Bademona ba Khothalletsa Batho ho Fetohela Molimo
Empa ke hobane’ng ha Satane le bademona ba hae ba sebetsa ka thata hakaale hore ba thetse batho? Ke hobane ba batla hore re kopanele le bona bofetoheling ba bona. Ba batla hore re ba rapele. Ba batla hore re kholoe mashano a bona le ho etsa mekhoa eo Jehova a sa e rateng. Bongata ba mekhoa ena e akarelletsa meetlo e amanang le bafu.
Lefu la motho ea ratoang ke phihlelo e bohloko maikutlong, ’me ke ho tloaelehileng le ho nepahetseng hore motho a bontše ho sareloa. Ka mor’a lefu la motsoalle oa hae Lazaro, Jesu o ile a “lla.”—Johanne 11:35.
Ho na le meetlo e mengata e amahanngoang le lefu, ’me meetlo ena e fapana ka ho pharalletseng ho pholletsa le lefatše. E mengata ho eona ha e hohlane le melao-motheo ea Bibele. Leha ho le joalo, mekhoa e meng e theiloe khopolong ea hore bafu baa phela le hore ba ka bona ba phelang. Litebelo, ho se ithibe ha motho ha a hlomohile, le mekete ea lepato ea semetletsa kaofela ke lintho tse theiloeng tšabong ea ho halefisa meea ea bafu. Empa kaha bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng,” ba etsang lintho tse joalo ba tšehetsa leshano la Satane.—Moeklesia 9:5.
Meetlo kapa mekete e meng e hlahisoa ke tumelo ea hore bafu ba hloka thuso ea ba phelang le hore ba tla ntša ba phelang kotsi haeba ba sa qekisoe. Linaheng tse ling ho tšoaroa mekete kapa ho etsoa mahlabelo matsatsi a 40 kapa selemo se le seng ka mor’a lefu la motho. Ho thoe sena ke ho thusa mofu hore ‘a tšelele’ sebakeng sa moea. Mokhoa o mong o tloaelehileng ke oa ho etsetsa bafu lijo kapa lino.
Lintho tsena li fosahetse hobane li tšehetsa mashano a Satane a buang ka bafu. Na Jehova a ka amohela hore ka tsela efe kapa efe re amehe meetlong e theiloeng lithutong tsa bademona? Ho hang!—2 Ba-Korinthe 6:14-18.
Bahlanka ba Molimo oa ’nete ha ba kopanele ka tsela leha e le efe mekhoeng e tšehetsang mashano a Satane. Ho e-na le hoo, ka lerato ba lebisa tlhokomelo ho thuseng ba phelang le ho ba tšelisa. Baa tseba hore hang ha motho a shoele, ke Jehova feela ea ka thusang motho eo.—Jobo 14:14, 15.
Molimo o Nyatsa ho Sebelisana le Meea
Batho ba bang ba sebelisana le bademona ka ho toba kapa ba sebelisa lethuela. Sena se bitsoa ho sebelisana le meea. Voodoo, boloi, boselamose, bonohe, le ho botsa bafu kaofela ke mefuta ea ho sebelisana le meea.
Bibele e nyatsa lintho tsena, e re: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.
Ke hobane’ng ha Jehova a re lemosa ka matla hakaale hore re qobe mekhoa ee?
Jehova o re lemosa hore re qobe mefuta eohle ea ho sebelisana le meea bakeng sa boiketlo ba rōna. O rata batho ebile oa ba tsotella, ’me oa tseba hore joang kapa joang ba sebelisanang le bademona ba tla ba mahlomoleng.
E mong oa batho ba joalo ke Nilda, eo e neng e le lethuela Brazil. Bademona ba ile ba ’makela mahlomola bophelong ba hae. O re: “Meea . . . e ne e ntšebelisa, e ne e ntaela ka ho felletseng. Ka linako tse ling ke ne ke ba boemong ba ho ikutloa le ba ho se ikutloe, ’me ke ne ke le setsebi se tsoetseng pele tsebong ea mathata a kelello. Bademona ba ne ba ntšoenya haholo hoo methapo ea ka e ileng ea ameha. Ke ile ka sebelisa lithethefatsi tse kokobetsang khatello ea methapo ’me ke ile ka qala ho noa le ho tsuba ke sa khaotse. Ho ile ha ba joalo ka lilemo-lemo.”
Ka mor’a nako, ka thuso ea Jehova le ea Lipaki tsa hae tse lefatšeng, Nilda o ile a itšoasolla tšusumetsong ea bademona ’me hona joale o phela bophelo bo nang le morero le bo hlomphehang. O re: “Ke khothalletsa bohle hore le ka mohla, leha e le ka nakoana feela, ba se ke ba sebelisana le meea [e khopo].”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Meetlo e meng e theiloe leshanong la hore bafu ba ka re bona
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Meetlo e meng e theiloe leshanong la hore bafu ba hloka thuso ea rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Molimo o nyatsa lintho tsena tse mpe. O batla hore o nehoe boinehelo bo khethehileng.—Exoda 20:5, “NW”
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
Hangata ba sebelisanang le meea ba ba mahlomoleng. Ba ka lahleheloa ke lehae la bona, tokoloho ea bona, esita le bophelo ba bona