U na le Tokelo ea Ho Khetha
Tsela eo ho sebetsanoang le bothata ba phekolo ea meriana ka eona hona joale (e bitsoang tlhahlobisiso ea likotsi kapa melemo) e nolofaletsa lingaka le bakuli haholoanyane ho sebelisana ’moho ho qoba phekolo ea mali. Lingaka li leka-lekanya lintlha tse kang likotsi tsa sethethefatsi se itseng kapa ho buuoa le melemo e ka hlahang. Bakuli le bona ba ka kopanela tlhahlobisisong e joalo.
A re ke re sebeliseng mohlala o mong oo batho ba o tloaetseng libakeng tse ngata—litemetoane tse sa phekoleheng. Haeba u ne u e-na le bothata bona, mohlomong u ne u tla ea ngakeng. Ha e le hantle, u ne u ka ’na ua ea lingakeng tse peli, kaha hangata litsebi tsa bophelo bo botle li khothalletsa hore motho a fumane khopolo ea bobeli. E ’ngoe e ka ’na ea khothalletsa ho buuoa. E hlalosa ka ho hlaka hore na seo se bolela’ng: ho lula sepetlele nako e telele, ho utloa bohloko bo itseng, le litšenyehelo. Ha e le ntlheng ea likotsi, e bolela hore ho tsoa mali a mangata haholo ho tloaelehile le hore ke ka seoelo tšebetso e joalo e ka bolaeang motho. Empa ngaka e fanang ka khopolo ea bobeli e u phehella hore u leke phekolo ea meriana e loantšang likokoana-hloko. E hlalosa mofuta oa sethethefatsi, hore ho na le menyetla e meholo ea hore se atlehe, le litšenyehelo. Ha e le ntlheng ea kotsi, e bolela hore ke batho ba ’maloa haholo bao ’mele ea bona e sa lumellaneng le sethethefatsi seo hoo se ka behang bophelo ba bona kotsing.
Hoa utloahala hore ngaka ka ’ngoe e tšoanelehang e ile ea hlahloba likotsi le melemo, empa joale ke uena ea lokelang ho leka-lekanya likotsi le melemo e ka hlahang, hammoho le lintlha tse ling tseo u li tsebang hamolemo ka ho fetisisa. (U boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho hlahloba lintlha tse kang matla a hao a maikutlo le a moea, chelete ea lelapa, tšusumetso e tla ba teng lelapeng, le litekanyetso tseo uena ka bouena u li amohelang.) Joale u etsa qeto. Mohlomong ha u se u e-na le tsebo u lumela phekolo e ’ngoe empa u hana e ’ngoe.
Boemo e ne e tla ba bo tšoanang haeba e ne e le ngoan’a lōna ea tšoeroeng ke litemetoane tse sa phekoleheng. Lōna batsoali ba lerato ba amehang ka ho toba esita le ba tla ikarabella bakeng sa ho sebetsana le liphello, le ne le tla bolelloa ka ho hlaka likotsi, melemo, le mekhoa ea phekolo. Ka mor’a ho hlahloba lintlha tsohle, le ka etsa qeto le e-na le tsebo tabeng ena e amang bophelo bo botle ba ngoan’a lōna esita le hona hore a tsoele pele a ntse a phela. Mohlomong le lumela hore a buuoe, ho sa tsotellehe likotsi tse ka hlahisoang ke seo. Batsoali ba bang ba ka ’na ba khetha lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko, ho sa tsotellehe likotsi tsa tsona. Joalokaha lingaka li fapana ka keletso ea tsona, kahoo bakuli kapa batsoali baa fapana mabapi le hore na ba ikutloa hore se molemo ka ho fetisisa ke sefe. Ho utloisisoa hore eo ke tšobotsi ea hore batho ba etse likhetho (tsa kotsi kapa molemo) ba e-na le tsebo.
Ho thoe’ng ka ho sebelisa mali? Ha ho motho ea hlahlobang linnete a se na leeme ea ka latolang hore litšelo tsa mali li akarelletsa kotsi e khōlō. Dr. Charles Huggins, eo e leng motsamaisi oa tšebeletso ea tšelo ea mali Sepetleleng se seholo sa Massachusetts General, o ile a hlakisa sena: “Ha ho mohla mali e kileng ea e-ba a sireletsehileng. Empa a tlameha ho talingoa e le a sa sireletsehang ka tsela e ke keng ea qojoa. Ke motsoako o kotsi ka ho fetisisa oo re o sebelisang phekolong ea meriana.”—The Boston Globe Magazine, February 4, 1990.
Ka lebaka le letle, basebetsi ba phekolo ea meriana ba lemositsoe: “Ho hlokahala hore ho boele ho hlahlobjoe lehlakore le kotsi ha ho bapisoa melemo le likotsi tsa tšelo ea mali ’me ho batloe mekhoa e meng ea phekolo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Perioperative Red Cell Transfusion, seboka sa Litsi tsa Sechaba tsa Bophelo bo Botle, June 27-29, 1988.
Lingaka li ka ’na tsa fapana ka maikutlo mabapi le melemo kapa likotsi tsa ho sebelisa mali. E ’ngoe e ka ’na ea fana ka litšelo tsa mali tse ngata ’me ea kholiseha hore li molemo hoo batho ba ka ipehang kotsing ka lebaka la tsona. E ’ngoe e ka ’na ea ikutloa hore ha ho lebaka le ka lokafatsang likotsi tseo, hobane eona e ’nile ea e-ba le liphello tse ntle ka ho se sebelise mali. Leha ho le joalo, qetellong ke uena, mokuli kapa motsoali, ea tlamehang ho etsa qeto. Ke hobane’ng ha e le uena ea tlamehang ho etsa qeto? Hobane ho ameha ’mele oa hao (kapa oa ngoan’a hao), bophelo, litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro, le kamano ea hao le Molimo eo e leng ea bohlokoa ka ho tebileng.
TOKELO EA HAO EA HLOKOMELOA
Libakeng tse ngata kajeno, mokuli o na le tokelo e ke keng ea tlōloa ea ho khetha hore na o tla amohela phekolo efe. “Molao oa ho lumela ntho u e-na le tsebo o theiloe likhopolong tse peli: ea pele, hore mokuli o na le tokelo ea ho amohela boitsebiso bo lekaneng bakeng sa hore a etse khetho a e-na le tsebo ka phekolo e khothalletsoang; ’me ea bobeli, hore mokuli a ka khetha ho amohela kapa ho hana seo ngaka e se khothalletsang. . . . Ntle le hore bakuli ba talingoe e le ba nang le tokelo ea ho re che, le ho re e, esita le ho re e, haeba ho sebetsoa tlas’a maemo a itseng, karolo e khōlō ea motheo oa ho amohela ntho u e-na le tsebo ea nyamela.”—Informed Consent—Legal Theory and Clinical Practice, 1987.a
Bakuli ba bang ba ’nile ba thulana le khanyetso ha ba leka ho sebelisa tokelo ea bona. E ka ’na eaba e ne e le khanyetso e tsoang ho motsoalle ea tšehetsang ka matla tšebetso ea ho buuoa bakeng sa ho ntša litemetoane kapa ho sebelisa lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko. Kapa e ka ’na eaba ngaka e ne e kholisehile hore keletso ea eona e nepahetse. Esita le ofisiri e ’ngoe ea sepetlele e ne e ka ’na ea se ke ea lumellana le phekolo eo mokuli a e batlang, e itšetlehile ka lithahasello tsa molao kapa tsa chelete.
Dr. Carl L. Nelson o re: “Litsebi tse ngata tsa phekolo ea batho ba holofetseng li khetha hore ha li na ho sebetsa bakuli [ba Lipaki]. Re lumela hore mokuli o na le tokelo ea ho hana mofuta ofe kapa ofe oa phekolo ea meriana. Haeba ka botsebi hoa khoneha ho buoa motho ka ntle ho kotsi ho sa sebelisoe phekolo e itseng, e kang tšelo ea mali, joale hoo ho lokela hore e be khetho e ’ngoe e ka etsoang.”—The Journal of Bone and Joint Surgery, March 1986.
Mokuli ea nahanelang a ke ke a susutlella ngaka hore e sebelise phekolo eo ngaka e se nang botsebi ba eona. Leha ho le joalo, joalokaha Dr. Nelson a boletse, lingaka tse ngata tse iteletseng mosebetsi oa tsona li ka amohela litumelo tsa mokuli. Ofisiri e ’ngoe ea Jeremane e ile ea eletsa: “Ngaka e ke ke ea hana ho fana ka thuso . . . ka ho beha lebaka la hore ntlheng ea Paki ea Jehova hase mekhoa eohle e meng ea phekolo eo e ka e fumanang. E ntse e e-na le tšoanelo ea ho fana ka thuso esita le ha mecha e bulehileng eo e nang le eona e fokolitsoe.” (Der Frauenarzt, May-June 1983) Ka ho tšoanang, lipetlele ha lia etsetsoa feela ho etsa chelete empa li etselitsoe ho sebeletsa batho bohle ka ntle ho khethollo. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa K’hatholike Richard J. Devine se re: “Le hoja sepetlele se tlameha ho etsa boiteko bo bong le bo bong ba phekolo ea meriana bakeng sa ho boloka bophelo ba mokuli esita le bona bophelo bo botle, se tlameha ho tiisa hore tlhokomelo ea phekolo ea meriana ha e etse se khahlanong le letsoalo la [hae]. Ho feta moo, se tlameha ho qoba mekhoa eohle ea tšutšutlello, ho tloha ho thetseng mokuli ho isa ho fumaneng taelo ea lekhotla bakeng sa ho mo qobella tšelo ea mali.”—Health Progress, June 1989.
HO FAPANA LE MAKHOTLA
Batho ba bangata baa lumela hore lekhotla hase sebaka sa litseko tsa botho tsa phekolo ea meriana. U ne u ka ikutloa joang haeba u khethile phekolo ea lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko empa motho e mong a ea ka lekhotleng bakeng sa ho u qobella hore u buuoe u ntšoe litemetoane? E ka ’na eaba ngaka e batla ho fana ka seo e nahanang hore ke tlhokomelo e molemohali, empa ha e na tšoanelo ea ho batla ho itokafatsa ka molao hore e hatakele litokelo tsa hao tsa motheo. ’Me kaha Bibele e beha ho tela mali boemong ba litekanyetso tsa se fosahetseng le se nepahetseng bo lekanang le bohlola, ho qobella Mokreste mali ho ne ho tla lekana le ho mo qobella likamano tsa botona le botšehali—peto.—Liketso 15:28, 29, NW.
Leha ho le joalo, Informed Consent for Blood Transfusion (1989) e tlaleha hore makhotla a mang a utloa bohloko haholo ha mokuli a batla ho amohela kotsi e itseng ka lebaka la litokelo tsa hae tsa bolumeli “hoo a etsang mekhelo e itseng tšebelisong ea molao—likhakanyo tsa molao, haeba u rata ho li bitsa joalo—ho lumella hore ho etsoe tšelo ea mali.” A ka ’na a leka ho ikemela ho seo ka ho bolela hore ho ameha ho ima kapa hore ho na le bana ba lokelang ho hlokomeloa. Buka eo e re: “Tseo ke likhakanyo tsa molao. Batho ba baholo ba tšoanelehang ba na le tokelo ea ho hana phekolo.”
Ba bang ba tsitlallelang tšelo ea mali ba hlokomoloha ’nete ea hore Lipaki ha li hane liphekolo tsohle. Li hana phekolo e le ’ngoe feela, eo esita le litsebi li reng e tletse likotsi. Hangata ho ka ’na ha sebetsanoa le bothata ba phekolo ea meriana ka litsela tse fapa-fapaneng. E ’ngoe e na le kotsi ena, e ’ngoe e na le kotsi eane. Na lekhotla kapa ngaka, joalokaha eka ke ntate oa hao, le ka tseba hore na ke kotsi efe eo ho e qoba ho “tla u tsoela molemo o moholo ka ho fetisisa”? Ke uena ea ka ahlolang hoo. Lipaki tsa Jehova li tiile ha li re ha li batle hore motho e mong a li etsetse qeto; ke boikarabelo ba tsona ba botho pel’a Molimo.
Haeba lekhotla le ne le ka u qobella phekolo e nyonyehang, see se ne se ka ama letsoalo la hao le karolo ea motheo ea bohlokoahali ea takatso ea hao ea ho phela joang? Dr. Konrad Drebinger o ngotse: “Ka sebele e ne e tla be e le mofuta o fosahetseng oa pakane ea phekolo ea meriana o neng o tla etsa hore motho a qobelle mokuli ho amohela phekolo e itseng, e khahlanong le letsoalo la hae, e le hore a mo phekole ’meleng empa a mo hlasela ka tlhaselo e bolaeang kelellong.”—Der Praktische Arzt, July 1978.
TLHOKOMELO E LERATO BAKENG SA BANA
Linyeoe tsa makhotla tse amang mali li akarelletsa haholo-holo bana. Ka linako tse ling, ha ka tlhompho batsoali ba lerato ba kōpile hore ho sebelisoe phekolo e sa sebeliseng mali, basebetsi ba bang ba phekolo ea meriana ba ’nile ba batla tšehetso ea lekhotla bakeng sa ho fana ka mali. Ka ho hlakileng, Bakreste ba lumellana le melao kapa khato ea lekhotla bakeng sa ho thibela tšoaro e mpe ea bana kapa ho ba hlokomoloha. Mohlomong u ’nile ua bala ka maemo ao ho ’ona motsoali e mong a ileng a tšoara ngoana ka tsela ea bobatana kapa a hana ho mo fa tlhokomelo ea meriana ka ho felletseng. Hoo ho bohloko hakaakang! Ka ho hlakileng, ’Muso o ka kenella bakeng sa ho sireletsa ngoana ea hlokomolohuoang ebile hoo ho loketse. Ho ntse ho le joalo, ho bonolo ho bona hore na hoo ho fapane hakaakang le ha motsoali ea tsotellang a kōpa phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali ea boleng bo phahameng.
Hangata linyeoe tsena tsa lekhotla li lebisa tlhokomelo ho ngoana ea sepetlele. Ngoana eo o ile joang moo, hona hobane’ng? Hoo e batlang e le ka mehla batsoali ba amehileng ke bona ba ileng ba tlisa ngoan’a bona hore a tl’o fumana tlhokomelo ea boleng bo botle. Joalokaha le Jesu a ne a thahasella bana, batsoali ba Bakreste ba tsotella bana ba bona. Bibele e bua ka ‘moanyesi ea hlokomelang bana ba hae ka lerato.’ Lipaki tsa Jehova li na le lerato le tebileng joalo ho bana ba tsona.—1 Ba-Thessalonika 2:7; Mattheu 7:11; 19:13-15.
Joalokaha ho ka lebelloa, batsoali bohle ba etsa liqeto tse amang tšireletseho le bophelo ba bana ba bona: Na lelapa le tla sebelisa kese kapa parafine bakeng sa ho futhumatsa lapeng? Na le tla tsamaea le ngoana ka koloi leetong le lelelele? Na a ka lumelloa ho sesa? Litaba tse joalo li akarelletsa likotsi, esita le likotsi tse amang lefu kapa bophelo. Empa mokhatlo oa batho o hlokomela bohlale ba motsoali ba ho etsa liqeto, kahoo batsoali ba fuoe matla a maholo hoo e batlang e le liqetong tsohle tse amang bana ba bona.
Ka 1979 Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la U.S. le ile la bolela ka ho hlaka: “Khopolo ea molao ka lelapa e itšetlehile khakanyong ea hore batsoali ba na le seo ngoana a se hlokang tabeng ea ho hōla lilemong, phihlelo, le matla a ho ahlola a hlokahalang bakeng sa ho etsa liqeto tse thata tsa bophelo. . . . Taba ea hore feela qeto ea motsoali [tabeng ea phekolo ea meriana] e akarelletsa likotsi ha e etse hore habobebe feela matla a ho etsa qeto eo a tlohe ho batsoali a ee kofutong kapa ofisiring e ’ngoe ea ’muso.”—Parham v. J.R.
Selemong sona seo Lekhotla la Maipiletso la New York le ile la etsa qeto: “Ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ha ho etsoa qeto ea hore na ngoana ha a fuoe tlhokomelo e lekaneng ea meriana kapa che . . . ke hore na batsoali ba entse tokisetso e amohelehang ea phekolo ea meriana bakeng sa ngoan’a bona ha ho lemohuoa maemo ’ohle a amehang tabeng eo. Patlisiso eo e ke ke ea etsoa ho itšetlehiloe ka hore na motsoali o entse qeto e ‘nepahetseng’ kapa e ‘fosahetseng,’ hobane ho sa tsotellehe khatelo-pele e khōlō ea boemo bo teng hona joale ba tšebeliso ea phekolo ea meriana, ke ka seoelo bo fanang ka monyetla oa ho etsa liqeto tse tiileng hakaalo. Esita le lona lekhotla le ke ke la nka karolo e phethoang ke moemeli oa motsoali.”—In re Hofbauer.
Hopola mohlala oa batsoali ha ba khetha pakeng tsa ho buuoa le lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko. Phekolo ka ’ngoe e ne e tla ba le likotsi tsa eona. Batsoali ba lerato ba na le boikarabelo ba ho leka-lekanya likotsi, melemo, le lintlha tse ling e be ba etsa khetho. Ntlheng ena, Dr. Jon Samuels (Anesthesiology News, October 1989) o ile a etsa tlhahiso ea hore ho etsoe tlhahlobo ea Lintlha tse Tataisang Moahloli Litaelong tsa Phekolo ea Meriana tse Amang Bana, e ileng ea re:
“Tsebo ea phekolo ea meriana ha ea hatela pele ka ho lekaneng hoo e ka etsang hore ngaka e khone ho bolela esale pele ka tieo e utloahalang hore mokuli oa eona o tla phela kapa o tla shoa . . . Haeba ho na le khetho mekhoeng e sebelisoang—ka mohlala, haeba ngaka e khothalletsa mokhoa o ka sebelisoang o nang le menyetla ea ho atleha e etsang karolo ea 80 lekholong empa e le oo batsoali ba sa lumellaneng le oona, ’me batsoali ba se na khanyetso mokhoeng o mong o ka sebelisoang o nang le menyetla ea ho atleha e etsang karolo ea 40 lekholong feela—ngaka e tlameha ho nka tsela e nang le likotsi tse kholoanyane phekolong ea meriana empa e le eo batsoali ba sa e hanyetseng.”
Ka lebaka la likotsi tse ngata tse hlahelletseng tse bolaeang tsa tšebeliso ea mali phekolong ea meriana le ka lebaka la hore ho na le litsela tse ling tse atlehang tsa phekolo tse ka sebelisoang, na ho qoba mali hase hona ho bileng ho nang le likotsi tse fokolang?
Joalokaha ho ka lebelloa, Bakreste ba leka-lekanya lintlha tse ngata haeba ngoan’a bona a hloka ho buuoa. Tšebetso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho buoa, e-bang ho sebelisoa mali kapa ha a sebelisoe, e na le likotsi. Ke ngaka efe e buoang batho e ka tiisang hore joang kapa joang tšebetso eo e tla atleha? E ka ’na eaba batsoali baa tseba hore lingaka tsa litsebi li ’nile tsa atleha haholo ho buoa bana ba Lipaki li sa sebelise mali. Kahoo esita le haeba ngaka kapa ofisiri e ’ngoe ea sepetlele e tšehetsa phekolo e ’ngoe, ho fapana le ho baka ntoa ea molao e bohloko e bileng e senyang nako, na hase ho utloahalang hore li sebelisane le batsoali ba lerato? Kapa batsoali ba ka ’na ba isa ngoan’a bona sepetleleng se seng seo basebetsi ba sona ba nang le phihlelo ea ho sebetsana le maemo a joalo ’me ba ikemiselitse ho etsa hoo. Ha e le hantle, ke ho utloahalang hore phekolo e sa sebeliseng mali e tla ba eona tlhokomelo ea boleng bo botle, hobane e ka thusa lelapa ho “finyella lipakane tse loketseng tsa phekolo ea meriana le lipakane tseo e seng tsa phekolo ea meriana,” joalokaha re ile ra hlokomela pejana.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona taba e buang ka phekolo ea meriana “Mali: Ke Khetho ea Mang le Letsoalo la Mang?” e kopilelitsoeng Sehlomathisong, maqepheng 30-1.
[Lebokose le leqepheng la 18]
HO TLOSA LIKAMEHO TSA MOLAO
U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha lingaka le lipetlele tse ling li potlakela ho fumana taelo ea lekhotla bakeng sa ho fana ka mali?’ Libakeng tse ling lebaka le tloaelehileng ke ho tšaba molato.
Ha ho na motheo oa ho ba le kameho e joalo ha Lipaki tsa Jehova li khetha phekolo e sa sebeliseng mali. Ngaka e ’ngoe ea Koleche ea Phekolo ea Meriana ea Albert Einstein (U.S.A.) ea ngola: “Boholo ba [Lipaki] li saena foromo ea American Medical Association e lokollang lingaka le lipetlele molatong, ’me boholo ba tsona li tsamaea ka [karete ea] Medical Alert. Foromo ea ‘Ho Hana ho Amohela Lihlahisoa tsa Mali’ e saennoeng hantle eo ho bileng ho bontšitsoeng hore na e saennoe ka letsatsi lefe ke tumellano e tiileng ’me ka molao ea tlama.”—Anesthesiology News, October 1989.
E, ka ho bontša tšebelisano-’moho Lipaki tsa Jehova li fana ka tšepiso e tiileng ea molao ea hore ngaka kapa sepetlele se ke ke sa ba le molato ka ho fana ka phekolo e kōpiloeng e sa sebeliseng mali. Joalokaha litsebi tsa phekolo ea meriana li khothalletsa, Paki ka ’ngoe e tsamaea ka karete ea Medical Document. Karete ena e nchafatsoa selemo le selemo ’me e saenoa ke motho eo le lipaki tsa hae, tseo hangata e bang batho ba amanang haufi-ufi le eena.
Ka March 1990, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Ontario, Canada, le ile la tšehetsa qeto e ileng ea babatsa tokomane e joalo: “Karete ena ke phatlalatso e ngotsoeng ea boemo bo tiileng boo mong’a karete a ka bo nkang ka nepo ho faneng ka thibelo e ngotsoeng tumellanong ea hae le ngaka.” Ho Medicinsk Etik (1985), Moprofesa Daniel Andersen o ile a ngola: “Haeba ho e-na le polelo e hlakileng e ngotsoeng ke mokuli ea reng ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ha a batle mali tlas’a maemo afe kapa afe, ho hlompha boikhethelo ba mokuli ho hloka hore ho hlonepshoe takatso ena, feela joalokaha eka e boletsoe ka molomo.”
Lipaki li boetse li saena liforomo tsa tumello tsa sepetlele. E ’ngoe e sebelisoang sepetleleng sa Freiburg, Jeremane, e na le sebaka seo ho sona ngaka e ka hlalosang boitsebiso boo e bo fileng mokuli mabapi le phekolo. Joale, ka holim’a mosaeno oa ngaka le oa mokuli, foromo ena ea phaella: “Joaloka setho sa sehlopha sa bolumeli sa Lipaki tsa Jehova, ka tieo eohle ke hana tšebeliso ea mali kapa metsoako ea mali a motho e mong ha ke buuoa. Kea hlokomela hore ka tsela ena mokhoa oa tšebetso o reriloeng le o hlokahalang o ba le kotsi e phahameng haholoanyane ka lebaka la mathata a ho tsoa mali a mangata. Ka mor’a hore ke fumane tlhaloso e felletseng haholo-holo mabapi le hoo, ke kōpa hore ho buuoa ho hlokahalang ho etsoe ka ntle le ho sebelisa mali kapa metsoako ea mali a motho e mong.”—Herz Kreislauf, August 1987.
Ha e le hantle, phekolo e sa sebeliseng mali e ka ’na ea e-ba le kotsi e tlaase haholoanyane. Empa mona ntlha ea bohlokoa ke hore bakuli ba Lipaki ba thabela ho tlosa likameho leha e le life tse sa hlokahaleng e le hore basebetsi ba phekolo ea meriana ba ka tsoela pele ho etsa seo ba tšepetsoeng ho se etsa, e leng ho thusa batho ho fola. Tšebelisano-’moho ena e tsoela bohle molemo, joalokaha Dr. Angelos A. Kambouris a ile a bontša ho “Litšebetso tse Khōlō tsa ho Buoa Mpa tse Entsoeng ho Lipaki tsa Jehova”:
“Ngaka e buoang batho e lokela ho talima tumellano e entsoeng pele ho tšebetso ea ho buuoa e le e tlamang ’me e lokela ho e khomarela ho sa tsotellehe liketsahalo tse hlahang nakong ea tšebetso ea ho buoa le ka morao ho eona. [Sena] se etsa hore bakuli ba talimane ka kholiseho le phekolo ea bona ea ho buuoa, ’me se tlosa tlhokomelo ea ngaka likhopolong tsa molao le tsa filosofi ho ea likhopolong tsa ho buoa le tsa mosebetsi oa botsebi, ka hona, se e fa monyetla oa ho sebetsa e e-na le pono e ntle le hore e sebeletse se tla ba le molemo o moholo ka ho fetisisa ho mokuli oa eona.”—The American Surgeon, June 1987.
[Lebokose le leqepheng la 19]
“Tšebeliso e fetelletseng ea theknoloji ea phekolo ea meriana ke eona ntlha e khōlō e bakang keketseho e teng ea litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle. . . . Tšelo ea mali ke e hlahelletseng ka ho khethehileng ka lebaka la litšenyehelo tsa eona le kotsi eo e ka bang le eona. Ka lebaka leo, Lekhotla la Liphuputso le Kopanetsoeng la Amerika le Fang Lipetlele Matla le ile la bolela tšelo ea mali e le ‘e sebelisang mali a mangata haholo, e nang le kotsi e phahameng le e ka bang le liphoso tse ngata.’”—“Transfusion,” July-August 1989.
[Lebokose le leqepheng la 20]
United States: “Motheo oa tlhokahalo ea hore mokuli a fane ka tumello ke khopolo ea litekanyetso tse amoheloang tsa boikhethelo ba motho ka mong, hore liqeto tse amang bokamoso ba motho li lokela ho etsoa ke motho eo ea amehang. Lebaka la molao la hore ho batloe tumello ea hae ke hore ketso ea phekolo ea meriana e etsoang ka ntle ho tumello ea mokuli e tšoana le ho khakhatha motho.”—“Informed Consent for Blood Transfusion,” 1989.
Jeremane: “Tokelo ea mokuli ea ho iketsetsa qeto e phahametse molao-motheo oa ho fana ka thuso le ho boloka bophelo. Ka lebaka leo: ho ke ke ha etsoa tšelo ea mali khahlanong le takatso ea mokuli.”—“Herz Kreislauf,” August 1987.
Japane: “Ha ho ‘ntho e ka boleloang ka tieo eohle’ mosebetsing oa phekolo ea meriana. Lingaka li lumela hore khatelo-pele ea phekolo ea meriana e teng kajeno ke e molemo ka ho fetisisa ’me li latela khatelo-pele eo, empa ha lia lokela ho qobella karoloana e ’ngoe le e ’ngoe ea eona e le ‘ntho e ka boleloang ka tieo eohle’ ho bakuli. Bakuli le bona ba tlameha ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela.”—“Minami Nihon Shimbun,” June 28, 1985.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Dr. Lawrence S. Frankel oa tlaleha: “Ke fumane malapa [a Lipaki tsa Jehova] e le a momahaneng le a lerato. Bana ba fuoa thuto ea sekolo, ke ba tsotellang, le ba hlomphang. . . . Ho bile ho bonahala eka a latela litaelo tsa phekolo ea meriana ka matla haholoanyane, tseo e ka ’nang eaba li bontša boiteko ba ho amohela ho kenella ha phekolo ea meriana ho isa bohōleng boo litumelo tsa ’ona li bo lumellang.”—Lefapha la Phekolo ea Bana, Sepetlele sa M. D. Anderson le Setsi sa Lihlala, Houston, U.S.A., 1985.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Dr. James L. Fletcher, e Monyenyane, oa hlalosa: “Ke na le tšabo ea hore ho tloaelehile hore boikhohomoso ba botsebi bo nkele boahloli bo nepahetseng ba phekolo ea meriana sebaka. Liphekolo tse talingoang e le ‘tse molemohali kajeno’ hosasane lia fetoloa kapa lia lahloa. Ke hofe ho kotsi haholoanyane, ‘motsoali oa molumeli’ kapa ngaka e ikhohomosang e kholisehileng hore phekolo ea eona ke eona e hlokahalang ka tieo eohle?”—“Pediatrics,” October 1988.