Khaolo 31
Kamoo Li Khethoang Le Ho Tataisoa Ke Molimo
BUKA U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšenga e re: “Hoa utloahala hore ho ka ba le bolumeli bo le bong ba ’nete. Hona ho tumellanong le ’nete ea hore Molimo oa ’nete hase Molimo ‘oa mofere-fere, empa oa khotso.’ (1 Ba-Korinthe 14:33) Bibele e bolela hore ha e le hantle ‘tumelo e ’ngoe feela.’ (Ba-Efese 4:5) Ke bo-mang, ba bōpang sehlopha sa barapeli ba ’nete kajeno? Ha re tsila-tsile hore re re ke Lipaki tsa Jehova.”
Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Le ka tiisa joang hore bolumeli ba lōna ke ba ’nete? Ha le na bopaki ba matla a phahametseng a tlhaho—joaloka lineo tsa mohlolo. ’Me ho theosa le lilemo na ha hoa ka ha hlokahala hore le etse liphetoho ponong le lithutong tsa lōna? Joale, le ka kholiseha joang hore le tataisoa ke Molimo?’
E le ho araba lipotso tsena, ho molemo ho nahana pele hore na Jehova o ile a khetha batho ba hae ’me a ba tataisa joang mehleng ea boholo-holo.
Ho Khetha ha Molimo Linakong tsa Bibele
Lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., Jehova o ile a bokella Baiseraele Thabeng ea Sinai ’me a ba mema hore e be sechaba sa hae se khethiloeng. Leha ho le joalo, pele, Jehova o ile a ba tsebisa hore ho na le litlhokahalo tse tobileng tseo ho hlokahalang hore ba li finyelle. O ile a ba bolella: “Haeba le ka utloa lentsoe la ka ka tieo . . . , joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng.” (Ex. 19:5, NW) Ka Moshe, Jehova ka ho hlakileng o ile a totobatsa seo a se hlokang, ’me ka mor’a moo batho ba ile ba arabela: “Taba tsohle tse boletsoeng ke Jehova re tla li etsa.” Eaba Jehova o theha selekane le Iseraele ’me a e neha Molao oa hae.—Ex. 24:3-8, 12.
Ho khethoa ke Molimo—ke tokelo e hlollang hakaakang! Empa tokelo ena e ile ea neha Iseraele boikarabelo ba ho utloa Molao oa Molimo ka tieo. Ho hlōleha ho etsa joalo ho ne ho tla fella ka hore ba lahloe e le sechaba. E le ho kenya tšabo e loketseng ea hore ba mo utloe, Jehova o ile a etsa lipontšo tse tsotehang tsa matla a phahametseng a tlhaho—“lialuma tsa e-ba teng, le mahalima” ’me “thaba kaofela ea reketla haholo.” (Ex. 19:9, 16-18; 20:18, 20) Hoo e ka bang lilemo tse latelang tse 1 500, Baiseraele ba ne ba le boemong bo ikhethang—e ne e le sechaba se khethiloeng sa Molimo.
Leha ho le joalo, lekholong la pele la lilemo C.E., boemo bo ile ba fetoha ka matla. Iseraele e ile ea lahleheloa ke boemo ba eona bo hlomphehang, ea lahloa ke Jehova ka lebaka la ho hana Mora oa hae. (Matt. 21:43; 23:37, 38; Lik. 4:24-28) Joale Jehova o ile a hlahisa phutheho ea pele ea Bokreste, e thehiloeng ho Kreste. Ka Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o ile a tšollela moea oa hae o halalelang ho balateli ba Jesu ba leng Jerusalema, a ba etsa “moloko o khethiloeng, . . . sechaba se halalelang, batho bao e leng letlotlo le khethehileng.” (1 Pet. 2:9, NW; Lik. 2:1-4; Ba-Ef. 2:19, 20) Ba ile ba fetoha “bakhethoa ba Molimo.”—Ba-Kol. 3:12.
Ho ba setho sa sechaba seo ho ne ho itšetlehile ka maemo a itseng. Jehova o ile a beha litlhokahalo tse tiileng tsa boitšoaro le tsa moea tseo ho neng ho hlokahala hore li finyelloe. (Ba-Gal. 5:19-24) Ba neng ba phela tumellanong le se hlokahalang ba ne ba ipeha mocheng oa ho khethoa ke eena. Leha ho le joalo, hang ha ba khethiloe ke Molimo, e ne e le habohlokoa hore ba lule ba utloa melao ea hae. Ke feela “ba mo utloang e le ’musi” ba neng ba tla tsoela pele ho fumana moea oa hae o halalelang. (Lik. 5:32, NW) Ba neng ba hlōleha ho mo utloa ba ne ba le kotsing ea ho ntšetsoa ka ntle ho phutheho le ho lahleheloa ke lefa la bona ’Musong oa Molimo.—1 Ba-Kor. 5:11-13; 6:9, 10.
Empa ke joang ba bang ba neng ba ka tseba hantle hore Molimo o khethile phutheho eo ea pele ea Bokreste hore e nkele Iseraele sebaka e le “phutheho ea Molimo”? (Lik. 20:28, NW) Khetho ea Molimo e ne e totobetse. Ka mor’a lefu la Jesu, O ile a fa litho tsa phutheho ea pele ea Bokreste lineo tsa mohlolo ho bontša hore joale ke bakhethoa ba Molimo.—Ba-Heb. 2:3, 4.
Na ka linako tsohle lipontšo tse phahametseng matla a tlhaho, kapa mehlolo, li ne li hlokahala ho khetholla ba khethiloeng le ba tataisoang ke Molimo linakong tsa Bibele? Le hanyenyane. Mehlolo e ne e sa tloaeleha historing ea Bibele. Batho ba bangata ba phetseng linakong tsa Bibele ha ho mohla ba kileng ba bona mohlolo. Mehlolo e mengata e tlalehiloeng ka Bibeleng e etsahetse nakong ea Moshe le Joshua (makholong a bo16 le a bo15 a lilemo B.C.E.), Elia le Elisha (makholong a bo10 le a bo9 a lilemo B.C.E.), le Jesu le baapostola ba hae (lekholong la pele la lilemo C.E.). Batho ba bang ba tšepahalang ba khethiloeng ke Molimo bakeng sa morero o tobileng, joaloka Abrahama le Davida, ba ile ba bona kapa ba latsoa ponahatso ea matla a Molimo, empa ha ho bopaki bo bontšang hore bona ka bobona ba ile ba etsa mehlolo. (Gen. 18:14; 19:27-29; 21:1-3; bapisa le 2 Samuele 6:21; Nehemia 9:7.) Mabapi le lineo tsa mohlolo tse neng li le teng lekholong la pele la lilemo, Bibele e ile ea bolela esale pele hore li ne li tla “fela.” (1 Ba-Kor. 13:8) ’Me sena se etsahetse ha oa ho qetela ho baapostola ba 12 a e-shoa hammoho le ba neng ba amohetse lineo tsa mohlolo ho bona.—Bapisa le Liketso 8:14-20.
Ho Thoe’ng ka ho Khetha ha Molimo Kajeno?
Ka mor’a lekholo la pele la lilemo, bokoenehi bo boletsoeng esale pele bo ile ba hōla bo sa thijoe ke letho. (Lik. 20:29, 30; 2 Ba-Thess. 2:7-12) Ka makholo a mangata a lilemo lebone la Bokreste ba ’nete le ile la tukela tlaase. (Bapisa le Mattheu 5:14-16.) Leha ho le joalo, papisong Jesu o ile a bontša hore ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho,’ ho ne ho tla ba le phapang e hlakileng pakeng tsa “koro” (Bakreste ba ’nete) le “mofoka” (Bakreste-’mōtoana). Koro, kapa “bakhethoa,” e ne e tla bokelloa phuthehong e le ’ngoe ea ’nete ea Bokreste, joaloka lekholong la pele la lilemo. (Matt. 13:24-30, 36-43; 24:31) Jesu o boetse a hlalosa litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho eo e le “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ’me a bontša hore mehleng ea qetello, li ne li tla fana ka lijo tsa moea. (Matt. 24:3, 45-47) “Bongata bo boholo” ba barapeli ba ’nete bo tsoang lichabeng tsohle bo ne bo tla ikopanya le mohlanka eo ea khabane.—Tšen. 7:9, 10; bapisa le Mikea 4:1-4.
Barapeli ba ’nete ba phelang mehleng ea qetello ba ne ba tla khetholloa joang? Na ba ne ba tla nepa ka linako tsohle, na kahlolo ea bona e ne e tla ba e sa foseng? Baapostola ba Jesu ba ne ba ntse ba hloka hore ba tšoauoe liphoso. (Luka 22:24-27; Ba-Gal. 2:11-14) Ho tšoana le baapostola, balateli ba ’nete ba Kreste mehleng ea rōna ba tlameha ho ikokobetsa, ba ikemisetse ho amohela taeo ’me, ha ho hlokahala, ba etse liphetoho, e le hore monahano oa bona o ka lumellana haufi le oa Molimo.—1 Pet. 5:5, 6.
Ha lefatše le kena mehleng ea qetello ka 1914, ke sehlopha sefe se ileng sa ipaka e le mokhatlo o le mong o hlophisitsoeng oa Bokreste? Bokreste-’mōtoana bo ne bo e-na le likereke tse ngata tse neng li ipolela hore li emela Kreste. Empa potso ke hore: Ke efe ho tsona, haeba e teng, e neng e finyella se hlokoang ke Mangolo?
Phutheho e le ’ngoe ea ’nete ea Bokreste e tlameha ho ba mokhatlo o hlophisitsoeng o nkang Bibele e le mohloli o ka sehloohong oa matla, eseng o qotsang litemana tse itseng feela ebe o hana tse ling tse sa lumellaneng le thuto ea oona ea morao-rao ea bolumeli. (Joh. 17:17; 2 Tim. 3:16, 17) E tlameha hore e be mokhatlo o hlophisitsoeng oo litho tsa oona—eseng tse ling feela empa tsohle—ka sebele e seng karolo ea lefatše, joaloka Kreste. Kahoo ke joang li ka itšunya-tšunyang lipolotiking joalokaha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa etsa ka makhetlo-khetlo? (Joh. 15:19; 17:16) Mokhatlo oa ’nete oa Bokreste o tlameha ho pakela lebitso la Molimo, Jehova, ’me o etse mosebetsi oo Jesu a o laetseng—ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho tšoana le phutheho ea lekholong la pele la lilemo, hase litho tse ’maloa feela empa ke tsona kaofela tseo e neng e tla ba baevangeli ba bolelang ka sephefumolohi sohle. (Esa. 43:10-12; Matt. 24:14; 28:19, 20; Ba-Kol. 3:23) Barapeli ba ’nete ba ne ba tla boela ba tsejoe ka lerato la boitelo e mong ho e mong, lerato le neng le tla tšela mekoallo ea morabe le ea bochaba ’me le ba kopanye boeneng ba lefatše ka bophara. Lerato le joalo le ne le ke ke la bonahala feela maemong a khethehileng empa ka tsela eo ruri e ba khethollang e le mokhatlo o hlophisitsoeng.—Joh. 13:34, 35.
Ka ho hlakileng, ha mehla ea qetello e qaleha ka 1914, ha ho le e ’ngoe ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana e ileng ea finyella litekanyetso tsena tsa Bibele bakeng sa phutheho e le ’ngoe ea ’nete ea Bokreste. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo nakong eo?
Letšolo le Behang Litholoana la ho Batla ’Nete
Ha e sa le mohlankana, C. T. Russell o ile a etsa qeto ea hore Bokreste-’mōtoana bo emetse Bibele hampe. O ile a boela a lumela hore ke nako ea hore Lentsoe la Molimo le utloisisoe le hore ba ithutang Bibele ka tieo ’me ba e sebelisa bophelong ba bona ba ne ba tla fumana kutloisiso.
Buka e buang ka bophelo ba Russell, e ileng ea hatisoa nakoana ka mor’a lefu la hae, e ile ea hlalosa: “E ne e se mothehi oa bolumeli bo bocha, ’me ha ho mohla a kileng a ipolela joalo. O ile a tsosolosa linnete tse khōlō tse rutiloeng ke Jesu le Baapostola, ’me a shebisa khanya ea lekholo la bo20 la lilemo ho tsona. Ha a ka a bolela hore o fumane tšenolo e khethehileng ho Molimo, empa o ne a lumela hore ke nako e loketseng ea Molimo ea hore Bibele e utloisisoe; le hore, kaha o ne a inehetse ka ho felletseng ho Morena le tšebeletsong ea Hae, o lumelletsoe ho e utloisisa. Kaha o inehetse ho hōlisa litholoana le lintho tse ntle tsa Moea o Halalelang, tšepiso ea Morena e phethahetse ho eena: ‘Hobane ntho tseo ha li le ho lōna, ’me li eketseha ho lōna, li ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botsoa le sa ho nyopa tsebong ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.’—2 Petrose 1:5-8.”—Molula-Qhooa (oa Senyesemane), December 1, 1916, leq. 356.
Letšolo la C. T. Russell le metsoalle ea hae la ho batla kutloisiso ea Mangolo le ile la beha litholoana. Kaha e le batho ba ratang ’nete, ba ne ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Tim. 3:16, 17) Ba ile ba hana likhopolo tsa Darwin tsa ho iphetola ha lintho le pono e senyang tumelo ea batho ba nyatsa-nyatsang Bibele. E le ha ba nka Mangolo e le ’ona mohloli o phahameng oa matla, ba boetse ba hana lithuto tseo e seng tsa mangolo tsa Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng—e leng lithuto tse qalileng bolumeling ba bohetene. Har’a “linnete tse khōlō” tseo ba ileng ba li amohela ke hore Jehova ke ’Mōpi oa lintho tsohle, hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo, ea faneng ka bophelo ba hae e le thekollo ea ba bang, le hore ho khutleng ha hae, Jesu o tla ba teng a sa bonahale e le sebōpuoa sa moea. (Matt. 20:28, NW; Joh. 3:16; 14:19; Tšen. 4:11) Ba ile ba boela ba utloisisa ka ho hlakileng hore motho ke sephefumolohi se shoang.—Gen. 2:7, NW; Ezek. 18:20, NW.
Hase hore Liithuti tsa Bibele tse ikopantseng le Russell ke tsona tse ileng tsa sibolla linnete tsena tsohle; tse ngata li ne li ile tsa utloisisoa pejana ke batho ba tšepahalang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, bao ba bang ba bona ba bileng ba emela seo ba se lumelang ha litumelo tse joalo li sa ratehe. Empa na batho ba joalo ba ile ba etsa hore ba lumellane le sohle se hlokoang ke Mangolo bakeng sa borapeli ba ’nete? Ka mohlala, na ruri e ne e se karolo ea lefatše, joalokaha Jesu a ne a boletse hore balateli ba hae ba ’nete e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše?
Ho phaella ponong ea tsona ka Bibele, Liithuti tsa pele tsa Bibele tse neng li ikopantse le Russell li ile tsa ikhetholla joang ka litsela tse ling? Ka sebele ke ka cheseho eo li ileng tsa e bonahatsa ka ho arolelana litumelo tsa tsona le ba bang, li hatella ka ho khetheha ho bolela lebitso le ’Muso oa Molimo. Le hoja li ne li fokola ka palo, ka potlako li ile tsa fihla linaheng tse ngata ka litaba tse molemo. Na ruri le tsona e ne e se karolo ea lefatše, joalokaha e le balateli ba Kreste? Maemong a mang ho joalo. Empa ho hlokomela ha tsona boikarabelo bo amehang ho sena ho ’nile ha hōla ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, ’me ho fihlela kajeno e ntse e le tšobotsi e hlahelletseng ea Lipaki tsa Jehova. Re se ke ra iphapanyetsa hore ha lihlopha tse ling tsa bolumeli li ne li thoholetsa Selekane sa Lichaba, ’me hamorao Machaba a Kopaneng, Lipaki tsa Jehova li ne li bolela ’Muso oa Molimo—eseng mokhatlo leha e le ofe oa motho—e le tšepo feela ea batho.
Empa na litumelo tse ling tsa Lipaki tsa Jehova ha lia fetoha ho theosa le lilemo? Haeba ruri li ne li khethiloe ’me li tataisoa ke Molimo ’me haeba lithuto tsa tsona li ne li tšehelitsoe ke Mangolo ho tloha qalong, ke hobane’ng ha ho ne ho ka hlokahala liphetoho tse joalo?
Kamoo Jehova a Tataisang Batho ba Hae
Ba etsang mokhatlo oa ’nete o hlophisitsoeng oa Bokreste kajeno ha ba na litšenolo tseo ba li fuoang ke mangeloi kapa pululelo ea Molimo. Empa ba na le Mangolo a Halalelang a bululetsoeng, a nang le litšenolo tsa mehopolo le thato ea Molimo. E le mokhatlo ’me e le motho ka mong, ba tlameha ho amohela Bibele e le ’nete ea Molimo, ba ithute eona ka hloko, ’me ba e lumelle hore e sebetse ka ho bona. (1 Ba-Thess. 2:13) Empa ba fihla joang kutloisisong e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo?
Bibele ka boeona e re: “Liphuthullo na ha li tsoe ho Molimo na?” (Gen. 40:8) Haeba thutong ea bona ea Mangolo ba fumana temana e itseng e le thata hore ba e utloisise, ba tlameha ho etsa lipatlisiso hore ba fumane litemana tse ling tse bululetsoeng tse hlakisang taba. Ka hona ba lumella Bibele hore e itlhalose, ’me ho sena ba leka ho ba le kutloisiso “mohlaleng” oa ’nete e leng ka Lentsoeng la Molimo. (2 Tim. 1:13) Jehova o ba etella pele kapa o ba tataisetsa kutloisisong e joalo ka moea oa hae o halalelang. Empa e le hore ba fumane tataiso ea moea oo, ba tlameha ho hlaolela litholoana tsa ’ona, ba se ke ba o soabisa kapa ba sebetsa khahlanong le ’ona, ’me ba arabele hantle ho seo o ba susumelletsang sona. (Ba-Gal. 5:22, 23, 25; Ba-Ef. 4:30) Ho phaella moo, ka ho sebelisa seo ba ithutang sona ka cheseho, ba lula ba haha tumelo ea bona, e le motheo oa ho fumana kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea kamoo ba tlamehang ho etsa thato ea Molimo ka teng lefatšeng leo ba seng karolo ea lona.—Luka 17:5; Ba-Fil. 1:9, 10.
Ka mehla Jehova o ’nile a tataisetsa batho ba hae kutloisisong e hlakileng haholoanyane ea thato ea hae. (Pes. 43:3) Hore na o ba tataisitse joang ho ka tšoantšoa ka tsela ena: Haeba motho a bile ka kamoreng e lefifi ka nako e telele, na ha ho molemo haeba a ka bona leseli butle-butle? Jehova o senoletse batho ba hae leseli la ’nete ka mokhoa o tšoanang; o ba behile leseling mohato ka mohato. (Bapisa le Johanne 16:12, 13.) Ho bile joalokaha maele a re: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”—Liprov. 4:18.
Tšebelisano ea Jehova le bahlanka ba hae ba khethiloeng ba linakong tsa Bibele e tiisa hore kutloisiso e hlakileng ea thato ea hae le merero ea hae hangata e tla butle-butle. Ka hona, Abrahama o ne a sa utloisise ka ho felletseng hore na merero ea Jehova mabapi le “peō” e ne e tla phethahala joang. (Gen. 12:1-3, 7; 15:2-4; bapisa le Ba-Heberu 11:8.) Daniele o ne a sa utloisise qetello ea boprofeta boo a neng a bo tlaleha. (Dan. 12:8, 9) Jesu, ha a le lefatšeng, o ile a lumela hore o ne a sa tsebe letsatsi le hora tseo tsamaiso ea hona joale ea lintho e neng e tla fela ka tsona. (Matt. 24:36) Qalong baapostola ba ne ba sa utloisise hore ’Muso oa Jesu e ne e tla ba oa leholimo, hore o ne o ke ke oa thehoa lekholong la pele la lilemo, le hore esita le Balichaba ba ne ba tla o rua.—Luka 19:11; Lik. 1:6, 7; 10:9-16, 34, 35; 2 Tim. 4:18; Tšen. 5:9, 10.
Ha hoa lokela ho re makatsa hore le kajeno, hangata Jehova o ’nile a tataisa batho ba hae e le mokhatlo o hatelang pele mohato ka mohato, butle-butle a ba beha leseling mabapi le linnete tsa Bibele. Linnete hase tsona tse fetohang. ’Nete e lula e le ’nete. Thato le morero oa Jehova, joalokaha li boletsoe ka Bibeleng, li lula li sa fetohe. (Esa. 46:10) Empa kutloisiso ea bona ka linnete tsena e ntse e hlaka mohato ka mohato ka “nako ea teng,” e leng nako e loketseng ea Jehova. (Matt. 24:45; bapisa le Daniele 12:4, 9.) Ka linako tse ling, ka lebaka la phoso le cheseho ea batho e sa nepahalang, ho ka ’na ha hlokahala hore pono ea bona e fetoloe.
Ka mohlala, ka linako tse sa tšoaneng historing ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova, cheseho le mafolo-folo a tsona bakeng sa ho tlosa qoso bobusing ba Jehova li ’nile tsa lebisa litebellong tsa pele ho nako tabeng ea hore na bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Satane bo ne bo tla tla neng. (Ezek. 38:21-23) Empa Jehova ha aa senola nako e tobileng esale pele. (Lik. 1:7) Kahoo, ho ’nile ha hlokahala hore batho ba Jehova ba fetole pono ea bona tabeng ena.
Liphetoho tse joalo ponong ha li bolele hore morero oa Molimo o fetohile. Leha e le hona hore li bolela hore bofelo ba tsamaiso ena bo sa le hōle le ho tla. Ho fapana le seo, phethahatso ea boprofeta ba Bibele mabapi le “bofelo ba tsamaiso ea lintho” e tiisa hore bofelo bo haufi. (Matt. 24:3) Na hore ebe Lipaki tsa Jehova li bile le litebello tsa pele ho nako ho bolela hore ha li tataisoe ke Molimo? Che, joalokaha potso ea barutuoa ka ho atamela ha ’Muso mehleng ea bona e sa ka ea bolela hore ba ne ba sa khethoa le ho tataisoa ke Molimo!—Lik. 1:6; bapisa le Liketso 2:47; 6:7.
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li kholisehile hakaale hore bolumeli ba tsona ke ba ’nete? Hobane lia lumela ’me li amohela se boleloang ke Bibele mabapi le matšoao a khethollang barapeli ba ’nete. Histori ea tsona ea kajeno, joalokaha e tšohliloe likhaolong tsa pejana tsa khatiso ena, e bontša hore li finyella litlhokahalo tsena eseng e le batho ka bomong empa e le mokhatlo: Ka botšepehi li buella Bibele e le Lentsoe le halalelang la Molimo la ’nete (Joh. 17:17); li ipoloka li arohile ka ho felletseng litabeng tsa lefatše (Jak. 1:27; 4:4); li pakela lebitso la Molimo, Jehova, ’me li phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le ’ona feela tšepo ea batho (Matt. 6:9; 24:14; Joh. 17:26); ’me ka tieo lia ratana.—Joh. 13:34, 35.
Ke hobane’ng ha lerato e le letšoao la bohlokoa le khethollang barapeli ba Molimo oa ’nete? Ke lerato la mofuta ofe le khethollang Bakreste ba ’nete?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 705]
Hang ha ba khethiloe ke Molimo, e ne e le habohlokoa hore ba lule ba utloa melao ea hae
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 706]
Barapeli ba ’nete ba phelang mehleng ea qetello ba ne ba tla khetholloa joang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 707]
“Ha a ka a bolela hore o fumane tšenolo e khethehileng ho Molimo”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 708]
Ba ile ba lumella Bibele hore e itlhalose
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 709]
Jehova o ’nile a tataisa batho ba hae e le mokhatlo o hatelang pele mohato ka mohato, butle-butle a ba beha leseling mabapi le linnete tsa Bibele