Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo
“Tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” (Ba-Roma 8:22) Mahlomola a batho a ne a le mangata ha mantsoe ao a ngoloa lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng. Batho ba bangata ba ne ba tepelletse maikutlo. Ka hona, Bakreste ba ile ba khothatsoa: “Le tiise ba pelo li tepeletseng.”—1 Ba-Thessalonika 5:14.
Kajeno, ho tsieleha ha batho ho hoholo haholo, ’me batho ba bangata ho feta leha e le neng pele ba tepelletse maikutlo. Empa na seo se lokela ho re makatsa? Eseng hakaalo, hobane Bibele e bolela hore ana ke ‘matsatsi a ho qetela’ ’me e bolela hore ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5, New World Translation) Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore mehleng ea qetello, ho tla ba le “lipono tse tšabehang.”—Luka 21:7-11; Mattheu 24:3-14.
Ha batho ba hloka phomolo moeeng, ba hlaheloa ke tšabo, masoabi, kapa maikutlo a joalo a mabe ka nako e telele, hangata ba tepella maikutlo. Lebaka la ho tepella maikutlo kapa ho hlomoha ka ho tebileng e ka ba lefu la motho eo u mo ratang, tlhalo, ho lahleheloa ke mosebetsi, kapa boloetse bo sa phekoleheng. Batho ba boetse ba tepelletsoa maikutlo ke ha ba ikutloa eka ha ba na thuso, ha ba ikutloa eka ba hlōlehile ’me ba soabisa motho e mong le e mong. Motho leha e le mang a ka tsukutloa ke boemo bo hatellang, empa ha motho a ikutloa a se na tšepo ’me a sa bone mokhoa oa ho tsoa boemong bo seng monate, seo se baka ho tepella maikutlo ho sekhahla.
Mehleng ea boholo-holo batho ba ne ba e-ba le maikutlo a joalo. Jobo o ile a kula ’me a hlaheloa ke bomalimabe. O ile a ikutloa hore Molimo o mo lahlile, kahoo o ile a hloea bophelo. (Jobo 10:1; 29:2, 4, 5) Jakobo o ile a tepelletsoa maikutlo ke ha a nahana hore mora oa hae o shoele, a hana ho tšelisoa ’me a lakatsa ho shoa. (Genese 37:33-35) A ikutloa a le molato ka baka la phoso e tebileng, Morena Davida o ile a ikutloela bohloko: “Ke ntse ke tsamaea ka bofifi tsatsi lohle. Ke feletsoe ke matla.”—Pesaleme ea 38:6, 8; 2 Ba-Korinthe 7:5, 6.
Kajeno, batho ba bangata ba tepelletse maikutlo ka baka la ho itšebelisa ho tlōlisa, ba leka ho latela mokhoa oa bophelo ba letsatsi le letsatsi o fetang matla a bona a kelello, a maikutlo, le a ’mele. Kamoo ho bonahalang ka teng, khatello, e tsamaeang le likhopolo le maikutlo a mabe, li ka ama ’mele ’me tsa tlatsetsa ho se sebetseng hantle ha metsoako ea ’mele bokong, ka hona ha fella ka ho tepella maikutlo.—Bapisa le Liproverbia 14:30.
Thuso eo ba e Hlokang
Epafrodite, eo e leng Mokreste oa lekholong la pele la lilemo oa Filippi, o ile a “tepella maikutlo hobane [metsoalle ea hae e] utloile hore o ile a kula.” Epafrodite, ea ileng a kula ka mor’a hore a romeloe Roma ke metsoalle ea hae a iselitse moapostola Pauluse mofaho, mohlomong o ile a ikutloa eka o soabisitse metsoalle ea hae le hore e ne e mo nka a se na thuso. (Ba-Filippi 2:25-27; 4:18, NW) Moapostola Pauluse o ile a thusa joang?
O ile a khutlisetsa Epafrodite hae ka lengolo le eang ho metsoalle ea hae ea Bafilippi le reng: “Le fele le mo amohele [Epafrodite] Moreneng ka thabo eohle, ’me le hlomphe batho ba joalo.” (Ba-Filippi 2:28-30) ’Nete ea hore ebe Pauluse o buile hantle hakaalo ka eena le hore Bafilippi ba ile ba mo amohela ka mofuthu le lerato, ka sebele e tlameha e ile ea tšelisa Epafrodite ’me ea thusa ho fokotsa ho tepella maikutlo.
Ntle ho pelaelo, keletso ea Bibele ea hore “le tšelise ba pelo li tepeletseng” ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Mosali ea neng a tepelletse maikutlo o itse: “U lokela ho tseba hore ba bang baa u tsotella joaloka motho. Ho hlokahala hore u utloe motho ea reng, ‘Kea utloisisa; ho tla loka.’”
Hangata motho ea tepelletseng maikutlo ho hlokahala hore a nke khato ea pele ka hore a batle motho ea nang le qenehelo eo a ka mo phetlelang sefuba sa hae. Motho enoa e tlameha ho ba momameli ea molemo ’me a be le mamello haholo. O lokela ho qoba ho nyatsa-nyatsa motho ea tepelletseng maikutlo kapa ho bua lipolelo tse mo ahlolang, tse kang, ‘Ha ua tlameha ho ikutloa joalo’ kapa, ‘Boikutlo boo bo fosahetse.’ Maikutlo a motho ea tepelletseng maikutlo aa fokola, ’me mantsoe a joalo a nyatsa-nyatsang a tla mo etsa hore a ikutloe a sa ithate haholoanyane.
Motho ea tepelletseng maikutlo a ka ’na a ikutloa a se na thuso. (Jonase 4:3) Leha ho le joalo, motho o lokela ho hopola hore tsela eo Molimo o nkang motho ka eona ke eona ea bohlokoa. Jesu Kreste o ile a nkoa “a se bohlokoa” ke batho, empa sena ha sea ka sa fetola bohlokoa boo a neng a na le bona ho Molimo. (Esaia 53:3, NW) Kholiseha hore, joalokaha Molimo o rata Mora oa oona ea ratoang, le uena oa u rata.—Johanne 3:16.
Jesu o ile a utloela batho ba leng tsielehong bohloko ’me a leka ho ba thusa hore ba hlokomele bohlokoa boo ba nang le bona. (Mattheu 9:36; 11:28-30; 14:14) O ile a hlalosa hore Molimo o nka lirobele tse nyenyane, tse sa bonahaleng e le tsa bohlokoa. O ile a re: “Ha o lebale le se seng sa tsona.” O tlameha o nka batho ba lekang ho etsa thato ea oona e le ba bohlokoa haholoanyane hakaakang! Ka batho ba joalo Jesu o itse: “Esita le qoba tsa moriri oa lihloho tsa lōna li baliloe kaofela.”—Luka 12:6, 7.
Ke ’nete hore, ho ka ’na ha ba thata hore motho ea tepelletseng maikutlo ka ho tebileng, ea sithabelitsoeng ke mefokolo le liphoso tsa hae, a lumele hore Molimo o mo nka e le oa bohlokoa hakaalo. A ka ’na a ikutloa a kholisehile hore ha a tšoaneloe ke lerato la Molimo le tlhokomelo ea oona. Lentsoe la Molimo lea lumela hore: “Lipelo tsa rōna li ka re qosa.” Empa na ke sona se etsang qeto? Che, ha se sona. Molimo o hlokomela hore batho ba baetsalibe ba ka inahanela hampe esita le ho inyatsa. Kahoo, Lentsoe la oona lea ba tšelisa: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna, ’me o tseba tsohle.”—1 Johanne 3:19, 20.
E, Ntate oa rōna ea lerato o bona ho hongata ho feta libe le liphoso tsa rōna. O tseba maemo a bebofatsang molato, tsela eohle ea rōna ea bophelo, lipheo le lipakane tsa rōna. Oa tseba hore re futsitse sebe, ho kula le lefu, ka hona re haelloa haholo. ’Nete ea hore re ee re itšoabise le ho ikhathatsa ke bopaki ba hore ha re batle ho etsa sebe le hore ha re babe haholo. Bibele e bolela hore re ne re “beoe tlas’a ’muso oa bosaoana” e se thato ea rōna. Kahoo, Molimo o re utloela bohloko ka baka la bothata boo re leng ho bona, ’me ka qenehelo o nahanela mefokolo ea rōna.—Ba-Roma 5:12; 8:20.
Re tiisetsoa hore: “Jehova o mohau, o lereko. Joale ka ha Bochabela bo le hole le Bophirimela, o lahla makhopo a rōna joalo hole le rōna. Hobane o tsebisisa ho bōptjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pesaleme ea 103:8, 12, 14) Ka sebele, Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna.”—2 Ba-Korinthe 1:3, 4.
Thuso eo batho ba tepelletseng maikutlo ba e hlokang haholo e fumaneha ka ho atamela Molimo oa bona o mohau le ho amohela memo ea oona ea hore ‘ba o jarise phahlo tsa bona.’ Ka sebele o ka “phelisa pelo tse robehileng.” (Pesaleme ea 55:22; Esaia 57:15, NW) Kahoo, Lentsoe la Molimo le khothalletsa thapelo, le re: “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a [Jehova]; hobane oa le hlokomela.” (1 Petrose 5:7) E, ka thapelo le likōpo batho ba ka atamela ho Molimo ’me ba thabela “khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle.”—Ba-Filippi 4:6, 7; Pesaleme ea 16:8, 9.
Ho etsa liphetoho mokhoeng oa bophelo ho ka boetse ha thusa motho hore a hlōle boemo ba ho tepella maikutlo. Boikoetliso ba ’mele, ho ja lijo tse hahang, ho fumana moea o hloekileng le phomolo e lekaneng, le ho qoba ho shebella thelevishene ho tlōlisa ke tsa bohlokoa. Mosali e mong o ile a khona ho thusa batho ba tepelletseng maikutlo ka ho etsa hore ba tsamaee ka matla. Ha mofumahali ea tepelletseng maikutlo a re: “Ha ke batle ho otlolla maoto,” mosali enoa o ne a araba ka tsela e bonolo empa e le e tiileng: “Che, u tlameha ho otlolla maoto.” Mosali enoa oa tlaleha: ‘Re ile ra otlolla maoto lik’hilomithara tse 6. Ha re khutla, mofumahali enoa o ne a khathetse, empa o ne a ikutloa a le hamolemonyana. U ke ke ua kholoa kamoo boikoetliso bo matla bo thusang ka teng ho fihlela u bo leka.’
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha ho etsahale hore re hlōle ho tepella maikutlo ka ho felletseng, esita leha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lekiloe, ho kopanyelletsa le phekolo ea meriana. Mosali e mong ea lilemong tse bohareng o itse: “Ke lekile ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa ke ntse ke tepella maikutlo.” Ka ho tšoanang, hona joale hangata ha ho etsahale hore ho phekoloe lifofu, batho ba sa utloeng litsebeng kapa ba sa tsebeng ho tsamaea. Leha ho le joalo, batho ba tepelletseng maikutlo ba ka fumana matšeliso le tšepo ka ho bala Lentsoe la Molimo ka mehla, le fanang ka tšepo e itseng ea phomolo ea ka ho sa feleng bakeng sa matšoenyeho ’ohle a batho.—Ba-Roma 12:12; 15:4.
Nakong Ea Ha Ho Ke Ke Ha Hlola Ho E-ba Le Ea Tla Tepella Maikutlo Hape
Ha Jesu a hlalosa lintho tse tšabehang tse neng li tla tlela lefatše mehleng ea qetello, o ile a eketsa: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Jesu o ne a bua ka ho lopolleloa lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka, moo “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 8:21.
E tla ba phomolo e kaakang hore batho ba lokolohe mejarong ea nakong e fetileng le hore letsatsi ka leng ba tsohe ka likelello tse hlaphohileng, ba laba-labela ho etsa mesebetsi ea letsatsi! Ho ke ke ha hlola ho e-ba le ea tšoenngoang ke ho tepella maikutlo. Tšepiso e tiileng e eang ho batho ke hore Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.