Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 39
  • Baikhohomosi le Baikokobetsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baikhohomosi le Baikokobetsi
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baikhohomosi le Baikokobetsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Malimabe Moloko o sa Bakeng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • ‘Ho Fumanela Meea ea Lōna Khatholoho’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Joko ea ka e Mosa ’me Mojaro oa ka o Bobebe”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 39

Khaolo ea 39

Baikhohomosi le Baikokobetsi

HOBA a bolele makhabane a Johanne Mokolobetsi, Jesu o retelehela ho baikhohomosi, ba se nang ’nete ba mo potolohileng. O re, “Moloko ona . . . o joale ka bana ba lutseng mapatlelong, ba hoanang le thaka tsa bona, ba re: Re le teetse phala, ’me ha lea ka la etsa chao; re le binetse mahlomola, ’me ha lea ka la lla.”

Jesu o bolela eng? Oa hlalosa: “Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa noe, ’me ba re: O na le modemona. Mor’a motho eena o tlile a e-⁠ja, a e-⁠noa, ’me ba re: A le ke le boneng motho oa moji le oa monoi, molekane oa ba-lekhetho le oa baetsalibe.” 

Ho thata ho khotsofatsa batho. Ha ho letho le ba khahlisang. Johanne o phetse bophelo bo thata ba ho itima sohle joaloka Monazare, tumellanong le polelo ea lengeloi ea hore “ha a ka ke a noa veine le seno se tahang.” Empa leha ho le joalo batho ba re o na le modemona. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o phela joaloka batho ba bang, a sa phele ka ho itima lintho ka thata, ’me o qosoa ka hore o fetelletse.

Ho thata hakaakang ho khahlisa batho! Ba tšoana le bana ba bapalang, bao ba bang ba bona ba hanang ho nka bohato ka chao ha bana ba bang ba ba teela phala kapa ba hana ho hlomoha ha metsoalle ea bona e lla. Leha ho le joalo, Jesu o re: “Empa bohlale bo ipaketsoe ke bana ba jona.” E, bopaki​—⁠mesebetsi⁠—​bo hlakisa hore liqoso tse khahlanong le Johanne le Jesu ke tsa bohata.

Bakeng sa thohako Jesu o tsoela pele ho qoolla metse e meraro ea Korazine le Bethsaida, le Kapernauma, moo a entseng boholo ba mesebetsi ea hae e matla teng. Jesu o re haeba a ne a entse mesebetsi eo metseng ea Fenicia ea Tyre le Sidone, metse ena e ka be e bakile ka masela a mahoashe le ka molora. Ha a nyatsa Kapernauma, moo ho bonahalang a ne a lula teng nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o re: “Kotlo ea lefatše la Sodoma e tla ba chatsi ho ea hao ka tsatsi la kahlolo.” 

Ho latelang Jesu o rorisa Ntat’ae oa leholimo pontšeng. O susumeletseha hore a etse joalo hobane Molimo o patela ba bohlale le ba masene linnete tsa bohlokoa tsa moea empa lintho tsena tse babatsehang o li senolela baikokobetsi, bao e kang bana.

Qetellong, Jesu o etsa memo ena e ipiletsang: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”

Jesu o khatholla joang? O etsa joalo ka ho lokolla batho bohlankeng ba lineano tseo baeta-pele ba bolumeli ba ba imelitseng ka tsona, ho akarelletsa, ka mohlala, litaelo tse boima tsa ho boloka Sabbatha. O boetse o bontša tsela ea topollo ho ba ikutloang ba imetsoe ke moroalo oa ho busoa ke ba boholong lipolotiking le ba utloang moroalo oa libe tsa bona ka letsoalo le hlomohileng. O senolela ba hlomohileng joalo kamoo libe tsa bona li ka tšoareloang le kamoo ba ka thabelang kamano ea bohlokoa le Molimo.

Joko e bobebe eo Jesu a fanang ka eona ke ea boinehelo bo felletseng ho Molimo, ho nolofalloa ke ho sebeletsa Ntate oa rōna oa leholimo ea nang le kutloelo-bohloko le ea mohau. ’Me joko e chatsi eo Jesu a fanang ka eona ho ba tlang ho eena ke ea ho utloa lintho tseo Molimo o li hlokang bakeng sa bophelo, e leng litaelo tsa Oona tse tlalehiloeng Bibeleng. ’Me ho utloa litaelo tsena ha ho boima ho hang. Mattheu 11:16-30; Luka 1:15; 7:31-35; 1 Johanne 5:3.

▪ Ke joang batho ba baikhohomosi, ba se nang ’nete ba moloko oa Jesu ba tšoanang le bana?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a susumelletseha ho rorisa Ntate oa hae oa leholimo?

▪ Batho ba imelitsoe ka litsela life, ’me Jesu o fana ka topollo efe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela