Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 20 leq. 318-leq. 339 ser. 6
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liholo tsa ’Muso
  • Ho na le Litsela tse ’Maloa tsa ho o Etsa
  • Ho Qapa Mekhoa ea Kaho e Potlakileng
  • Kaho e Potlakileng e Fetela Linaheng tse Ling
  • Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa
  • Ho Khotsofatsa Tlhoko ea Liholo tsa Kopano
  • Liofisi, Litsi tsa Khatiso, le Mahae a Bethele Lefatšeng ka Bophara
  • Katoloso e Potlakileng Lefatšeng Lohle
  • Ba Likete-kete ba Chesehela ho Thusa
  • Keketseho e Tsoelang Pele Ntlo-khōlō ea Lefatše
  • Baithaopi ba Tsoang Linaheng Lisele
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Finyella Litlhoko Tsa Kotulo ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Karolo eo U e Phethang Ho Aheng Bakeng sa Nako e Tlang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 20 leq. 318-leq. 339 ser. 6

Khaolo 20

Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara

BOIKUTLO ba boena ba sebele har’a Lipaki tsa Jehova bo bonahala ka litsela tse ngata. Ba bang teng libokeng tsa tsona ba bona bopaki ba sena. Likopanong tsa tsona sena se bonahala ka tekanyo e khōloanyane. Se boetse se bonahala ka ho hlaka ha li sebetsa hammoho ho haha libaka tse loketseng tsa pokano bakeng sa liphutheho tsa tsona.

Ha leshome la lilemo la bo-1990 le qala, ho ne ho e-na le liphutheho tse fetang 60 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Leshomeng le ka pele la lilemo, ka karolelano ho ne ho ekelitsoe liphutheho tse ncha tse 1 759, selemo le selemo. Mathoasong a bo-1990, tekanyo eo e ne e phahame ho fihla ho tse fetang 3 000 ka selemo. Ho haha libaka tse loketseng tseo li tla bokana kaofela ho tsona e bile mosebetsi o moholo.

Liholo tsa ’Muso

Joalokaha ho etsahetse ka Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, qalong liphutheho tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova li ne li sebelisa malapa a baena bakeng sa liboka tsa tsona tse ngata. Stockholm, Sweden, ba seng bakae ba neng ba tšoara liboka tsa bona moo ba ne ba sebelisa setsi sa ho betla mapolanka, seo ba neng ba se hirile bakeng sa ho se sebelisa ka mor’a hore mosebetsi oa letsatsi ka leng o phethoe setsing seo. Ka baka la mahloriso, sehlopha se senyenyane profensing ea La Coruña, Spain, se ne se tšoarela liboka tsa sona tsa pele ka ntlong ea polokelo, kapa moliko.

Ha ho se ho hlokahala sebaka se eketsehileng, linaheng tseo ho nang le tokoloho ea ho hira libaka tsa liboka, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tsa sebaka ka seng li ile tsa li hira. Leha ho le joalo, haeba ena e le holo e sebelisoang hape ke mekhatlo e meng, thepa e ne e tlameha ho kenngoa kapa e behoe malulong bakeng sa seboka ka seng, ’me nako le nako ho ne ho e-ba le monkho o sa feleng oa mosi oa koae. Ha ho khoneha, baena ba ne ba hira lebenkele le sa sebelisoeng kapa kamore e mokatong o ka holimo e neng e tla sebelisoa ka ho khetheha ke phutheho. Empa, ka mor’a nako, libakeng tse ngata litefello tse phahameng tsa khiro le ho se fumanehe ha libaka tse loketseng ho ile ha etsa hore ho hlokahale hore ho etsoe litokisetso tse ling. Maemong a mang ho ne ho rekoa meaho e itseng ’me e nchafatsoa.

Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse ileng tsa haha libaka tsa liboka tse entsoeng ka ho khetheha bakeng sa tšebeliso ea tsona. Esita le mathoasong a 1890, sehlopha sa Liithuti tsa Bibele United States Mount Lookout, West Virginia, se ile sa ikahela sebaka sa sona sa liboka.a Leha ho le joalo, kaho e pharalletseng ea Liholo tsa ’Muso ha ea ka ea tsoela pele ho fihlela ka bo-1950.

Lebitso Holo ea ’Muso le ile la hlahisoa ka 1935 ke J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo. Mabapi le meaho ea lekala ea Mokhatlo e Honolulu, Hawaii, o ile a lokisetsa hore baena ba hahe holo eo ho neng ho tla tšoareloa liboka ho eona. Ha James Harrub a botsa hore na Moena Rutherford o tla bitsa moaho oo eng, o ile a arabela: “Na ha u nahane hore re lokela ho o bitsa ‘Holo ea ’Muso,’ kaha ke sona seo re se etsang, re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso?” Ka mor’a moo, moo ho khonehang, liholo tse sebelisoang ka mehla ke Lipaki butle-butle li ile tsa khetholloa ka matšoao a reng “Holo ea ’Muso.” Ka hona, ha moaho oa London Tabernacle o nchafatsoa ka 1937-38, o ile oa fuoa lebitso le lecha la Holo ea ’Muso. Ka mor’a nako, sebaka se seholo sa liboka tsa liphutheho lefatšeng ka bophara se ile sa tsejoa e le Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.

Ho na le Litsela tse ’Maloa tsa ho o Etsa

Liqeto tse mabapi le hore na ho ka hiroa Liholo tsa ’Muso kapa li ka hahoa li etsoa sebakeng ka seng ke liphutheho ka ho fapana. Li boetse li jara litšenyehelo leha e le life tsa kaho le tokiso. E le ho qoba tšenyo ea lichelete, liphutheho tse ngata li ’nile tsa leka ho iketsetsa mosebetsi oa kaho o mongata kamoo ho ka khonehang ntle le ho retelehela likonterakeng tsa khoebo.

Liholo li ka ’na tsa hahoa ka setene, lejoe, lehong, kapa thepa e ’ngoe ea kaho, ho itšetlehiloe ka litšenyehelo le se fumanehang sebakeng ka seng. Katima Mulilo, Namibia, joang bo botelele bo ile ba sebelisoa bakeng sa marulelo a joang, ’me seretse sa liolo (seo ha se tiile se bang thata haholo) se ile sa lujoa bakeng sa mabota le fatše. Lipaki tsa Segovia, Colombia, li ile tsa iketsetsa litene tsa samente. Seretse se foqohileng thabeng ea Mount Lassen se sa bōptjoang se ile sa sebelisoa Colfax, California.

Kaha hangata lenane la ba bang teng libokeng le ne le feta 200 ka 1972, phutheho ea Maseru, Lesotho, e ne e tseba hore ho hlokahala hore e hahe Holo ea ’Muso e loketseng. Bohle ba ile ba thusa morerong ona. Baena ba hōlileng ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse fihlang ho 32 e le hore ba ka ea kenya letsoho. Bana ba ne ba theta litoromolo tsa metsi ba li isa setšeng. Bo-khaitseli ba ne ba fana ka lijo. Ba ne ba boetse ba tila mobu ka maoto, ba o kata bakeng sa ho lokisetsa ho tšela folomente ea konkreiti, ka nako e tšoanang ba ntse ba bina lipina tsa ’Muso ’me ba tila hammoho le morethetho oa ’mino. Lejoe la lesehloa, le fumanehang lithabeng tse haufinyane le sa lefelloeng ha motho a itatela lona, le ile la sebelisoa bakeng sa marako. Phello e bile Holo ea ’Muso e ka lulisang batho ba ka bang 250.

Ka linako tse ling, Lipaki tse tsoang liphuthehong tse haufinyane li ile tsa thusa mosebetsing oa kaho. Ka hona, ka 1985, ha Lipaki tsa Jehova Imbali, e leng motse oa ba batšo Afrika Boroa, li haha holo e neng e tla lulisa batho ba 400 ba sa petetsana, Lipaki tse ling tse tsoang haufinyane Pietermaritzburg le Durban li ile tsa tl’o thusa. Na u ka inahanela hore baahisani ba ne ba maketse hakaakang ha, nakong eo ea merusu ea merabe Afrika Boroa, ba bona Lipaki tse ngata tsa ba basoeu, ba ’Mala, le Maindia li kena ka bongata motseng oo ’me li sebetsa mahetla a bapile hammoho le baena ba tsona ba batšo ba Maafrika? Joalokaha ramotse oa sebaka seo a boletse: “Sena se ka etsoa feela ka lerato.”

Le hoja baena ba ne ba e-na le moea oa boithatelo, liphutheho li ile tsa fumana hore maemo sebakeng ka seng a sitisa seo baena ba ka se etsang. Banna ka phuthehong ba ne ba e-na le malapa ao ba lokelang ho a hlokomela ’me ka tloaelo ba ne ba ka sebetsa morerong oo ka mafelo-beke feela ’me mohlomong ba sebetse hanyenyane mantsiboea. Liphutheho tse ngata li ne li e-na le ba seng bakae, haeba ba le teng, ba nang le tsebo ea mesebetsi ea kaho. Leha ho le joalo, moaho o batlang o itekanetse, le o batlang o bulehile o loketseng bakeng sa libaka tse chesang o ka ’na oa phethoa ka mor’a matsatsi a seng makae kapa mohlomong ka mor’a libeke tse seng kae. Ka thuso ea Lipaki tse tsoang liphuthehong tse haufi, meaho e tiileng haholoanyane e ka ’na ea phethoa ka likhoeli tse hlano kapa tse tšeletseng. Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala selemo kapa tse peli.

Leha ho le joalo, ha Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li kena lilemong tsa bo-1970, li ne li eketseha ka tekanyo ea liphutheho tse ncha tse peli kapa tse tharo ka letsatsi. Mathoasong a bo-1990, tekanyo ea keketseho e bile liphutheho tse robong ka letsatsi. Na tlhoko ea tsona e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso e ne e ka khotsofatsoa?

Ho Qapa Mekhoa ea Kaho e Potlakileng

Mathoasong a bo-1970, United States, Lipaki tse fetang 50 tse tsoang liphuthehong tse haufi li ile tsa kenella bakeng sa ho thusa ho haha Holo e ncha ea ’Muso Carterville, Missouri, bakeng sa sehlopha se neng se ntse se kopanela Motseng oa Webb. Ka mafelo-beke a le mang li ile tsa haha karolo e khōlō ’me tsa etsa mosebetsi o mongata marulelong. Ho ne ho ntse ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa, ’me ho ile ha nka likhoeli hore mosebetsi o phethoe; empa karolo e khōlō ea oona e ne e phethiloe ka nako e khutšoaane.

Lilemong tse leshome tse latelang, ha baena ba ntse ba sebetsa ’moho liholong tse ka bang 60, ho ile ha hlōloa mathata a itseng, ’me ha qaptjoa mekhoa e atlehileng haholoanyane. Ka mor’a nako, ba ile ba hlokomela hore ka mor’a hore mosebetsi o etsoang folomenteng o phethoe, ba ka ’na ba khona ho phetha Holo ea ’Muso ka kakaretso ka mafelo-beke a le mang.

Balebeli ba ’maloa ba phutheho—bao kaofela ba tsoang karolong e ka bophirimela bo hare ho United States—ba ile ba qala ho sebeletsa ho finyella pakane eo. Ha liphutheho li kōpa thuso kahong ea Holo ea tsona ea ’Muso, moena a le mong kapa ho feta ho bana o ne a tšohla morero oo le bona ’me a fana ka makolopetso a amanang le tokisetso e lokelang ho hlokomeloa sebakeng ka seng pele mosebetsi o ka etsoa. Har’a tse ling, ho ne ho lokela hore ho fumanoe litumello tsa kaho, ho lokela hore ho tšeloe folomente ea konkreiti, ho tlameha hore ho sebelisoe motlakase, ho lokela hore ho etsoe tsamaiso ea lipeipi tsa metsi tse tsamaeang ka tlaase, ’me ho lokela hore ho etsoe litokisetso tse tšepahalang bakeng sa ho tlisoa ha thepa ea kaho. Ke hona ho neng ho ka behoa letsatsi bakeng sa ho haha Holo ea ’Muso ka boeona. Moaho e ne e ke ke ea e-ba o hahiloeng esale pele; o ne o tla hahoa ho tloha fatše setšeng seo.

Ke bo-mang ba neng ba tla etsa mosebetsi oa sebele oa kaho? Ho isa bohōleng bo khonehang, o ne o etsoa ke basebetsi ba baithaopi, le ba sa lefshoeng. Hangata malapa ka kakaretso a ne a kenya letsoho. Ba hlophisang morero oa kaho ba ne ba iteanya le Lipaki tseo e leng litsebi tsa mosebetsi oa matsoho le tse bontšitseng boikemisetso ba ho kopanela mererong ena ea kaho. Ba bangata ba ne ba lebelletse ka cheseho morerong o mong le o mong o mocha oa kaho. Lipaki tse ling tse utloetseng ka merero ena li ile tsa batla ho kenya letsoho; tse makholo-kholo, tse tsoang libakeng tse haufinyane—le libakeng tse hōjana—li ile tsa phallela litšeng tsa kaho, li laba-labela ho thusa ka tsela leha e le efe eo li ka e khonang. Ba bangata ho tsona e ne e se liahi tsa litsebi, empa ka sebele ba ile ba fana ka bopaki ba hore ba tšoaneloa ke tlhaloso ea bao e neng e tla ba batšehetsi ba Morena oa Bomessia oa Jehova joalokaha ho boletsoe ho Pesaleme ea 110:3 (NW), e reng: “Batho ba hao ba tla inehela ka boithatelo.”

Ka Labone mantsiboea pele ho etsoa boiteko bo boholo, ba ikarabellang kahong ba ile ba kopana bakeng sa ho hlophisa mesebetsi ea ho qetela. Mantsiboea a latelang, basebetsi ba ile ba bontšoa nehelano ea li-slide mabapi le mokhoa o ka sebelisoang e le hore ba ka utloisisa kamoo mosebetsi o tlang ho etsoa ka teng. Ho ile ha hatisoa bohlokoa ba litšoaneleho tsa bomolimo. Baena ba ile ba khothalletsoa ho sebetsa hammoho ka lerato, ho ba mosa, ho bontša mamello le ho nahanela. Bohle ba ile ba khothalletsoa ho sebetsa ka lebelo le tsitsitseng empa ba se ke ba etsa hla-hla-fethe le hore ba se ke ba tsila-tsila ho qeta metsotso e seng mekae bakeng sa ho arolelana phihlelo e hahang le e mong. Hoseng ha letsatsi le latelang, mosebetsi oa kaho o ile oa qala.

Ka nako e behiloeng Moqebelo hoseng, e mong le e mong o ile a emisa seo a se etsang ’me a mamela puisano ea temana ea Lengolo bakeng sa letsatsi. Ho ile ha etsoa thapelo, hobane ho ne ho utloisisoa hantle hore katleho ea morero ona kaofela e itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Jehova.—Pes. 127:1.

Ha mosebetsi o qala, o ile oa tsamaea ka potlako. Ka mor’a hora marako a ne a se a phethiloe. Joale ha kenngoa marulelo. Liboto bakeng sa mabota tsa kokoteloa libakeng tsa tsona. Litsebi tsa motlakase tsa qala ho kenya lithapo. Ha kenngoa lipeipi bakeng sa ho fehla moea o batang le o chesang. Liraka tsa ahoa ’me tsa behoa malulong. Ka linako tse ling pula e ne e na mafelo-beke kaofela, kapa ho ne ho bata haholo kapa ho chesa haholo, empa mosebetsi o ile oa tsoela pele. Ho ne ho se na tlhōlisano, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho li ne li sa hlōlisane.

Hangata, pele letsatsi le likela letsatsing la bobeli, Holo ea ’Muso e ne e se e phethiloe—e khabisitsoe ka makhethe ka hare, ’me mohlomong e na le jarete ka ntle. Ha ho khoneha, mosebetsi o ne o hlophisoa hore o phethoe ka mor’a matsatsi a mararo, kapa mohlomong mafelo-beke a mabeli. Ha morero o se o phethiloe, basebetsi ba bangata ba ne ba sala, ba khathetse empa ba thabile haholo, bakeng sa ho thabela seboka sa pele sa phutheho se tloaelehileng, e leng thuto ea Molula-Qhooa.

Batho ba ’maloa, Guymon, Oklahoma, U.S.A., ba ne ba belaella hore na mosebetsi oa boleng bo botle o ka phethoa kapele hakaalo eaba ba bitsa mohlahlobi oa kaho motseng. Mohlahlobi eo ha a se a phetela Lipaki se etsahetseng o itse: “Ke ile ka ba bolella hore haeba ba batla ho bona ntho e etsoang ka nepo, ba lokela ho etela holo eo! Esita le ntho e potelletseng le e ke keng ea bonoa le e etsa ka nepo!”

Ha tlhoko ea Liholo tsa ’Muso e ntse e hōla, baena ba qapileng mekhoa e mengata ea kaho e potlakileng ba ile ba koetlisa ba bang. Litlaleho tsa se ntseng se etsoa li ile tsa fetela linaheng tse ling. Na mekhoa e joalo ea kaho e ne e ka sebelisoa le moo?

Kaho e Potlakileng e Fetela Linaheng tse Ling

Kaho ea Liholo tsa ’Muso Canada e ne e saletse morao haholo ho litlhoko tsa liphutheho. Lipaki Canada li ile tsa mema ba ntseng ba hlophisa merero ea kaho e potlakileng United States hore ba hlalose kamoo ba e hlophisitseng ka teng. Qalong, ba Canada ba ne ba batla ba na le lipelaelo mabapi le hore na hoo ho ka etsoa Canada, empa ba ile ba etsa qeto ea ho leka. Holo ea pele ea ’Muso e hahiloeng ka mokhoa ona Canada e ile ea hahoa Elmira, Ontario, ka 1982. Ka 1992, ho ne ho e-na le Liholo tsa ’Muso tse 306 Canada tse hahiloeng ka tsela ena.

Lipaki Northampton, Engelane, li ne li nahana hore le tsona li ka ho etsa. Ka 1983, morero oa tsona e ile ea ba oona oa pele Europe. Baena ba nang le phihlelo kahong ea mofuta ona ba ile ba tloha United States le Canada bakeng sa ho hlokomela morero ona le ho thusa Lipaki tsa moo ho ithuta kamoo li ka o etsang ka teng. Baithaopi ba bang ba ile ba tla ba tsoa libakeng tse hōle joaloka Japane, India, Fora, le Jeremane. Ba ne ba tlile e le baithaopi, ba sa tlela ho lefshoa. Ho ile ha khoneha joang? Joalokaha mohlokomeli oa sehlopha sa Lipaki tsa Ireland tse sebelitseng morerong o joalo a boletse, ‘O atlehile hobane baena le bo-khaitseli kaofela ba sebetsa ’moho tlas’a tšusumetso ea moea oa Jehova.’

Esita leha ho bonahala eka melao ea sebaka e thatafatsa merero e joalo, Lipaki li fumane hore hangata, ha ba boholong motseng ba hlalosetsoa litaba, ba thabela ho ba le tšebelisano-’moho.

Ka mor’a morero oa kaho e potlakileng Norway, ka leboea ho Arctic Circle, koranta Finnmarken e itse: “Ke ntho e tsotehang. Ke lona feela lentsoe leo re ka le fumanang le hlalosang seo Lipaki tsa Jehova li se entseng mafelo-bekeng a fetileng.” Ka ho tšoanang, ha Lipaki Sehleke-hlekeng sa Leboea sa New Zealand li haha Holo ea ’Muso e khahlehang ka matsatsi a mabeli le halofo, sehlooho se leqepheng le ka holimo la koranta ea sebaka seo se itse: “Morero oa Kaho oo e Kang ke Mohlolo.” Sehlooho seo se ile sa phaella: “Mohlomong ntho e hapang maikutlo le ho feta morerong ona e bile tlhophiso le khutso e felletseng ea morero ona.”

Bohōle ba sebaka seo Holo ea ’Muso e hlokahalang ho sona ha ho bonahale e le tšitiso e ke keng ea hlōloa. Belize morero oa kaho e potlakileng o ile oa phethoa, le hoja thepa e ’ngoe le e ’ngoe ea kaho e ne e lokela ho isoa sehleke-hlekeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 60 ho tloha Motseng oa Belize. Ha ho hahoa Holo ea ’Muso e nang le tsamaiso ea moea o batang le o chesang Port Hedland, ka Bophirimela ho Australia, ka mafelo-beke a le mang, e bile ka thepa e tsoang sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 1 600 kapa ho feta hammoho le basebetsi. Basebetsi ba ile ba itefella litšenyehelo tsa leeto. Ba bangata ho ba bileng le karolo morerong ba ne ba sa tsebe Lipaki tsa Phutheho ea Port Hedland ka bobona, ’me ke ba seng bakae feela ho bona ba neng ba tla ke ba be teng libokeng moo. Empa sena ha sea ka sa ba thibela ho bontša lerato la bona ka tsela ena.

Esita le moo lenane la Lipaki e leng le fokolang, sena ha sea thibela hore ho sebelisoe mekhoa e joalo ea ho haha liholo. Lipaki tse ka bang 800 tse tsoang Trinidad li ile tsa ithaopela ho ea Tobago bakeng sa ho thusa baena le bo-khaitseli ba tsona ba Bakreste ba 84 moo ho haha holo Scarborough ka 1985. Lipaki tse 17 (bongata e le basali le bana) tse Goose Bay, Labrador, li ne li hlile li hloka thuso e le hore li ka khona ho ba le Holo ea tsona ea ’Muso. Ka 1985, Lipaki tse tsoang likarolong tse ling tsa Canada li ile tsa hira lifofane tse tharo bakeng sa ho isa ba 450 ho tsona Goose Bay bakeng sa ho etsa mosebetsi. Ka mor’a matsatsi a mabeli a mosebetsi o boima, li ile tsa tšoara lenaneo la ho nehela holo ka har’a holo e phethiloeng ka Sontaha mantsiboea.

Sena ha se bolele hore Liholo tsohle tsa ’Muso li hahoa ka mekhoa ea kaho e potlakileng, empa lenane le ntseng le hōla la tsona le hahoa ka eona.

Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa

Bohareng ba 1986 tekanyo eo Liholo tse ncha tsa ’Muso li neng li hlokahala ka eona e ne e eketsehile haholo. Selemong se ka pele, ho ne ho thehiloe liphutheho tse ncha tse 2 461 lefatšeng ka bophara; tse 207 ho tsona li ne li le United States. Liholo tse ling tsa ’Muso li ne li sebelisoa ke liphutheho tse tharo, tse ’nè, kapa esita le tse hlano. Joalokaha Mangolo a ne a boletse esale pele, ruri Jehova o ne a potlakisa mosebetsi oa ho bokella batho.—Esa. 60:22.

E le ho tiisa hore ho sebelisoa basebetsi hamolemohali kamoo ho ka khonehang le ho nolofalletsa bohle ba hahang Liholo tsa ’Muso ho fumana molemo phihlelong e fumanoeng, Mokhatlo o ile oa qala ho tsamaisa mosebetsi oa tsona. Qalong, ka 1987 United States e ile ea aroloa pakeng tsa Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa tse 60. Kaofela li ne li e-na le ho hongata hoo li lokelang ho ho etsa; tse ling tsa tsona hamorao li ile tsa hlophisa merero ea kaho bakeng sa selemo kapa ho feta. Ba khetheloang ho sebeletsa likomiting tsena e ne e le banna bao, pele ho tsohle, ba tšoanelehang moeeng, baholo ka liphuthehong, ba behang mohlala o motle oa ho bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ba bangata ho bona ba ne ba boetse ba na le phihlelo ea ho potiela, boenjiniere, kaho, tsamaiso ea khoebo, polokeho, le mesebetsi e tsamaisanang le eo.

Liphutheho li ile tsa khothalletsoa ho iteanya le Komiti ea Kaho ea Lebatooa pele li khetha setša bakeng sa Holo ea ’Muso e ncha. Moo ho nang le liphutheho tse fetang e le ’ngoe motseng o le mong, le tsona li ile tsa khothalletsoa ho iteanya le (ba)molebeli (ba)oa potoloho, molebeli oa motse, le baholo liphuthehong tse haufi. Liphutheho tse rerang ho etsa liphetoho tse khōlō kapa ho haha Holo ea ’Muso e ncha li ile tsa khothalletsoa ho rua molemo phihlelong ea baena ba Komiti ea Kaho ea Lebatooa sebakeng sa habo tsona le tataisong eo Mokhatlo o li fileng eona. Ka komiti eo, ho ne ho tla etsoa litokisetso bakeng sa ho bokella basebetsi ba hlokahalang ba nang le tsebo har’a baena le bo-khaitseli ba tsebang mesebetsi e 65 ba neng ba se ba ntse ba ithaopetse ho thusa mererong e joalo.

Ha mekhoa e sebelisoang e ntse e ntlafatsoa, ho ile ha fokotsoa lenane la basebetsi ba amehang morerong leha e le ofe oa kaho. Ho e-na le hore ho be le ba likete setšeng sa kaho ba shebelletseng feela kapa ba ithaopelang ho thusa, ke ka seoelo ho neng ho e-ba le ba fetang 200 setšeng ka nako e tšoanang. Ho e-na le ho qeta mafelo-beke kaofela moo, basebetsi ba ne ba fumaneha hafeela tsebo ea bona e khethehileng e hlokahala. Ka hona ba ne ba ka qeta nako e ngata le malapa a bona le bakeng sa ho kopanela mesebetsing ea liphutheho tsa habo bona. Ha baena ba sebaka ka seng ba khona ho etsa mosebetsi oa mefuta e itseng ka nako e lekaneng, hangata ho ile ha fumanoa ho loketse haholoanyane ho tlisa sehlopha sa kaho e potlakileng feela bakeng sa likarolo tsa mosebetsi tseo se hlokahalang ho tsona ka potlako.

Le hoja tšebetso ena eohle e ne e etsoa ka lebelo le makatsang, tlhokomelo e khōlō e ne e sa lebisoa moo. Habohlokoa ka ho fetisisa e ne e le Liholo tsa ’Muso tse itekanetseng tsa kaho ea boleng bo botle tse etselitsoeng ho khotsofatsa litlhoko tsa sebaka ka seng. Ho ile ha etsoa litokisetso tse hlokolosi e le hore ho ka finyelloa sena empa ho ntse ho bolokoa litšenyehelo li le tlaase. Ho ile ha nkoa mehato ea ho tiisa hore polokeho e etelletsoa pele ka tekanyo e phahameng—polokeho ea basebetsi, baahisani, batho ba fetang ka tsela, le ba tlang ho sebelisa Holo ea ’Muso nakong e tlang.

Ha litlaleho tse mabapi le tokisetso ena ea kaho ea Liholo tsa ’Muso e fihla linaheng tse ling, liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo tse neng li lumela hore e ka ba molemo libakeng tsa tsona li ile tsa fuoa boitsebiso bo hlokahalang. Ka 1992, Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa tse khethiloeng ke Mokhatlo li ne li thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso linaheng tse kang Afrika Boroa, Argentina, Australia, Brithani, Canada, Fora, Japane, Jeremane, Mexico, le Spain. Mekhoa ea kaho e ile ea fetoloa hore e tšoanele maemo a sebaka ka seng. Ha ho hlokoa thuso e tsoang lekaleng le leng bakeng sa kaho ea Holo ea ’Muso, e ile ea lokisetsoa ka ofisi ea ntlo-khōlō ea Mokhatlo. Likarolong tse ling tsa lefatše, liholo tse ncha li ne li phethoa ka mor’a matsatsi a seng makae; libakeng tse ling, ka mor’a libeke kapa mohlomong likhoeli tse seng kae. Ka litokisetso tse hlokolosi le boiteko bo kopanetsoeng, nako e hlokahalang bakeng sa ho haha Holo ea ’Muso e ncha e ile ea fokotsoa haholo.

Mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova ea kaho ha ea fella Liholong tsa ’Muso feela. Ho hlokahala meaho e meholoanyane ha lihlopha tsa liphutheho li bokana bakeng sa likopano tsa potoloho tsa selemo le selemo le matsatsi a kopano e khethehileng.

Ho Khotsofatsa Tlhoko ea Liholo tsa Kopano

Ho theosa le lilemo, ho ’nile ha sebelisoa meaho ea mefuta e mengata bakeng sa likopano tsa potoloho. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hira libaka tse kang liholo tsa sechaba, likolo, li-theater, libaka tsa polokelo ea lihlomo, liholo tsa lipapali, le mabala a pontšo le thekiso ea thepa. Libakeng tse seng kae, meaho e metle haholo e ne e fumaneha ka tefello e lekaneng. Hangata, ho ne ho hlokahala nako e ngata le boiteko bakeng sa ho hloekisa sebaka se joalo, ho hloma thepa ea molumo, ho haha sethala, le ho tlisa litulo. Ka linako tse ling lintho li ne li thisa motsotsong oa ho qetela. Ha lenane la liphutheho le ntse le hōla, ho ile ha ba thata ka ho eketsehileng ho fumana libaka tse lekaneng tse loketseng. Ho ne ho ka etsoa’ng?

Hang hape, tharollo e bile hore Lipaki tsa Jehova li be le libaka tsa tsona. Sena se ne se tla akarelletsa ho nchafatsa meaho e loketseng le ho haha e mecha. Ea pele ho Liholo tse joalo tsa Kopano United States ke holo e neng e le Motseng oa Long Island, New York, e ileng ea nchafatsoa le ho sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ho ea bofelong ba 1965.

Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Lipaki tse sehleke-hlekeng sa Caribbean sa Guadeloupe li ne li ntse li rala Holo ea Kopano e tla khotsofatsa litlhoko tsa tsona. Li ne li ikutloa hore ho ka ba molemo haeba li ka tšoarela likopano tsa tsona tsa potoloho libakeng tse ngata tse fapaneng. Empa litoropo tse ngata li ne li se na meaho e meholo ka ho lekaneng. Kahoo Lipaki li ile tsa haha moaho o ka tlosoang sebakeng se seng oa isoa ho se seng o entsoeng ka lipeipi tsa setala le marulelo a aluminium, o ka lekanang batho ba 700 le o neng o ka hlongoa kae kapa kae moo ho nang le sebaka se batlang se bataletse. Ho ile ha hlokahala hore li atolose holo nako le nako, ho fihlela e khona ho amohela batho ba 5 000. Ak’u nahane feela ka ho tsamaisa, ho hloma, le ho qhaqha thepa e etsang litone tse 30 bakeng sa kopano e ’ngoe le e ’ngoe! Holo eo ea Kopano e ile ea hahoa ’me ea qhaqhoa ka makhetlo a ’maloa selemong ka lilemo tse 13, ho fihlela ha ho se ho le thata ho fumana sebaka bakeng sa holo e tlosoang sebakeng se seng e isoa ho se seng ’me ho hlokahala hore ho rekoe setša le ho haha Holo ea Kopano e sa tlosoeng, eo joale e sebelisoang bakeng sa likopano tsa potoloho le likopano tsa setereke.

Libakeng tse ngata haholo, merero ea Liholo tsa Kopano e ne e sebelisa meaho e seng e ntse e le teng. Engelane, Hays Bridge, Surrey, moaho oa sekolo o lilemo li 50 o ile oa rekoa ’me oa nchafatsoa. O sebakeng se setle sa mahaeng se etsang lihekthere tse 11. Liholo tsa pele tsa libaesekopo le moaho oa polokelo ea thepa o ile oa nchafatsoa ’me oa sebelisoa Spain; fektheri e sa sebelisoeng ea masela Australia; holo ea tantši Quebec, Canada; moaho o sebelisoang bakeng sa bowling Japane; moaho oa polokelo ea thepa Rephabliking ea Korea. Meaho ena kaofela e ile ea nchafatsoa hore e be Liholo tsa Kopano tse khahlehang tse ka sebeletsang joaloka litsi tse khōlō tsa thuto ea Bibele.

Liholo tse ling tsa Kopano e bile tse ncha ka ho felletseng, tse hahiloeng ho tloha fatše. Moaho o ikhethang o mahlakore a robeli oa holo Hellaby, ka Boroa ho Yorkshire, Engelane, hammoho le taba ea hore mosebetsi o mongata o ile oa hahoa ke basebetsi ba baithaopi li ile tsa etsa hore ho ngoloe sehlooho koranteng ea Institution of Structural Engineers. Holo ea Kopano e Saskatoon, Saskatchewan, Canada, e ile ea etsoa hore e lulise batho ba 1 200; empa ha marako a ka hare a behoa libakeng tsa oona, moaho ona o ka sebelisoa e le Liholo tsa ’Muso tse ’nè tse bapileng. Holo ea Kopano ea Haiti (e hahiloeng esale pele ’me ea romeloa e tsoa United States) e ne e bulehile ka mahlakoreng a mabeli e le hore ba lutseng ka hare ba ka hahloa ke moea nako le nako ha moea o foka—e le hore ba ka khatholoha ha ba fihla ba tsamaile letsatsing le chesang la Haiti. Holo e Port Moresby, Papua New Guinea, e ile ea hahoa ka tsela eo likarolo tse itseng tsa marako li neng li ka buloa joaloka menyako e le hore ho ka amoheloa matšoele a maholo ho feta a neng a ka fella ka hare.

Qeto ea ho haha Holo ea Kopano ha e etsoe ke sehlopha se senyenyane sa balebeli se lebelletseng hore joale ba bang bohle ba e tšehetse. Pele Holo leha e le efe e ncha ea Kopano e hahoa, Mokhatlo o etsa bonnete ba hore ho etsoa tlhahlobisiso e hlokolosi hore na e hlokahala hakae le hore na e tla sebelisoa hakae. Ha ho lebisoe tlhokomelo feela mafolo-folong a batho ba sebaka ka seng a ho qalisa morero oa kaho empa hape le litlhokong tse akaretsang tsa tšimo. Taba e tšohloa le liphutheho tsohle tse tlang ho ameha, e le hore ho ka etsoa bonnete ba takatso le matla a baena a ho e tšehetsa.

Ka hona, ha mosebetsi o tsoela pele, Lipaki tsa Jehova sebakeng ka seng li o tšehetsa ka lipelo tsohle. Morero o mong le o mong oa kaho o tšehetsoa ke Lipaki ka lichelete. Ho hlalosoa litlhoko tsa lichelete, empa menehelo ke ea boithatelo ’me ha ho tsebisoe hore e tsoa ho mang. Ho etsoa litokisetso tse hlokolosi esale pele, ’me morero o rua molemo phihlelong e seng e fumanoe kahong ea Liholo tsa ’Muso ’me, hangata, mererong ea Liholo tsa Kopano tse libakeng tse ling. Ha ho hlokahala, likarolo tse ling tsa mosebetsi li ka tlohelloa ho likonteraka tsa khoebo, empa hangata o mongata o etsoa ke Lipaki tse mafolo-folo. Sena se ka etsa hore litšenyehelo li fokotsoe ka lehare.

Ka basebetsi ba litsebi le ba bang ba ithaopelang ho sebelisa nako le litalenta tsa bona, hangata morero oohle o phethoa ka potlako. Merero e meng e ka ’na ea hloka nako e fetang selemo. Empa Vancouver Island Canada, ka 1985, baithaopi ba ka bang 4 500 ba ile ba phetha Holo ea Kopano ea li-square metre tse 2 300 ka matsatsi a robong feela. Moaho ona o boetse o akarelletsa Holo ea ’Muso e lulisang batho ba 200 bakeng sa ho sebelisoa ke liphutheho tsa sebakeng seo. New Caledonia, ’muso o ile oa phatlalatsa lithibelo tsa ho tsamaea bosiu ka 1984 ka baka la merusu ea lipolotiki, empa baithaopi ba ka fihlang ho 400 ba ile ba sebetsa Holong ea Kopano nakong eo, ’me e ile ea phethoa ka mor’a likhoeli tse ’nè feela. Haufi le Stockholm, Sweden, Holo ea Kopano e ntle, le e loketseng, e nang le litulo tse 900 tse nang le morumo oa eike, e ile ea hahoa ka likhoeli tse supileng.

Ka linako tse ling ho ’nile ha hlokahala boiteko bo phehellang ka makhotleng e le hore ho ka fumanoa litumello tsa ho haha Liholo tsena tsa Kopano. Ho bile joalo Canada Surrey, British Columbia. Ha ho rekoa setša, litlhokahalo tsa sebakeng seo li ile tsa bula monyetla bakeng sa kaho ea sebaka se joalo sa borapeli. Empa ka mor’a hore lipolane tsa kaho li isoe, ka 1974, Lekhotla la Setereke sa Surrey le ile la fetisa molaoana o bolelang hore likereke le liholo tsa kopano li ka hahoa feela Zone P-3—e leng sebaka se neng se le sieo! Leha ho le joalo, likereke tse 79 li ne li hahiloe sebakeng sa ’masepala nakong e fetileng ntle ho khathatso ea letho. Taba ena e ile ea isoa khotla. Liqeto tse ngata li ile tsa etsoa molemong oa Lipaki tsa Jehova. Ha tšitiso ea liofisiri tse tletseng leeme e qetella e qheletsoe ka thōko, basebetsi ba baithaopi ba ile ba ntšetsa morero pele ka mafolo-folo hoo ba ileng ba o phetha ka likhoeli tse ka bang tse supileng. Joalokaha ho etsahetse ho Nehemia boitekong ba hae ba ho tsosolosa marako a Jerusalema ea boholo-holo, ba ne ba ikutloa hore ‘letsoho la Molimo le holim’a bona’ bakeng sa ho phetha mosebetsi.—Neh. 2:18.

Ha Lipaki tsa Jehova United States li reka Stanley Theater Motseng oa Jersey, New Jersey, moaho ona o ne o ngolisitsoe ’musong har’a libaka tse ikhethang historing. Le hoja holo ena e ne e le boemong bo bobe bo hlokang ho lokisoa, ho ne ho e-na le monyetla o motle oa hore e sebelisoe e le Holo ea Kopano. Leha ho le joalo, ha Lipaki li batla ho etsa mosebetsi o hlokahalang oa ho e lokisa, liofisiri tsa motse li ile tsa hana ka litumello. Ramotse o ne a sa batle Lipaki tsa Jehova sebakeng seo; o ne a na le merero e meng bakeng sa setša seo. Ho ile ha hlokahala hore ho nkoe khato ea lekhotla e le hore ho ka thibeloa liofisiri ho sebelisa matla a tsona ka ho sa lumelloeng ke molao. Lekhotla le ile la etsa qeto e tšehetsang Lipaki. Kapele ka mor’a moo, baahi ba sebaka seo ba ile ba voutela hore ramotse eo a ntšoe mosebetsing. Mosebetsi o etsoang holong o ile oa tsoela pele ka potlako. Phello e bile Holo e ntle ea Kopano e lulisang batho ba fetang 4 000. Ke sebaka seo bo-rakhoebo le baahi ba motse ka ho tšoanang ba leng motlotlo ka sona.

Lilemong tse fetileng tse 27, likarolong tse ngata tsa lefatše, Liholo tsa Kopano tse khahlehang le tse loketseng li ’nile tsa hahoa ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa ho sebeletsa e le litsi tsa thuto ea Bibele. Liholo tse joalo li fumaneha ka manane a ntseng a eketseha ka mehla Amerika Leboea le Boroa, Europe, Afrika, le Bochabela, hammoho le lihleke-hlekeng tse ngata. Linaheng tse ling—ka mohlala, Nigeria, Italy, le Denmark—Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa haha meaho e meholoanyane, e sa tlosoeng, e sebakeng se bulehileng e ka sebelisoang bakeng sa likopano tsa tsona tsa setereke.

Leha ho le joalo, Liholo tsa Kopano le Liholo tsa ’Muso hase eona feela merero ea kaho eo Lipaki tsa Jehova li amehang ho eona bakeng sa ho ntšetsa pele boboleli ba ’Muso oa Molimo.

Liofisi, Litsi tsa Khatiso, le Mahae a Bethele Lefatšeng ka Bophara

Lefatšeng lohle ka 1992, ho ne ho e-na le liofisi tsa lekala tse 99 tsa Mokhatlo oa Watch Tower, e ’ngoe le e ’ngoe e ne e sebeletsa ho hlokomela mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova karolong ea eona ea tšimo ea lefatše. Karolo e ka holimo ho halofo ea makala ana e ne e etsa khatiso ea mefuta e sa tšoaneng bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa thuto ea Bibele. Ka kakaretso, ba sebetsang makaleng ana ba lula joaloka lelapa le leholo mahaeng a bitsoang Bethele, e bolelang “Ntlo ea Molimo.” Ka baka la keketseho lenaneng la Lipaki tsa Jehova le mosebetsi oa tsona oa boboleli, ho ’nile ha hlokahala hore ho atolosoe meaho ena ’me ho hahoe e mecha.

Keketseho ea mokhatlo o hlophisitsoeng e bile e potlakileng haholo hoo hangata ho bileng le mananeo a joalo a katoloso ea makala a 20 ho ea ho 40 a tsoelang pele ka nako e le ’ngoe. Sena se ’nile sa hloka lenaneo le leholo la kaho la machaba.

Ka baka la mosebetsi o moholo oa kaho o etsoang lefatšeng ka bophara, Mokhatlo oa Watch Tower o na le Lefapha la oona la Boenjiniere le Lipolane tsa Kaho ntlo-khōlōng ea oona New York. Baenjiniere ba nang le phihlelo ea lilemo tse ngata ba tlohetse mesebetsi ea bona ea boipheliso ’me ba ithaopela ho thusa ka nako e tletseng mererong ea kaho e amanang ka ho toba le mosebetsi oa ’Muso. Ho phaella moo, ba nang le phihlelo ba ’nile ba koetlisa banna le basali ba bang mosebetsing oa boenjiniere, ho rala le ho etsa lipolane. Ka ho tsamaisa mosebetsi ka lefapha lena, phihlelo e fumanoang kahong ea lekala karolong leha e le efe ea lefatše e ka ruisa molemo ba sebetsang mererong ea kaho linaheng tse ling.

Ka mor’a nako, mosebetsi o mongata o etsoang o ile oa etsa hore ho be molemo ho bula Ofisi ea Boenjiniere ea Lebatooa Japane ho thusa ka lipolane tsa kaho bakeng sa merero Bochabela. Liofisi tse ling tsa Boenjiniere tsa Lebatooa li sebetsa Europe le Australia, ’me basebetsi ba tsona ba nkiloe linaheng tse sa tšoaneng. Li sebelisana haufi-ufi le ofisi ea ntlo-khōlō, ’me litšebeletso tsa tsona, hammoho le ho sebelisa theknoloji ea li-computer, li fokotsa lenane la basebetsi ba lipolane tsa kaho ba hlokahalang setšeng leha e le sefe sa kaho.

Merero e meng e batla e le e itekanetseng ka boholo. Ho bile joalo ka ofisi ea lekala e hahiloeng Tahiti ka 1983. E ne e akarelletsa sebaka sa ofisi, libaka tsa polokelo ea thepa, le bolulo bakeng sa basebetsi ba robeli ba baithaopi. Ho boetse ho bile joalo ka moaho oa lekala o mekato e mene o hahiloeng sehleke-hlekeng sa Caribbean sa Martinique lilemong tsa 1982 ho ea ho 1984. Meaho ena e ka ’na ea se ke ea bonahala e le e ikhethang ho baahi ba lulang metseng e meholo linaheng tse ling, empa e ile ea hapa tlhokomelo ea batho ka kakaretso. Koranta ea France-Antilles e ile ea bolela hore moaho oa lekala o Martinique e bile “mosebetsi o tsoileng matsoho oa litsebi” o bontšitseng “lerato le leholo bakeng sa mosebetsi o entsoeng ka bokhabane.”

Ho fapana le pono ea boholo, meaho e ileng ea phethoa Canada ka 1981 e ne e akarelletsa setsi sa khatiso, kapa fektheri, ea sebaka sa li-square metre tse fetang 9 300 le moaho oa bolulo bakeng sa baithaopi ba 250. Cesario Lange, Brazil, moaho oa Watch Tower o ileng oa phethoa selemong sona seo o ne o akarelletsa meaho e robeli, e nang le sebaka se ka etsang li-square metre tse 46 000. Ho ile ha hlokahala liloutu tse 10 000 tsa literaka tse laetseng samente, majoe, le lehlabathe, hammoho le liqubu tse lekaneng tsa konkreiti tse ka fihlang bophahamong bo imenneng habeli ba Mount Everest! Ka 1991, ha ho phethoa setsi se secha se seholo sa khatiso Philippines, ho ne ho boetse ho hlokahala hore ho hahoe moaho oa bolulo oa mekato e 11.

E le ho finyella litlhoko tsa lenane le ntseng le eketseha la baboleli ba ’Muso Nigeria, morero o moholo oa kaho o ile oa tsoela pele Igieduma ka 1984. O ne o tla akarelletsa fektheri, moaho o moholo oa liofisi, meaho e mene ea bolulo e hokahaneng, le meaho e meng e hlokahalang. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa ho haha marako a fektheri ka ho felletseng esale pele le ho romeloa a tsoa United States. Empa joale baena ba ile ba tobana le litekanyetso tseo ho neng ho bonahala eka li ke ke tsa khoneha tsa ho fumana thepa ka ntle ho naha. Ha litekanyetso tsena li se li finyelletsoe ’me lintho tsohle li fihlile li bolokehile setšeng sa kaho, Lipaki ha lia ka tsa amohela tlotla empa li ile tsa lebisa liteboho ho Jehova ka tlhohonolofatso ea hae.

Katoloso e Potlakileng Lefatšeng Lohle

Leha ho le joalo, ho bile le keketseho e potlakileng ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso hoo esita le ka mor’a katoloso e khōlō ea meaho ea lekala naheng e itseng, hangata ho ’nileng ha hlokahala hore ho qalisoe ho haha hape ka nako e batlang e le khutšoaane. Hlokomela mehlala e seng mekae.

Peru lekala le lecha le letle—le nang le sebaka sa ofisi, likamore tse 22 tsa bolulo hammoho le meaho e meng ea motheo bakeng sa litho tsa lelapa la Bethele, le Holo ea ’Muso—le ile la phethoa bofelong ba 1984. Empa karabelo molaetseng oa ’Muso naheng eo ea Amerika Boroa e bile e khōlō ho feta kamoo ho neng ho lebelletsoe. Lilemo tse ’nè hamorao ho ile ha hlokahala hore moaho o teng o atolosoe ka makhetlo a imenneng habeli ka boholo, lekhetlong lena ho sebelisoa mokhoa o fokotsang tšenyo e bakoang ke tšisinyeho ea lefatše.

Moaho o moholo oa lekala le lecha o ile oa phethoa Colombia ka 1979. Ho ile ha bonahala eka o tla fana ka sebaka se lekaneng ka lilemo tse ngata tse tla latela. Leha ho le joalo, nakong ea lilemo tse supileng lenane la Lipaki Colombia le ile la eketseha ka makhetlo a batlileng a imena habeli, ’me joale lekala le ne le se le hatisa limakasine tsa La Atalaya le ¡Despertad! eseng feela bakeng sa Colombia empa le bakeng sa linaha tse ’nè tsa boahisani. Ho ile ha hlokahala hore ba qale ho haha hape ka 1987—lekhetlong lena e le moo ho nang le sebaka se seholoanyane bakeng sa katoloso.

Ka 1980, Lipaki tsa Jehova Brazil li ile tsa sebelisa lihora tse ka bang 14 000 000 boboleling ba phatlalatsa ba molaetsa oa ’Muso. Lenane le ile la phahama ho fihla ho tse ka bang 50 000 000 ka 1989. Batho ba bangata ba ne ba bontša takatso ea hore tlala ea bona ea moea e khotsofatsoe. Meaho e meholo ea lekala e nehetsoeng ka 1981 e ne e se e sa lekana. Ka September 1988, mesebetsi ea ho epa bakeng sa fektheri e ncha e ne e se e ntse e tsoela pele. E ne e tla fana ka sebaka se etsang karolo ea 80 lekholong ho feta se teng fekthering ea khale, ’me ha e le hantle, ho ne ho tla boela ho hlokahala meaho ea bolulo e meholoanyane bakeng sa lelapa la Bethele le eketsehileng.

Selters/Taunus, Jeremane, moaho oa Mokhatlo oa Watch Tower oa bobeli o moholo ka ho fetisisa oa khatiso o ile oa neheloa ka 1984. Ka mor’a lilemo tse hlano, ka baka la keketseho e bileng teng Jeremane hammoho le menyetla ea ho atolosa mosebetsi oa bopaki linaheng tse ling tseo lekala la moo le li hatisetsang libuka, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho atolosa fektheri ka karolo e fetang 85 lekholong le ho eketsa meaho e meng e ka thōko.

Lekala la Japane le ne le falletse ho tloha Tokyo ho ea meahong e mecha e meholo Numazu ka 1972. Ka 1975 ho bile le katoloso e eketsehileng e khōlō. Ka 1978 ho ne ho fumanoe setša se seng hape, Ebina; ’me kapele-pele ho ile ha qalisoa mosebetsi fekthering e khōlō ho feta e leng Numazu ka makhetlo a mararo. E ile ea phethoa ka 1982. Le eona e ne e ntse e sa lekana; ka 1989 ho ile ha eketsoa meaho e eketsehileng. Na ho ne ho ke ke ha khoneha ho haha ka nako e le ’ngoe feela ’me ho hahoe moaho o moholo ka ho lekaneng? Che. Lenane la baboleli ba ’Muso Japane le ’nile la eketseha ka makhetlo a imenneng habeli nako le nako ka tsela eo ho seng motho ea neng a e lebelletse. Ho tloha ho ba 14 199 ka 1972, lenane la bona le ile la eketseha ho fihla ho ba 137 941 ka 1989, ’me karolo e khōlō ea bona e ne e nehelana ka nako e tletseng tšebeletsong.

Ho bonahala se tšoanang likarolong tse ling tsa lefatše. Nakong ea lilemo tse leshome—ka linako tse ling le nakong ea lilemo tse seng kae—ka mor’a kaho ea makala a maholo a hlomelletsoeng bakeng sa khatiso, ho ile ha hlokahala hore ho be le katoloso. Har’a a mang, ho bile joalo Mexico, Canada, Afrika Boroa, le Rephabliking ea Korea.

Mosebetsi oa sebele oa kaho o etsoa ke mang? O finyelloa joang kaofela?

Ba Likete-kete ba Chesehela ho Thusa

Sweden, har’a Lipaki tse 17 000 naheng eo ha ho ne ho hahoa lekala Arboga, ba ka bang 5 000 ba ile ba ithaopela ho thusa mosebetsing. Ba bangata e ne e mpa e le bathusi ba baithaopi, empa hape ho ne ho e-na le litsebi tse phahameng tse neng li tla hlokomela hore mosebetsi o etsoa ka nepo. Tšusumetso ea bona e bile efe? Lerato ho Jehova.

Ha ofisiri e ’ngoe ofising ea mapotiele Denmark e utloa hore mosebetsi oohle o etsoang lekaleng le lecha Holbæk o tla etsoa ke Lipaki tsa Jehova, e ile ea tlala lipelaelo. Leha ho le joalo, har’a Lipaki tse ileng tsa ithaopela ho thusa, tsebo eohle e hlokahalang e ile ea fumaneha. Leha ho le joalo, na li ne li tla atleha haholoanyane haeba li ne li hirile bo-rakonteraka ba khoebo bakeng sa ho etsa mosebetsi? Ka mor’a hore morero o phethoe, litsebi tse tsoang lefapheng la motse la kaho li ile tsa lekola moaho ’me tsa hlalosa ka mosebetsi oa oona o tsoileng matsoho—e leng ntho eo li e bonang ka seoelo mesebetsing ea khoebo mehleng ena. Ha e le ofisiri eo pele e neng e tletse lipelaelo, e ile ea bososela ’me ea re: “Ke feela hore nakong eo ke ne ke sa tsebe hore na le na le tlhophiso ea mofuta ofe.”

Metse e meholo Australia e qalikane haholo; kahoo, ba bangata ho ba 3 000 ba ileng ba ithaopela ho sebetsa moahong oa lekala Ingleburn pakeng tsa 1978 le 1983 ba ne ba lokela ho tsamaea bonyane lik’hilomithara tse 1 600. Leha ho le joalo, ho ile ha hlophisoa lipalangoang tsa libese bakeng sa lihlopha tsa baithaopi, ’me liphutheho tse tseleng ka mofuthu li ne li fana ka lijo ’me li thabela botsoalle le baena litsing tseo ba phomotseng ho tsona. Baena ba bang ba ile ba rekisa matlo a bona, ba koala likhoebo tsa bona, ba nka nako ea phomolo, ’me ba etsa boitelo bo bong e le hore ba ka kopanela morerong ona. Lihlopha tsa basebetsi ba nang le phihlelo li ile tsa tla—tse ling li ile tsa tla ka makhetlo a fetang le le leng—bakeng sa ho tšela konkreiti, ho kenya ceiling, ho kenya terata e kampelang. Ba bang ba ile ba nehelana ka thepa ea kaho.

Baithaopi ba bangata mererong ena ba ne ba se na tsebo ea mosebetsi, empa ka koetliso e nyenyane, ba bang ba bona ba ile ba jara boikarabelo bo boholo ’me ba etsa mosebetsi o motle haholo. Ba ile ba ithuta ho etsa lifensetere, ho khanna litherekere, ho kopanya konkreiti, le ho haha ka setene. Ba ile ba thabela molemo o moholo ho feta bao e seng Lipaki ba etsang mosebetsi oa mofuta o tšoanang khoebong. Ka tsela efe? Ba nang le phihlelo ba ne ba ikemiselitse ho arolelana tsebo ea bona le ba bang. Ho ne ho se ea tšohileng hore e mong o tla nka mosebetsi oa hae; e mong le e mong o ne a e-na le ho hongata hoo a ho etsang. ’Me ho ne ho e-na le tšusumetso e matla ea ho etsa mosebetsi oa boleng bo phahameng, hobane o ne o etsoa e le pontšo ea lerato ho Molimo.

Litšeng tsohle tsa kaho, Lipaki tse ling li bōpa khubu ea “lelapa” la kaho. Nakong ea mosebetsi Selters/Taunus, Jeremane, ho tloha ka 1979 ho ea ho 1984, hangata ba makholo a ’maloa ba ne ba bōpa khubu eo ea basebetsi. Ba bang ba likete ba ile ba ikopanya le bona ka linako tse fapa-fapaneng, ba bangata ka mafelo-beke. Ho bile le tokisetso e hlokolosi ea hore ha baithaopi ba fihla ho be le ho hongata hoo ba ho etsang.

Hafeela batho ba ntse ba sa phethahala, ho tla ba le mathata, empa ba sebetsang mererong ena ba leka ho a rarolla motheong oa melao-motheo ea Bibele. Baa tseba hore ho etsa lintho ka mokhoa oa Bokreste ke habohlokoa ho feta mosebetsi o tsoileng matsoho. E le khopotso, setšeng sa kaho Ebina, Japane, ho ne ho e-na le matšoao a maholo le litšoantšo tsa basebetsi ba roetseng likatiba tsa makarapa, ’me katibeng ka ’ngoe ea lekarapa ho ne ho ngotsoe ka mongolo oa Sejapane e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo: lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ba etelang litša tsa mosebetsi ba ka bona le ho utloa phapang. Ha a hlalosa maikutlo a hae, motlalehi e mong oa litaba ea ileng a lekola setša sa kaho ea lekala Brazil o itse: “Ha ho na pherekano kapa ho se sebelisane ’moho . . . Moea ona oa Bokreste o etsa hore ho be le phapang mona ho feta se bonoang hangata khoebong ea kaho Brazil.”

Keketseho e Tsoelang Pele Ntlo-khōlō ea Lefatše

Ha makala a Mokhatlo oa Watch Tower a ntse a eketseha, ho boetse ho ’nile ha hlokahala hore ho atolosoe meaho ea ntlo-khōlō ea lefatše. Ho bile le likatoloso tse khōlō fekthering le meahong ea liofisi Brooklyn le libakeng tse ling Motseng oa New York ka makhetlo a fetang leshome ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše. E le ho hlophisa bolulo bakeng sa basebetsi, ho ’nile ha hlokahala hore ho hahoe kapa ho rekoe le ho nchafatsa meaho e mengata, e meholo le e menyenyane. Katoloso e eketsehileng e khōlō Brooklyn e ile ea tsebisoa ka August 1990 le ka January 1991—le hoja kaho ea karolo e ka leboea ho Motse oa New York e qalisitsoeng ka 1989 e ntse e tsoela pele Setsing se seholo sa Thuto sa Watchtower, se reretsoeng ho fana ka bolulo bakeng sa batho ba 1 200, ho akarelletsa le basebetsi le liithuti tse lulang teng.

Ho tloha ka 1972, ha hoa ba le tšitiso mosebetsing oa kaho ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn le meahong e meng ea eona e haufi-ufi likarolong tse ling tsa New York le New Jersey. Ka mor’a nako, ho ile a hlaka hore le hoja lenane la bona le ne le baloa ka makholo, basebetsi ba kaho ba ne ba sa khone ho jara mosebetsi. Kahoo, ka 1984 lenaneo le tsoelang pele la basebetsi ba nakoana le ile la thehoa. Ho ile ha romeloa mangolo liphuthehong tse neng li le 8 000 ka nako eo United States a memang baena ba tšoanelehang hore ba tl’o thusa ka nako e etsang beke kapa ho feta. (Lenaneo le tšoanang le ne le se le sebelisitsoe hamolemo makaleng a mang, ho akarelletsa le Australia, moo ba khonang ho lula libeke tse peli ba ileng ba khothalletsoa ho ithaopa.) Basebetsi ba ne ba tla fuoa bolulo le lijo empa ba ne ba tla itefella litšenyehelo tsa lipalangoang ’me ba ne ba ke ke ba amohela moputso. Ke bo-mang ba neng ba tla arabela?

Ka 1992, ho ne ho amohetsoe mangolo a kōpo a fetang 24 000! Bonyane a 3 900 ho ’ona e ne e le a batho ba khutlang ka lekhetlo la bobeli kapa la boraro, esita le la leshome kapa mashome a mabeli. Ba bangata ho bona e ne e le baholo, bahlanka ba sebeletsang, kapa bo-pula-maliboho—batho ba nang le litšoaneleho tse ntle tsa moea. Kaofela ha bona ba ne ba ithaopela ho etsa eng kapa eng e hlokahalang, ebang e hloka hore ba sebelise tsebo ea bona kapa che. Ka linako tse ling mosebetsi o ne o le boima ’me o silafatsa. Empa ba ne ba nka hore ke tokelo ho tlatsetsa ka tsela ena ho ntšetsoeng pele ha lithahasello tsa ’Muso. Ba bang ba ne ba ikutloa hore ho ba thusitse ho ananela hamolemonyana moea oa boitelo o khethollang mosebetsi o etsoang ntlo-khōlō ea lefatše. Kaofela ha bona ba ile ba ikutloa ba putsitsoe ka ho enneng ka baka la ho ba teng lenaneong la lelapa la Bethele la borapeli ba hoseng le thuto ea beke le beke ea lelapa ea Molula-Qhooa.

Baithaopi ba Tsoang Linaheng Lisele

Ha tlhoko ea katoloso e eketsehileng e ntse e hōla, ka 1985 ho ile ha thehoa tokisetso ea baithaopi ba tsoang linaheng lisele. Ho hang e ne e se qalo ea tšebelisano-’moho ea machaba kahong, empa tokisetso ena e ile ea ba tlas’a tlhokomelo e hlokolosi ea ntlo-khōlō. Bohle ba kopanelang ke Lipaki tse ithaopelang ho thusa mosebetsing oa kaho ka ntle ho linaha tsa habo bona. Ke basebetsi ba litsebi, hammoho le balekane ba lenyalo ba tsamaeang le banna ba bona bakeng sa ho thusa ka tsela leha e le efe eo ba ka e khonang. Ba bangata ho bona ba itefella litšenyehelo tsa leeto; ha ho ba amohelang moputso bakeng sa seo ba se etsang. Ba bang ho bona ba ea motheong oa nakoana, hangata ba lula libeke tse peli ho isa ho likhoeli tse tharo. Ba bang ke baithaopi ba nako e telele, ba lula selemo kapa ho feta, mohlomong ho fihlela morero o phethiloe. Lipaki tsa Jehova tse fetang 3 000 tse tsoang linaheng tse 30 tse fapaneng li ile tsa kopanela ho sena lilemong tsa pele tse hlano, ’me tse ngata li ne li chesehela ho kopanela ha tsebo ea tsona e hlokahala. Li ho nka e le tokelo ho inehela le ho nehela matlotlo a tsona bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo ka tsela ena.

Baithaopi ba tsoang linaheng lisele ba fuoa sebaka sa bolulo le lijo tseo ba tla li ja. Hangata ha ho na lintho tse mabotho-botho tseo ba li thabelang. Lipaki tsa sebakeng ka seng li ananela haholo seo baena ba tsona ba etileng ba se etsang, ’me ha ho khoneha, li ba amohela hore ba arolelane le tsona matlo a tsona, ho sa tsotellehe hore na ke a boemo bo tlaase hakae. Hangata lijo li jeloa setšeng sa mosebetsi.

Baena ba tsoang linaheng lisele ha ba tlele ho etsa mosebetsi oohle. Sepheo sa bona ke ho sebetsa hammoho le sehlopha sa kaho sebakeng ka seng. ’Me ba bang ba makholo, esita le ba likete, ba tsoang ka har’a naha ba ka ’na ba tl’o thusa ka mafelo-beke kapa beke kapa ho feta nakong e itseng. Argentina, baithaopi ba 259 ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba sebetsa hammoho le baena ba likete tse ’maloa sebakeng seo, ’me ba bang ba bona ba ne ba ba mosebetsing ka matsatsi ’ohle, ba bang ba ba teng ka libeke tse seng kae, ’me ba bangata ba ba teng ka mafelo-beke. Colombia, baithaopi ba fetang 830 ba tsoang linaheng lisele ba ile ba thusa ka linako tse fapa-fapaneng. Hape ho bile le baithaopi ba fetang 200 ba sebakeng seo ba kopanetseng morerong ona motheong oa nako e tletseng ’me, ka mafelo-beke a mang le a mang, le ba bang ba 250 kapa ho feta ba ile ba thusa. Kakaretso ea batho ba sa tšoaneng ba fetang 3 600 e ile ea kopanela.

Ho se tšoane ha puo ho ka hlahisa mathata, empa ha ho thibele lihlopha tsa machaba ho sebetsa ’moho. Puo ea matsoho, litšobotsi tsa sefahleho, mesoaso e loketseng, le takatso ea ho phetha mosebetsi o tlang ho tlotlisa Jehova li thusa ho etsa hore mosebetsi o phethoe.

Ka linako tse ling khōlo e tsotehang ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng—e bakang hore ho be le tlhoko ea meaho e meholoanyane ea lekala—e ba teng linaheng tseo ho tsona lenane la batho ba nang le tsebo mesebetsing ea kaho le fokolang. Empa sena hase tšitiso har’a Lipaki tsa Jehova, tse thusanang ka thabo. Li sebetsa hammoho e le karolo ea lelapa la lefatše lohle le sa arohanngoang ke bochaba, lebala la letlalo, kapa puo.

Papua New Guinea, baithaopi ba tsoang Australia le New Zealand kaofela ba ile ba koetlisa matsoalloa a Papua New Guinea mosebetsing o itseng, tumellanong le kōpo ea Lefapha la ’Muso la Basebetsi. Ka tsela ena, ha li ntse li inehela hore li sebelisoe, Lipaki tsa sebakeng seo li ile tsa ithuta mesebetsi e ka li thusang ho hlokomela litlhoko tsa tsona le tsa malapa a tsona.

Ha ho hlokahala lekala le lecha El Salvador, baena sebakeng seo ba ile ba thusoa ke baithaopi ba 326 ba tsoang linaheng lisele. Bakeng sa morero oa kaho Ecuador, Lipaki tse 270 tse tsoang linaheng tse 14 li ne li sebetsa haufi-ufi le baena le bo-khaitseli ba tsona ba Ecuador. Baithaopi ba bang ba tsoang linaheng lisele ba ile ba thusa mererong e ’maloa e neng e ntse e tsoela pele ka nako e le ’ngoe. Ba ne ba tloha sebakeng se seng sa kaho ba ea ho se seng Europe le Afrika, ho latela tlhoko ea tsebo ea bona ea mosebetsi.

Ka 1992, baithaopi ba tsoang linaheng lisele ba ne ba rometsoe makaleng a 49 bakeng sa ho thusa lihlopha tsa kaho libakeng tseo. Maemong a mang ba fumaneng thuso lenaneong lena le bona ba ile ba khona ho fana ka thuso ho ba bang. Ka hona, ka mor’a ho rua molemo mesebetsing ea bahlanka ba machaba ba ka bang 60 ba nako e telele ba thusitseng morerong oa kaho ea lekala Philippines, hammoho le baithaopi ba fetang 230 ba tsoang linaheng lisele ba ileng ba thusa ka nako e khutšoanyane, ba bang har’a Mafilipino ba ile ba itlhahisa hore ba thuse kahong ea meaho e itseng likarolong tse ling tsa Boroa-bochabela ho Asia.

Mosebetsi oa kaho o etsoa ke Lipaki tsa Jehova ka baka la litlhoko tse teng hona joale mabapi le boboleli ba litaba tse molemo. Ka thuso ea moea oa Jehova, li batla ho fana ka bopaki bo boholo ka ho fetisisa kamoo ho ka khonehang nakong e setseng pele ho Armageddone. Li kholisehile hore lefatše le lecha la Molimo le haufi haholo, ’me li na le tumelo ea hore li tla pholoha e le batho ba hlophisitsoeng ho kena lefatšeng leo le lecha, tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo oa Bomessia. Hape li na le tšepo ea hore mohlomong meaho e mengata e metle eo li e hahileng le ho e nehela ho Jehova e tla tsoela pele ho sebelisoa ka mor’a Armageddone joaloka litsi tseo tsebo ea Molimo a le mong oa ’nete e ka phatlalatsoang e tsoa teng ho fihlela kannete e tlala lefatšeng.—Esa. 11:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Se ne se tsejoa e le Kereke ea “New Light” hobane ba neng ba kopanela ho sona ba ne ba ikutloa hore ka baka la ho bala lingoliloeng tsa Watch Tower, ba na le leseli le lecha la Bibele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 322]

Lipaki tse tsoang liphuthehong tse haufinyane li ile tsa thusa mosebetsing

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 323]

Mosebetsi oa kaho o ile oa etsoa ka basebetsi ba baithaopi, ba sa lefshoeng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 324]

Ho ne ho hatisoa litšoaneleho tsa moea

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 326]

Mosebetsi oa kaho oa boleng bo botle, polokeho, ho boloka litšenyehelo li le tlaase, lebelo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 328]

Holo ea Kopano e tlosoang sebakeng se seng e isoa ho se seng!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 331]

Ho retelehela makhotleng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 332]

Katoloso e pharalletseng ea machaba

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 333]

Basebetsi ba ne ba lebisa tlotla ho Jehova, eseng ho bona ka bobona

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 334]

Keketseho ka lebelo leo ho seng motho ea ka beng a le profetile

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 336]

Ba ile ba ho nka e le tokelo ho sebetsa kahong ntlo-khōlō

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 339]

Ba sebetsa joaloka lelapa la lefatše lohle, le sa arohanngoang ke bochaba, lebala la letlalo, kapa puo

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 320, 321]

Ho Sebetsa ’Moho Bakeng sa ho Haha Liholo tsa ’Muso ka Potlako

Selemo le selemo ho thehoa liphutheho tse likete. Maemong a mangata, Liholo tse ncha tsa ’Muso li ikaheloa ke Lipaki ka botsona. Litšoantšo tsena li nkiloe nakong ea kaho ea Holo ea ’Muso Connecticut, U.S.A., ka 1991

Labohlano, 7:40 hoseng

Labohlano, 12:00 motšehare

Moqebelo, 7:41 mantsiboea

Mosebetsi o mongata o phethiloe, Sontaha, 6:10 mantsiboea

Ba talima ho Jehova bakeng sa tlhohonolofatso ea hae, ’me ba ipha nako ea ho tšohla keletso e tsoang Lentsoeng la hae

Kaofela ke baithaopi ba sa lefshoeng, ba thabelang ho sebetsa mahetla a bapile

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 327]

Liholo tsa ’Muso Linaheng tse sa Tšoaneng

Hangata libaka tsa liboka tse sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova ke tse itekanetseng. Li hloekile, lia khatholla, litikoloho tsa tsona lia khahleha

Peru

Philippines

Fora

Rephabliki ea Korea

Japane

Papua New Guinea

Ireland

Colombia

Norway

Lesotho

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 330]

Liholo tsa Kopano tsa Lipaki tsa Jehova

E le ho fana ka sebaka bakeng sa likopano tsa tsona tse tšoaroang nako le nako, Lipaki tsa Jehova libakeng tse ling li fumane ho le molemo ho ikahela Liholo tsa Kopano. Mosebetsi o mongata oa kaho o etsoa ke Lipaki tsa sebakeng ka seng. Mona ke liholo tse seng kae feela ho tsena tse neng li sebelisoa mathoasong a bo-1990

Brithani

Venezuela

Italy

Jeremane

Canada

Japane

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 338]

Lenaneo la Kaho ea Machaba le Khotsofatsa Litlhoko tse Potlakileng

Khōlo e potlakileng ea mokhatlo o hlophisitsoeng e hlokile hore nako le nako ho atolosoe liofisi, lifektheri, le mahae a Bethele lefatšeng ka bophara

Baithaopi ba machaba ba fana ka thuso ho Lipaki tsa sebaka ka seng

Spain

Mekhoa ea kaho e sebelisoang e nolofalletsa baithaopi ba bangata ba nang le phihlelo e fokolang ho etsa mosebetsi oa bohlokoa

Puerto Rico

Basebetsi ba litsebi ka thabo ba ithaopela ho sebelisoa

New Zealand

Greece

Brazil

Ho sebelisa thepa e tšoarellang nako e telele ho thusa ho fokotsa litšenyehelo tsa ho boloka meaho e le boemong bo botle ka nako e telele

Brithani

Mosebetsi oa boleng bo phahameng o tlisoa ke thahasello ea botho ho ba o etsang; ke pontšo ea lerato la bona ho Jehova

Canada

Merero ena ke linako tse thabisang; ho etsoa setsoalle sa nako e telele

Colombia

Matšoao Japane a ne a hopotsa basebetsi ka mehato ea polokeho, hape le tlhoko ea ho bontša litholoana tsa moea oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 318]

Moaho oa pele o ileng oa bitsoa Holo ea ’Muso, Hawaii

[Litšoantšo tse leqepheng la 319]

Liholo tse ngata tsa ’Muso tsa pele e ne e le meaho e hiriloeng kapa e le likamore feela tse ka holimo mabenkeleng; tse seng kae li ile tsa hahoa ke Lipaki

[Litšoantšo tse leqepheng la 329]

Liholo tse peli ho tsa pele tsa Kopano

Motse oa New York

Guadeloupe

[Litšoantšo tse leqepheng la 337]

Basebetsi ba kaho ea nakoana ba sa tsoa fihla ntlo-khōlōng ea lefatše New York

Sehlopha ka seng se hopotsoa hore ho ba motho oa moea le ho etsa mosebetsi oa boleng bo botle ho tla pele ho ho etsa mosebetsi ka potlako

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela