Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 15
  • Mohlolo oa Pele oa Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlolo oa Pele oa Jesu
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlolo oa Pele oa Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Etsa Mohlolo oa Hae oa Pele
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Etsa Mohlolo ka Lekhetlo la Bobeli Kana
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Mohlolo oa Bobeli ha a Ntse a le Kana
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 15

Khaolo ea 15

Mohlolo oa Pele oa Jesu

JOALE e se e le letsatsi kapa a mabeli haesale Andrease, Petrose, Johanne, Filippi, Nathanaele, mohlomong le Jakobo ba fetohile barutuoa ba pele ba Jesu. Joale ba khutlela hae seterekeng sa Galilea, moo bohle ba tsoang teng. Ba ea Kana, motse oa habo Nathanaele, o hahuoeng maralleng a haufi le Nazaretha moo Jesu a hōletseng teng. Ba memetsoe moketeng oa lenyalo Kana.

Le ’mè oa Jesu o tlile lenyalong. Kaha Maria ke motsoalle lelapeng labo banyalani ho bonahala a ne a ikarabella ka ho fepa baeti ba bangata. Kapele o hlokomela hore ho na le khaello e itseng, eaba o tlalehela Jesu: “Ha ba na veine.”

Ha e le hantle, ha Maria a ne a etsa tlhahiso ea hore Jesu a etse ho hong ka khaello eo ea veine, pele Jesu o ne a le monyebe. Oa ’motsa: “Taba ea ka le uena ke efe?” Joaloka Morena ea khethiloeng ke Molimo, lelapa kapa metsoalle ha ea lokela ho mo laela ka seo a lokelang ho se etsa. Ka bohlale Maria o tlohella litaba matsohong a mor’a hae, ka bonolo o bolella ba fepang baeti: “Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.”

Ho na le linkho tse khōlō tsa majoe tse tšeletseng ’me e le ’ngoe ea tsona e ka tšela metsi a fetang lilithara tse 40. Jesu o laela ba fepang baeti: “Tlatsang linkho tseo ka metsi.” ’Me ba fepang baeti baa li tlatsa. Joale Jesu o re: “Khang joale, le isetse mong a mokete.”

Mong’a mokete o tsota boleng ba veine eo, a sa hlokomele hore e entsoe ka mohlolo. O bitsa monyali, o re ho eena: “Batho bohle ba ee ba bee veine e monate pele, ’me e re hobane ho nooe haholo, ebe hona ho tlisoang veine e botsoa: uena, veine e monate u e bolokile ho fihlela joale.”

Ona ke mohlolo oa pele oa Jesu, ’me ha barutuoa ba hae ba bacha ba o bona, tumelo ea bona ea matlafala. Ka mor’a moo, eena le ’m’ae le banab’abo ka ’m’a bona ba ea motseng oa Kapernauma haufi le Leoatle la Galilea. Johanne 2:1-12.

▪ Lenyalo Kana le etsahetse neng nakong ea tšebeletso ea Jesu?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a ne a hana tlhahiso ea ’m’ae?

▪ Jesu o etsa mohlolo ofe, ’me o ba le phello efe ho ba bang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela