Khaolo ea 58
Mahobe le Tomoso
MATŠOELE a maholo a phuthehetse ho Jesu Dekapolise. Ba bangata ba tsamaile tsela e telele ho tla sebakeng sena seo baahi ba sona e leng Balichaba ho tla mamela le ho tla folisoa mahlōkō a bona. Ba tlile le lirōtō tse khōlō, kapa likotlolo, tseo ba tloaetseng ho nka mefao ha ba tsamaea libakeng tsa Balichaba.
Leha ho le joalo, qetellong Jesu o bitsa barutuoa ba hae ’me o re: “Ke utloela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba lutse ho ’na, ’me ha ba na se jeoang. Ekare ha nka ba khutlisetsa mahae a bona ba lapile, ba ka khathala tseleng; hobane ba bang ba bona ba tsoa hole.”
Barutuoa baa botsa: “Ana moo, felleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho khorisa bongata bo bokalo?”
Jesu oa botsa: “Le na le mahobe a makae?”
Ba araba: “A supile, le lihlapinyana li se kae.”
Ka mor’a ho laela batho ho lula fatše, Jesu o nka mahobe le litlhapi, o rapela Molimo, oa li ngoatha, ’me o qala ho li neha barutuoa ba hae. Le bona hamorao ba fepa batho hore ba khore. Ka mor’a moo, ha ho thonakoa lingoathoana tse setseng, ha tlatsoa lirōtō tse supileng, leha ho jele banna ba kang bang 4 000, ha-mmoho le basali le bana!
Jesu a laela matšoele hore a ikele eaba o kena seketsoaneng le barutuoa ba hae ’me eaba o tšelela lebōpong le ka bophirimela la Leoatle la Galilea. Mona Bafarisi, khetlong lena ba felehelitsoe ke litho tsa sehlotšoana sa bolumeli sa Basadduci, ba leka Jesu ka ho mo kōpa ho etsa pontšo e tsoang leholimong.
A hlokomela boiteko ba bona ba ho mo leka, Jesu oa ba araba: “Ha ho se ho phirimile, le ee le re: Le tla sa, hobane leholimo le lefubelu. Ka meso le re: Kajeno le tla luma, hobane leholimo le bofubelu bo botšo. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tšobotsi ea leholimo hantle, le sitoa ke’ng ho lemoha lipontšo tsa mehla ena na?”
Ka mor’a moo, Jesu o ba bitsa moloko o khopo le o mofebi ’me o ba hlokomelisa hore, joalokaha a ile bolella Bafarisi pejana, ha ho pontšo eo ba tla e neoa ha e se pontšo ea Jonase. Ha a se a tsamaea, eena le barutuoa ba hae ba kena sekepaneng, ’me ba leba Bethsaida lebōpong le ka leboea-bochabela la Leoatle la Galilea. Ha ba le tseleng barutuoa ba hlokomela hore ba lebetse ho nka mahobe, kaha ho e-na le bo le bong feela har’a bona.
A hopotse khohlano ea hae ea haufinyana le Bafarisi le batšehetsi ba Heroda ba Basadduci, Jesu oa eletsa: “Iponeleng, le tšabe litomoso tsa bafarisi le litomoso tsa Heroda.” Ka ho hlakileng, ka ho bua ka tomoso ho etsa hore barutuoa ba nahane hore Jesu o bua ka ho lebala ha bona mahobe, kahoo ba qala ho phea khang ka taba ena. Ha a hlokomela ho se utloisise ha bona, Jesu o re: “Ke hobane’ng ha le phea khang ka ho hloka mahobe?”
Jesu o ne a sa tsoa fana ka bohobe bakeng sa batho ba likete, ’me a etsa mohlolo ona oa ho qetela mohlomong letsatsi feela kapa a mabeli pejana. Ba lokela ho tseba hore haa ameha ka ho hloka mahobe a sebele. Oa ba hopotsa: “Ha le elelloe ke’ng? Na mohla ke ngoathelang ba likete tse hlano mahobe a mahlano, le nkile liroto tse kae tse tletseng lingoathoana?”
Ba araba, “Tse leshome le metso e ’meli.”
“Le mohla ke ngoathelang ba kete tse ’ne mahobe a supileng, le nkile liroto tse kae, tse tletseng lingoathoana na?”
Ba araba: “Tse supileng.”
Jesu oa botsa: “Ha le utloisise ke’ng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tšabe litomoso tsa bafarisi le tsa basadduci?”
Qetellong barutuoa ba utloisisa taba. Tomoso, motsoako o belisoang le o etsang hore bohobe bo kokomohe, e ne e le lentsoe leo hangata le sebelisoang ho bontša ho silafala. Kahoo joale barutuoa baa utloisisa hore Jesu oa ba tšoantšetsa, o ba lemosa hore ba itebele khahlanong le “thuto ea bafarisi le basadduci,” e leng thuto e nang le tšusumetso e silafatsang. Mareka 8:1-21, NW; Mattheu 15:32–16:12.
▪ Ke hobane’ng ha batho ba tla ba nkile lirōtō tse khōlō tsa mofao?
▪ Ka mor’a ho tloha Dekapolise, Jesu o nka maeto afe ka sekepana?
▪ Barutuoa ba ne ba na le ho se utloisise hofe mabapi le polelo ea Jesu ka litomoso?
▪ Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe “litomoso tsa bafarisi le basadduci?”