Thabela Bophelo ba Lelapa
Na ka sebele malapa a ka thaba?
Hoo ho ka etsahala joang?
Na u tseba malapa leha e le afe a kopaneng le a thabileng joaloka aa a bonoang pampitšaneng ee? Hohle malapa a qhalana ka ho felletseng. Tlhalo, khaello ea ho sireletseha ha mosebetsi, bothata ba malapa a motsoali a le mong, ho ferekana—kaofela ha tsona li baka mathata. Setsebi sa bophelo ba lelapa se ile sa belaela: “Hona joale, lipolelo tse etsoang esale pele ka ho oa ha lelapa li se li tloaetsoe ke e mong le e mong.”
Ke hobane’ng ha kajeno malapa a aparetsoe ke mathata a joalo a tebileng? Re ka thabela bophelo ba lelapa joang?
Kamoo Lelapa le Qalileng ka Teng
E le ho arabela lipotso tsena, ho hlokahala hore re tsebe tšimoloho ea lenyalo le lelapa. Hobane haeba li bile le Moqapi—’Mōpi—litho tsa lelapa li lokela ho sheba ho eena bakeng sa tataiso, kaha ka sebele o lokela ho tseba hore na ke joang re ka thabelang bophelo ba lelapa ka ho felletseng.
Ka ho thahasellisang, batho ba bangata ba lumela hore tokisetso ea lelapa ha e na Moqapi. The Encyclopedia Americana e re: “Litsebi tse ling li sekametse ho latellisa tšimoloho ea lenyalo ka litokisetso tsa ho ikarola ka bobeli tsa liphoofolo tse tlaasana ho motho.” Leha ho le joalo, Jesu Kreste o buile ka pōpo ea monna le mosali. O ile a qotsa tlaleho ea pele ea Bibele e le matla a mo tšehetsang ’me a re: “Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—Mattheu 19:4-6.
Kahoo, Jesu Kreste o nepile. Molimo o bohlale o ile oa etsa batho ba babeli ba pele ’me oa lokisetsa bophelo bo thabileng ba lelapa. Molimo o ile oa kopanya banyalani ba pele ka lenyalo ’me oa bolela hore monna “o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” (Genese 2:22-24) Na ho ka etsahala hore ebe mathata a kajeno a lelapa a bakoa ke ho hahamalla mekhoa ea bophelo e seng tumellanong le litekanyetso tse behiloeng ke ’Mōpi Lentsoeng la hae, Bibele?
Ke Tsela Efe e Lebisang Katlehong?
Joalokaha ka ntle le pelaelo u hlokomela, lefatše la kajeno le buella ho hahamalla lithahasello tsa motho ka mong le ho ikhotsofatsa. Ralichelete e mong o ile a bolella sehlopha sa koleche se neng se abeloa mangolo United States hore: “Meharo ea thusa. U ka ba meharo empa ua ’na ua ikutloa hantle.” Empa ho hahamalla maruo a bonahalang ha ho lebise katlehong. Ha e le hantle, lerato la lintho tse bonahalang ke e ’ngoe ea lintho tse sokelang bophelo ba lelapa hobane le kena-kenana le likamano tsa batho ’me le monya batho chelete le nako. Ho fapana le hoo, nahana kamoo maele a mabeli feela a Bibele a re thusang ka teng ho hlokomela ntho ea bohlokoa bakeng sa hore re thabe.
“Ho molemo ho ja meroho le batho bao u ba ratang ho e-na le ho ja nama e monate moo ho nang le lehloeo.”
“Ho molemo ho ja lek’hok’ho le ommeng la bohobe u e-na le khotso ea pelo ho e-na le ho ba le mokete oa semetletsa ntlong e tletseng khathatso.”
Liproverbia 15:17; 17:1, “Today’s English Version.”
Ke maele a matla, na ha ho joalo? Nahana hore na lefatše le ka be le fapane le mona hakae haeba lelapa le leng le le leng le ne le itšoarelletse linthong tsee tse tlang pele bophelong! Bibele e boetse e fana ka tataiso ea bohlokoa ea kamoo litho tsa lelapa li lokelang ho tšoarana ka eona. Nahana ka tse ling tsa likeletso tseo e fanang ka tsona.
Banna: ‘Rata mosali oa hao joaloka ’mele oa hao.’—Ba-Efese 5:28-30.
Mantsoe a bonolo, empa a sebetsa haholo! Bibele e boetse e laela monna hore a ‘nehe mosali oa hae hlompho.’ (1 Petrose 3:7) O etsa sena ka ho mo fa tlhokomelo e khethehileng, ho kopanyelletsa le bonolo, kutloisiso, le kholiseho. O boetse o nka maikutlo a hae e le a bohlokoa ’me oa mo mamela. (Bapisa le Genese 21:12.) Na ha u lumele hore lelapa leha e le lefe le ka rua molemo haeba monna a tšoara mosali oa hae ka tlhokomelo, joalokaha a ne a tla batla ho tšoaroa joalo?—Mattheu 7:12.
Basali: ‘Le be le hlompho e tebileng ho banna ba lōna.’—Ba-Efese 5:33, “New World Translation.”
Mosali o tlatsetsa thabong ea lelapa ka ho thusa monna hore a phethe boikarabelo ba hae bo boima. Ke sona se neng se reriloe qalong, kaha Molimo o fane ka mosali hore e be “molekane ea mo thusang.” (Genese 2:18, Bibele Phetolelo e Ncha) Na u ka inahanela hore ke tlhohonolofatso e kaakang e tla ba teng bophelong ba lelapa ha mosali a bontša hlompho ho monna oa hae ka ho tšehetsa liqeto tsa hae le ho sebelisana le eena hore a finyelle lipakane tsa lelapa?
Banyalani: “Banna le basali ba tlameha ho tšepahala e mong ho e mong.”—Ba-Heberu 13:4, TEV.
Ha ba le joalo, ka sebele bophelo ba lelapa bo tla ba molemonyana. Hangata bofebe bo qhala lelapa. (Liproverbia 6:27-29, 32) Ka hona, ka bohlale, Bibele ea phehella: “U thabele mosali oa bocha ba hao . . . U ka ikamahanya joang le sefuba sa mosali osele na?”—Liproverbia 5:18-20.
Batsoali: “Ruta [bana ba hao] tsela eo [ba] tšoanetseng ho e tsamaea.”—Liproverbia 22:6.
Ha batsoali ba fa bana nako le tlhokomelo, ka sebele bophelo ba lelapa boa ntlafala. Ka hona, Bibele e phehella batsoali hore ba rute bana ba bona melao-motheo e nepahetseng ‘ha ba lutse tlung, leha ba tsamaea tseleng, leha ba robala, leha ba tsoha borokong.’ (Deuteronoma 11:19) Bibele e boetse e bolela hore batsoali ba lokela ho bontša bana ba bona hore baa ba rata ka ho ba laea.—Ba-Efese 6:4.
Bana: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng.”—Ba-Efese 6:1.
Ke ’nete hore, lefatšeng lena le hlokang molao, hase ka mehla ho leng bonolo ho utloa batsoali. Leha ho le joalo, na ha u lumele hore ho bohlale ho etsa seo Moqapi oa lelapa a re bolellang hore re se etse? O tseba se molemo se tla etsa hore bophelo ba rōna ba lelapa e be bo thabileng haholoanyane. Kahoo, leka ka matla ho utloa batsoali ba hao. Ikemisetse ho qoba liteko tse ngata tsa lefatše tsa hore u etse bobe.—Liproverbia 1:10-19.
Bophelo ba lelapa bo tla ntlafala ho itšetlehile ka tekanyo eo setho ka seng sa lelapa se sebelisang keletso ea Bibele ka eona. Hase feela hore hona joale lelapa le tla thabela bophelo bo molemonyana empa le tla ba le tebello ea bokamoso bo hlollang lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng ke Molimo. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Kahoo, ho etseng mokhoa oa lelapa hore le ithute Bibele le le ’moho! Malapa a limillione lefatšeng ka bophara a fumane tataiso e fanoeng bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e le e molemo ka sebele.
Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.