Khaolo ea 99
Jesu oa Ruta Jeriko
KAPELE Jesu le matšoele a tsamaeang le eena ba fihla Jeriko, e leng motse o ka bang bohōle ba leeto la letsatsi ho tloha Jerusalema. Ka ho hlakileng, Jeriko ke motse o habeli, motse oa khale oa Bajode o hoo e ka bang k’hilomithara le halofo ho tloha motseng o mocha oa Baroma. Ha matšoele a e-tsoa motseng oa khale ’me a atamela ho o mocha, bakōpi ba babeli ba foufetseng ba utloa lerata. E mong oa bona o bitsoa Bartimea.
Ha ba utloa hore ke Jesu ea fetang, Bartimea le motsoalle oa hae ba qala ho hoeletsa: “Morena, mor’a Davida, re utloele bohloko!” Ha letšoele le ba khalemela ka thata hore ba khutse, ba hooa le ho feta le ka mantsoe a phahameng haholoanyane: “U re utloele bohloko, morena, mor’a Davida!”
Ha a utloa pherekano eo, Jesu oa ema. O kōpa ba nang le eena hore ba bitse ba ntseng ba hoeletsa. Bana ba ea ho bakōpi ba foufetseng ’me ba re ho e mong oa bona: “Khothahala, u eme, oa u bitsa.” Ka thabo e tlōtseng, monna enoa oa sefofu o lahla kobo ea hae, o tlōlela holimo, ’me o ea ho Jesu.
Jesu oa botsa: “Le rata ha ke le etsetsa eng?”
Banna ba babeli ba lifofu baa kōpa: “Morena, mahlo a rōna a ke a tutubolloe.”
A susumelitsoe ke qenehelo, Jesu o ama mahlo a bona. Ho latela tlaleho ea Mareka, Jesu o re ho e mong oa bona: “E-ea, tumelo ea hao e u pholositse.” Kapele-pele bakōpi bao ba foufetseng baa bona, ’me ntle ho pelaelo ba qala ho rorisa Molimo ka bobeli ba bona. Ha batho bohle ba bona se etsahetseng, le bona ba rorisa Molimo. Ka ntle ho tieho, Bartimea le motsoalle oa hae ba qala ho latela Jesu.
Ha Jesu a feta Jeriko, matšoele a maholo. E mong le e mong o batla ho bona motho ea folisitseng banna ba foufetseng. Batho ba subuhlellana ho Jesu ba tsoa ka ’nģa tsohle, ’me ka lebaka la sena, ba bang ha ba khone le ho ’mona feela. Har’a bana ke Zakea, molaoli oa ba-lekhetho Jeriko le ho e pota. O mokhutšoanyane haholo hore a ka bona se etsahalang.
Ka hona Zakea o mathela pele ’me o hloella sefateng sa sykomora haufi le tsela eo Jesu a tsamaeang ka eona. A le sebakeng sena se setle, a ka bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle. Ha matšoele a atamela, Jesu o hoeletsa sefateng: “Zakea, phakisa u theohe; hobane e ka khona ke fapohele tlung ea hao kajeno.” Zakea o theohela fatše ka thabo ’me o potlakela hae ho ea lokisa lintho bakeng sa moeti oa hae ea khethehileng.
Leha ho le joalo, ha batho ba bona se etsahalang, kaofela ba qala ho koma-koma. Ba ho nka ho sa lokela hore Jesu e ka ba moeti oa monna ea joalo. Taba ke hore Zakea e bile morui ka ho inkela chelete ka bolotsana mosebetsing oa hae oa ho bokella lekhetho.
Batho ba bangata baa latela, ’me ha Jesu a kena ka lapeng ha Zakea, baa belaela: “O fapohetse ha monna oa moetsalibe.” Empa Jesu o bona monyetla oa pako ka ho Zakea. ’Me Jesu ha a soabe, kaha Zakea oa ema ’me oa phatlalatsa: “Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana ka lehare; ’me ha ke amohile motho ntho e ’ngoe ka thetso, ke busetsa ho eena tse ’ne.”
Zakea o paka hore pako ea hae ke ea ’nete ka ho arolela mafutsana leruo la hae ka lehare le ka ho sebelisetsa halofo e ’ngoe ho buseletsa bao a ba qhekelletseng. Ho bonahala a ka lekanyetsa hore na o kolota batho bana bokae ka litlaleho tsa hae tsa lekhetho. Ka hona o etsa kano ea ho busetsa tse ’ne, tumellanong le molao oa Molimo o reng: ‘Ekare ha motho a utsoa konyana, o tla busa linku tse ’ne holim’a konyana.’
Jesu o khotsofetse ke kamoo Zakea a tšepisang ho aba leruo la hae ka teng, hobane O re: “Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enoa le eena ke mora oa Abrahama. Hobane Mor’a motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.”
Haufinyane, Jesu o ne a ile a bapisa boemo ba ‘ho lahlehileng’ le pale ea hae ea mora ea lehlasoa. Joale re na le mohlala oa bophelo ba sebele oa motho ea lahlehileng ea fumanoeng. Le hoja baeta-pele ba bolumeli le ba ba latelang ba koma-koma le ho belaela ka ho lebisa tlhokomelo ha Jesu ho batho ba kang Zakea, Jesu o tsoela pele ho batla le ho tsosolosa bara bana ba lahlehileng ba Abrahama. Mattheu 20:29-34; Mareka 10:46-52; Luka 18:35–19:10; Exoda 22:1.
▪ Kamoo ho bonahalang ka teng Jesu o teana le bakōpi ba foufetseng hokae, hona o ba etsetsa eng?
▪ Zakea ke mang, hona ke hobane’ng ha a hloella sefateng?
▪ Zakea o paka pako ea hae joang?
▪ Re ka ithuta thuto efe tseleng eo Jesu a ileng a tšoara Zakea ka eona?