Buka ea Bibele ea 47—2 Ba-Korinthe
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Macedonia
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 55 C.E.
1, 2. (a) Ke eng se ileng sa etsa hore Pauluse a ngole lengolo la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe? (b) Pauluse o ngotse a le hokae, ’me o ne a amehile ka eng?
MOHLOMONG joale e ne e le qetellong ea lehlabula kapa pejana ho hoetla ka 55 C.E. Ho ne ho sa ntsane ho e-na le litaba tse ling ka phuthehong ea Bokreste ea Korinthe tse tšoentseng moapostola Pauluse. Ho ne ho fetile likhoeli tse seng kae ho tloha ha a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe. Ho tloha ka nako eo ho ne ho ile ha ntšoa Tite hore a ee Korinthe ho ea thusa ho se neng se bokelleloa bahalaleli ba Judea mohlomong le ho hlokomela hore na boitšoaro ba Bakorinthe ke bofe ka lengolo la pele. (2 Ba-Kor. 8:1-6; 2:13) Ba ne ba le nkile joang? Pauluse o ile a tšeliseha hakaakang ha a tseba hore le ne le ba entse hore ba soabe le hore ba bake! Tite o ne a khutletse ho Pauluse Macedonia ka tlaleho ena e ntle, joale pelo ea moapostola e ne e khaphatseha ke lerato bakeng sa balumeli bana bahabo ba ratoang ba Korinthe.—7:5-7; 6:11.
2 Eaba Pauluse o ngolla Bakorinthe hape. Lengolo lena la bobeli le khathollang pelo le le matla le ile la ngolloa Macedonia ’me ho bonahala le ile la isoa ke Tite. (9:2, 4; 8:16-18, 22-24) E ’ngoe ea litaba tsa bohlokoa tse ileng tsa susumelletsa Pauluse hore a ngole ke hobane har’a Bakorinthe ho ne ho e-na le “baapostola ba lokileng ho tlōlisa,” bao hape a ileng a ba hlalosa e le “baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang.” (11:5, 13, 14, NW) Boiketlo ba moea ba phutheho ena e nyenyane haholo bo ne bo le kotsing, ’me matla a Pauluse e le moapostola a ne a hlaseloa. Ka hona lengolo la hae la bobeli le eang Korinthe le ile la koala sekheo se seholo.
3, 4. (a) Pauluse ka boeena o ile a etela Korinthe ka makhetlo a makae? (b) Ba-Korinthe ba Bobeli e re ruisa molemo joang hona joale?
3 Ho ka hlokomeloa hore Pauluse o itse: “E se e le lekhetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lōna.” (2 Ba-Kor. 12:14; 13:1) O ne a lokiselitse ho ba etela ka lekhetlo la bobeli ha a ngola lengolo la hae la pele, empa le hoja a ne a itokisitse, ‘ketsahalo ena ea bobeli ea thabo’ ha ea ka ea atleha. (1 Ba-Kor. 16:5; 2 Ba-Kor. 1:15, NW) Ha e le hantle, ka nako eo Pauluse o ne a ile a ba moo ka lekhetlo le le leng feela, ka likhoeli tse 18 ka 50-52 C.E., ha ho ne ho theoa phutheho ea Bokreste Korinthe. (Lik. 18:1-18) Leha ho le joalo, hamorao Pauluse o ile a phethahatsa takatso ea hae ea ho etela Korinthe ka lekhetlo le leng hape. Ha a le Greece ka likhoeli tse tharo, mohlomong ka 56 C.E., bonyane o ile a qeta karolo e ’ngoe ea nako eo a le Korinthe, ’me ke ho tloha moo a ileng a ngola lengolo la hae le eang ho Ba-Roma.—Ba-Roma 16:1, 23; 1 Ba-Kor. 1:14.
4 Ba-Korinthe ba Bobeli ka mehla e ’nile ea balelloa le Ba-Korinthe ba Pele hammoho le liepistole tse ling tsa Pauluse e le karolo ea ’nete ea Mangolo a Halalelang a Bibele. Re boetse re nolofaletsoa ho sheba ka hare ho phutheho ea Korinthe le ho fumana molemo mantsoeng a bululetsoeng a Pauluse a fanoeng ho ba eletsa hammoho le rōna.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-KORINTHE BA BOBELI
5. (a) Pauluse o ngola eng mabapi le matšeliso? (b) Ke eng e hlahileng ka Kreste eo e leng tiiso e tsoelang pele?
5 Thuso e tsoang ho “Molimo oa matšeliso ’ohle” (1:1–2:11). Pauluse o akarelletsa Timothea litumelisong tse qalang. Pauluse o re: “Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna,” hore, le rōna, re ka khona ho tšelisa ba bang. Le hoja Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba bile tlas’a khatello e fetisisang le bophelo ba bona bo ne bo le kotsing, Molimo o ba pholositse. Bakorinthe le bona ba ka thusa ka lithapelo tseo ba ba etsetsang tsona. Ke ka kholiseho le ka botšepehi ba hae le ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ba ngollang. Litšepiso tsa Molimo li fetohile “E,” ka Jesu, ’me o tlotsitse bao e leng ba Kreste le ho ba neha “bopaki ba se tlang ho tla,” lipelong tsa bona, “e leng, moea.”—1:3, 4, 20, 22.
6. Pauluse o eletsa hore ho etsoe joang ka mofosi ea khaotsoeng eo joale a bakileng?
6 Ho bonahala hore monna eo Pauluse a neng a hlalosa ka eena khaolong ea bohlano ea lengolo la hae la pele o ile a lelekoa phuthehong. O bakile ’me o bontša masoabi. Ka baka leo Pauluse o bolella Bakorinthe hore ba mo bontše tšoarelo ea ’nete le ho tiisa lerato la bona bakeng sa ea soabetseng libe tsa hae.
7. Pauluse o itlhahisa joang le Bakorinthe, hona o tiisa eng?
7 Ho tšoaneleha joaloka basebeletsi ba selekane se secha (2:12–6:10). Pauluse o itlhahisa eena le Bakreste ba Korinthe ba le mokolokong oa tlhōlo le Kreste. (Mehleng eo Bakorinthe ba ne ba tloaelane le monko oa mokubetso o nkhang hamonate o neng o besoa tseleng ea mekoloko ea mabotho a hlōtseng.) Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa “monko” oa Mokreste ho ba tla fumana bophelo le “monko” ho ba timelang. Pauluse o tiisa hore, “ha re ke ba . . . bapatsang ka lentsoe la Molimo.”—2:16, 17, BPN.
8. (a) Pauluse le bao a neng a sebetsa le bona ba ne ba e-na le mangolo afe a bopaki joaloka basebeletsi? (b) Tšebeletso ea selekane se secha e phahame joang?
8 Pauluse le bao a sebetsang le bona ha ba hloke litokomane, mangolo a ngotsoeng a ba buellang, a tsoang ho Bakorinthe kapa a eang ho bona. Balumeli ba Korinthe ka bobona ke mangolo a buellang, a ngotsoeng “ke rōna re le basebeletsi” ’me a sa ngoloa matlapeng a majoe, empa “mamatjaneng a nama, lipelong,” kamoo ho bolelang Pauluse. Molimo o entse hore basebeletsi ba selekane se secha ba tšoanelehe ka ho lekaneng. Molao o ngotsoeng e ne e le tsamaiso ea lefu, e nang le khanya e fifalang, ’me e ne e le oa nakoana. Leha ho le joalo tsamaiso ea moea, e isa bophelong, ke ea ka mehla, ’me khanya ea eona ke e hōlang. Ha “ho baloa Moshe,” lesira le lula lipelong tsa bara ba Iseraele, empa ha ho reteleheloa ho Jehova, lesira lea tloha, ’me ba “fetoleloa setšoantšong se tsoang ho tloha khanyeng ho ea khanyeng.”—3:3, 15, 18, NW.
9. Pauluse o hlalosa letlotlo la tšebeletso joang?
9 Joale Pauluse o tsoela pele: ‘Re na le tšebeletso ena ka lebaka la mosa oo re o bontšitsoeng. Re hlobohile lintho tse etsoang ka ho patoa ’me ha rea tsoaka lentsoe la Molimo, empa re ipuelletse ka ho etsa hore ’nete e bonahale. Haeba molaetsa oa litaba tse molemo o koahetsoe, ke hobane molimo oa lefatše lena o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang. Leha ho le joalo, lipelo tsa rōna li khantšitsoe ka tsebo e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste. Letlotlo lena leo re nang le lona le lekaakang! Le ka lipitseng tsa letsopa e le hore matla a fetang a tloaelehileng e ka ba a Molimo. Tlas’a tlhoriso le khatello, e, har’a lefu ka bolona, re sebelisa tumelo ’me ha re tele, hobane tlhoriso ea nakoana e re sebeletsa khanya ea boholo bo fetisang ’me ke ea ka ho sa feleng. Ka hona re tsepamisa mahlo a rōna linthong tse sa bonoeng.’—4:1-18, NW.
10. (a) Pauluse o re’ng ka ba bonngoeng le Kreste? (b) Pauluse o ipuella joang joaloka mosebeletsi oa Molimo?
10 ‘Rea tseba,’ kamoo Pauluse a ngolang ka teng, ‘hore ntlo ea rōna ea lefatšeng e tla suthela ea ka ho sa feleng e maholimong. Ha ho sa le tjena re phehella tumelong ’me re sebete ka ho felletseng. Le hoja re se ho Kreste, re batla ho amoheleha ho eena.’ (5:1, 7-9, NW) Ba bonngoeng le Kreste ke “pōpo e ncha” ’me ba na le molaetsa oa poelano. Ke “manģosa a emeng sebakeng sa Kreste.” (5:17, 20, NW) Pauluse o ipuella ka litsela tsohle hore ke mosebeletsi oa Molimo. Joang? ‘Ka ho mamella ho hongata ka mokhoa oa mahloriso, lichapo, ho sebetsa haboima, masiu ao a sa robaleng ka ’ona; ka bohloeki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka moea o halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi, ka puo e nang le ’nete, ka matla a Molimo, joaloka mofutsana empa a ruisa ba bangata, joaloka ea se nang letho ’me leha ho le joalo a e-na le lintho tsohle.’—6:4-10, NW.
11. Pauluse o fana ka keletso efe le temoso?
11 “Ho phetha khalalelo ka ho tšaba Molimo” (6:11–7:16). Pauluse o bolella Bakorinthe: ‘Pelo ea rōna e pharalletse ho le amohela.’ Le bona ba lokela ho pharalatsa kameho ea bona e mofuthu e bonolo. Empa joale ho tla temoso! “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.” (6:11, 14) Leseli le na le selekane sefe le lefifi, kapa Kreste le Beliale? Joaloka tempele ea Molimo o phelang, ba tlameha ho ikarola le ho tsoela ho ama ntho e sa hloekang. Pauluse o re: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.”—7:1.
12. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a thaba ka tlaleho e tsoang Korinthe?
12 Pauluse o bolela ho ea pele: “Ke tletse tšeliso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng ’ohle a rōna.” (7:4) Hobane’ng? E seng feela ka lebaka la boteng ba Tite empa hape le ka baka la tlaleho e molemo e tsoang Korinthe, ea hore ba tletse tlholohelo, baa lla, le ho chesehela Pauluse. O hlokomela hore lengolo la hae la pele le ile la baka masoabi a nakoana, empa o thabisoa ke hore Bakorinthe ba ile ba soaba ka pako e isang polokong. O ba babatsa ka ho sebelisana le Tite.
13. (a) Pauluse o qotsa mehlala efe ea ho fana? (b) Pauluse o tšohla melao-motheo efe mabapi le ho fana?
13 Ho fana ho tla putsoa (8:1–9:15). Tabeng ea menehelo e etsetsoang “bahalaleli” ba hlokang, Pauluse o qotsa mohlala oa batho ba Macedonia, bao ho fana ha bona ho sa tsotellehe bofuma bo matla ho neng ho hlile ho phahametse seo ba neng ba e-na le sona; ’me joale o na le tšepo ea ho bona ho fana ho tšoanang ka lehlakoreng la Bakorinthe e le pontšo ea lerato la bona la ’nete bakeng sa Morena Jesu Kreste, ea ileng a iketsa mofutsana e le hore e ka ba barui. Ho fana hona ho itšetlehileng ka seo ba nang le sona ho tla fella ka hore ho leka-lekanoe e le hore ea nang le ho hongata a ke ke a ba le ho hongata ho feta, le ea nang le ho honyenyane, a se ke a ba le ho honyenyane haholo. Tite le ba bang ba romeloa ho bona mabapi le mpho ena e bontšang mosa. Pauluse o ne a ntse a ithorisa ka ho fana le ho ithaopa ha Bakorinthe, ka hona ha a batle ha ba ka hlajoa ke lihlong ka ho hlōleha leha e le hofe hore ba phethe ho fana hona ho hoholo. E, “ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” Ho tsoe pelong, hobane “Molimo o rata ea fanang a thabile.” Hape o khona ho etsa hore mosa o sa tšoanelang oa oona o ate ho bona le ho ba entša bakeng sa ho fana ha mefuta eohle. “Ho bokoe Molimo ka neo ea oona e sa lefelloeng e ke keng ea boleloa.”—9:1, 6, 7, 15, NW.
14. Pauluse o bua ka lintlha life ha a tšehetsa boapostola ba hae?
14 Pauluse o paka boapostola ba hae (10:1–13:14). Pauluse o lumela hore ponahalo ea hae ke e eisehang. Empa Bakreste ha ba loane kamoo nama e loanang; lihlomo tsa bona ke tsa moea, ‘li matla ka Molimo’ bakeng sa ho liha menahano e hananang le tsebo ea Molimo. (10:4) Ba bang, ha ba bona lintho ka ntle feela, ba bolela hore mangolo a moapostola a matla empa lipolelo tsa hae lia nyeliseha. Ba ke ba tsebe hore liketso tsa Pauluse li tla tšoana hantle le lentsoe la hae la lengolo. Bakorinthe ba lokela ho hlokomela hore Pauluse ha a ithorise ka lintho tseo a li finyelletseng tšimong ea e mong. Eena ka boeena o ile a tlisa litaba tse molemo ho bona. Ho feta moo, haeba ho ka ithorisoa, ho ke ho ithorisoe ka Jehova.
15. (a) Ke ka lipapiso life Pauluse a buang a tsoa baapostola ba bohata? (b) Tlaleho ea Pauluse ka boeena ke efe?
15 Pauluse o utloa boikarabelo ba hae ba ho hlahisa phutheho ea Korinthe ho Kreste e le joaloka moroetsana ea hloekileng. Joalokaha Eva a ile a ekoa ke mano a Noha, ho na le kotsi ea hore likelello tsa bona li ka ’na tsa silafatsoa. Ka baka leo, Pauluse o bua ka matla a tsoa “baapostola ba lokileng ho tlōlisa” ba phutheho ea Korinthe. (11:5, NW) Ke baapostola ba bohata. Satane ka boeena o tsoela pele ho iphetola lengeloi la leseli, ka hona ha ho makatse ha basebeletsi ba hae ba etsa ho tšoanang. Empa ha e le ka ho ba basebeletsi ba Kreste, ba hlaha joang ha ba bapisoa le tlaleho ea Pauluse? O mamelletse ho hongata: litlamo, lichapo, ho robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo, likotsi tse ngata, ho se robale hangata le ho hloka lijo. Empa ho sena sohle ha ho mohla a kileng a fifalloa ke pono ea se hlokoang ke liphutheho ’me ka mehla o ne a ikutloa a halefile ha motho e mong a khopisoa.
16. (a) Pauluse a ka ithorisa ka eng, empa ke hobane’ng ha a ka mpa a bua ka mefokolo ea hae? (b) Pauluse o hlahisitse bopaki ba boapostola ba hae joang?
16 Ka hona haeba ho na le ea nang le lebaka la ho ithorisa, ke Pauluse. Na ba bang ba bitsoang baapostola ba Korinthe ba ka bolela ka hore ba kile ba nkeloa paradeiseng, ho utloa lintho tse sa boleloeng? Leha ho le joalo Pauluse o bua ka mefokolo ea hae. Hore a tle a se ke a ikutloa a phahame ho fetisa, o ile a neoa “phatsa e hlabang ka nameng.” Pauluse o ile a kōpa ka matla hore e tlosoe empa a bolelloa: “Mohau oa ka oa u lekana.” Pauluse o ne a ka mpa a ithorisa ka mefokolo ea hae, hore “matla a Kreste” a ka mo apesa joaloka tente. (12:7, 9) Che, Pauluse ha aa ipaka a le ka tlaase ho “baapostola ba fetisang ka boholo,” ’me Bakorinthe ba bone bopaki ba boapostola boo a bo hlahisitseng har’a bona “ka mamello eohle, ka lipontšo, ka meeka, le ka mehlolo.” Ha a batle matlotlo a bona, joalokaha Tite le basebetsi-’moho le eena ba bang bao a ileng a ba romela ba sa ka ba ikatlehisa ka bona.—12:11, 12.
17. Pauluse o neha Bakorinthe keletso efe ea ho qetela?
17 Lintho tsohle li etsetsoa ho ba haha. Leha ho le joalo, Pauluse o bolela hore o na le tšabo ea hore ha a fihla Korinthe, o tla fumana ba bang ba sa bakelang mesebetsi ea nama. O lemosa baetsalibe esale pele hore o tla nka khato e tšoanelang ’me ha ho eo a tla mo qenehela, ’me o eletsa bohle ba ka phuthehong hore ba ’ne ba iteke hore na ba sa le tumelong bonngoeng le Jesu Kreste. Pauluse le Timothea ba tla ba rapella ho Molimo. O ba khothalletsa hore ba thabe le ho tsosolosoa bonngoeng, hore Molimo oa lerato le khotso o ka ba le bona, ’me o phetha ka ho fetisa litumeliso tse tsoang ho bahalaleli le litakaletso tsa hae tse molemohali bakeng sa tlhohonolofatso ea bona moeeng.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
18. Ke pono efe e nepahetseng eo Bakreste ba lokelang ho e nka ka tšebeletso?
18 Kananelo ea Pauluse joalokaha e hlalositsoe ho Ba-Korinthe ba Bobeli ke e susumetsang le e khothatsang hakaakang bakeng sa tšebeletso ea Bokreste! A re e talimeng joalokaha a ile a e talima. Mosebeletsi oa Mokreste eo Molimo o ileng oa mo etsa ea tšoanelehang ka ho lekaneng ha a bapatse ka Lentsoe empa o sebeletsa ka lebaka la botšepehi. Ha a buelloe ke tokomane e ’ngoe e itseng e ngotsoeng, empa o buelloa ke litholoana tseo a li behang tšebeletsong. Leha ho le joalo, le hoja tšebeletso e khanya ka sebele, sena hase lebaka la hore a ikhohomose. Bahlanka ba Molimo joaloka batho ba sa phethahalang ba na le letlotlo lena la tšebeletso lipitsaneng tse fokolang tsa letsopa, hore ho bonahale ka ho hlakileng hore matla ke a Molimo. Ka hona hona ho hloka boikokobetso ba ho amohela tokelo e khanyang ea ho ba basebeletsi ba Molimo, ’me ke mosa o sa tšoanelang hakaakang o tsoang ho Molimo ho sebeletsa joaloka “manģosa a Kreste”! Kahoo, khothatso ea Pauluse ke e loketseng hakaakang ea ‘hore re se ke ra amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo eaba re hlōleha ho utloisisa morero oa ona’!—2:14-17; 3:1-5; 4:7; 5:18-20; 6:1, NW.
19. Ke ka litsela life tse sa tšoaneng Pauluse a ileng a fana ka mohlala o totobetseng bakeng sa basebeletsi ba Bakreste kajeno, haholo-holo bakeng sa balebeli?
19 Ka sebele Pauluse o fane ka mohlala o babatsehang bakeng sa basebeletsi ba Bakreste hore ba o etsise. Ntlheng e le ’ngoe, o ile a nka Mangolo a Seheberu e le a bohlokoa ’me a ithuta ’ona, a qotsa ho ’ona nako le nako, a a supa ka mokhoa o sa tobang, le ho a sebelisa. (2 Ba-Kor. 6:2, 16-18; 7:1; 8:15; 9:9; 13:1; Esa. 49:8; Lev. 26:12; Esa. 52:11; Ezek. 20:41; 2 Sam. 7:14; Hos. 1:10) Ho feta moo, joaloka molebeli, o ile a bontša kameho e tebileng ka mohlape, a re: “Ha e le ’na, nke ke ka khanana ho ntšetsa le ho ntšetsoa meea [“liphefumolohi,” NW] ea lōna.” O ile a itela ka ho felletseng molemong oa banab’abo, joalokaha tlaleho e bontša ka ho hlaka. (2 Ba-Kor. 12:15; 6:3-10) O ne a sa khathale mosebetsing oa hae o boima ha a ruta, a khothatsa, le ho otlolla lintho phuthehong ea Korinthe. O lemositse ka ho hlaka ka ho etsa setsoalle le lefifi, a bolella Bakorinthe: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.” Ka lebaka la kameho ea hae e lerato bakeng sa bona, o ne a sa batle ho bona likelello tsa bona li senngoa, “joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona,” ka hona o ile a ba eletsa ka tieo eohle: “Itekeng e le lōna, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lōna.” O ile a ba tsosa hore e be Bakreste ba fanang, a ba bontša hore “Molimo o rata ea fanang a thabile,” le hore eena ka boeena o bontšitse teboho e ananelang ka ho fetisisa ho Molimo bakeng sa neo e sa lefelloeng ea Oona e se nang mantsoe a ka e bolelang. Ka sebele banab’abo ba Korinthe ba ngotsoe ka lerato letlapeng la nama la pelo ea Pauluse, ’me tšebeletso e itetseng ea hae molemong oa bona e ne e le sohle se lokelang ho tšoaea molebeli ea chesehang, ea falimehileng ka ho felletseng. Ke mohlala o hlahelletseng hakaakang bakeng sa rōna kajeno!—6:14; 11:3; 13:5; 9:7, 15; 3:2.
20. (a) Pauluse o lebisa likelello tsa rōna tseleng e nepahetseng joang? (b) Ba-Korinthe ba Bobeli e supa tšepong efe e khanyang?
20 Moapostola Pauluse o lebisa likelello tsa rōna tseleng e nepahetseng ha a supa ho “Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle” e le mohloli oa sebele oa matla nakong ea teko. Ke eena ea re “tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna” e le hore re ka mamella bakeng sa poloko hore re tle re kene lefatšeng le lecha. Pauluse o supa hape tšepong e khanyang ea “leaho maholimong le tsoang ho Molimo, e leng ntlo e sa kang ea etsoa ka matsoho, e sa feleng,” ’me o re: “Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke ’mōpuoa e mocha; tsa khale li fetile; bonang, tsohle li nchafetse.” Ba-Korinthe ba Bobeli ka sebele e na le mantsoe a babatsehang a tiiso bakeng sa bao, joaloka Pauluse, ba tlang ho ja lefa la ’Muso oa leholimo.—1:3, 4; 5:1, 17.