Tšepo e Tiileng Bakeng sa Bafu
MOSALI e mong ea lilemo li 25 o ile a ngola: “Ka 1981 ’mè oa ka oa mohōlisi o ile a bolaoa ke kankere. Lefu la hae le ile la re ama habohloko haholo, ’na hammoho le khaitseli ea ka ka khōliso. Ke ne ke le lilemo li 17, ’me khaitseli ea ka e ne e le lilemo li 11. Ke ne ke hloloheloa ’mè haholo. Kaha ke ne ke rutiloe hore o leholimong, ke ne ke batla ho felisa bophelo ba ka hore ke e’o ba le eena. E ne e le motsoalle oa ka e moholo ka ho fetisisa.”
Ho bonahala e le ho hloka toka hore lefu le be le matla a ho nka motho eo u mo ratang. ’Me ha hoo ho etsahala, khopolo ea hore ha ho mohla u tla khona ho boela u bua le moratuoa oa hao, u tšeha le eena kapa u mo tšoara e ka ba thata ka ho fetisisa ho e mamella. Bohloko boo ha bo tlosoe ke ho bolelloa hore moratuoa oa hao o holimo leholimong.
Leha ho le joalo, Bibele e na le tšepo e fapaneng haholo. Joalokaha re hlokometse pejana, Mangolo a bontša hore ho ka etsahala hore u boele u kopanngoe le moratuoa oa hao ea shoeleng nakong e haufi e tlang, eseng leholimong le sa tsejoeng empa hona mona lefatšeng tlas’a maemo a khotso, a lokileng. ’Me ka nako eo batho ba tla ba le tebello ea ho thabela bophelo bo phethahetseng ba ’mele, ’me ba ke ke ba hlola ba e-shoa hape. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa ka sebele eo ke menahano feela!’
Ho ne ho tla hlokahala eng ho u kholisa hore ee ke tšepo e tiileng? Hore u lumele tšepiso, ho ne ho tla hlokahala hore u kholoe hore ea etsang tšepiso eo o ikemiselitse ebile a ka khona ho e phethahatsa. Joale, ke mang ea tšepisang hore bafu ba tla phela hape?
Nakong ea selemo ka 31 C.E., ka sebete Jesu Kreste o ile a tšepisa: “Joalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phelisa, le Mora o phelisa joalo bao a ratang ho ba phelisa. Se makalleng hona, hobane nako ea tla, eo ka eona bohle ba ka mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu], ’me ba tla tsoa.” (Johanne 5:21, 28, 29, BPN) E, Jesu Kreste o ile a tšepisa hore ba limilione ba shoeleng hona joale ba tla phela hape lefatšeng lena ’me ba tla ba le tebello ea ho lula ho lona ka ho sa feleng tlas’a maemo a khotso, a paradeise. (Luka 23:43; Johanne 3:16; 17:3; bapisa Pesaleme ea 37:29 le Mattheu 5:5.) Kaha Jesu o entse tšepiso eo, ke ho utloahalang ho lumela hore o ikemiselitse ho e phethahatsa. Empa na o khona ho etsa joalo?
Lilemo tse ka tlaase ho tse peli hoba a etse tšepiso eo, Jesu o ile a bontša ka tsela e matla hore o rata ho tsosa bafu ebile a ka etsa joalo.
“Lazaro, Tsoa Moo!”
E ne e le pono e amang maikutlo. Lazaro o ne a kulela lefu. Likhaitseli tsa hae tse peli, Maria le Maretha, li ile tsa romela molaetsa ho Jesu, ea neng a le ka mose ho Nōka ea Jordane: “Bona, Morena, eo u mo ratang oa kula.” (Johanne 11:3) Ba ne ba tseba hore Jesu o rata Lazaro. Na Jesu o ne a ke ke a batla ho bona motsoalle oa hae ea kulang? Ho makatsang ke hore ho e-na le hore a ee Bethania hang-hang, Jesu o ile a hlola moo a neng a ntse a le teng matsatsi a mabeli a latelang.—Johanne 11:5, 6.
Lazaro o ile a shoa nakoana e itseng ka mor’a hore ho romeloe molaetsa oa ho kula ha hae. Jesu o ne a tseba nako eo Lazaro a shoeleng ka eona, ’me o ne a ikemiselitse ho etsa ho hong ka hona. Ha Jesu a qetella a fihlile Bethania, motsoalle oa hae ea ratehang o ne a se a shoele matsatsi a mane. (Johanne 11:17, 39) Na Jesu o ne a ka khutlisetsa bophelong motho ea neng a se a shoele nako e telele hakaalo?
Ha Maretha, mosali ea neng a potlakela ho nka khato, a utloa hore Jesu oa tla, o ile a mathela ka ntle ho mo khahlanyetsa. (Bapisa le Luka 10:38-42.) A anngoe maikutlo ke mesarelo ea mosali eo, Jesu o ile a mo tiisetsa: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” Ha a bontša tumelo ea hae tsohong e tlang, Jesu o ile a ’molella ka ho hlaka: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.”—Johanne 11:20-25.
Ha a fihla lebitleng, Jesu o ile a laela hore lejoe le koetseng monyako oa lona le tlosoe. Joale, ka mor’a hore a rapele ka lentsoe le phahameng, o ile a laela: “Lasaro, tsoa moo!”—Johanne 11:38-43.
Mahlo ’ohle a ne a tsepame lebitleng. Joale, ha hlaha sebōpeho se tsoa lefifing. Maoto le matsoho a hae a ne a thatetsoe ka masela a bafu, ’me sefahleho sa hae se thatetsoe ka lesela. Jesu oa laela: “Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.” Masela a ho qetela a neng a e-s’o lokolloe a ile a oela fatše. E, e ne e le Lazaro, motho ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele!—Johanne 11:44.
Na Kannete ho Etsahetse?
Tlaleho ea ho tsoha ha Lazaro e hlahisoa Kosepeleng ea Johanne e le ’nete ea histori. Makolopetso a totobetse hoo e ke keng ea e-ba setšoantšo feela. Ho belaella bonnete ba eona ba histori ke ho belaella mehlolo eohle ea Bibele, ho akarelletsa le tsoho ea Jesu Kreste ka boeena. ’Me ho latola tsoho ea Jesu ke ho latola tumelo ea Bokreste ka kakaretso.—1 Ba-Korinthe 15:13-15.
Ha e le hantle, haeba u amohela boteng ba Molimo, ha ua lokela ho ba le bothata ba letho ba ho lumela tsoho. Ho etsa mohlala: Motho a ka hatisa theipi ea video bakeng sa thato le tlhaloso ea hae ea ho qetela ea hore na matlotlo a hae a abjoe joang, ’me ka mor’a hore a shoe, beng ka eena le metsoalle ea hae ba ka ’mona le ho mo utloa ha a ntse a hlalosa hore na ho etsoe joang ka matlotlo a hae. Lilemong tse lekholo tse fetileng, ntho e joalo e ne e ke ke ea nahanoa ho hang. ’Me ho batho ba bang bao hona joale ba phelang likarolong tse hōle tsa lefatše, theknoloji ea ho rekota ha video ke eo ba ke keng ba e utloisisa hoo ho bonahalang e le mohlolo. Haeba batho ba ka sebelisa melao-motheo ea saense e entsoeng ke ’Mōpi bakeng sa ho hlahisa bocha ketsahalo e ka bonoang le e ka utluoang joalo, na ’Mōpi a ke ke a khona ho etsa ho fetang hoo hōle? Ka hona, na hase ho utloahalang hore Ea bōpileng bophelo a ka khona ho bo bōpa hape?
Mohlolo oa ho khutlisetsoa ha Lazaro bophelong o ile oa sebeletsa ho hōlisa tumelo ho Jesu le tsohong. (Johanne 11:41, 42; 12:9-11, 17-19) Ka tsela e amang maikutlo o boetse o senola boikemisetso le takatso ea Jehova le Mora oa hae ea ho tsosa bafu.
‘Molimo o Tla Hloloheloa’
Boitšoaro ba Jesu ka lefu la Lazaro bo senola kameho e mofuthu haholo ea Mora oa Molimo. Maikutlo a hae a tebileng ketsahalong ena a bontša ka ho hlaka takatso ea hae e matla ea ho tsosa bafu. Rea bala: “Maria, ha a fihla moo Jesu a neng a le teng ’me a ’mona, a oela maotong a hae, a re ho eena: ‘Morena, hoja u ne u le teng mona, khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.’ Ka hona, Jesu ha a ’mona a lla le Bajode ba tlileng le eena ba lla, a feheloa moeeng ’me a khathatseha; ’me a re: ‘Le ’mehile hokae?’ Ba re ho eena: ‘Morena, tloo u tl’o bona.’ Jesu a itšela ka likhapha. Ka hona Bajode ba ile ba qala ho re: ‘Bonang, ke kameho e mofuthu hakaakang eo a neng a e-na le eona ho eena!’”—Johanne 11:32-36, NW.
Qenehelo ea Jesu e tlohang botebong ba pelo mona e bontšoa ka lipolelo tse tharo: “feheloa,” “khathatseha,” le ho “itšela ka likhapha.” Mantsoe a puo ea pele-pele a sebelisitsoeng ha ho tlalehoa ketsahalo ena e amang maikutlo a bontša kamoo Jesu a neng a amehile ka ho teba kateng ka lefu la motsoalle oa hae ea ratehang Lazaro le ho bona khaitseli ea Lazaro e lla hoo mahlo a Hae a ileng a tlala likhapha.a
Ho tsotehang ka ho fetisisa ke hore pejana Jesu o ne a ile a khutlisetsa ba bang ba babeli bophelong. ’Me o ne a ikemiselitse ka ho feletseng ho etsa ho tšoanang ka Lazaro. (Johanne 11:11, 23, 25) Empa, o ile “a itšela ka likhapha.” Ka hona, ho khutlisetsa batho bophelong hase feela mokhoa ho Jesu. Maikutlo a hae a bonolo le a tebileng joalokaha a bonahalitsoe ketsahalong ena a bontša ka ho hlakileng takatso ea hae e matla ea ho etsolla tšenyo ea lefu.
Kaha Jesu ke ‘setšoantšo sa boleng ba Jehova Molimo,’ ka nepo re ka lebella ho fetang ho Ntate oa rōna oa leholimo. (Ba-Heberu 1:3) Mabapi le boikemisetso ba Jehova ka boeena ba ho tsosa bafu, monna ea tšepahalang Jobo o ile a re: “Hoja motho ea shoang a ka boela a phela, . . . u no u tla bitsa, ke ne ke tla araba, ’me u no u tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao!” (Jobo 14:14, 15) Mona lentsoe la puo ea pele-pele le fetoletsoeng e le “u tla hloloheloa” le bolela taba-tabelo le takatso e matla ea Molimo. (Genese 31:30; Pesaleme ea 84:3, BPN) Ka ho hlakileng, e tlameha ebe Jehova o lebelletse tsoho ka cheseho.
Na kannete re ka lumela tšepiso ea tsoho? E, ha ho pelaelo hore Jehova le Mora oa hae ba ikemiselitse ho e phethahatsa ebile ba ka ho khona. See se bolela eng ho uena? U na le tebello ea ho kopanngoa hape le baratuoa ba shoeleng hona mona lefatšeng empa e le tlas’a maemo a fapaneng haholo!
Jehova Molimo, ea ileng a qalisa moloko oa batho serapeng se ratehang, o tšepisitse ho tsosolosa Paradeise lefatšeng lena tlas’a puso ea ’Muso oa Hae oa leholimo matsohong a Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng hona joale. (Genese 2:7-9; Mattheu 6:10; Luka 23:42, 43) Paradeiseng eo e tsosolositsoeng, lelapa la motho le tla ba le tebello ea ho thabela bophelo bo se nang bofelo, le lokolohile maloetseng le mafung ’ohle. (Tšenolo 21:1-4; bapisa le Jobo 33:25; Esaia 35:5-7.) Hape, ho tla be ho felile lehloeo lohle, leeme lohle la morabe, pefo eohle ea lihlopha tsa merabe, le khatello eohle ea moruo. Ke lefatšeng le joalo le hloekisitsoeng moo Jehova Molimo ka Jesu Kreste a tlang ho tsosetsa bafu.
Hona joale eo ke eona tšepo ea mosali oa Mokreste ea boletsoeng qalong ea karolo ena. Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore ’mè oa hae a shoe, Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo thusa hore a ithute Bibele ka hloko. Oa hopola: “Ka mor’a hore ke ithute ka tšepo ea tsoho, ke ile ka lla. E ne e le ho babatsehang ho tseba hore ke tla bona ’mè hape.”
Haeba pelo ea hao e laba-labela ka ho tšoanang ho bona moratuoa oa hao hape, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u ithute seo u ka se etsang hore tšepo ena e tiileng e be ea hao. Ke hobane’ng ha u sa kopane le tsona Holong ea ’Muso e haufi le uena, kapa u ngolle atereseng e haufi ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “feheloa” le tsoa ho ketso (em·bri·maʹo·mai) e bontšang ho ameha habohloko, kapa ka ho tebileng, ho susumetseha. Setsebi se seng sa Bibele sea hlokomela: “Mona e ka bolela feela hore Jesu o ile a nkoa ke boikutlo bo tebileng hoo ho feheloa ho itlisang ho ileng ha tsoa habohloko pelong ea hae.” Polelo e fetoletsoeng e le “khathatseha” e tsoa lentsoeng la Segerike (ta·rasʹso) le bontšang ho ferekana. Ho latela mongoli e mong oa libuka tse hlalosang mantsoe, le bolela “ho tlisetsa motho pherekano ka hare, . . . ho ama ka bohloko bo boholo kapa mesarelo.” Polelo “itšela ka likhapha” e tsoa ketsong ea Segerike (da·kryʹo) e bolelang “ho tšolla likhapha, ho lla motho a khutsitse.”
Lipotso tse ka Nahanisisoang
Ha motsoalle oa hae Lazaro a e-shoa, Jesu o ile a bontša joang hore O ikemiselitse ebile a ka khona ho tsosa bafu?
Ke hobane’ng ha re ka amohela tlaleho ea Bibele ea ho tsoha ha Lazaro e le ’nete ea histori?
Tlaleho e khaolong ea 11 ea Johanne e senola takatso e matla ea Jesu ea ho etsolla tšenyo ea lefu joang?
Ke eng e bontšang hore Jehova Molimo o lebeletse tsoho ka cheseho?
[Lebokose le leqepheng la 28]
Litemana tse Tšelisang
Nako le nako, ha ba hlalosa kamoo ba ileng ba sebetsana ka katleho le mesarelo ea bona, Bakreste ba tšepahalang ba ’nile ba re: “E re ke u bolelle temana ea Bibele eo ke e ratang haholo.” Haeba u mesarelong, mohlomong a mang a mangolo ana le uena a tla u thusa.
“Ho bokoe . . . Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna.”—2 Ba-Korinthe 1:3, 4.
“U fuparolla seatla sa hao ’me u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16, NW.
“O [Molimo] beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:31.
“Ke ’na, ke ’na ke le tšelisang!”—Esaia 51:12.
“Joalo ka motho ea tšelisoang ke ’m’ae, ke tla le tšelisa joalo.”—Esaia 66:13.
“Tšeliso ea ka bomalimabeng ba ka, ke hobane se boletsoeng ke uena se mphelisitse. Jehova, ke elelloa likahlolo tsa hao tsa khale, kea itšelisa. Mohau oa hao a o be tšeliso ea ka, kamoo u baletseng mohlanka oa hao kateng!”—Pesaleme ea 119:50, 52, 76.
“Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo.”—Johanne 5:28, 29.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Maikutlo a bonolo a Jesu ha a tsosa Lazaro a ile a bontša takatso ea hae e matla ea ho etsolla tšenyo ea lefu
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Tsoho, e thehiloeng sehlabelong sa thekollo sa Kreste Jesu, e tla tlisetsa lichaba tsohle thabo