Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 2—Nako le Mangolo a Halalelang
Ho hlalosa ho aroloa ha nako ka Bibeleng, lialmanaka tse sebelisoang, lilemo tsa bohlokoa tse amoheloang Bibeleng, le lintlha tse thahasellisang tse mabapi le “kemiso e sa khaotseng ea nako.”
1, 2. Salomone o ngotse eng mabapi le nako, ’me kaha nako e feta ka lebelo, re lokela ho etsa eng ka eona?
MOTHO o amehile ka ho teba ka ho feta ha nako. Ka molumo o mong le o mong o etsoang ke lenaka la oache, o nka mohato o eang pele tselaneng ea nako. Ka sebele, o bohlale haeba a sebelisa nako ea hae ka ho loketseng. Joalokaha Morena Salomone a ngotse: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi: nako e teng ea ho tsoaloa, e teng nako le ea ho shoa; nako e teng ea ho hloma, e teng nako le ea ho fothola se hlomiloeng; nako e teng ea ho bolaea, e teng nako le ea ho folisa; nako e teng ea ho qhaqholla, e teng nako le ea ho haha; nako e teng ea ho lla, e teng nako le ea ho tšeha.” (Moek. 3:1-4) Nako e feta ka lebelo le lekaakang! Lilemo tse 70 tsa nako e tloaelehileng ea ho phela ke nako e khutšoaane haholo hore motho a ka amohela boholo ba tsebo le ho thabela lintho tse ling tsohle tse molemo tseo Jehova a li fileng motho lefatšeng lena. “O entse tsohle li le ntle nakong ea tsona; o bile o beile lefatše lohle pel’a bona hore ba lemohe litaba tsa lona; leha ho le joalo, ha ho motho ea utloisisang mesebetsi e entsoeng ke Molimo, ho qala qalong ea eona ho isa qetellong ea eona.”—Moek. 3:11; Pes. 90:10.
2 Jehova ka boeena o phela nakong e sa feleng. Haele ka libōpuoa tsa hae, ke ho mo thabisang ho li beha kemisong e sa khaotseng ea nako. Mangeloi leholimong, ho kopanyelletsa esita le Satane oa mofetoheli, a seli ka ho felletseng ka ho feta ha nako. (Dan. 10:13; Tšen. 12:12) Ka batho ho ngoliloe, “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa reroang pele.” (Moek. 9:11, NW) Ho thabile motho eo ka linako tsohle a kenyelletsang Molimo mehopolong ea hae le ea amohelang tokisetso ea Molimo ea “lijo nakong ea teng”!—Matt. 24:45.
3. Nako le sepaka-paka li tšoana ka eng?
3 Nako e Lebile ’Nģa e le ’Ngoe. Le hoja nako e le kahohle, ha ho motho ea phelang ea ka bolelang hore na ke eng. Ke e ke keng ea lekanngoa joaloka sepaka-paka. Ha ho ea ka hlalosang hore na kemiso e sa khaotseng ea nako e qalile hokae kapa hore na e ea hokae. Lintho tsena li tsejoa ke Jehova eo tsebo ea hae e se nang meeli, ea hlalosoang e le Molimo “ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng.”—Pes. 90:2.
4. Ho ka thoe’ng ka motsamao oa nako?
4 Ka lehlakoreng le leng, nako e na le litšoaneleho tse ling tse ka utloisisoang. Lebelo la nako le ka lekanngoa. Ho ekelletsa moo, e tsamaea e lebile ’nģa e le ’ngoe feela. Joaloka makoloi a tsamaeang seterateng se eang ’nģa e le ’ngoe feela, nako e tsamaea ka ho sa fetoheng ka ’nģa eona eo e le ’ngoe—ho ea pele, pele ho ea ho ile. Ho sa tsotellehe lebelo le eang pele, nako le ka mohla e ke ke ea khutlisetsoa morao. Re phela nakong ea hona joale e khutšoaane. Leha ho le joalo, nako ena ea hona joale e tsamaea ka ho sa khaotseng ho fetela nakong e fetileng. Ha ho na ho e thiba.
5. Ke hobane’ng ha ho ka thoe nako e fetileng e hapuoe kapa e lahlehile?
5 Nako e Fetileng. Nako e fetileng e ile, ke histori, ’me le ka mohla e ke ke ea phetoa. Boiteko leha e le bofe ba ho khutlisa nako e fetileng bo ke ke ba sebetsa, ho ka tšoana le ho leka ho etsa hore metsi a phororo a hloe thaba kapa hore motsu o khutlele seqheng se o thuntseng. Liphoso tsa rōna li siea letheba la tsona kemisong e sa khaotseng ea nako, ’me ke Jehova feela ea ka tsebang ho le hlakola. (Esa. 43:25) Ka mokhoa o tšoanang, liketso tsa motho tse ntle tsa nako e fetileng li etsa tlaleho e “tla khutlela ho eena” ka tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. (Liprov. 12:14, NW; 13:22) Nako e fetileng e hapiloe kapa e senyehile. Ha e sa na ho laoloa. Ka ba khopo ho ngoliloe: “Hobane, joalo ka joang, ba ea phakisa ba heloe, ba se ba ea pona joalo ka motalane.”—Pes. 37:2.
6. Nako e tlang e fapane joang le e fetileng, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho e thahasella ka ho khethehileng?
6 Nako e Tlang. Nako e tlang e fapane. Ka linako tsohle e tsamaela ho rōna. Ka thuso ea Lentsoe la Molimo, re ka bona litšitiso tse re sokelang ’me ra itokisetsa ho thulana le tsona ka katleho. Re ka ipokelella “matlotlo leholimong.” (Matt. 6:20) Matlotlo ana a ke ke a hoholoa ke kemiso e sa khaotseng ea nako. A tla lula le rōna ho isa bokamosong boo e tlang ho ba tlhohonolofatso e sa feleng. Re thahasella ho sebelisa nako ka bohlale, kaha e ama bokamoso boo.—Ba-Ef. 5:15, 16.
7. Jehova o file motho litšupa-nako life?
7 Litšupa-nako. Lioache tsa rōna tsa mehleng ea joale ke litšupa-nako. Li sebetsa joaloka balaoli ba lekanyang nako. Ka mokhoa o tšoanang Jehova, ’Mōpi, o entse hore ho tsamaee litšupa-nako tse khōlō—lefatše le potolohang aseng ea lona, khoeli e potolohang lefatše, le letsatsi—e le hore ho tloha moo motho a leng teng holim’a lefatše, a ka bolelloa ka ho nepahetseng nako. “Eaba Molimo o re: Maseli ha a be teng sebakeng sa maholimo, ho arohanya motšehare ho bosiu, e be lipontšo tsa linako tse beiloeng, le tsa matsatsi, le tsa lilemo.” (Gen. 1:14) Ka hona, joaloka lintho tse ngata tse etsang mesebetsi e amanang, lihloliloeng tsena tsa leholimo li tsamaea potolohong ea tsona e phethahetseng, ka ho sa feleng le ka ho sa foseng li lekanya motsamao o lebileng ’nģa e le ’ngoe feela oa nako.
8. Lentsoe “letsatsi” le sebelisitsoe ka meelelo efe e sa tšoaneng ka Bibeleng?
8 Letsatsi. Lentsoe “letsatsi” (day) ka Bibeleng le sebelisoa ka meelelo e mengata e sa tšoaneng. Ha lefatše le potoloha hanngoe ka ho felletseng aseng ea lona, le entse letsatsi le le leng la lihora tse 24. Ka kutloisiso ena, letsatsi le etsoa ke motšehare le bosiu, e leng kakaretso ea lihora tse 24. (Joh. 20:19) Leha ho le joalo, nako ea motšehare ka boeona, eo hangata e leng karolelano ea lihora tse 12, le eona e bitsoa letsatsi. “Molimo oa bitsa leseli motšehare, ’me lefifi oa le bitsa bosiu.” (Gen. 1:5) Hona ho hlahisitse lentsoe “bosiu,” nako eo hangata e leng karolelano ea lihora tse 12 tsa lefifi. (Ex. 10:13) Tlhaloso e ’ngoe ke ea moo lentsoe “(ma)letsatsi” le supang nako e tsamaisanang le motho ea itseng ea hlahelletseng. Ka mohlala, Esaia o bone pono ea hae “mehleng [“matsatsing,” NW] ea Oziase, le ea Jothame, le ea Akaze, le ea Ezekiase” (Esa. 1:1), ’me le matsatsi a Noe le a Lota a boleloa e le a boprofeta. (Luka 17:26-30, NW) Mohlala o mong oa tšebeliso ea tšoantšetso ea lentsoe “letsatsi’’ ke oa Petrose ha a bolela hore “letsatsi le le leng pel’a Morena [“Jehova,” NW] le joalo ka mengoaha e sekete.” (2 Pet. 3:8) Tlalehong ea Genese, letsatsi la pōpo ke nako e telele le ho feta—lilemo tse likete. (Gen. 2:2, 3; Ex. 20:11) Taba ea Bibele e potolohileng temana e ka bontša moelelo oo lentsoe “letsatsi” le sebetsang ka oona.
9. (a) Ho arola letsatsi ka lihora tse 24 le metsotso e 60 ho qalile joang? (b) Ke litšupa-nako life tse boletsoeng Mangolong a Seheberu?
9 Hora. Hore letsatsi le aroloe ka lihora tse 24 ho latelloa ho tsoa Egepeta. Ho aroloa ha mehla ea rōna ha hora ka metsotso e 60 ho qalile thutong ea lipalo ea Babylona, e neng e sebelisa 60 (e theiloeng palong ea 60). Ha ho moo ho buuoang ka ho arola letsatsi ka lihora Mangolong a Seheberu.a Ho e-na le ho arola letsatsi ka lihora tse tobileng, Mangolo a Seheberu a sebelisa lipolelo tse kang “hoseng,” “motšehare o moholo,” le “nako ea mantsiboea” e le litšupa-nako. (Gen. 24:11; 43:16; Deut. 28:29, NW; 1 Mar. 18:26) Bosiu bo ne bo arotsoe ka linako tse tharo tse bitsoang “litebello tsa bosiu” (Pes. 63:6, NW), tseo tse peli tsa tsona ka ho toba li boletsoeng ka Bibeleng: “tebelo ea bosiu bo boholo” (Baahl. 7:19) le “tebelo ea meso.”—Ex. 14:24; 1 Sam. 11:11, NW.
10. Bajode mehleng ea Jesu ba ne ba bala nako joang, ’me ho tseba sena ho re thusa joang ho bala nako ea lefu la Jesu?
10 Leha ho le joalo, lentsoe “hora” le boleloa khafetsa Mangolong a Segerike a Bokreste. (Joh. 12:23; Matt. 20:2-6) Lihora li ne li baloa ho tloha ha letsatsi le chaba, kapa ka bo-6 hoseng. Bibele e bua ka “hora ea boraro,” eo e leng hora ea bo9 hoseng. “Hora ea botšelela” e boleloa e le nako eo lefifi le ileng la aparela Jerusalema ha ho khokhotheloa Jesu. Ena e ne e tla lumellana le 12 motšehare o moholo nakong ea rōna. Ho shoela ha Jesu thupeng ea tlhokofatso ho boleloa ho etsahetse “ha ho batlile ho ba hora ea boroba mono o le mong,” kapa ka bo-3 motšehare oa mantsiboea.—Mar. 15:25; Luka 23:44; Matt. 27:45, 46.b
11. Ho sebelisoa ha “beke” ho lekanya nako ke ha khale hakae?
11 Beke. E ne e le qalong ea histori ea hae moo motho a qalileng ho bala matsatsi a hae ka lipotoloho tsa supa. Ka ho etsa sena, o latela mohlala oa ’Mōpi oa hae, ea ileng a tsoela pele ho tlotla matsatsi a hae a tšeletseng a pōpo ka nako ea bosupa eo le eona e bitsoang letsatsi. Noe o ile a bala matsatsi ka lipotoloho tse supileng. Ka Seheberu, “beke” ka ho toba e bolela tekanyo kapa nako e phetiloeng hasupa.—Gen. 2:2, 3; 8:10, 12; 29:27.
12. Nako e baloang ka khoeli e holimo ke eng, ’me e fapana joang le likhoeli tsa rōna tsa kajeno?
12 Likhoeli tse Baloang ka Khoeli e Holimo. Bibele e bua ka “likhoeli tse baloang ka khoeli e holimo.” (Ex. 2:2, NW; Deut. 21:13, NW; 33:14, NW; Esdr. 6:15, NW) Likhoeli tsa rōna nakong ena ha li baloe ho ea ka khoeli e holimo, kahobane ha lia itšetleha ka khoeli e holimo. Ke feela ho aroloa ho iketselitsoeng ha likarolo tse 12 tsa selemo sa letsatsi le holimo. Khoeli e baloang ka khoeli e holimo e laoloa ke ho thoasa ha khoeli. Ho na le liphetoho tse ’ne tsa libōpeho tsa khoeli, tse etsang potoloho e le ’ngoe ea khoeli e akaretsang matsatsi a 29, lihora tse 12, le metsotso e 44. Motho o ne a ka sheba feela sebōpeho sa khoeli ebe o lekanyetsa hantle hore na ke letsatsi lefe la khoeli.
13. Moroallo o ile oa tlalehoa joang ka ho nepahetseng mabapi le nako?
13 Ho e-na le hore Noe a sebelise feela likhoeli tse baloang ka khoeli e holimo, ho bonahala a ile a tlaleha liketsahalo ka likhoeli tsa matsatsi a 30 ka ’ngoe. Ka tlaleho eo Noe a ileng a e boloka ka arekeng, re utloisisa hore metsi a Moroallo a ile a ’na a koahela lefatše ka nako ea likhoeli tse hlano, kapa “litšiu tse lekholo le mashome a mahlano.” E bile ka mor’a likhoeli tse 12 le matsatsi a 10 lefatše le ileng la oma ’me ba leng ka har’a areka ba ileng ba nolofalloa ho tsoa. Ka hona, liketsahalo tseo tsa bohlokoa li ile tsa tlalehoa ka nepo mabapi le nako.—Gen. 7:11, 24; 8:3, 4, 14-19.
14. (a) Jehova o ile a etsa tokisetso ea linako tsa selemo joang? (b) Tokisetso ea linako tsa selemo e tla tsoela pele halelele hakae?
14 Linako tsa selemo. Ha Jehova a lokisetsa lefatše hore ho ahuoe ho lona, o ile a etsa tokisetso e bohlale le e lerato ea linako tsa selemo. (Gen. 1:14) Tsena li ba teng ka baka la ho sekama ha lefatše sekhutlong sa 23,5° leetong la lona ho potoloha letsatsi. Sena se fella ka hore pele Karolo e ka Boroa ea lefatše ’me joale, likhoeling tse tšeletseng hamorao, Karolo e ka Leboea ea lefatše li sekamele letsatsing, e le hore linako tsa selemo li ka ba teng ka tatellano. Ho fetoha hona ha linako tsa selemo ho fana ka motsoako le ho se tšoane ’me ho laola linako tsa ho lema le ho kotula. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore tokisetso ena ea ho fetoha le ho se tšoane ha linako tsa selemo e tla tsoela pele ka ho sa feleng. “Lefatše ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu le motšehare li ke ke tsa hlokahala.”—Gen. 8:22.
15, 16. (a) Nako ea lipula Naheng e Tšepisitsoeng e ka aroloa joang? (b) Hlalosa linako tsa lipula le kamano ea linako tsena le mesebetsi ea temo.
15 Ka kakaretso selemo Naheng e Tšepisitsoeng se ka aroloa ka linako tsa lipula le linako tseo pula e sa neng ka tsona. Ho tloha ho hoo e ka bang mahareng a April ho isa mahareng a October, ho ba le lipula tse fokolang haholo. Linako tsa lipula li ka aroloa ka pula ea pele, kapa ea “hoetla,” (October-November); lipula tse matla tsa mariha le maemo a leholimo a batang (December-February); le pula ea morao, kapa ea “selemo,” (March-April). (Deut. 11:14; Joele 2:23) Ho aroloa hona e mpa e le litekanyetso tse haufi feela, linako tsa selemo li ee li fetele ho tse ling ka lebaka la ho feto-fetoha ha maemo a leholimo likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Pula ea pele e nolofatsa mobu o omileng, e le hore October-November e ka ba nako ea ho ‘lema’ le ea ho “jala.” (Ex. 34:21; Lev. 26:5) Nakong ea lipula tse matla tsa mariha ho tloha ka December ho ea ho February, ho khetheha ha lehloa ho tloaelehile, ’me ka January le February, ho ka bata haholo libakeng tse phahameng. Bibele e bolela hore Benaia, e mong oa linatla tsa Davida, o ile a bolaea tau “mohla lehloa le khethehang.”—2 Sam. 23:20.
16 Likhoeli tsa March le April (tekanyetso e haufi e ka ba likhoeli tsa Seheberu tsa Nisane le Iyyare) ke likhoeli tsa “lipula tsa selemo.” (Zak. 10:1) Ena ke pula ea morao, e hlokahalang hore koro e lenngoeng hoetla e hōle, e le hore ho ka ba le kotulo e ntle. (Hos. 6:3; Jak. 5:7) Hape ena ke nako ea kotulo ea pele, ’me Molimo o ile oa laela Baiseraele hore ba nehelane ka lilopotsiea tsa kotulo ka la 16 Nisane. (Lev. 23:10; Ruthe 1:22) Ke nako ea botle le thabo. “Lipalesa li se li hlaha fatše; ke nako ea meloli ea linonyana, lentsoe la leeba-khoroana le se le utloahala naheng ea rōna. Sefate sa feie se se se bonahatsa litholoana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate oa tsona.”—Sefela 2:12, 13.
17. (a) Lijalo li phelisoa joang nakong eo lipula li khaolitseng? (b) Sheba chate “Selemo sa Baiseraele” ’me u arole selemo ho latela linako tsa selemo tse tšohliloeng lirapeng 15-17. (c) Kotulo ea pele e ne e le neng, kotulo ea koro, le nako ea ho bokella litholoana tsohle, ’me ke mekete efe e neng e etsahalla hong le liketsahalo tsee?
17 Hoo e ka bang bohareng ba April ho qala nako eo pula e khaotsang ho na, empa hoo e ka bang ka nako ena eohle, ’me ka ho khetheha lithoteng tse ka lebopong la leoatle le methipoloheng e ka bophirimela ea lithaba, phoka e ngata e fepa lijalo tsa lehlabula. (Deut. 33:28) Ka May, koro e-ea kotuloa, ’me e ne e le bofelong ba khoeli ena ha ho ketekoa Mokete oa Libeke (Pentekonta). (Lev. 23:15-21) Joale, ha maemo a leholimo a futhumala le mobu o oma, litholoana tsa morara lia butsoa ’me lia kotuloa, li lateloa ke litholoana tse ling tsa hlabula, tse kang mehloare, litholoana tsa lifate tsa palema, le feie. (2 Sam. 16:1) Ha nako ea ho khaotsa ha pula e fela ’me ho qaleha lipula tsa pele, lihlahisoa tsohle tsa mobu li se li kotutsoe, ’me e ne e le ka nako eo (hoo e ka bang mathoasong a October) ha ho ne ho etsoa Mokete oa Metlotloane kapa ea Litabernakele.—Ex. 23:16; Lev. 23:39-43.
18. (a) Ke hobane’ng ha tlhaloso ea lentsoe la Seheberu bakeng sa “selemo” e loketse? (b) Selemo sa sebele se baloang ka letsatsi la sebele kamanong le lefatše ke eng?
18 Selemo. Ho ithuta ha rōna nako ka Bibeleng joale ho re tlisa lentsoeng “selemo.” Lentsoe lena le ’nile la sebelisoa ho tloha qalehong ea histori ea motho. (Gen. 1:14) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “selemo,” sha·nahʹ, le tsoa motsong o bolelang “ho pheta; ho etsa hape” ’me o na le khopolo ea potoloho ea nako. Sena se ne se loketse, kaha selemo ka seng potoloho ea linako tsa selemo e ne e phetoa. Selemo sa lefatše ke nako eo lefatše le e nkang ho etsa potoloho e le ’ngoe e felletseng, kapa leeto la lona le felletseng, ho pota letsatsi. Nako ea sebele eo rōna mona lefatšeng re e nkang ho phetha leeto lena ke matsatsi a 365, lihora tse hlano, metsotso e 48 le metsotsoana e 46, kapa tekanyetso e haufi ea matsatsi a 365 1/4. Sena se bitsoa selemo sa sebele sa letsatsi le holimo.
19. (a) Lilemo tsa khale tsa Bibele li ne li baloa joang? (b) “Selemo se halalelang” seo hamorao Jehova a ileng a ntša taelo ka sona ke sefe?
19 Lilemo tsa Bibele. Ho latela ho bala ha khale-khale ha Bibele, selemo se ne se qala hoetla ho ea ho hoetla. Sena ka ho khetheha se ne se loketse bophelo ba temo, selemo se qalang ka ho lema le ho jala, ho isa karolong e qalang khoeli ea October, ’me se fella ka ho bokelloa ha tse kotutsoeng. Noe o ile a bala selemo e le se qalang hoetla. O ile a tlaleha Moroallo e le o qalileng “ka khoeli ea bobeli,” e leng ho neng ho tla lumellana le halofo e qetellang ea October le halofo e qalang ea November. (Gen. 7:11, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Ho fihlela kajeno, lichaba tse ngata tsa lefatše li ntse li qala selemo sa tsona se secha ka hoetla. Nakong ea Phallo ho tloha Egepeta, ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a ntša taelo ea hore Abibe (Nisane) e lokela ho ba “khoeli ea pele” ea Bajode, e leng hore joale ba ne ba e-na le selemo se halalelang, se qalang ka nako ea selemo ho ea nakong e latelang ea selemo. (Ex. 12:2) Leha ho le joalo, Bajode mehleng ea rōna ba boloka selemo sa lefatše, kapa sa molao, se qalang hoetla, khoeli ea pele e le Tishri.
20. Selemo se baloang ka khoeli e holimo se ile sa lokisoa joang hore se lumellane le selemo se baloang ka letsatsi le holimo, ’me lilemo tsa khoeli le letsatsi ke eng?
20 Selemo sa Letsatsi le Holimo le sa Khoeli e Holimo. Ho fihlela nakong ea Kreste, lichaba tse ngata li ne li sebelisa mokhoa oa ho bala lilemo ka khoeli e holimo li sebelisa litsela tse ngata tsa ho etsa hore selemo se tsamaisane ka mokhoa o itseng le selemo sa letsatsi le holimo. Selemo se tloaelehileng se baloang ka khoeli e holimo sa likhoeli tse 12 se na le matsatsi a 354, ka likhoeli tse nang le matsatsi a 29 kapa a 30, ho itšetlehile ka ho thoasa ha khoeli ka ’ngoe. Ka hona selemo se baloang ka khoeli e holimo se ka tlaase ka matsatsi a 11 1/4 ho selemo sa letsatsi le holimo sa matsatsi a 365 1/4. Baheberu ba ne ba latela selemo sa khoeli e holimo. Hore na ba ne ba etsa joang ho etsa hore selemo sena se lumellane le selemo sa letsatsi le holimo le linako tsa selemo ha ho hlalosoe ka Bibeleng, empa ho ka etsahala hore ba ne ba kenyelletsa likhoeli tse neng li hlokahala. Tokisetso ea ho kenyelletsa likhoeli e ile ea qetella e hlophisoa hantle lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. ho seo joale se tsejoang e le Metonic cycle. Sena se ile sa lumella hore khoeli e kenellang lipakeng tsa tse ling e eketsoe ka makhetlo a supileng lilemo tse ling le tse ling tse 19, ’me almanakeng ea Sejode, e ne e eketsoa ka mor’a khoeli ea bo12, Adare, ’me e ne e bitsoa Veadare, kapa “Adare ea bobeli.” Kaha almanaka ea khoeli e lokisoa hore e lumellane le ea letsatsi le holimo, lilemo, tsa likhoeli tse 12 kapa tse 13, li tsejoa e le lilemo tsa khoeli le letsatsi.
21. (a) Almanaka ea Julius ke eng? (b) Ke hobane’ng ha almanaka ea Gregory e nepahetse haholoanyane?
21 Lialmanaka tsa Julius le Gregory. Almanaka ke mokhoa oa ho bea qaleho, bolelele, le likarolo tsa selemo le ho hlophisa likarolo tsena ka tatellano. Almanaka ea Julius e ile ea qaptjoa ke Julius Caesar ka 46 B.C.E., ho neha Baroma tokisetso ea nako ea selemo sa letsatsi le holimo bakeng sa selemo sa khoeli e holimo. Almanaka ea Julius e ne e na le matsatsi a 365 ka selemo, ’me hanngoe selemong se seng le se seng sa bone (selemo se nang le letsatsi le eketsehileng), ho ne ho eketsoa letsatsi le le leng, ho a etsa matsatsi a 366. Leha ho le joalo, ha nako e e-ea, ho ile ha fumanoa hore almanaka ea Julius ha e le hantle e telele ka metsotso e 11 ho feta selemo sa letsatsi le holimo. Lekholong la bo16 la lilemo C.E., phapang ea matsatsi a felletseng a leshome e ne e bonahala. Ka hona, ka 1582, Mopapa Gregory XIII o ile a etsa litokiso li se kae, a qapa hoo hona joale ho tsejoang e le almanaka ea Gregory. Ka molao oa bopapa ho ile ha tloheloa matsatsi a leshome selemong sa 1582, e leng hore letsatsi le latelang October 4 e ile ea e-ba October 15. Almanaka ea Gregory e bontša hore makholo a lilemo ao ho sa khoneheng hore a aroloe ka 400 ha a nkoe e le lilemo tse nang le letsatsi le eketsehileng. Ka mohlala, ho fapana le selemo sa 2000, selemo sa 1900 ha sea ka sa etsoa selemo se nang le letsatsi le eketsehileng kahobane palo 1900 ha ho khonehe hore e aroloe ka 400. Hona joale almanaka ea Gregory ke eona e sebelisoang haholo likarolong tse ngata tsa lefatše.
22, 23. Selemo sa boprofeta se bolelele bo bokae?
22 “Selemo” sa Boprofeta. Boprofeteng ba Bibele lentsoe “selemo” hangata le sebelisoa ka kutloisiso e ikhethang e le se lekanang le likhoeli tse 12, khoeli ka ’ngoe e na le matsatsi a 30, kakaretso ea matsatsi a 360. Hlokomela se buuoang ke setsebi se seng ka Ezekiele 4:5, 6: “Re tlameha ho nahana hore Ezekiele o ne a tseba selemo sa matsatsi a 360. Sena ha se selemo se baloang ka letsatsi le holimo kapa selemo sa khoeli e holimo. Ke selemo se theiloeng ‘karolelanong’ seo ho sona khoeli ka ’ngoe e nang le matsatsi a 30.”c
23 Selemo sa boprofeta se boetse se bitsoa “nako,” ’me ho ithuta Tšenolo 11:2, 3 le 12:6, 14 ho senola kamoo “nako” e le ’ngoe e lekanngoang le matsatsi a 360. Boprofeteng selemo ka linako tse ling se emeloa ka tšoantšetso ke “letsatsi.”—Ezek. 4:5, 6.
24. Batho ba bangata ba khale ba qalile ho bala ha bona joang?
24 Ha ho Selemo sa Ha Ho Letho. Batho ba khale-khale, ho kopanyelletsa le Bagerike ba barutehi, Baroma, le Bajode, ba ne ba se na khopolo ea palo ea ha ho letho. Ho bona, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e baloa ho tloha ho ’ngoe. Ha u ne u ithuta lipalo tsa Seroma sekolong (I, II, III, IV, V, X, jj.), na u ile ua ithuta palo ha ho letho? Che, kahobane Baroma ba ne ba se na eona. Kaha Baroma ba ne ba sa sebelise palo ea ha ho letho, Mehla e Tloaelehileng e qalile, e seng ka selemo sa ha ho letho, empa ka 1 C.E. Sena se boetse sa hlahisa kemiso ea lipalo tse akaretsang (ordinal), joaloka ea pele (1st), ea bobeli (2nd), ea boraro (3rd), ea leshome (10th), ea lekholo (100th). Thutong ea lipalo ea mehleng ena, motho o nahana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e qala ka lefeela kapa ha ho letho. Ho ka etsahala hore palo ha ho letho e qapiloe ke Mahindu.
25. Lipalo tse akaretsang li fapana joang le lipalo tse felletseng?
25 Ka hona ka mehla ha lipalo tse akaretsang li sebelisoa, re lokela hore re tlose ’ngoe ho fumana palo e felletseng. Ka mohlala, ha re bua ka letsatsi leo taba e etsahetseng ka lona lekholong la bo20 la lilemo C.E., na ho bolela hore ho bile le makholo a lilemo a tletseng a 20? Che, ho bolela hore makholo a 19 a lilemo a felletseng ho kopanyelletsa le lilemo tse itseng. Ho hlalosa lipalo tse felletseng, Bibele, haesitana le thuto ea joale ea lipalo, e sebelisa lipalo tse felletseng (cardinal), joaloka 1, 2, 3, 10, le 100. Tsena li boetse li bitsoa “lipalo tse tletseng.”
26. U ka bala joang (a) lilemo ho tloha ho October 1, 607 B.C.E., ho ea ho October 1, 1914 C.E.? (b) lilemo tse 2 520 ho tloha ho October 1, 607 B.C.E.?
26 Joale, kaha Mehla e Tloaelehileng ha e-ea qala ka selemo sa ha ho letho empa ka 1 C.E., le hore almanaka ea lilemo tsa pele ho Mehla e Tloaelehileng ha e-ea ka ea baloa ho tloha ho selemo sa ha ho letho empa e qalile ka 1 B.C.E., palo e sebelisetsoang letsatsi leha e le lefe leo taba e etsahetseng ka lona ha e le hantle ke palo e akaretsang. Ke hore, 1990 C.E. ha e le hantle e emela lilemo tse 1989 tse felletseng ho tloha qalehong ea Mehla e Tloaelehileng, ’me letsatsi la la 1 July, 1 990, le emela lilemo tse 1989 ho kopanyelletsa le halofo ea selemo ho tloha qalong ea Mehla e Tloaelehileng. Motheo o tšoanang o sebetsa ho linako tsa B.C.E. Kahoo ho bala hore na ho fetile lilemo tse kae lipakeng tsa October 1, 607 B.C.E., le October 1 1914 C.E., kopanya lilemo tse 606 (kopanya likhoeli tse tharo tsa ho qetela tsa selemo se ka pele) le 1 913 (le likhoeli tsa pele tse robong tsa selemo se latelang), ’me u tla fumana 2 519 (kopanya le likhoeli tse 12), kapa 2 520 ea lilemo. Kapa haeba u batla ho tseba hore na ke nako efe e neng e tla ba lilemo tse 2 520 ka mor’a October 1, 607 B.C.E., hopola hore 607 ke palo e akaretsang—ha e le hantle e emela lilemo tse felletseng tse 606—’me kaha re bala, e seng ho tloha ho December 31, 607 B.C.E., empa ho tloha ho October 1, 607 B.C.E., re tlameha hore ho 606 re ekelletse ka likhoeli tse tharo tsa bofelo ba 607 B.C.E. Joale tlosa 606 1/4 ho lilemo tse 2 520. Ho sala 1 913 3/4. Hona ho bolela hore lilemo tse 2 520 ho tloha ho October 1, 607 B.C.E., li re tlisa ho lilemo tse 1 913 3/4 Mehleng e Tloaelehileng—lilemo tse felletseng tse 1 913 li re tlisa qalehong ea 1914 C.E., ’me ho eketsa ka likhoeli tse robong ho re tlisa ho October 1, 1914 C.E.d
27. Selemo sa bohlokoa se amoheloang ke eng, ’me ke hobane’ng ha se thusa haholo?
27 Selemo sa Bohlokoa se Amoheloang. Ho bala nako ho tšepahalang ha Bibele ho theiloe lilemong tsa bohlokoa tse amoheloang. Selemo sa bohlokoa se amoheloang ke nako ea almanaka ea histori e nang le motheo o utloahalang hore e ka amoheloa ’me e lumellana le ketsahalo e tobileng e tlalehiloeng ka Bibeleng. Joale se ka sebelisoa e le moo ho qaloang teng moo letoto la liketsahalo tsa Bibele le ka beoang almanakeng ka kholiseho. Hang ha selemo se joalo sa bohlokoa se amoheloang se tsejoa, ho ka baloa linako ho ea pele ka ho khutlela morao ho tsoa litlalehong tse nepahetseng tsa Bibele ka boeona, joaloka bolelele ba bophelo ba batho bo boletsoeng kapa bolelele ba puso ea marena. Ka hona, ho tloha selemong seo sa bohlokoa se amoheloang, re ka sebelisa ho bala linako ho tšepahalang ha Bibele ka boeona ha re bolela nako ea liketsahalo tse ngata tsa Bibele.
28. Selemo sa bohlokoa se amoheloang se fanoeng Mangolong a Seheberu ke sefe?
28 Selemo sa Bohlokoa se Amoheloang Mangolong a Seheberu. Ketsahalo e hlahelletseng e tlalehiloeng ka Bibeleng le historing ea lefatše ke ho phetholoa ha motse oa Babylona ke Bamede le Bapersia tlas’a Cyruse. Bibele e tlaleha ketsahalo ena ho Daniele 5:30. Mehloli e fapa-fapaneng ea histori (ho kopanyelletsa le Diodorus, Africanus, Eusebius, Ptolemy, le matlapa a ngotsoeng a Babylona) e tšehetsa 539 B.C.E. e le selemo seo Babylona e ileng ea phetholoa ke Cyruse ka sona. Nabonidus Chronicle e fana ka khoeli le letsatsi la ho oa ha motse (selemo ha sea boleloa). Ka hona batlalehi ba linako ba lefatše ba beile nako ea ho oa ha Babylona e le October 11, 539 B.C.E., ho latela almanaka ea Julius, kapa October 5 ho ea ka almanaka ea Gregory.e
29. Taelo ea Cyruse e ntšitsoe neng, ’me e ne e lumella monyetla ofe?
29 Ka mor’a ho phetholoa ha Babylona, selemong sa pele sa Cyruse ’musi oa Babylona e hlōtsoeng, o ile a ntša taelo ea hae e tsebisahalang e lumellang Bajode ho khutlela Jerusalema. Ho itšetlehile ka tlaleho ea Bibele, ho ka etsahala hore taelo e entsoe bofelong ba 538 B.C.E. kapa ho ea nakong ea selemo ea 537 B.C.E. Sena se ne se ka fana ka monyetla o mongata oa hore Bajode ba lule hape naheng ea habo bona le ho nyolohela Jerusalema ho ea tsosolosa borapeli ba Jehova “mohla ho thoasang khoeli ea bosupa,” Tishri, kapa hoo e ka bang October 1, 537 B.C.E.—Esdr. 1:1-4; 3:1-6.f
30. Ke joang selemo sa bohlokoa se amoheloang hammoho le ho phethahala ha boprofeta li supang nako ea kolobetso ea Jesu, le ho tsoaloa?
30 Selemo sa Bohlokoa se Amoheloang Mangolong a Segerike. Nako ea bohlokoa e amoheloang Mangolong a Segerike a Bokreste e reroa ke nako eo Tiberiuse Cesare a ileng a hlahlama Moemphera Augustuse ka eona. Augustuse o shoele ka August 17, 14 C.E. (Almanaka ea Gregory); Tiberiuse o ile a rehoa moemphera ke Lekhotla le Busang la Roma ka September 15, 14 C.E. Ho Luka 3:1, 3 ho boletsoe hore Johanne Mokolobetsi o ile a qala tšebeletso ea hae selemong sa bo15 sa puso ea Tiberiuse. Haeba lilemo li ne li baloa ho tloha ka lefu la Augustuse, selemo sa bo15 se ne se tloha ho August ea 28 C.E. ho ea ho August ea 29 C.E. Haeba ho baloa ho tloha ha Tiberiuse a rehoa moemphera ke Lekhotla le Busang, selemo se ne se tloha ho September ea 28 C.E. ho ea ho September ea 29 C.E. Hang ka mor’a sena, Jesu, ea neng a ka ba monyenyane ho Johanne Mokolobetsi ka likhoeli tse tšeletseng, o ile a tla ho tla kolobetsoa, ha a le “lilemo tse mashome a mararo.” (Luka 3:2, 21-23; 1:34-38) Sena se lumellana le boprofeta bo ho Daniele 9:25 (NW) ba hore “libeke” tse 69 (libeke tsa boprofeta tsa lilemo tse supileng ka seng, kakaretso ea lilemo tse 483) li ne li tla feta “ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe” le lerako la oona ho fihlela ha ho hlaha Messia. (Dan. 9:24, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) ‘Taelo’ eo e ile ea ntšoa ke Artaxerxese (Longimanus) ka 455 B.C.E. ’me ea kenngoa tšebetsong ke Nehemia naheng ea Jerusalema ho ea bofelong ba selemo seo. ’Me lilemo tse 483 hamorao, karolong e qetellang ea 29 C.E., ha Jesu a ne a kolobetsoa ke Johanne, o ile a tlotsoa ka moea o halalelang o tsoang ho Molimo, ka hona a fetoha Messia, kapa Motlotsuoa. Hore Jesu o ile a kolobetsoa le ho qala tšebeletso ea hae karolong e qetellang ea selemo ho boetse ho lumellana le boprofeta ba hore o ne a tla khaoloa “mahareng a veke” ea lilemo (kapa ka mor’a lilemo tse tharo le halofo). (Dan. 9:27) Kaha o shoele nakong ea selemo, tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le halofo e tlameha ebe e qalile ho isa bofelong ba 29 C.E.g Ka hona, bopaki bona bo boetse bo tiisa hore Jesu o tsoetsoe hoetla ka 2 B.C.E., hobane Luka 3:23 e bontša hore Jesu o ne a le lilemo tse 30 ha a qala mosebetsi oa hae.h
31. (a) Ke hobane’ng ha lebelo la ho feta ha nako le bonahala le fapana? (b) Ke monyetla ofe oo bacha ba nang le oona?
31 Kamoo Nako e Tsamaeang Kapele ka Teng. Ho na le maele a khale a Senyesemane a reng “ketlele e lebeletsoeng le ka mohla e ke ke ea bela.” Ke ’nete hore ha re lebeletse nako, ha re amehile ka eona, ha re lebeletse hore ho hong ho etsahale, joale e bonahala e feta butle. Leha ho le joalo, haeba re phathahane, haeba re thahasella ’me re tšoarehile ka seo re se etsang, joale ho tla bonahala eka “nako e-ea fofa.” Hape, ho batho ba baholo nako e bonahala e feta kapele ho feta ho bana ba banyenyane. Lebaka e le lefe? Selemo se le seng se eketsoang bophelong ba motho ea selemo se le seng se bolela keketseho ea 100 lekholong liphihlelong tsa bophelo. Selemo se le seng se eketsoang bophelong ba motho ea lilemo tse 50 se bolela feela keketseho ea 2 lekholong. Ho ngoana, selemo se bonahala e le nako e telele haholo. Motho ea hōlileng, haeba a phathahane ’me a phetse hantle, o fumana lilemo li fofa ka potlako e khōlō. O ba le kutloisiso e tebileng ea mantsoe a Salomone: “Ha ho ho hocha leha ho le hong tlas’a letsatsi.” Ka lehlakoreng le leng, bacha ba sa ntsane ba na le lilemo tse bonahalang li lieha ho tsamaea, lilemo tsa ho hōla. Ho e-na le “ho lelekisa moea” ka lefatše la lintho tse bonahalang, ba ka sebelisa lilemo tsena hamolemo ka ho bokella leruo la phihlelo ea bomolimo. Mantsoe a tsoelang pele a Salomone a nakong: “U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao, ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi, ho e-so ho fihle le lilemo tseo ka tsona u tla re: Ha ke sa khahlisoa ke tsona.”—Moek. 1:9, 14, NW; 12:1.
32. Batho ba ka ananela haholoanyane pono ea Jehova ka nako joang?
32 Nako—Ha Batho ba Phela ka ho sa Feleng. Leha ho le joalo, ho na le matsatsi a thabisang a ka pele a tlang ho fapana ka ho felletseng le a tlokotsi. Barati ba ho loka, bao ‘matsatsi a bona a leng letsohong la Jehova,’ ba ka lebella bophelo bo sa feleng ha ho busa ’Muso oa Molimo. (Pes. 31:14-16; Matt. 25:34, 46) Tlas’a ’Muso, lefu le ke ke la e-ba teng. (Tšen. 21:4) Botsoa, ho kula, ho jeoa ke bolutu, le mesebetsi ea lefeela ho tla be ho felile. Ho tla ba le mosebetsi o etsoang, o hapang le o thahasellisang, o hlokang hore motho a ntše bokhoni ba hae bo phethahetseng ho oona le o tlisang khotsofalo e khōlō ea ho finyella lintho. Lilemo li tla bonahala li feta ka potlako e khōlō, ’me likelello tse nang le kananelo le tse sa lebaleng li tla ’ne li entšoe ka mehopolo ea liketsahalo tse thabisang. Ha lilemo tse likete li ntse li feta, ntle ho pelaelo batho holim’a lefatše lena ba tla ananela haholoanyane pono ea Jehova ka nako: ‘Hobane lilemo tse sekete mahlong a Jehova li joalo ka letsatsi la maobane, ha le se le fetile.’—Pes. 90:4.
33. Mabapi le nako, Jehova o laetse tlhohonolofatso efe?
33 Ho talima kemiso e sa khaotseng ea nako ho tloha ponong ea rōna ea hona joale ea botho le ho nahana ka tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha la ho loka, litlhohonolofatso tse lebeletsoeng nakong eo li thabisa hakaakang: “Hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng”!—Pes. 133:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “hora” le hlaha ka ho King James Version ho Daniele 3:6, 15; 4:19, 33; 5:5, ho tsoa ho Searamaike; leha ho le joalo, Concordance, Hebrew and Chaldee Dictionary ea Strong, e fana ka moelelo oa lentsoe e le “chalimo, ke hore, motsotso.” Le fetoleloa e le “motsotso” ho New World Translation of the Holy Scriptures.
b Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW mangolong ana.
c Biblical Calendars, 1961, ka J. Van Goudoever, leqephe 75.
d Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 458.
e Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 453-4, 458; Moq. 2, leqephe 459.
f Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 568.
g Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 899-902.
h Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 56-8.
[Chate e leqepheng la 281]
SELEMO SA BAISERAELE
Lebitso la Khoeli Nisane (Abibe)
Le Lumellana le March - April
Selemo se Halalelang khoeli ea 1
Selemo sa Lefatše khoeli ea 7
Mekete Nisane 14 Paseka
Nisane 15-21 Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang
Nisane 16 Nyehelo ea litholoana tsa pele
Lebitso la Khoeli Iyyare (Zive)
Le Lumellana le April - May
Selemo se Halalelang khoeli ea 2
Selemo sa Lefatše khoeli ea 8
Ho Qotsa 1 Mar. 6:1
Lebitso la Khoeli Sivane
Le Lumellana le May - June
Selemo se Halalelang khoeli ea 3
Selemo sa Lefatše khoeli ea 9
Ho Qotsa Esthere 8:9
Mekete Sivane 6 Mokete oa Libeke
(Pentekonta)
Lebitso la Khoeli Tammuze
Le Lumellana le June - July
Selemo se Halalelang khoeli ea 4
Selemo sa Lefatše khoeli ea 10
Ho Qotsa Jer. 52:6
Lebitso la Khoeli Ab
Le Lumellana le July - August
Selemo se Halalelang khoeli ea 5
Selemo sa Lefatše khoeli ea 11
Ho Qotsa Esdr. 7:8
Lebitso la Khoeli Elule
Le Lumellana le August - September
Selemo se Halalelang khoeli ea 6
Selemo sa Lefatše khoeli ea 12
Ho Qotsa Neh. 6:15
Lebitso la Khoeli Tishri (Ethanime)
Le Lumellana le September - October
Selemo se Halalelang khoeli ea 7
Selemo sa Lefatše khoeli ea 1
Ho Qotsa 1 Mar. 8:2
Mekete Tishri 1 Letsatsi la ho letsoa ha terompeta
Tishri 10 Letsatsi la Lipheko
Tishri 15-21 Letsatsi la Mokete oa Metlotloane
Tishri 22 Phutheho ea kano
Lebitso la Khoeli Heshvane (Bule)
Le Lumellana le October - November
Selemo se Halalelang khoeli ea 8
Selemo sa Lefatše khoeli ea 2
Ho Qotsa 1 Mar. 6:38
Lebitso la Khoeli Kisleve
Le Lumellana le November - December
Selemo se Halalelang khoeli ea 9
Selemo sa Lefatše khoeli ea 3
Ho Qotsa Neh. 1:1
Lebitso la Khoeli Tebethe
Le Lumellana le December - January
Selemo se Halalelang khoeli ea 10
Selemo sa Lefatše khoeli ea 4
Ho Qotsa Esthere 2:16
Lebitso la Khoeli Shebate
Le Lumellana le January - February
Selemo se Halalelang khoeli ea 11
Selemo sa Lefatše khoeli ea 5
Ho Qotsa Zak. 1:7
Lebitso la Khoeli Adare
Le Lumellana le February - March
Selemo se Halalelang khoeli ea 12
Selemo sa Lefatše khoeli ea 6
Ho Qotsa Esthere 3:7
Lebitso la Khoeli Veadare
Le Lumellana le (Khoeli e kenyellelitsoeng)
Selemo se Halalelang khoeli ea 13