Khaolo 25
Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
HA Jesu Kreste a roma barutuoa ba hae, o ile a ba laela tjena: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 10:7) ’Me taelong ea hae ea boprofeta ho Bakreste ba ’nete ba neng ba tla be ba phela nakong ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho, o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki.” (Matt. 24:14, NW) Hoo ho ne ho bolela eng?
Ho ne ho sa bolele hore ba ne ba lokela ho haha likereke, ba letse tšepe, ’me ba emele hore phutheho e bokane ho tla ba utloa ha ba fana ka polelo hang ka beke. Leetsi la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “bolela” (ke·rysʹso) ha e le hantle, le bolela “ho etsa phatlalatso e le ho tsebisa.” Khopolo hase ho fana ka polelo sehlopheng se koaletsoeng sa barutuoa empa, ho e-na le hoo, ho bolela pepenene, phatlalatsa.
Jesu ka boeena o ile a beha mohlala oa hore na o lokela ho etsoa joang. O ile a ea libakeng tseo a ka fumanang batho ho tsona. Lekholong la pele la lilemo, ka mehla batho ba ne ba bokana masynagogeng ho ea utloa ha ho baloa Mangolo. Jesu o ile a sebelisa menyetla ea ho ba bolella le hona moo, e seng feela motseng o le mong empa le metseng le metsaneng ho pholletsa le Galilea le Judea. (Matt. 4:23; Luka 4:43, 44; Joh. 18:20) Hangata le ho feta, litlaleho tsa Kosepele li bontša hore o ile a bolela pel’a lebopo la leoatle, mesikong ea lithaba, pel’a tsela, metseng, le malapeng a ba ileng ba mo amohela. Hohle moo a neng a fumana batho, o ne a bua ka morero oa Molimo bakeng sa batho. (Luka 5:3; 6:17-49; 7:36-50; 9:11, 57-62; 10:38-42; Joh. 4:4-26, 39-42) ’Me ha a ne a roma barutuoa ba hae, o ile a ba laela ho ea malapeng a batho ho ea batla ba tšoanelehang le ho ba pakela ka ’Muso oa Molimo.—Matt. 10:7, 11-13.
Mehleng ea kajeno Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu le barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo.
Ho Tsebahatsa Litaba tsa ho ba Teng ha Kreste
Ha Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba qala ho utloisisa ’nete e momahaneng e boletsoeng Lentsoeng la Molimo, ba ile ba susumelletseha ka ho teba ke seo ba ileng ba ithuta sona ka morero le mokhoa oa ho khutla ha Kreste. Moena Russell o ile a utloa ho hlokahala hore a e tsebahatse le ho potlaka ho hoholo mabapi le ho etsa joalo. O ile a lokisa litaba tsa hae hore a ka ea libakeng tseo ho neng ho e-na le batho bao a ka buang le bona ka linnete tsena tsa Bibele. O ne a e-ba teng libokeng tsa bolumeli ’me a sebelisa menyetla e bang teng ho bua ho tsona, joalokaha Jesu a ne a bolela masynagogeng. Empa o ile a hlokomela kapele hore ho ne ho ka finyelloa ho hongata ka litsela tse ling. Ho ithuta ha hae Mangolo ho ile ha bontša hore Jesu le baapostola ba hae ba ile ba etsa karolo e khōlō ea ho bolela ha bona ha ba ntse ba bua le batho ka bomong mahaeng a bona le ha ba e-ea ka ntlo le ntlo. Hape o ile a hlokomela bohlokoa ba ho latella puisano ka ho siela batho sengoliloeng se itseng.
Ka 1877 o ne a se a hatisitse bukana The Object and Manner of Our Lord’s Return. Lilemo tse peli hamorao o ile a nka mosebetsi oa ho hatisa makasine oa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ka mehla. E, sepheo e ne e le ho bolela, kapa ho tsebahatsa, litaba tsa bohlokoa tse mabapi le ho ba teng ha Kreste.
Hoo e ka bang mathoasong a 1881, libuka tsa Liithuti tsa Bibele li ne li fanoa ntle ho tefo haufi le likereke—e seng menyakong ea likereke empa haufi le tsona hoo batho ba sekametseng bolumeling ba neng ba tla li amohela. Liithuti tse ngata tsa Bibele li ile tsa fa bao li tloaelaneng le bona libuka tse joalo kapa tsa ba romella tsona ka poso. Ka 1903 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa buella hore li ikemisetse ho fihla ho e mong le e mong ka ho aba lipampitšana ka ntlo le ntlo, ho e-na le ho lebisa tlhokomelo ho ba kenang kereke. Hase Liithuti tsohle tsa Bibele tse ileng tsa etsa sena, empa tse ngata li ile tsa arabela ka cheseho ea sebele. Ka mohlala, ho ile ha tlalehoa hore metseng e mengata e meholo United States, hammoho le mathoko a eona ka lik’hilomithara tse 16 kapa ho feta ho sa tsotellehe hore na o leba hokae, ho ile ha eteloa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe. Lipampitšana, kapa libukana, tse baloang ka limillione-millione li ile tsa abjoa ka tsela ena. Ka nako eo boholo ba Liithuti tsa Bibele tse bileng le karolo ho haseng litaba tse molemo li ho entse ka ho sebelisa litsela tse sa tšoaneng ho aba lipampitšana le libuka tse ling ntle ho tefo.
Ba bang ba Liithuti tsa Bibele—ba neng ba fokola haholo ka palo—ba ile ba sebeletsa e le baevangeli ba rekisang libuka tsa bolumeli, ba sebelisa karolo e khōlō ea nako ea bona bakeng sa mosebetsi ona ka ho khethehileng.
Barekisi ba Libuka tsa Bolumeli ba Chesehang ba Etella Pele
Ketelo ea pele ho banna le basali ba inehetseng ba neng ba ka sebelisa nako ea bona e ngata tšebeletsong ena e bile ka April 1881. Ba ne ba ee ba fe beng ba matlo le bo-rakhoebo buka e nyenyane e hlalosang linnete tsa Bibele le peeletso ea Molula-Qhooa. Sepheo sa bona e ne e le ho batla ba lapetseng ’nete le ho arolelana leseli le bona. Ka nako e itseng ba ile ba leka ho bua se lekaneng feela ho tsosa thahasello, lapeng le leng le le leng ba siea pakete e tšetseng libuka hore mong’a ntlo a li hlahlobe, ebe joale ba khutla ka mor’a matsatsi a se makae. Beng ba matlo ba bang ba ne ba ee ba khutlise libuka; ba bang ba batle ho li reka; hangata ho ne ho e-ba le menyetla ea puisano. Mabapi le sepheo sa bona, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa bolela: “Hase ho rekisa lipakete, leha e le ho nka lipeeletso, empa ke ho hasoa ha ’nete, ho fumana batho hore ba bale.”
Palo ea ba neng ba kopanela boevangeling bona ba ho rekisa libuka tsa bolumeli e ne e batla e fokola. Nakong ea lilemo tse 30 tse qalang, maemo a bona a ne a fapana ho tloha ho ba fokolang ho ea ho ba ka bang 600. Barekisi bana ba libuka tsa bolumeli e ne e le bo-pula-maliboho ka moelelo oa ’nete oa lentsoe leo, ba bula tšimo e ncha. Anna Andersen e bile e mong ea ileng a mamella tšebeletsong ena ka lilemo tse mashome, hangata a tsamaea ka baesekele, ’me o ile a fihla ka seqo hoo e ka bang motseng o mong le o mong Norway ka litaba tse molemo. Barekisi ba bang ba libuka tsa bolumeli ba ile ba ea linaheng tse ling ’me e bile bona ba pele ba ho isa molaetsa linaheng tse kang Finland, Barbados, El Salvador, Guatemala, Honduras, le Burma (eo joale e leng Myanmar). Hape ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba sa lokoloha hore ba ka ea libakeng tse ling empa ba ne ba sebeletsa e le baevangeli ba rekisang libuka tsa bolumeli sebakeng sa habo bona.
Mosebetsi o etsoang ke barekisi ba libuka tsa bolumeli o ne o ikhetha. Ea neng a sebeletsa lebopong le ka bophirimela ho United States ka 1898 o ile a ngola hore nakong ea likhoeli tse 33 tsa pele, o ne a tsamaile lik’hilomithara tse 12 800 ka pere ea hae le kariki, a paka metseng e 72, a etsa maeto a 18 000, a tsamaisa libuka tse 4 500, a nka lipeeletso tse 125, a fana ka lipampitšana tse 40 000 ’me ha a bona feela batho ba 40 ba amohela molaetsa empa ba boetse ba qala ho o arolelana le ba bang. Monna le mosali ba sebeletsang Australia ba ile ba atleha ho tsamaisa libuka tse 20 000 ho batho ba thahasellang nakong ea lilemo tse peli le halofo feela.
Na ho tsamaisa libuka tse ngata e ne e le ntho e sa tloaelehang kapa e ne e le ketsahalo e tloaelehileng ea ka mehla? Tlaleho ea 1909 e bontša hore barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ka bang 625 (kakaretso lethathamong la nako eo) ba ile ba amohela libuka tse sekoahelo se thata tse 626 981 tse tsoang Mokhatlong bakeng sa ho li tsamaisetsa batho (karolelano ea tse fetang sekete bakeng sa morekisi e mong le e mong oa libuka tsa bolumeli), ho phaella lenaneng le leholo la tse neng li fanoa ntle ho tefo. Hangata ba ne ba sitoa ho nka libuka tse lekaneng ka ntlo le ntlo, kahoo ba ne ba ee ba nke liodoro ’me ba khutle hamorao ho li tlisa.
Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba hanyetsa: “Hona hase ho bolela!” Empa, ha e le hantle, joalokaha Moena Russell a ile a hlalosa, e ne e le ho bolela ha mofuta o atlehang haholo. Ho e-na le ho utloa molaetsa o le mong feela, batho ba ile ba amohela melaetsa e mengata ka sebōpeho sa lingoliloeng ’me kahoo ba ne ba ka e thabela nako le nako le ho hlahloba tse ka hare ho tsona Libibeleng tsa bona. Bona e ne e le boevangeli bo ileng ba nahanela taba ea hore thuto e akaretsang e hlomelletse batho hore ba bale. Buka The New Creation e ile ea totobatsa: “Taba ea hore baevangeli bana ba sebetsa tumellanong le mekhoa e amohetsoeng mehleng ea rōna ho e-na le mekhoa e ileng ea amoheloa nakong e fetileng, hase ho hanyetsana le mosebetsi ona joalokaha e se ho hanyetsana le ’nete ea hore ba tsamaea ka literene tsa mashala le tsa motlakase ho e-na le ho tsamaea ka maoto kapa ka likamele. Ho boleloa ha evangeli ke ka ho nehelana ka ’Nete . . . , Lentsoe la Molimo.”
Thahasello ea ’nete ea Liithuti tsa Bibele bakeng sa ho thusa batho e ile ea bonahala ka ho hlakileng hoo ka mor’a nako e ileng ea fetoha tšobotsi ea mosebetsi oa tsona oa ho bolela. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1917, o ile oa etsa kemiso ea lenaneo ka tsela e latelang: Pele, barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ne ba ee ba etele malapa sebakeng ka seng, ba fana ka meqolo ea Studies in the Scriptures. Joale, ka ho latella mabitso a ngotsoeng ke barekisi ba libuka tsa bolumeli kapa ba ileng ba ba teng libokeng tsa phatlalatsa, basebetsi ba baalosia ba ne ba tla ba etela. Ba ne ba ikemiselitse ho tsosa takatso ea ho bala libuka, ba khothalletsa ba thahasellang hore ba be teng lipuong tse lokiselitsoeng ka ho khetheha, hape ba etsa boiteko ba ho lokisetsa litlelase bakeng sa thuto ea Bibele ea Baberea. Ha ho khoneha, barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ne ba tla akaretsa sebaka se tšoanang hape, e be joale basebetsi ba baalosi baa latela e le hore ba ka kopana le ba ileng ba bontša thahasello. Hamorao, basebetsi ba sehlopha se seng ba ne ba tla etela malapa a tšoanang ka taba ea boithaopo, kamoo ba neng ba bitsa lipampitšana le libuka tse ling ka teng tseo ba neng ba fana ka tsona ntle ho tefo. Hona ho ile ha nolofalletsa e mong le e mong hore bonyane a amohele ho hong ho ka ’nang ha tsosa takatso ea ho ithuta ho eketsehileng ka morero oa Molimo.
Ha e le morekisi a le mong oa libuka tsa bolumeli kapa ba babeli ba sebeletsang sebakeng se itseng, ’me ho se na phutheho, hangata barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ne ba etsa mosebetsi oa ho latella thahasello ka bobona. Ke kahoo ha Hermann Herkendell le motsoalle oa hae ba ne ba e-ea Bielefeld, Jeremane, e le barekisi ba libuka tsa bolumeli ka 1908, ba ileng ba lauoa ka ho khetheha hore ba tloaelanye ba thahasellang sebakeng seo le ba bang ba thahasellang le ho theha phutheho. Lilemo tse ’maloa hamorao, Molula-Qhooa o ile oa bolela barekisi ba bang ba libuka tsa bolumeli ba neng ba fana ka tlhokomelo ea botho ho ba thahasellang ho ea boholeng boo ba neng ba siea sehlopha sa Liithuti tsa Bibele motseng o mong le o mong oo ba neng ba sebetsa ho oona.
Thuso ea bohlokoa mosebetsing ona e ile ea fanoa ka 1921 bukeng The Harp of God. E lokiselitsoe ka ho khetheha ho ruisa ba qalang molemo, qetellong ho ile ha tsamaisoa likopi tse 5 819 037 tsa buka eo ka lipuo tse 22. E le ho thusa ba ileng ba fumana buka ena, Mokhatlo o ile oa lokisetsa thupelo ea ngollano ea thuto ea Bibele e hlophisitsoeng ho ea ka lihlooho. E ne e e-na le maqephe a 12 a lipotso, tse neng li romeloa ka nako ea libeke tse 12. Ka ho sebelisa buka ena, litokisetso li ile tsa boela tsa etsoa bakeng sa lipuisano tsa Bibele ka sehlopha malapeng a batho ba thahasellang. Ba bangata ba Liithuti tsa Bibele hangata ba ne ba e-ba teng thutong e joalo.
Leha ho le joalo, Lipaki li ne li hlokometse haholo hore tšimo e khōlō le hore palo ea tsona ea fokola.—Luka 10:2.
Ho Finyella ba Bangata le Hoja ba Fokola ka Palo
Molula-Qhooa o ile oa totobatsa hore bao kannete e neng e le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ne ba e-na le boikarabelo boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho fumana le ho thusa bohle bao e neng e le Bakreste ba tiileng, ebang ba tsamaea kereke kapa che. (Esa. 61:1, 2) Ho ne ho ka etsoa joang?
Liithuti tsa Bibele tse peli (J. C. Sunderlin le J. J. Bender) tse ileng tsa romeloa Engelane ka 1881 li ka be li finyelletse ho honyenyane haholo ka botsona; empa ka thuso ea bahlankana ba makholo ba neng ba lefshoa bakeng sa tšebeletso ea bona, li ile tsa khona ho aba likopi tse 300 000 tsa Food for Thinking Christians ka nako e khutšoanyane feela. Adolf Weber, ea ileng a khutlela Switzerland ka litaba tse molemo bohareng ba bo-1890, o ne a e-na le tšimo e khōlō e namelang linaheng tse ’maloa tseo a lokelang ho bolela ho tsona. O ne a ka e akaretsa joang kaofela? Ka boeena o ile a etela hōle e le morekisi oa libuka tsa bolumeli, empa o boetse a beha liphatlalatso lipampiring tsa litaba le ho etsa litokisetso le barekisi ba libuka ho akarelletsa lingoliloeng tsa Watch Tower pokellong ea bona. Sehlotšoana sa Liithuti tsa Bibele Jeremane ka 1907 se ile sa etsa tokisetso ea hore lipampitšana tse maqephe a mane tse 4 850 000 li romeloe le likoranta. Hang-hang ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, moena oa Latvia eo e neng e le setho sa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo New York o ile a lefella liphatlalatso likoranteng naheng eo a tsoaletsoeng ho eona. Monna ea ileng a arabela ho e ’ngoe ea liphatlalatso tseo e ile ea e-ba Seithuti sa Bibele sa pele Latvia. Leha ho le joalo, ho sebelisoa ho joalo ha phatlalatso, ha hoa ka ha nka sebaka sa bopaki ba botho le ho batla ba tšoanelehang ka ntlo le ntlo. Ho e-na le hoo, ho ile ha sebelisoa ho matlafatsa phatlalatso eo.
Leha ho le joalo, ho ile ha hatisoa ho fetang liphatlalatso likoranteng. Nakong ea lilemo tse lebisang ho Ntoa ea I ea Lefatše, tlas’a tsamaiso ea Moena Russell, lipuo tsa hae li ile tsa hatisoa ka mehla. Ka nako e khutšoanyane, ho phatlalatsoa ha lipuo tsa hae lipampiring tsa litaba ho ile ha eketseha ka mokhoa o makatsang. Likoranta tse fetang 2 000 tse baloang ke batho ba 15 000 000 ha li kopane li ne li e-na le lipuo tsena tse neng li hlaha ka nako e le ’ngoe United States, Canada, Brithani, Australia, le Afrika Boroa. Na ho ne ho ka etsoa ho eketsehileng? Moena Russell o ne a nahana joalo.
Ka mor’a tokisetso ea lilemo tse peli, pontšo ea pele ea “Photo-Drama of Creation” e ile ea fanoa ka January 1914. “Photo-Drama” ena e ne e bontšoa ka likarolo tse ’nè. Lenaneo la lihora tse robeli le ne le akarelletsa baesekopo le li-slide, li tsamaisana le lentsoe le rekotiloeng. Kannete e ile ea e-ba tlhahiso e sa tloaelehang e ileng ea etsoa ho haha kananelo bakeng sa Bibele le morero oa Molimo joalokaha o boletsoe ka ho eona. Ho ile ha lokisetsoa lipontšo e le hore metse e 80 e ne e ka sebeletsoa letsatsi ka leng. Phatlalatso e etsoang esale pele e ile ea etsoa ka likoranta, matšoao a ileng a manehoa lifensetereng tsa mabenkele le tsa matlo a batho ba ’maloa ba seatla se bulehileng, le ho abjoa ho hoholo ha taba e hatisitsoeng e sa lefelloeng e reretsoeng ho tsosa thahasello ho “Photo-Drama.” Kae le kae moo e neng e bontšoa teng, matšoele a ile a tla ho tla e bona. Ka nako ea selemo “Photo-Drama” e ne e fihlile ho bamameli ba fetang 8 000 000 United States le Canada, ’me matšoele a eketsehileng a ne a ntse a tlalehoa ho tsoa Brithani le k’hontinenteng ea Europe hammoho le Australia le New Zealand. “Photo-Drama” e ile ea lateloa ke tokollo e batlang e le khutšoanyane (e se baesekopo) bakeng sa ho sebelisoa metseng e menyenyane le libakeng tse ka thōko tsa naha. Tšoantšiso eo e ile ea tsoela pele ho sebelisoa bonyane ka lilemo tse mashome a mabeli ka lipuo tse sa tšoaneng. Ho ile ha tsosoa thahasello e khōlō, mabitso a ba thahasellang a ile a tlisoa, ’me ho ile ha etsoa maeto a ho latella thahasello eo.
Joale, ka bo-1920, kofuto e ’ngoe e ile ea fumaneha bakeng sa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka bophara. Moena Rutherford o ile a ikutloa ka matla hore letsoho la Morena le ne le bonahala ho tsoeleng pele ha eona. E ne e le eng? Seea-le-moea. Lilemo tse ka tlaase ho tse peli ka mor’a hore seea-le-moea sa lefatše sa pele sa khoebo se qale ho hasa ka mehla (ka 1920), J. F. Rutherford, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, a bua seea-le-moeeng ho hasa ’nete ea Bibele. E ne e le kofuto e neng e ka finyella batho ba limillione ka nako e le ’ngoe. Ka nako ea lilemo tse ling tse peli, ka 1924, Mokhatlo o ne o e-na le setsi sa oona sa seea-le-moea, WBBR, se sebetsang New York. Ka 1933, selemo sa tlhōrō, litsi tse 408 li ne li sebelisoa ho isa molaetsa mafatšeng a tšeletseng. Ho phaella likhasong tse sa rekotoang esale pele, mananeo a lihlooho tse ngata a ne a rekotoa esale pele. Ho phatlalatsa sebakeng ka seng ho ile ha etsoa ka ho aba litsebiso tse hatisitsoeng e le hore batho ba ka tseba ka likhaso tseo le ho rua molemo ho tsona. Likhaso tsena li ile tsa felisa leeme le lengata le ho bula mahlo a ba lipelo li tšepahalang. Batho ba bangata, ka lebaka la ho tšaba baahelani ba bona le baruti, ba ile ba ikhula ho ba teng libokeng tse lokiselitsoeng ke Liithuti tsa Bibele, empa hona ha hoa ka ha ba thibela ho mamela seea-le-moea mahaeng a bona. Likhaso tsena ha lia ka tsa nka sebaka sa bopaki bo hlokahalang ba ka ntlo le ntlo; empa li ile tsa isa ’nete ea Bibele libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, ’me li ile tsa fana ka menyetla e babatsehang bakeng sa lipuisano ha Lipaki ka botsona li etela malapa a batho.
Boikarabelo ba E Mong le E Mong ba ho Paka
Boikarabelo ba ho ba le karolo ea botho bopaking bo ’nile ba totobatsoa ke Molula-Qhooa ka lilemo tse mashome. Empa ho tloha ka 1919 ho ea pele, e bile sehlooho sa puisano e sa khaotseng libukeng tse hatisitsoeng le mananeong a kopano. Empa, ho batho ba bangata ho ne ho se bonolo ho atamela batho basele matlong a bona, ’me pele e ne e le palo e fokolang feela ea Liithuti tsa Bibele e kopanelang ka mehla bopaking ba ntlo le ntlo.
Khothatso ea Mangolo e futhumatsang pelo e ile ea fanoa. “Ho Hlohonolofalitsoe ba Hlokang Tšabo” e ne e le sehlooho se neng se le litokollong tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tsa August 1 le 15, 1919. Se ile sa lemosa khahlanong le ho tšaba batho, sa lebisa tlhokomelo ho bahlabani ba sebete ba 300 ba Gideone ba neng ba le hlokolosi ba bile ba utloisisa ho sebeletsa ka tsela leha e le efe eo Morena a e laetseng ’me ba le khahlanong le litšitiso tse bonahalang li ka ba hlōla, sa boela sa babatsa ho itšetleha ha Elisha ka Jehova ntle ho tšabo. (Baahl. 7:1-25; 2 Mar. 6:11-19; Liprov. 29:25) Ka 1921 sehlooho se reng “Le be Sebete” ha sea totobatsa feela mosebetsi empa kamoo e leng tokelo ho sebetsa lehlakoreng la Morena khahlanong le makhotla a bosatane a lefifi ka ho ba le karolo ho etseng mosebetsi o boletsoeng esale pele ho Mattheu 24:14. Bao maemo a bona a ba sitisang ba ile ba khothalletsoa hore ba se ke ba nyahama ’me ka nako e tšoanang ba se ke ba ikhula ho etseng seo ba ka se khonang.
Ka lipuisano tse tobileng tsa Mangolo, Molula-Qhooa o ile oa hlokomelisa bohle ba bolelang hore ke bahlanka ba tlotsitsoeng ba Molimo boikarabelo ba bona ba ho ba baboleli ba ’Muso oa Molimo. Tokollo (ea Senyesemane) ea August 15, 1922, e ne e e-na le sehlooho se sekhutšoane, se tobileng se reng “Tšebeletso ke ea Bohlokoa”—ke hore, tšebeletso ho etsisoa Kreste, tšebeletso e tla isa motho malapeng a ba bang ho ea ba bolella ka ’Muso oa Molimo. Hamorao hona selemong seo, ho ile ha bontšoa hore tšebeletso e joalo, hore e tle e be ea bohlokoa mahlong a Molimo, e tlameha ho susumetsoa ke lerato. (1 Joh. 5:3) Sehlooho se seng tokollong (ea Senyesemane) ea June 15, 1926, se ile sa bolela hore Molimo ha a khahloe hakaalo ke borapeli bo hlomamisitsoeng; seo a se batlang ke kutlo, ’me e akarelletsa kananelo bakeng sa mekhoa efe kapa efe eo a e sebelisang ho finyella morero oa hae. (1 Sam. 15:22) Selemong se latelang, ha ho hlahlobjoa “Thōmo ea Bakreste Lefatšeng,” tlhokomelo e ile ea lebisoa mosebetsing oa Jesu e le “paki e tšepehang, ea ’nete” le tabeng ea hore moapostola Pauluse o ile a bolela “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—Tšen. 3:14; Lik. 20:20, NW.
Linehelano tse batsi bakeng sa hore bahoeletsi ba li tšoare ka hlooho li ile tsa fanoa ho Bulletin, leqephe la bona la taeo ea tšebeletso ea khoeli le khoeli. Ho ile ha fanoa ka khothatso ea ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Empa palo ea ba hlileng ba paka ka ho etela ntlo le ntlo e ne e fokola pele, le ba bang ba ileng ba qala ha baa ka ba tsoela pele mosebetsing oo. Ka mohlala, United States, palo ea beke le beke ka karolelano ea ba ileng ba tlaleha e le ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo ka 1922 e ne e le 2 712. Empa ka 1924 palo eo e ile ea theohela ho ba 2 034. Ka 1926 ka karolelano ba ile ba phahamela ho ba 2 261, ka tlhōrō ea ba 5 937 ba kopanelang nakong ea beke e le ’ngoe ea tšebeletso e khethehileng.
Joale, qetellong ea 1926, Mokhatlo o ile oa qala ho khothalletsa liphutheho ho kopanyelletsa karolo ea Sontaha e le nako ea ho paka ka sehlopha le hore ka nako eo ho se fanoe feela ka lipampitšana empa le libuka bakeng sa thuto ea Bibele. Ka 1927, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa khothalletsa ba tšepahalang liphuthehong hore ba tlose leha e le bafe ba boemong ba boholo bao lipuo kapa liketso tsa bona li bontšang hore ha ba amohele boikarabelo ba ho paka phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Kahoo, makala a sa beheng litholoana a ne a tlosoa, ’me a neng a sala a ne a faoloa e le hore a ka beha litholoana tse eketsehileng tlotlisong ea Molimo. (Bapisa le setšoantšo sa Jesu ho Johanne 15:1-10.) Na hoo ho hlile ha fella ka keketseho thorisong ea phatlalatsa ho Jehova? Selemo sa 1928 se ile sa bona keketseho ea karolo ea 53 lekholong palong ea ba kopanelang bopaking beke le beke ka karolelano United States!
Lipaki ha lia ka tsa hlola li fana feela ka lipampitšana tse sa lefelloeng e be li tsoela pele. Bongata ba tsona bo ne bo bua hakhutšoanyane le beng ba matlo, bo ikemiselitse ho tsosa thahasello molaetseng oa Bibele, e be joale bo fana ka libuka tseo ba ka li balang.
Ka sebele Lipaki tseo tsa pele li ne li le sebete, le hoja e se tsona kaofela tse neng li le bohlale. Leha ho le joalo, li ile tsa ema li khethollehile lihlopheng tse ling tsa bolumeli. Ha lia ka tsa bolela feela hore e mong le e mong o lokela ho beha bopaki tumelong ea hae. Ka manane a ntseng a eketseha nako le nako, li ne li hlile li ho etsa.
Likarete tsa Bopaki le Likramafono
Qetellong ea 1933 ho ile ha qalisoa mokhoa o fapaneng oa ho bolela. E le kenyelletso, Lipaki li ne li neha batho karete ea bopaki e nang le molaetsa o mokhutšoane bakeng sa hore mong’a ntlo a e bale. Ena e ne e le thuso e khōlō haholo-holo ho bahoeletsi ba bacha, ba neng ba sa fumane koetliso e khōlō mehleng eo. Ka kakaretso, ka mor’a ho bala karete li ne li fana ka litlhaloso tse ’maloa tse khutšoaane ho mong’a ntlo; tse ling li ne li bua lolololo, li sebelisa Bibele. Ho sebelisoa ha likarete tsa bopaki ho ile ha tsoela pele ho fihlela ka bo-1940. Ho ile ha lumella hore tšimo e akaretsoe kapele, ’me ha nolofalletsa Lipaki hore li fihle ho batho ba eketsehileng, li fihlise libuka tsa bohlokoa tsa Bibele matsohong a bona, li fana ka bopaki bo tšoanang, li bile li fana ka molaetsa ho batho bao li ke keng tsa bua puo ea bona. Hape ho ile ha fella ka linako tse ling tse hlabisang lihlong ha beng ba matlo ba nka karete ’me ba koala menyako ea bona, ba etsa hore ho hlokahale hore Paki e boele e kokote hore e boele e fumane karete eo!
Lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele le tsona li bile le karolo e ka sehloohong nakong ea bo-1930 le mathoasong a bo-1940. Ka 1934 Lipaki tse ling li ile tsa qala ho nka kramafono ha li il’o paka. Mochine oo o ne o batla o le boima, kahoo ba ne ba o boloka koloing ea bona kapa ba o siea sebakeng se loketseng ho fihlela ba fumana batho ba utloisisang ho mamela puo e rekotiloeng ea Bibele. Joale, ka 1937, ho ile ha qalisoa ho sebelisoa ha kramafono menyakong ea matlo. Mokhoa oa ho e sebelisa o ne o le bonolo: Ka mor’a ho bolela hore e ne e e-na le molaetsa oa bohlokoa oa Bibele, Paki e ne e beha nalete holim’a rekoto ’me e be eona e buang. Kasper Keim, pula-maliboho ea Lejeremane e sebeletsang Netherlands, o ile a leboha “Aarone” oa hae haholo, kamoo a neng a bitsa kramafono ka teng, hobane o ne a ho fumana ho le thata ho paka ka Sedutche. (Bapisa le Exoda 4:14-16.) Ka lebaka la ho rata ho tseba malapa kaofela ka linako tse ling a ne a ee a mamele lirekoto.
Ho fihlela ka 1940, ho ne ho ntse ho sebelisoa likramafono tse fetang 40 000. Selemong seo ’motlolo o mocha o emeng o ileng oa qaptjoa le ho hahoa ke Lipaki o ile oa hlahisoa, ’me oa sebelisoa haholo-holo Amerika. O ile oa tsosa taba-tabelo e ngata ea ho batla ho tseba hobane beng ba matlo ba ne ba sa bone rekoto ha e ntse e bapala. Rekoto e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le ea liphikoloho tse 78 ka motsotso ’me e ne e le bolelele ba metsotso e mene le halofo. Lihlooho li ne li le khutšoanyane ’me li toba taba: “’Muso,” “Thapelo,” “Tsela e Isang Bophelong,” “Boraro-bo-bong,” “Pelekatori,” “Ke Hobane’ng ha Baruti ba Hanyetsa ’Nete.” Lipuo tse sa tšoaneng tse ka holimo ho 90 li ile tsa rekotoa; ha sebelisoa lirekoto tse fetang millione. Linehelano li ne li hlakile ’me ho le bonolo ho li latela. Beng ba matlo ba bangata ba ile ba mamela ka kananelo; ke ba seng bakae ba ileng ba arabela ka mabifi. Empa bopaki bo sebetsang le bo tsitsitseng bo ne bo ntse bo fanoa.
Ho Tsebahatsa Litaba tse Molemo ka Sebete Libakeng tse Pontšeng
Le hoja likarete tsa bopaki le lirekoto tsa kramafono e ne e le tsona tse “buang” haholo, ho ne ho hlokahala sebete se seholo ho ba Paki mehleng eo. Boleng ba mosebetsi ka bobona bo ne bo beha Paki ka ’ngoe pontšeng.
Ka mor’a kopano ea 1931 Columbus, Ohio, Lipaki tsa Jehova li ile tsa aba bukana The Kingdom, the Hope of the World, e neng e akarelletsa qeto e nang le sehlooho se reng “Temoso e Tsoang ho Jehova” e neng e tobisitsoe “Ho Babusi le Sechaba.” Li ile tsa hlokomela hore joaloka Lipaki tsa Jehova, li na le boikarabelo bo tebileng ba hore li fane ka temoso e ka Lentsoeng la hae. (Ezek. 3:17-21) Ha lia ka tsa kenya libukana tseo posong feela kapa ho li kenya ka tlas’a mamati. Li ile tsa li isa tsona ka botsona. Li ile tsa etela baruti bohle ’me, moo ho khonehang, bo-ralipolotiki, liofisiri tsa sesole, le baokameli ba lifeme tse khōlō. Ho phaella moo, li ne li etela batho ka kakaretso linaheng tse ka bang lekholo moo ka nako eo Lipaki tsa Jehova li neng li ntšetsa pele bopaki bo hlophisitsoeng.
Ka 1933 li ne li sebelisa mechine e matla ea ho hatisa mantsoe ho bapala lirekoto tsa lipuo tse otlolohileng tsa Bibele libakeng tse pontšeng. Baena Smets le Poelmans ba ile ba beha thepa ena ea bona holim’a baesekele e mabili a mararo ’me ba ema pel’a eona ha e ntse e ntšetsa molaetsa libakeng tsa ’maraka le pel’a likereke Liège, Belgium. Hangata ba ne ba e-ba moo lihora tse leshome ka letsatsi. Batho Jamaica ba ne ba bokana habonolo ha ba ne ba utloa ’mino, ka hona baena moo ba ne ba letsa ’mino pele. Ha matšoele a ne a e-tla a tsoa libakeng tsa likhoa a tsoela mebileng e meholo ho tla bona se etsahalang, ba ne ba fumana Lipaki tsa Jehova li fana ka molaetsa oa ’Muso.
E ’ngoe ea thepa eo ea ho hatisa mantsoe e ile ea kenngoa likoloing le liketsoaneng, ’me libuela-hōle li ne li le holim’a tsona ho isa molumo hōle. Bert le Vi Horton, Australia, ba ne ba khanna vene e nang le sebuela-hōle se seholo se neng se behiloe ka holimo se neng se ngotsoe mantsoe a reng “Molaetsa oa ’Muso.” Ka selemo se le seng ba ne ba entse hore hoo e ka bang seterata se seng le se seng Melbourne se lume ke ho pepesoa ho susumetsang ha bolumeli ba bohata le litlhaloso tse futhumatsang pelo tsa mahlohonolo a ’Muso oa Molimo. Lilemong tseo Claude Goodman o ne a bula maliboho India. Ho sebelisoa ha koloi e nang le sebuela-hōle, ka lirekoto ka lipuo tsa sebaka seo, ho ile ha mo nolofalletsa ho finyella matšoele a maholo mabenkeleng, libakeng tsa boikhathollo, pel’a tsela—kae kapa kae moo batho ba ka fumanoang teng.
Ha baena Lebanon ba pakile koloi ea bona e nang le sebuela-hōle leralleng ’me ba hasa lipuo, molumo o ne o theohela tlaase phuleng. Batho ba motseng ka lebaka la ho se bone moo lentsoe le tsoang teng, ka linako tse ling ba ne ba tšoha, ba nahana hore Molimo o ne a bua le bona a le leholimong!
Leha ho le joalo, ka linako tse ling baena ba ne ba e-ba le linako tsa tsitsipano. Ketsahalong e ’ngoe, Syria, moprista oa motse o mong o ile a siea lijo tsa hae tsa motšehare tafoleng, a nka molamu oa hae o moholo oo a tsamaeang ka ona, ’me a mathela letšoeleng le bokaneng ho tla utloa ha ho hasoa puo ea Bibele e tsoang koloing e nang le sebuela-hōle. A tsokotsa molamu ka bohale ’me a hoeletsa, a re: “Khaotsa! Ke u laela hore u khaotse!” Empa baena ba hlokomela hore hase e mong le e mong ea neng a lumellana le eena; ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba batla ho utloa. Kapele, ba bang ba bongata ba nkela moprista eo holimo ’me ba mo khutlisetsa ntlong ea hae, moo ba ileng ba fihla ba mo beha hape tafoleng ea lijo tsa motšehare! Ho sa tsotellehe khanyetso ea baruti, ka sebete Lipaki li ile tsa etsa bonnete ba hore batho ba fumana monyetla oa ho utloa.
Nakong ena ho boetse ha e-ba le tšebeliso e batsi ea mamatjana a phatlalatso a neng a nkiloe ke Lipaki libakeng tsa khoebo ha li ntse li aba limemo tsa lipuo tse khethehileng. E qalile ka 1936 Glasgow, Scotland. Ka selemo seo mokhoa o tšoanang oa phatlalatso o ile oa sebelisoa London, Engelane, hape le United States. Lilemo tse peli hamorao phatlalatso e joalo e ile ea ntšetsoa pele ka ho nka matšoao a phahamiselitsoe holimo ka lithupa. Matšoao ana a ne a re, “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene”b le, “Sebeletsang Molimo le Kreste Morena.” Nakong ea kopano, mokoloko oa ba machang ba nkile matšoao ana o ne o ka ba molelele ba lik’hilomithara tse ’maloa. Ha ba ntse ba macha ba khutsitse, e mong a le ka mor’a e mong, literateng tseo ho tsamauoang ho tsona ka bongata, phello e ne e tšoana le ea lebotho la Iseraele ea boholo-holo ha le ne le potoloha Jeriko pele marako a eona a heleha. (Josh. 6:10, 15-21) Ho tloha London, Engelane, ho ea Manila, Philippines, ho ile ha etsoa ho paka ho joalo ha phatlalatsa ka sebete.
Ho boetse ha sebelisoa mokhoa o mong hape oa ho paka phatlalatsa ka 1940. Tumellanong le lengolo le buang ka hore ‘bohlale ba ’nete bo hoeletsa haholo literateng,’ ka February hona selemong seo Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho aba Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e tsejoang e le Tsoha!) li eme likoung tsa literata.c (Liprov. 1:20, NW) Li ne li ee li bitse mapetjo a lebisang tlhokomelo limakasineng le molaetseng oo li o fupereng. Metseng e meholo le e menyenyane likarolong tsohle tsa lefatše, ho fana ka limakasine ho etsoang ke Lipaki tsa Jehova ke pono e tloaelehileng. Empa ho etsa mosebetsi oo ho hloka sebete, ’me sebete se joalo se ne se hlokahala haholo-holo ha mosebetsi o ne o qala, hobane e ne e le nakong eo mahloriso a neng a le maholo a tsamaea le ho nkeha maikutlo ha bochaba ba nako ea ntoa.
Ha li bitsetsoa ho tla kopanela bopaking bo joalo ba phatlalatsa, Lipaki li ile tsa arabela ka tumelo. Palo ea ba ileng ba hla ba kopanela mosebetsing e ile ea tsoela pele ho eketseha. Li ile tsa ho nka e le tokelo ho bontša botšepehi ba tsona ho Jehova ka tsela ena. Empa ho ne ho e-na le ho hongata hoo li lokelang ho ithuta hona.
E Mong le e Mong o Khona ho Hlalosa Tumelo ea Hae
Lenaneo le sa tloaelehang haholo la thuto le ile la tsoela pele ka 1942. Le ile la qala ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova, ’me selemong se latelang, le ile la qala ho khakoloa liphuthehong tsa Lipaki lefatšeng ka bophara. Li e-na le tšepo ea hore moea oa Molimo o ne o le holim’a tsona le hore o ne a behile lentsoe la hae melomong ea tsona, li ne li ikemiselitse ho bolela lentsoe leo esita le haeba bahlorisi ba ne ba ka thibela libuka tsa Watch Tower kapa Bibele ka boeona. (Esa. 59:21) Ho ne ho se ho ntse ho e-na le linaha, tse kang Nigeria, moo Lipaki li neng li e-na le Bibele feela bakeng sa ho e sebelisa ha li bolela, kaha ’muso o ne o thibetse libuka tsohle tsa Watch Tower ’me o bile o li amohile baena ba bangata ba neng ba e-na le libuka tseo lilaebraring tsa bona.
E ne e le ka February 16, 1942, ha Moena Knorr a khakola lenaneo la thuto e tsoetseng pele ea tšebeletso ea puso ea Molimo Lehaeng la Bethele Brooklyn, New York. Thupelo eo e ile ea fana ka litaeo litabeng tse kang phuputso, ho itlhalosa ka ho hlaka le ka nepo, ho etsa likemiso tsa lipuo bakeng sa nehelano lipuong tsa phatlalatsa, ho nehelana ka polelo ka ho atlehileng, ho nehelana ka likhopolo ka mokhoa o susumetsang, le ho ba masene. Ka bobeli baena le likhaitseli ba ne ba amoheleha hore ba be teng, empa e ne e le ba batona feela ba neng ba memetsoe ho ngolisa le ho fana ka lipuo tsa liithuti tseo ba neng ba tla eletsoa ho tsona. Melemo e ile ea bonahala kapele e seng ho bua sethaleng feela empa hape katlehong e khōloanyane boboleling ba ntlo le ntlo.
Selemong se latelang ho kena sekolo hona ho ile ha atolosetsoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Pele e ne e le ka Senyesemane, eaba joale e ba ka lipuo tse ling. Morero o boletsoeng oa sekolo sena e ne e le ho thusa e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova hore a khone ho ruta ba bang ha a etela batho ka ntlo le ntlo, a etsa maeto a ho boela, le ha a khanna lithuto tsa Bibele. Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla thusoa ho ba mosebeletsi ea tšoanelehang. (2 Tim. 2:2, NW) Ka 1959, bo-khaitseli le bona ba ile ba fuoa monyetla oa ho ngolisa sekolong sena le ho nehelana ka lipuo ba latela kemiso ea tšebeletso ea tšimo—ba sa bue ka ho toba le bamameli bohle empa, ho e-na le hoo, ho ba abetsoeng ho nka sebaka sa mong’a ntlo. ’Me seo e ne e se phetho.
Ho tloha ka 1926, baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo ba ’nile ba sebetsa hammoho le Lipaki ka bomong tšebeletsong ea tšimo, e le ho li thusa ho ntlafatsa tsebo ea tsona. Leha ho le joalo, kopanong ea machaba New York ka 1953, a e-na le balebeli ba potoloho le ba setereke ba lutseng ka pel’a sethala, Moena Knorr o ile a bolela hore mosebetsi o ka sehloohong oa bahlanka bohle, kapa balebeli, e lokela ho ba ho thusa Paki e ’ngoe le e ’ngoe hore e be mosebeletsi oa ka mehla oa ntlo le ntlo. A re: “E mong le e mong o lokela ho khona ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo.” Ho ile ha etsoa phutuho ea lefatše ka bophara ho finyella sena.
Ke hobane’ng ha ho hatisoa taba ee hakaale? Nka United States e le mohlala: Ka nako eo karolo ea 28 lekholong ea Lipaki e ne e lekanyetsa tšebeletso ea eona ho abeng limemo kapa ho ema literateng ka limakasine. ’Me karolo e ka holimo ho 40 lekholong ea Lipaki e ne e kopanela tšebeletsong ea tšimo ka seoelo feela, e lumella likhoeli hore li fete ho hang e sa etse bopaki leha e le bofe. Ho ne ho hlokahala thuso e lerato ka sebōpeho sa koetliso ea botho. Ho ile ha etsoa litokisetso tse neng li tla nolofalletsa Lipaki tsohle tsa Jehova tse neng li e-s’o be Lipaki ka ntlo le ntlo hore li fuoe thuso ha li atamela batho menyakong ea bona, li bua le bona ho tsoa Bibeleng, le ho arabela lipotso tsa bona. Li ne li tla ithuta ho lokisetsa lipuisano tsa Mangolo tse neng li ka fana ka tsona mohlomong ka metsotso e meraro ho batho ba neng ba tšoarehile, kapa hoo e ka bang metsotso e robeli bakeng sa ba bang. Sepheo e ne e le ho thusa Paki e ’ngoe le e ’ngoe hore e be moevangeli oa Mokreste ea hōlileng tsebong.
Hase balebeli ba tsamaeang feela ba ileng ba fana ka taeo ena. Bahlanka, kapa balebeli, ba sebaka ka seng le bona ba ile ba fana ka eona; ’me lilemong tse latelang, Lipaki tse ling tse tšoanelehang hantle li ile tsa abeloa ho koetlisa ba bang ba itseng. Ka lilemo, lipontšo tsa kamoo mosebetsi o lokelang ho etsoa ka teng li ’nile tsa fanoa Sebokeng sa Tšebeletso sa beke le beke sa phutheho. Empa joale sena se ne se tsamaea le khatiso e tsoelang pele holim’a koetliso ea botho tšimong.
Liphello e bile tse ikhethang. Palo ea Lipaki tse bolelang ka ntlo le ntlo e ile ea eketseha, ho bile joalo le ka palo ea ba kopanelang ka mehla tšebeletsong ea tšimo. Ka nako ea lilemo tse leshome palo e akaretsang ea Lipaki lefatšeng ka bophara e ile ea phahama ka karolo ea 100 lekholong. Li ne li boetse li etsa maeto a ho boela a fetang karolo ea 126 lekholong ho ea arabela lipotso tsa Bibele tsa batho ba thahasellang, ’me li ne li khanna karolo ea 150 lekholong ea lithuto tse eketsehileng tsa lehae tsa Bibele ka mehla le ba ileng ba bontša ho lapela ’nete ea Bibele. Kannete li ile tsa ipaka e le basebeletsi ba tšoanelehang.
Ka lebaka la limelo tse sa tšoaneng tsa thuto le setso tseo Lipaki tsena li tsoang ho tsona, le ’nete ea hore li ne li qhalakane ka lihlotšoana lefatšeng lohle, ho hlakile hore na ke hobane’ng ha Lipaki li sa lebise tlōtla ho motho, empa li e lebisa ho Jehova Molimo ka tsela eo li ’nileng tsa hlomelloa ka teng le ho koetlisetsoa ho bolela litaba tse molemo.—Joh. 14:15-17.
Boboleli ba Ntlo le Ntlo—Letšoao le Khethollang
Ka linako tse sa tšoaneng lihlopha tse ling tsa bolumeli li ’nile tsa khothalletsa litho tsa tsona hore li etele mahae a batho motseng oa tsona ho ea bua ka bolumeli. Batho ba bang ka bomong ba ile ba ho leka. Ba bang ba itseng ba ka ba ba ho etsa e le baromuoa ka lilemo tse peli, empa hoo ho fella hona moo. Leha ho le joalo, ke har’a Lipaki tsa Jehova feela moo e batlang e le bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba batona le ba batšehali, ba kopanelang tšebeletsong ea ntlo le ntlo lilemo ho pota. Ke Lipaki tsa Jehova feela tseo kannete li ikemiselitseng ho finyella lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona ka molaetsa oa ’Muso, li utloa taelo ea boprofeta e ho Mattheu 24:14.
Hase hore Lipaki tsohle tsa Jehova li fumana mosebetsi ona o le bonolo.d Ho fapana le moo, tse ngata tsa tsona, ha li ne li qala ho ithuta Bibele, li ile tsa re: ‘Ho na le ntho e le ’ngoe eo le ka mohla nke keng ka e etsa, ke ho ea ka ntlo le ntlo!’ Empa, ke tšebeletso eo e batlang e le Lipaki tsohle tsa Jehova tse kopanelang ho eona haeba ’mele ea tsona e li lumella ho etsa joalo. ’Me tse ngata tse sa khoneng ka lebaka la ’mele ea tsona lia o etsa leha ho le joalo—tse tsamaeang ka litulo tsa liqhoala, ka lithupa, le tse ling tse joalo. Tse ling—tse sa khoneng ho hang ho tloha lapeng, kapa li koalletsoe ka nakoana, e le hore li ka finyella batho bao ho seng ka tsela e ’ngoe eo ba ka fumanoang ka eona—li paka ka thelefono kapa ka ho ngola mangolo. Ke hobane’ng ha ho e-na le boikemisetso bo bokana?
Ha li e-ba le tsebo ka Jehova, lerato la tsona ho eena li fetola pono ea tsona kaofela bophelong. Li batla ho bua ka eena. Lintho tse babatsehang tseo a li boloketseng ba mo ratang li molemo hoo li sitoang ho ipolokela tsona. ’Me li ikutloa li e-na le boikarabelo ka pel’a Molimo ba ho lemosa batho ka mahlomola a maholo a larileng ka pele. (Matt. 24:21; bapisa le Ezekiele 3:17-19.) Empa ke hobane’ng ha ho etsoa ka ho ea ka ntlo le ntlo?
Lia tseba hore Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho ea malapeng a batho ho ea bolela le ho ea ruta. (Matt. 10:11-14) Lia hlokomela hore ka mor’a hore moea o halalelang o tšolloe ka Pentekonta 33 C.E., baapostola ba ile ba tsoela pele ba sa khaotse ho bolela litaba tse molemo “tempeleng [Jerusalema] le ka matlung.” (Lik. 5:42) Paki e ’ngoe le e ’ngoe e tseba Liketso 20:20 (NW), e bolelang hore moapostola Pauluse o ile a ruta “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” ’Me li bona bopaki bo bongata ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing ona mehleng ea kajeno. Kahoo, hangata ha li ntse li fumana phihlelo tšebeletsong ea ntlo le ntlo, tšebeletso eo ka nako e ’ngoe li neng li ile tsa e tšoha e ba ntho eo li e lebellang ka matla.
’Me li sebetsa ka tsela e hlollang. Li boloka litlaleho ka hloko e le hore li ka khutlela ho ea bua leha e le bafe ba neng ba le sieo lapeng. E seng hoo feela, empa li etela lelapa le leng le le leng khafetsa.
Ka lebaka la ho atleha ha tšebeletso ea ntlo le ntlo, bahanyetsi linaheng tse ngata ba lekile ho e thibela. E le hore li ka hlomphuoa ke ba boholong bakeng sa tokelo ea tsona ea ho bolela ka ntlo le ntlo, Lipaki tsa Jehova li ipilelitse ho ba boholong pusong. Moo ho hlokahalang, li ile makhotleng e le hore li ka tiisa ka molao tokelo ea ho hasa litaba tse molemo ka mokhoa ona. (Ba-Fil. 1:7, NW) ’Me moo mebuso e hatellang e ileng ea tsitlallela ho thibela tšebetso e joalo, Lipaki tsa Jehova ka linako tse ling li mpile tsa ho etsa ka tsela feela e sa hlahellang kapa, haeba ho hlokahala, li ile tsa sebelisa mekhoa e meng ho finyella batho ka molaetsa oa ’Muso.
Le hoja likhaso tsa seea-le-moea le thelevishene li ’nile tsa sebelisoa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso, Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore kopano e etsoang ke maeto a ntlo le ntlo e atleha haholo ho feta. E fana ka menyetla e molemo bakeng sa ho arabela lipotso tsa beng ba matlo ka bomong le ho batla ba tšoanelehang. (Matt. 10:11) Ke le leng la mabaka ao ka lona, ka 1957, Mokhatlo oa Watch Tower o ileng oa rekisa setsi sa seea-le-moea sa WBBR New York.
Leha ho le joalo, ka mor’a ho pakela batho, Lipaki tsa Jehova ha li ikutloe hore mosebetsi oa tsona o phethiloe. E mpa e le qalo feela.
‘Le Etse Barutuoa . . . Le ba Rute’
Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse ho fetang feela ho bolela. E le ho mo etsisa, hape ba lokela ho ruta. (Matt. 11:1) Pele a nyolohela leholimong, o ile a ba laela: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matt. 28:19, 20, NW) Ho ruta (di·daʹsko, ka Segerike) ho fapana le ho bolela ka hore tichere e etsa ho fetang ho bolela; ea laea, ea hlalosa, e fana ka bopaki.
Hoo e ka bang mathoasong a bo-April 1881, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa fana ka litlhahiso tse khutšoanyane ka mokhoa oa ho ruta. Ba bang ba barekisi ba pele ba libuka tsa bolumeli ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho khutlela ho ba ileng ba bontša thahasello, ho ba khothalletsa ho bala libuka tsa Mokhatlo le ho kopana le ba bang bakeng sa ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mehla. Buka The Harp of God (e hatisitsoeng ka 1921) hangata e ne e sebelisoa ka morero oo. Leha ho le joalo, hamorao, ho ile ha etsoa ho eketsehileng le ho feta ka tsela ea ho lebisa tlhokomelo ea botho ho ba thahasellang. Lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng hammoho le tataiso e hatisitsoeng ea ho ithuta li ile tsa sebelisoa haholo tšebeletsong ena. Hoo ho ile ha etsahala joang?
Ho tloha mathoasong a 1933, Mokhatlo o ile oa tlatsetsa likhaso tsa seea-le-moea sa oona ka lirekoto tse letsoang mochineng o hatisang mantsoe liholong tsa liboka, libakeng tsa boikhathollo, lihekeng tsa lifektheri, le tse ling tse joalo. Ka nako e khutšoanyane, Lipaki tse ileng tsa fumana batho ba thahasellang ha li e-ea ka ntlo le ntlo li ne li etsa litokisetso tsa ho khutla ho tla ba letsetsa tse ling tsa lirekoto tsena malapeng a bona. Ha ho e-ba le buka Riches ka 1936, ho ile ha sebelisoa lipuisano tse tsoang ho eona, ka mor’a lirekoto tseo, ho qalisa lithuto tseo ho tsona ho neng ho ka ba teng ba thahasellang sebakeng seo. Mosebetsi ona o ile oa hatisoa haholo-holo ka tebello ea ho thusa ba lebelletsoeng ho ba litho tsa “letšoele le leholo” hore ba ithute ’nete.—Tšen. 7:9, KJ.
Hoo e ka bang ka nako eo, baeta-pele ba K’hatholike ba ile ba totisa khatello ea bona holim’a beng ba litsi tsa seea-le-moea le baokameli ba tsona hammoho le boemeli ba ’muso ka boiteko ba ho ikemisetsa ho thibela ho hasoa ha mananeo a Watch Tower. Kōpo e ileng ea saenoa ke batho ba 2 630 000 United States e ile ea batla hore ho be le puisano ea phatlalatsa pakeng tsa J. F. Rutherford le e mong ea boholong ea phahameng oa Kereke ea Roma e K’hatholike. Ha ho le ea mong oa baruti ba K’hatholike ea neng a rata ho amohela phephetso ena. Kahoo, ka 1937, Moena Rutherford o ile a etsa lirekoto tse nang le sehlooho “Pepesitsoe” le “Bolumeli le Bokreste,” tse neng li hlahisa lithuto tsa motheo tsa Bibele, haholo-holo li hanyetsana le lithuto tsa K’hatholike tseo e seng tsa Mangolo. Boitsebiso bo tšoanang bo ile ba hatisoa libukaneng Tširelo le Koaholotsoe, ’me kopi ea Koaholotsoe e ile ea isoa ho e mong le e mong ea neng a saenne kōpo e le hore batho ba ne ba ka ipalla linnete tsa Bibele tseo baeta-pele ba K’hatholike ba neng ba batla ho li hatella.
E le ho thusa batho hore ba bone tseko ena ka ho hlaka le ho hlahloba motheo oa Mangolo bakeng sa eona, bukana Model Study No. 1 e ile ea hatisoa bakeng sa ho sebelisoa libokeng tse lokiselitsoeng batho ba thahasellang. Bukana eo e ne e e-na le lipotso, likarabo, le mangolo a tšehetsang likarabo tseo ho fanoeng ka tsona. Pele, motsamaisi o ne a ee a bapale polata e le ’ngoe kapa ho feta ea lipuo tse rekotiloeng tse boletsoeng pejana e le hore e mong le e mong a ka utloa taba eo ho buuoang ka eona ka kakaretso. Joale, ho ne ho ee ho latele puisano, ho sebelisoa boitsebiso bo fanoeng bukaneng Model Study le ho itlhahlobela mangolo ka bobona. Model Study No. 1 e ile ea lateloa ke No. 2 le No. 3, li momahantsoe le lipuo tse ling tse rekotiloeng. Lithuto tse joalo li ile tsa hlophisoa pele libakeng tseo ho tsona lihlopha tsa batho ba thahasellang li ka bokanang teng, empa hamorao li ile tsa boela tsa tšoaroa le batho ka bomong le malapa.
Esale ho tloha ka nako eo ho ’nile ha fanoa ka libuka tse ngata tse babatsehang haholo-holo bakeng sa ho sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ha li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. Tse ileng tsa tsamaisoa haholo ke “’Nete e be ea Molimo,” ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ho ne ho boetse ho e-na le libukana tse maqephe a 32—“Litaba tsena tse Molemo tsa ’Muso,” God’s Way Is Love, “Bonang! Ke Etsa Lintho Tsohle li be Ncha,” le tse ling tse ngata. Tsena li ile tsa lateloa ke libukana tse lekanang le makasine tse kang Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, e nang le nehelano e bonolo haholo le e utloisisehang habonolo ea lithuto tsa motheo tsa Bibele.
Ho sebelisoa ha likofuto tsena, hammoho le koetliso e pharalletseng ea phutheho le ea botho, ho ile ha fella ka keketseho e tsotehang palong ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse khannoang. Ka 1950, lithuto tsa lehae tsa Bibele, tseo hangata li tšoaroang beke le beke, ka karolelano li bile 234 952. Lithuto tse neng li sa tsoele pele ka ho lekaneng li ne li tloheloa. Liithuti tse ngata li ile tsa tsoela pele ho fihlela moo le tsona li ileng tsa fetoha matichere. Ho sa tsotellehe phetoho e sa khaotseng, palo ea lithuto tsa lehae tsa Bibele e ’nile ea tsoela pele ho phahama, hangata e le ka potlako e khōlō. Ka 1992, Lipaki li ne li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 4 278 127 lefatšeng ka bophara.
E le ho phetha mosebetsi ona o moholo oa ho bolela le ho ruta, ka lipuo tsa lefatše lohle, Lipaki tsa Jehova li sebelisitse lingoliloeng haholo. Hona ho entse hore ho hlokahale ho hatisoa ha lingoliloeng ka tekanyo e khōlōhali.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mosebetsi oa boalosi o ile oa hlophisoa pele ka 1915-16 liphuthehong tse ka bang 500 tse neng li khethile Moena Russell hore e be moalosi oa tsona. E le moalosi, o ne a li ngoletse lengolo le neng le bontša kemiso ea mosebetsi, oo pele o neng o lekanyelitsoe ho bo-khaitseli. Selemong se latelang baena le bona ba ile ba akarelletsoa tšebeletsong ena. Mosebetsi ona oa boalosi, o ile oa ntšetsoa pele ke sehlopha se khethiloeng, oa tsoela pele ho fihlela ka 1921.
b Polelo eo e ne e thehiloe kutloisisong ea hore lentsoe bolumeli le akarelletsa borapeli bohle bo hahiloeng lineanong tsa batho, ho e-na le Lentsoeng la Molimo, Bibele. Leha ho le joalo, ka 1950, ha New World Translation of the Christian Greek Scriptures e ne e hatisoa, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Liketso 26:5, Ba-Kolosse 2:18, le Jakobo 1:26, 27 o ile oa bontša hore lentsoe bolumeli ka nepo le ka sebelisoa ha ho buuoa ka borapeli ba ’nete kapa ba bohata. Hona ho ile ha boela ha hlakisoa ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 15, 1951, leqephe 191, le ho buka What Has Religion Done for Mankind?, maqephe 8-10.
c Ho paka seterateng ka limakasine ho ile ha etsoa motheong oa teko selemong se ka pele, California, U.S.A. Le morao koana ka 1926, Liithuti tsa Bibele li ne li ile tsa tšoareha kabong e akaretsang seterateng ea libukana tse fupereng melaetsa ea bohlokoa. Pejana haholoanyane, ka 1881, li ne li abile libuka haufi le likereke ka Sontaha.
d Molula-Qhooa, November 1, 1981, leq. 12-16.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 556]
Hohle moo Jesu a neng a fumana batho, o ne a bua ka morero oa Molimo bakeng sa batho
[Lebokose le leqepheng la 559]
Tlhohonolofatso e Khethehileng Mosebetsing oa Ntlo le Ntlo
“Joaloka ho tleng ha pele, mosebetsi oa ho ea ka ntlo le ntlo, ho e-na le ho bolela motho a le sefaleng, ho bonahala ho fumana tlhohonolofatso e khethehileng ea Morena.”—“Molula-Qhooa,” (oa Senyesemane) July 15, 1892.
[Lebokose le leqepheng la 570]
Ke Hobane’ng ha Lipaki li Etela Batho Khafetsa
Ha o hlalosa hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li etela lelapa le leng le le leng nako le nako, “Molula-Qhooa” (oa Senyesemane) oa July 1, 1962, o ile oa re: “Maemo ha a khaotse ho fetoha. Kajeno motho a ka ’na a se ke a ba teng lapeng, nakong e tlang a ka ’na a ba teng. Kajeno a ka ’na a be a tšoarehile haholo hore a ka mamela, empa nakong e tlang a ka ’na a mamela. Kajeno setho se seng sa lelapa ke sona se arabelang monyako, nakong e tlang ke setho se seng; ’me Lipaki li amehile e seng feela ka ho fihla lelapeng le leng le le leng likabelong tsa tsona empa hape, haeba ho khoneha, ho fihla ho motho e mong le e mong ea hōlileng lelapeng le leng le le leng. Hangata malapa a arohane bolumeling, kahoo ka mehla ha ho etsahale hore setho se seng se buelle lelapa kaofela. Ka ntle ho moo, batho ha ba khaotse ho falla ’me kahoo ha ho mohla Lipaki li ka tiisang hore na li tla kopana le mang monyakong o itseng.
“Hase feela hore maemo aa fetoha, empa le batho ka bobona baa fetoha. . . . Hobane ka lebaka la taba e fokolang motho a ka ’na a fetoha ea sa thabang ’me ho hang a sa utloisise ho buisana ka bolumeli kapa ka eng kapa eng ho sa tsotellehe hore na ke mang ea tlang ha hae, empa hase ho utloahalang ho etsa qeto ea hore o tla be a ntse a e-na le boikutlo bo joalo ba kelello le nakong e ’ngoe. Kapa, ka lebaka la hore motho o ne a sa thahaselle ho bua ka bolumeli khoeling e fetileng ha ho bolele hore a ke ke a thahasella khoeling ena. Ho tloha nakong e fetileng ha Paki e etetse motho enoa e ka ’na eaba o bile le phihlelo e tepelletsang haholo kapa ka tsela e ’ngoe o ile a ithuta ntho e ’ngoe e ileng ea mo etsa hore a ikokobetse ho e-na le ho ikhohomosa, a lapele le ho ameha ka tlhoko ea hae ea moea ho e-na le boikutlo ba ho ikhotsofatsa.
“Ka ntle ho moo, molaetsa oo Lipaki li o tlisang o utloahala o makatsa ho batho ba bangata ’me ba hlōleha ho utloisisa ho potlaka ha oona. Ke feela ka ho o utloa khafetsa butle-butle ba utloisisang se buuoang.”
[Lebokose le leqepheng la 574]
Ho Sebelisa “Litsela Tsohle”
“Bao ba rōna ba ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Morena re lekile, ka litsela tsohle, ho lebisa tlhokomelo [ea lefatše] molaetseng oa bophelo. Re ile ra sebelisa mapetjo, liphatlalatso tse maqepheng, seea-le-moea, likoloi tsa molumo, likramafono, likopano tse khōlō, lipontšo tsa ba tsamaeang ba nkile matšoao a boitsebiso le lebotho le hōlang la basebeletsi ba ntlo le ntlo. Tšebeletso ena e sebelelitse ho arolela batho—ba ratang ’Muso o hlomiloeng oa Molimo ka lehlakoreng le leng, ba khahlanong le oona ba ka lehlakoreng le leng. Ona ke mosebetsi o profetiloeng ke Jesu bakeng sa moloko oa ka!”—E ngotsoe ka 1987 ke Melvin Sargent, a le lilemo li 91.
[Setšoantšo]
Melvin Sargent
[Krafo e leqepheng la 574]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Keketseho ea Lithuto tsa Lehae tsa Bibele
4 000 000
3 000 000
2 000 000
1 000 000
1950 1960 1970 1980 1992
[Litšoantšo tse leqepheng la 557]
Lipampitšana tsena tse mashome a limillione li ile tsa abjoa, ntle ho tefo, haufi le likereke, ka ntlo le ntlo, le ka poso
[Litšoantšo tse leqepheng la 558]
Baevangeli ba rekisang libuka tsa bolumeli ba ile ba aba libuka tse hlalosang Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 559]
Anna Andersen o ile a fihla hoo e ka bang motseng o mong le o mong Norway ka libuka tsa Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 560]
Liphatlalatso tsa likoranta li ile tsa thusa ho fihla ho batho bao ho neng ho sa kopanoe le bona ka litsela tse ling
[Litšoantšo tse leqepheng la 561]
Likoranta tse fetang 2 000 mafatšeng a mane li ile tsa hlahisa lipuisano tsa Moena Russell ka nako e le ’ngoe
[Litšoantšo tse leqepheng la 562]
“Photo-Drama of Creation” e ile ea fana ka bopaki bo matla ho batho ba limillione linaheng tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 563]
Ka seea-le-moea, J. F. Rutherford o ile a khona ho pakela batho ba limillione lefatšeng ka bophara ba le malapeng a bona
[Setšoantšo se leqepheng la 564]
Ho itokiselitsoe ho tloha ka baesekele bakeng sa ho paka ka sehlopha Engelane
[Setšoantšo se leqepheng la 565]
Ho qala ka 1933, ho ile ha sebelisoa likarete tsa bopaki tse hatisitsoeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 566]
Lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng li ile tsa fana ka bopaki bo matla nakong ea bo-1930 le bo-1940
[Litšoantšo tse leqepheng la 567]
Likoloi tse nang le libuela-hōle, ka linako tse ling tse ngata tsa tsona (joaloka mona Australia), li ne li sebelisoa ho hasa ’nete ea Bibele libakeng tse pontšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 568]
Matšoao a khanyang lifensetereng tsa malapa a Lipaki tsa Jehova a ile a fana ka bopaki bosiu le motšehare
[Litšoantšo tse leqepheng la 568]
Mamatjana a phatlalatso le matšoao a ile a tlatsetsa bopaking bo sebete ba phatlalatsa (joaloka mona Scotland)
[Litšoantšo tse leqepheng la 569]
Ho abjoa seterateng ha “Molula-Qhooa” le “Consolation” (joalokaha ho bontšitsoe mona U.S.A.) ho ile ha qala ka 1940
[Litšoantšo tse leqepheng la 569]
Ho qala ka 1943, baena liphuthehong ba ile ba fuoa koetliso ea ho bua phatlalatsa
[Litšoantšo tse leqepheng la 571]
Ho khannoa lithuto tsa lehae tsa Bibele le batho ba thahasellang. Ka tlaase mona ke lingoliloeng tse entsoeng ka ho khetheha bakeng sa morero oo—tse hatisitsoeng pele ka Senyesemane, eaba li hatisoa ka lipuo tse ling tse ngata
[Litšoantšo tse leqepheng la 572, 573]
Ba banyenyane le ba baholo, ba batona le ba batšehali, Lipaki ho pota lefatše li kopanela bopaking ba ka ntlo le ntlo
Romania
Bolivia
Zimbabwe
Hong Kong
Belgium
Uruguay
Fiji