Khaolo ea 22
Ho Bitsoa Barutuoa ba Bane
KA MOR’A teko ea ho bolaea Jesu motseng oa habo oa Nazaretha, o fallela motseng oa Kapernauma haufi le Leoatle la Galilea. Hona ho phethahatsa boprofeta bo bong ba Esaia. Ke boprofeta bo boletseng esale pele hore batho ba Galilea ba lulang haufi le leoatle ba ne ba tla bona leseli le leholo.
Ha Jesu a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho hasa leseli oa ho bolela ka ’Muso sebakeng sena, o fumana barutuoa ba hae ba bane. Bana ba ne ba kile ba tsamaea le eena pejana empa ba boela mosebetsing oa bona oa ho tšoasa litlhapi ha ba khutla le Jesu Judea. Ho bonahala joale Jesu a ba batla kaha ke nako ea hore a be le bathusi ba tsitsitseng le ba ka mehla bao a ka ba koetlisetsang ho ntšetsa pele tšebeletso ka mor’a hore a tsamaee.
Ka hona ha Jesu a ntse a tsamaea lebōpong la leoatle ’me a bona Simone Petrose le metsoalle ea hae ba ntse ba hlatsoa matlooa a bona, o leba ho bona. O kena seketsoaneng sa Petrose ’me o mo kōpa hore a se suthise hanyenyane lebōpong. Ha ba le hōjana le lebōpo, Jesu o lula ka seketsoaneng ’me o qala ho ruta matšoele a lebōpong.
Ka mor’a moo, Jesu o re ho Petrose: “Sesisetsa koetseng, ’me le akhele matlooa a lōna, le tšoase.”
Petrose oa araba, “Monghali, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, ’me ha rea ka ra tšoasa letho; leha ho le joalo, ka polelo ea hao ke tla akhela letlooa.”
Ha matlooa a akhetsoe, ho tšoasoa litlhapi tse ngata hoo matlooa a qalang ho phatloha. Kapele-pele, banna ba bitsa bo-’mate ba bona ba seketsoaneng se haufinyane ho tla ba thusa. Ka potlako liketsoana tseo ka bobeli li tlala litlhapi hoo li qalang ho teba. Eitse ha a bona hoo, Petrose a itihela fatše maotong a Jesu ’me a re: “Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna oa moetsalibe.”
Jesu oa araba: “Se tšabe; ho tloha joale, u tla ba motšoasi oa batho.”
Jesu o boetse o mema ngoan’abo Petrose ea bitsoang Andrease. Oa ba phehella: “Ntateleng, ’me ke tla le etsa ba tšoasang batho.” Bo-’mate ba bona bao ba tšoasang litlhapi le bona Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea, ba mengoa ka ho tšoanang, ’me le bona ba amohela memo ena ntle ho tika-tiko. Ka hona bana ba bane ba tlohela mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi ’me ba fetoha balateli ba pele ba Jesu ba tsitsitseng le ba ka mehla. Luka 5:1-11; Mattheu 4:13-22; Mareka 1:16-20; Esaia 9:1, 2.
▪ Jesu o bitsa barutuoa ba hae hore ba mo latele ka lebaka lefe, ’me ke bo-mang?
▪ Ke mohlolo ofe o tšosang Petrose?
▪ Jesu o memela barutuoa ba hae ho tšoasa litlhapi tsa mofuta ofe?