Khaolo ea 107
Setšoantšo sa Mokete oa Lenyalo
JESU o pepesitse bangoli le baprista ba baholo ka litšoantšo tse peli, ’me ba batla ho ’molaea. Empa Jesu o sa le hōle le ho qeta ka bona. O tsoela pele ho ba bolella setšoantšo se seng hape, o re:
“’Muso oa maholimo o joaloka khosi e neng e etselitse mora oa eona mokete oa lenyalo. Ea rōma bahlanka ba eona ho ea bitsa ba memetsoeng moketeng, empa ba hana ho tla.”
Jehova Molimo ke Morena ea lokisetsang mokete oa lenyalo bakeng sa Mora oa hae, Jesu Kreste. Qetellong, monyaluoa oa balateli ba tlotsitsoeng ba 144 000 o tla kopana le Jesu leholimong. Bafo ba Morena ke sechaba sa Iseraele se amohetseng monyetla oa ho fetoha “’muso oa baprista,” ha se tlisoa selekaneng sa Molao ka 1513 B.C.E. Ka hona, ketsahalong eo, ba ile ba memeloa ea ho tla moketeng oa lenyalo pele.
Leha ho le joalo, pitso ea pele ea ba memiloeng ha e-ea ka ea tsoa ho fihlela hoetla ka 29 C.E., ha Jesu le barutuoa ba hae (bahlanka ba morena) ba qala mosebetsi oa bona oa ho bolela ka ’Muso. Empa Baiseraele ba tlhaho ba ileng ba amohela pitso ena e neng e etsoa ke bahlanka ho tloha ka 29 C.E. ho ea ho 33 C.E. ba ne ba sa ikemisetsa ho tla. Kahoo Molimo o ile oa neha sechaba sa ba memiloeng monyetla o mong, joalokaha Jesu a bolela:
“Ea boela ea rōma bahlanka ba bang hape, ea re: ‘Bolellang bamemuoa hore ke lōkisitse mokete; lipholo le linonneng tsa ka li se li hlabiloe, tsohle li lokile, ba tle moketeng.’” Pitso ena ea bobeli le ea ho qetela ea ba memiloeng e qalile ka Pentekonta 33 C.E., ha moea o halalelang o ne o tšolleloa holim’a balateli ba Jesu. Pitso ena e ile ea tsoela pele ho fihlela ka 36 C.E.
Leha ho le joalo, ba bangata haholo ho Baiseraele bao, le bona ba ile ba nyelisa pitso ena. Jesu o re: “Empa bamemuoa ba se ke ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela khoebong ea hae. Ba bang ba tšoara bahlanka ba khosi, ba ba etsa hampe, ’me ba ba bolaea.” Jesu o tsoela pele: “Khosi ea halefa, ea romela limphi tsa eona, tsa ripitla babolai bao, tsa chesa motse oa bona.” Sena se etsahetse ka 70 C.E., ha Jerusalema e ne e senngoa ke Baroma, ’me babolai bao ba ile ba bolaoa.
Joale Jesu o hlalosa se etsahetseng nakong eo: “Eaba [khosi] e re ho bahlanka ba eona: ‘Mokete oa lenyalo o lōkisitsoe, empa ba neng ba memiloe ba ne ba sa lokela. E-eang ke hona mateanong a litsela, ’me bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.’” Bahlanka ba ile ba etsa sena, ’me “ntlo ea mokete ea tlala tsoete!”
Mosebetsi ona oa ho bokella baeti mateanong a litsela ka ntle ho motse oa ba memiloeng o qalile ka 36 C.E. Molaoli oa lebotho oa Moroma Kornele le lelapa la hae ke bona ba pele ba sa bollang bao e seng Bajode ba ho bokelloa. Ho bokelloa ha bana bao e seng Bajode, bao kaofela ha bona e leng ba nkileng sebaka sa ba ileng ba hana pitso pele, ho tsoetse pele ho tla fihlela lekholong la bo20 la lilemo.
Ke lekholong lena la bo20 la lilemo moo ntlo ea litšebeletso tsa lenyalo e tlalang. Joale Jesu o pheta se etsahalang, o re: “Khosi ea kena ho tla bona bamemuoa, ’me ea bona motho ea sa aparang seaparo sa mokete. Ea re ho eena: ‘Motsoalle, u kene joang moo, u se na seaparo sa mokete?’ Empa eo a khutsa. Eaba khosi e re ho basebeletsi: ‘Mo tlameng sekōlōkōtō, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le lillo le litsikitlano tsa meno.’”
Monna eo ea se nang seaparo sa lenyalo o tšoantšetsa Bakreste ba bohata ba Bokreste-’mōtoana. Bana le ka mohla Molimo ha o e-s’o ka o ba amohela e le ba nang le boiponahatso bo loketseng e le Baiseraele ba moea. Le ka mohla Molimo ha o e-s’o ka o ba tlotsa ka moea o halalelang e le majalefa a ’Muso. Kahoo ba lahleloa ka ntle lefifing moo ba tla timela teng.
Jesu o phetha setšoantšo sa hae ka ho re: “Hobane ba mengoang ba bangata, empa ba khethoang ha ba bakae.” E, ho ne ho e-na le ba bangata ba memiloeng sechabeng sa Iseraele hore ba fetohe litho tsa monyaluoa oa Kreste, empa ho ile ha khethoa Baiseraele ba tlhaho ba fokolang feela. Bongata ba baeti ba 144 000 ba amohelang moputso oa leholimo ba ipaka e se Baiseraele. Mattheu 22:1-14, TLP; Exoda 19:1-6; Tšenolo 14:1-3.
▪ Ke bo-mang ba memetsoeng moketeng oa lenyalo pele, hona ba ile ba mengoa neng?
▪ Ka lekhetlo la pele, pitso e-ea neng ho ba memiloeng, hona bahlanka ba sebelisoang ho e etsa ke bo-mang?
▪ Pitso ea bobeli e atolosoa neng, hona ke bo-mang ba mengoang hamorao?
▪ Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke monna ea se nang seaparo sa lenyalo?
▪ Ba bangata ba mengoang ke bo-mang, hammoho le ba seng bakae ba khethoang?