Karolo 8
Morero oa Molimo o Lebile Phethahatsong ea Oona
1, 2. Ke joang Molimo o ’nileng oa etsa tokisetso ea ho felisa bohloko?
PUSO ea batho ba bafetoheli le bademona e ’nile ea hatella lelapa la batho ka makholo-kholo a lilemo. Leha ho le joalo, Molimo ha oa iphapanyetsa ho utloa ha rōna bohloko. Ho e-na le hoo, makholong ’ohle a lilemo, o ’nile oa etsa tokisetso ea ho lopolla batho khatellong ea bokhopo le bohloko.
2 Nakong ea bofetoheli Edene, Molimo o ile oa qala ho senola morero oa oona oa ho hloma ’muso o neng o tla etsa lefatše lena lehae la paradeise bakeng sa batho. (Genese 3:15) Hamorao, Jesu joaloka ’muelli e moholo oa Molimo, o ile a etsa ’muso ona oa Molimo o tlang sehlooho sa thuto ea hae. O boletse hore e ne e tla ba oona feela tšepo ea batho.—Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10; 12:21.
3. Jesu o ile a bitsa ’muso o tlang oa lefatše eng, hona hobane’ng?
3 Jesu o ile a bitsa ’muso oo oa Molimo o tlang “’muso oa maholimo,” kaha o ne o tla busa ho tsoa leholimong. (Mattheu 4:17) O ile a boela a o bitsa “’muso oa Molimo,” kaha Molimo e ne e le Moqapi oa oona. (Luka 17:20) Ka makholo-kholo a lilemo Molimo o ile oa bululela bangoli ba oona ho ngola boprofeta ka batho ba neng ba tla etsa ’muso oo le seo o neng o tla se finyella.
Morena e Mocha oa Lefatše
4, 5. Molimo o bontšitse joang hore Jesu e ne e le Morena oa oona ea amohelehang?
4 Ke Jesu, eo hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng, a ileng a phethahatsa boprofeta bo bongata ka eo e neng e tla ba Morena oa ’Muso oa Molimo. O ile a ipaka e le ea khethiloeng ke Molimo bakeng sa ho ba ’Musi oa ’muso oo oa leholimo holim’a batho. Ka mor’a lefu la hae, Molimo o ile oa tsosetsa Jesu bophelong ba leholimo joaloka sebōpuoa se matla sa moea se sa shoeng. Ho bile le batho ba bangata ba boneng tsoho ea hae.—Liketso 4:10; 9:1-9; Ba-Roma 1:1-4; 1 Ba-Korinthe 15:3-8.
5 Joale Jesu o ile a lula “letsohong le letona la Molimo.” (Ba-Heberu 10:12) Ke moo a ileng a letela nako eo Molimo o neng o tla mo neha matla a ho nka khato joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. Sena se ile sa phethahatsa boprofeta ba Pesaleme ea 110:1, moo Molimo o bolellang Jesu: “Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.”
6. Jesu o bontšitse joang hore oa tšoaneleha ho ba Morena oa ’Muso oa Molimo?
6 Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a bontša hore oa tšoaneleha bakeng sa boemo bo joalo. Ho sa tsotellehe ho hlorisoa, o ile a khetha ho boloka botšepehi ba hae ho Molimo. Ka ho etsa joalo, o ile a bontša hore Satane o ne a bua leshano ha a bolela hore ha ho motho ea ka tšepahalang ho Molimo ha a le tlas’a teko. Jesu, motho ea phethahetseng, ‘Adama oa bobeli,’ o bontšitse hore Molimo o ne o sa etsa phoso ha o ne o bōpa batho ba phethahetseng.—1 Ba-Korinthe 15:22, 45; Mattheu 4:1-11.
7, 8. Ke lintho life tse molemo tseo Jesu a li entseng ha a sa le lefatšeng, ’me o ne a bontša eng?
7 Ke ’musi ofe ea kileng a finyella lintho tse ngata tse ntle joalokaha Jesu a entse lilemong tse ’maloa tsa tšebeletso ea hae? Jesu a filoe matla ke moea o halalelang oa Molimo, o ile a folisa batho ba kulang, ba holofetseng, lifofu, lithōlo le limumu. O bile a tsosa le bafu! O ile a bontša ka tekanyo e nyenyane seo a tla se etsetsa batho lefatšeng lohle ha a fuoa matla a ’Muso.—Mattheu 15:30, 31; Luka 7:11-16.
8 Jesu o entse lintho tse ngata tse molemo haholo ha a sa le lefatšeng hoo morutuoa oa hae Johanne a ileng a re: “Taba tse ling li sa le teng tse ngata, tseo Jesu a li entseng. Hojane li ka ngoloa ka bonngoe, ke lekanya hore le lona lefatše le be le ke ke la lekana libuka tse ka ngoloang.”—Johanne 21:25.a
9. Ke hobane’ng ha batho ba lipelo li tšepahalang ba ile ba phallela ho Jesu?
9 Jesu o ne a le mosa e bile a e-na le kutloelo-bohloko, o ne a rata batho haholo. O ile a thusa mafutsana le batho ba hatelletsoeng, empa le teng o ne a sa khetholle barui kapa ba nang le boemo bo itseng. Batho ba lipelo li tšepahalang ba ile ba arabela memong ea Jesu e lerato ha a re: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” (Mattheu 11:28-30) Batho ba tšabang Molimo ba ile ba phallela ho eena ’me ba lebella nako eo a tla beng a busa ka eona.—Johanne 12:19.
Babusi-’moho
10, 11. Ke bo-mang ba tla kopanela le Jesu ho busa lefatše?
10 Joalokaha mebuso ea batho e na le bathusi ba batsamaisi, ’Muso oa Molimo oa leholimo le oona o na le bathusi ba batsamaisi. Ba bang kantle ho Jesu ba tla kopanela ho busa lefatše, hobane Jesu o ile a tšepisa bao a tla busa le bona hore ba tla busa le eena joaloka marena holim’a moloko oa batho.—Johanne 14:2, 3; Tšenolo 5:10; 20:6.
11 Kahoo, hammoho le Jesu, lenane le lekanyelitsoeng la batho le boetse le tsosetsoa bophelong ba leholimo. Ba etsa ’Muso oa Molimo o tla tlisetsa moloko oa batho mahlohonolo a sa feleng. (2 Ba-Korinthe 4:14; Tšenolo 14:1-3) Kahoo, ho theosa le lilemo, Jehova o ile a rala motheo oa puso e tla tlisetsa lelapa la batho mahlohonolo a sa feleng.
Ho Ipusa ho Haufi le ho Fela
12, 13. Hona joale ’Muso oa Molimo o se o itokiselitse ho etsa eng?
12 Lekholong lena la lilemo Molimo o kenelletse ka ho tobileng litabeng tsa lefatše. Joalokaha Karolo 9 ea bukana ena e tla hlalosa, boprofeta ba Bibele bo bontša hore ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o ile oa hlongoa ka 1914 ’me hona joale o se o itokiselitse ho timetsa tsamaiso eohle ea Satane. ’Muso oo o se o loketse ho ‘busa har’a lira tsa [Kreste].’—Pesaleme ea 110:2.
13 Mabapi le sena boprofeta ba Daniele 2:44 bo re: “Empa mehleng ea marena ao [a leng teng hona joale], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [leholimong] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng [puso ea batho e ke ke ea hlola e lumelloa]; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa [’Muso oa Molimo] oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
14. Ke melemo efe e meng e tla tla ka lebaka la ho fela ha puso ea motho?
14 Ha mebuso eohle e ipusang ka ntle ho Molimo e se e felisitsoe, puso ea ’Muso oa Molimo lefatšeng e tla be e phethiloe. Kaha ’Muso oo o tla be o busa ho tsoa leholimong, o ke ke oa silafatsoa ke batho. Matla a puso a tla tsoa moo a simollotseng teng ho tloha qalong e leng leholimong, ho Molimo. Kaha puso ea Molimo e tla laola litaba tsa lefatše lohle, ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore motho ofe kapa ofe a khelosoe ke malumeli a bohata kapa lifilosofi tsa batho tse sa khotsofatseng le likhopolo tsa lipolotiki. Ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e tla lumelloa ho ba teng.—Mattheu 7:15-23; Tšenolo, likhaolo 17 ho ea ho 19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa makolopetso ’ohle a bophelo ba Jesu, bona buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ka 1991 ke Mokhatlo oa Watchtower.
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ha Jesu a sa le lefatšeng o ile a phekola batho ba kulang le ho tsosa bafu ho bontša seo a tla se etsa lefatšeng le lecha
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
’Muso oa Molimo o tla timetsa mefuta eohle ea puso e itokollotseng ho oona