 Pet. 1:10, 11: “Baprofeta . . . Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e joang e neng e lekanntsoe ke Moea oa Kreste, o nong o le ho bona, ha o no o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le khanya e tlang ho a latela.”
1 Ba-Kor. 13:9, 10: “Re tseba ka nģa e le ’ngoe, ’me re profeta ka nģa e le ’ngoe feela. Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nģa e le ’ngoe feela se tla felisoa.”
Liprov. 4:18: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”
Baapostola le barutuoa ba bang ba pele ba Bakreste ba ne ba lebelletse lintho tse ling tse fosahetseng, empa Bibele ha e ba bee sehlopheng se le seng le “baprofeta ba bohata.”—Bona Luka 19:11; Johanne 21:22, 23; Liketso 1:6, 7.
Moprofeta Nathane a khothalletsa Morena Davida hore a tsoelepele ka se neng se le ka pelong ea hae mabapi le ho hahela borapeli ba Jehova ntlo. Empa hamorao Jehova a bolella Nathane hore a tsebise Davida hore hase eena ea tla e haha. Jehova ha a ka a lahla Nathane ka lebaka la seo a se buileng pejana, empa a ’na a mo sebelisa hobane o ile a lokisa taba ka boikokobetso ha Jehova a mo hlakisetsa eona.—1 Likron. 17:1-4, 15.
Lipolelo tsa moprofeta oa ’nete li ntšetsa pele borapeli ba ’nete ’me li lumellana le thato e senotsoeng ea Molimo
Deut. 13:1-4: “Ekare ha ho hlaha ha eno moprofeta, kapa molori oa litoro, ea u tsebisang pontšo, kapa mohlolo, ha pontšo eo, kapa mohlolo oo a u boleletseng oona, o etsahala, ’me a re ho uena: A re lateleng melimo esele, eo u sa e tsebeng, ’me re e sebeletse; u se ke ua mamela lipolelo tsa moprofeta eo, kapa tsa molori eo oa litoro; hobane ke Jehova, Molimo oa lōna, ea le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Molimo oa lōna, ka pelo tsa lōna tsohle, le ka meea ea lōna eohle. Latelang Jehova, Molimo oa lōna, le tšabe eena, le boloke litaelo tsa hae, ’me le utloe lentsoe la hae; le mo sebeletse, ’me le mo khomarele.”
Kaha Bibele e re “motsoalle oa lefatše” ke sera sa Molimo, na baruti ba phehellang litho tsa lipharishe tsa bona ho kenella litabeng tsa lefatše ba ntšetsa pele borapeli ba ’nete? (Jak. 4:4; 1 Joh. 2:15-17) Molimo oa ’nete o itse lichaba li tla tlameha ho “tseba hoba ke ’na Jehova,” ’me Bibele e bolela hore Molimo o ne o tla inkela lichabeng “sechaba se khethetsoeng lebitso la oona,” empa na mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli e nyenyefatsang bohlokoa ba ho sebelisa lebitso la Molimo la botho e sebetsa tumellanong le thato ee e senotsoeng ea Molimo? (Ezek. 38:23; Lik. 15:14) Jesu o rutile balateli ba hae hore ba rapelle ’Muso oa Molimo, ’me Bibele e hlokomelisa ka ho bea tšepo ho batho ba lefatše, ka hona na baruti kapa mekhatlo e hlophisitsoeng ea lipolotiki e phehellang batho ho bea tšepo ea bona pusong ea batho ke baprofeta ba ’nete?—Matt. 6:9, 10; Pes. 146:3-6; bapisa Tšenolo 16:13, 14.
Baprofeta ba ’nete le ba bohata ba ka lemohuoa ka litholoana tse bonahalang bophelong ba bona le bophelong ba balateli ba bona
Matt. 7:15-20: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa ka hare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea ha bona. . . . Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe. . . . Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.”
Ke eng e tšoaeang tsela eo ba phelang ka eona? “Mesebetsi ea nama . . . Ke ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa; ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi, ke hloeano, le likomang, ke mōna, le bohale, le likhang, le liphapang, le likhaohano; ke mohono, le lipolao, le botahoa, le meharo, le lintho tse joalo, . . . ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo. Empa tholoana ea Moea [oa Molimo] ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Gal. 5:19-23; bona le 2 Petrose 2:1-3.
Na Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa ’na tsa fosa lithutong tsa tsona?
Lipaki tsa Jehova ha li ipolele hore ke baprofeta ba bululetsoeng. Li ’nile tsa fosa. Joaloka baapostola ba Jesu Kreste, ka linako tse ling li ’nile tsa lebella lintho tse fosahetseng.—Luka 19:11; Lik. 1:6.
Mangolo a fana ka linako tse amanang le ho ba teng hoa Kreste, ’me Lipaki tsa Jehova li ithutile linako tsena ka thahasello e khōlō. (Luka 21:24; Dan. 4:10-17) Jesu o boetse o hlalositse pontšo e nang le litšobotsi tse ngata e neng e tla lumellana le phethahatso ea boprofeta ba nako ho tsebahatsa moloko o neng o tla phelela ho bona bofelo ba tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. (Luka 21:7-36) Lipaki tsa Jehova li supile bopaki bo phethahatsong ea pontšo ena. Ke ’nete hore Lipaki li ’nile tsa e-ba le kutloisiso e fosahetseng ka hore na ho tla etsahala’ng bofelong ba linako tse itseng, empa ha lia etsa phoso ea ho felloa ke tumelo kapa ho khaotsa ho lebela mabapi le ho phethahatsoa hoa merero ea Jehova. Monahanong oa tsona li ntse li etellelitse pele keletso e fanoeng ke Jesu: “Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona.”—Matt. 24:42.
Litaba tseo pono ea tsona e ileng ea tlameha ho lokisoa li fokola haholo ha li bapisoa le linnete tsa bohlokoa tsa Bibele tseo Lipaki li li lemohileng le ho li phatlalatsa. Har’a tsona ke tse latelang: Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. Jesu Kreste hase karolo ea boleng ba Boraro-bo-bong empa ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. Topollo sebeng e fumaneha feela ka ho lumela sehlabelong sa topollo sa Kreste. Moea o halalelang hase motho empa ke matla a sebetsang a Jehova, ’me tholoana ea oona e tlameha ho totobala bophelong ba barapeli ba ’nete. Moea oa motho o-oa shoa, ho fapana le kamoo bahetene ba boholo-holo ba neng ba bolela; ’me tšepo ea bophelo ba kamoso e tsohong. Ho lumella hoa Molimo bokhopo ho tsoetsoe ke tseko ea borena ba bokahohleng. ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo bakeng sa batho. Re phetse mehleng ea qetello ea tsamaiso ea lefatše ea lintho e khopo ho tloha ka 1914. Ke Bakreste ba 144 000 feela ba khabane bao e tlang ho ba marena le baprista le Kreste leholimong, ha batho ba bang bohle ba utloang ba tla amohela bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise.
Ntlha e ’ngoe e ka nahanoang mabapi le lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ke ena: Na kannete li phahamisitse boitšoaro ba batho? Na ba tšoarellang lithutong tsee ba hlahelletse metseng ea habo bona ka lebaka la botšepehi ba bona? Na bophelo ba malapa a bona bo susumetsoa hamolemo ke ho sebelisa lithuto tsee? Jesu o itse barutuoa ba hae ba ne ba tla tsebahala habonolo ka lebaka la ho ratana hoa bona. (Joh. 13:35) Na tšobotsi ee e hlahelletse har’a Lipaki tsa Jehova? Re tla re linnete li ipuelle.
Haeba e Mong a Re—
‘Moruti oa ka o itse Lipaki tsa Jehova ke tsona baprofeta ba bohata’
U ka ’na ua arabela: ‘Na nka botsa, Na o u bontšitse ho hong ka Bibeleng ho hlalosang seo re se lumelang kapa seo re se etsang le se bolelang hore batho ba mofuta o joalo e ne etlaba baprofeta ba bohata? . . . Nke ke u bontše hore na Bibele e hlalosa baprofeta ba bohata joang? (Ebe u sebelisa ntlha e le ’ngoe kapa ho feta ho tse thathamisitsoeng maqepheng 44-47.)’
Kapa u ka re: ‘Kea tiisa u tla lumela hore qoso e tebileng joalo e lokela ho tšehetsoa ka bopaki bo hlakileng. Na moruti oa hao o ile a bolela mehlala leha e le efe e tobileng? (Haeba mong a ntlo a supa lipolelo leha e le life tseo ho thoeng re li boletse tse sa kang tsa phethahala, sebelisa taba e leqepheng 45, 46 le qalong ea leqephe 47 ho ea qalong ea leqephe 49.)’
Monyetla o mong: ‘Kea tiisa hore haeba motho e mong a ka u qosa ka ntho e ’ngoe e joalo, u ne u tla thabela monyetla oa hore bonyane u hlalose boemo ba hao kapa maikutlo a hao, na ha ho joalo? . . . Ka hona, na nka u bontša ka Bibeleng . . . ?’