Khaolo ea 2
Buka e Senolang Tsebo ea Molimo
1, 2. Ke hobane’ng ha re hloka tataiso ea ’Mōpi oa rōna?
Ke ho utloahalang hore ’Mōpi oa rōna ea lerato o ne a tla fana ka buka ea litaelo le tataiso bakeng sa moloko oa batho. ’Me na ha u lumele hore batho ba hloka tataiso?
2 Lilemo tse fetang 2 500 tse fetileng, moprofeta e mong e bile e le rahistori o ile a ngola: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Kajeno, bonnete ba polelo eo bo totobetse haholoanyane ho feta leha e le neng pele. Ke kahoo, rahistori William H. McNeill, a hlokomelang: “Phihlelo ea boiteko ba motho holim’a polanete ena e ’nile ea e-ba letoto le sa khaotseng la maqakabetsi le mefere-fere taolong e hlomamisitsoeng ea batho.”
3, 4. (a) Re lokela ho atamela thuto ea Bibele joang? (b) Re tla tsoela pele le tlhahlobo ea Bibele joang?
3 Bibele e khotsofatsa litlhoko tsohle tsa rōna bakeng sa tataiso e bohlale. Ke ’nete, ba bangata baa hlolloa ha ba hlahloba Bibele ka lekhetlo la pele. Ke buka e khōlō, ’me likarolo tse ling tsa eona ha ho bonolo ho li utloisisa. Empa haeba u ne u filoe tokomane ea molao e thathamisang seo u neng u lokela ho se etsa e le hore u tle u amohele lefa la bohlokoa, na u ne u ke ke ua ipha nako ea ho ithuta eona ka hloko? Haeba u fumana likarolo tse ling tsa tokomane eo ho le thata ho li utloisisa, mohlomong u ne u tla batla thuso ho e mong ea nang le tsebo litabeng tse joalo. Ke hobane’ng ha u sa atamele Bibele u e-na le boikutlo bo tšoanang? (Liketso 17:11) Ho na le ho hong ho kotsing ho feta lefa la lintho tse bonahalang. Joalokaha re ithutile khaolong e ka pele, tsebo ea Molimo e ka isa bophelong bo sa feleng.
4 A re hlahlobeng buka e senolang tsebo ea Molimo. Pele re tla fana ka kakaretso e khutšoanyane ea Bibele. Joale ebe re tšohla mabaka a hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nang le tsebo ba lumela hore ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo.
SEO BIBELE E NANG LE SONA
5. (a) Mangolo a Seheberu a na le eng? (b) Mangolo a Segerike a na le eng?
5 Bibele e na le libuka tse 66 ka likarolo tse peli, tseo hangata li bitsoang Testamente ea Khale le Testamente e Ncha. Libuka tsa Bibele tse 39 boholo li ne li ngotsoe ka Seheberu ’me tse 27 ka Segerike. Mangolo a Seheberu, a entsoeng ka Genese ho ea ho Malakia, a sebetsana le pōpo hammoho le lilemo tsa pele tse 3 500 tsa histori ea batho. Ha re hlahloba karolo ena ea Bibele, re ithuta ka tšebelisano ea Molimo le Baiseraele—ho tloha ha ba tsoaloa e le sechaba lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. ho ea kena lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.a Mangolo a Segerike, a nang le libuka tsa Matheu ho ea ho Tšenolo, a lebisa tlhokomelo lithutong le liketsong tsa Jesu Kreste le barutuoa ba hae nakong ea lekholo la pele la lilemo C.E.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta Bibele eohle?
6 Ba bang ba bolela hore “Testamente ea Khale” ke ea Bajode ’me “Testamente e Ncha” ke ea Bakreste. Empa ho latela 2 Timothea 3:16, “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” Ka hona, thuto e loketseng ea Mangolo e tlameha ho akarelletsa Bibele eohle. Ha e le hantle, likarolo tsena tse peli tsa Bibele li ea tlatsana, li nyalana ka momahano ho hōlisa sehlooho se le seng se akaretsang.
7. Sehlooho sa Bibele ke eng?
7 Mohlomong u ’nile ua ba teng litšebeletsong tsa bolumeli ka lilemo ’me ua utloa ha karolo e ’ngoe ea Bibele e balloa holimo. Kapa e ka ’na eaba u ile ua ipalla likarolo tse qotsitsoeng ho eona. Na u ne u tseba hore Bibele e na le mohopolo o tšoanang ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo? E, sehlooho se momahaneng se phunyelletsa Bibele eohle. Sehlooho seo ke sefe? Ke ho tlosoa ha qoso tokelong ea Molimo ea ho busa moloko oa batho le ho phethahatsoa ha morero oa hae o lerato ka ’Muso oa hae. Hamorao, re tla bona hore na Molimo o tla phethahatsa morero ona joang.
8. Bibele e senola eng ka botho ba Molimo?
8 Ho phaelleng ho lokoliseng morero oa Molimo, Bibele e senola botho ba hae. Ka mohlala, ka Bibeleng re ithuta hore Molimo o na le maikutlo le hore khetho eo re e etsang e ea tsotelleha ho eena. (Pesaleme ea 78:40, 41; Liproverbia 27:11; Ezekiele 33:11) Pesaleme ea 103:8-14 e re Molimo o “mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.” O re tšoara ka kutloelo-bohloko, ‘a hopola hore re entsoe ka lerōle feela’ ’me re khutlela ho lona lefung. (Genese 2:7; 3:19) O bonahatsa litšoaneleho tse babatsehang hakaakang! Na oo hase mofuta oa Molimo oo u batlang ho o rapela?
9. Bibele e re fa pono e hlakileng ea litekanyetso tsa Molimo joang, hona re ka rua molemo joang tsebong e joalo?
9 Bibele e re fa pono e hlakileng ea litekanyetso tsa Molimo. Ka linako tse ling tsena li boleloa e le melao. Leha ho le joalo, hangata haholo li bonahatsoa melao-motheong e rutoang ka thuto ea mehlala e sebetsang. Molimo o entse hore liketsahalo tse itseng historing ea Iseraele ea boholo-holo li ngoloe fatše molemong oa rōna. Litlaleho tsena tse hlakileng li bontša se etsahalang ha batho ba sebetsa tumellanong le morero oa Molimo, hammoho le phello e soabisang ha ba ikela ka tsela ea bona. (1 Marena 5:4; 11:4-6; 2 Likronike 15:8-15) Ha ho pelaelo hore ho bala litlaleho tse joalo tsa sebele bophelong ho tla ama lipelo tsa rōna. Haeba re leka ho bona liketsahalo tseo tse tlalehiloeng ka leihlo la moea, re ka tšoana le batho ba amehang ho tsona. Kahoo, re ka rua molemo mehlaleng e molemo ’me re ka qoba maraba a ileng a tšoasa ba etsang liphoso. Leha ho le joalo, potso ena ea bohlokoa e hloka karabelo: Re ka tiisa joang hore seo re se balang Bibeleng se hlile se bululetsoe ke Molimo?
NA U KA TŠEPA BIBELE?
10. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba na le maikutlo a hore Bibele e siiloe ke nako? (b) Timothea oa Bobeli 3:16, 17 e re bolella eng ka Bibele?
10 Mohlomong u hlokometse hore libuka tse ngata tse fanang ka keletso e ba tse siiloeng ke nako ka lilemo tse seng kae feela. Ho thoe’ng ka Bibele? Ke ea khale haholo, ’me ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 ho tloha ha ho ngoloa mantsoe a eona a ho qetela. Ka hona ba bang ba ikutloa hore ha e sebetse mehleng ea rōna ea kajeno. Empa haeba Bibele e bululetsoe ke Molimo, keletso ea eona e lokela ho ba nakong kamehla ho sa tsotellehe lilemo tsa eona tse ngata. Mangolo a lokela hore ebe a ntse a “le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho etsa hore lintho li otlolohe, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
11-13. Ke hobane’ng ha re ka re Bibele e molemo bakeng sa mehla ea rōna?
11 Tlhahlobo e kenelletseng e senola hore melao-motheo ea Bibele e sebetsa kajeno ka tsela e tšoanang leha e ne e ngoloa ka lekhetlo la pele. Ka mohlala, ha ho tluoa tabeng ea botho, Bibele e bonahatsa kutloisiso e batsi e sebetsang molokong o mong le o mong oa batho. Re ka bona sena habonolo Thutong ea Jesu ea Thabeng, e fumanoang bukeng ea Matheu, khaolong ea 5 ho ea ho ea 7. Thuto ena e ile ea hapa moeta-pele oa India mofu Mohandas K. Gandhi maikutlo hoo ho tlalehoang a ile a bolella moemeli oa Brithani: “Mohla naha ea heso le ea heno li ka kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re sa rarolla mathata a linaha tsa rōna feela, empa a lefatše lohle.”
12 Hase feela batho ba khahloang ke lithuto tsa Jesu! Thutong ea Thabeng, o ile a re bontša tsela e isang thabong ea ’nete. O ile a hlalosa mokhoa oa ho rarolla liqabang. Jesu o ile a fana ka litaelo ka mokhoa oa ho rapela. O ile a totobatsa boikutlo bo bohlale boo re lokelang ho ba le bona mabapi le litlhoko tsa nama ’me a fana ka Molao oa Khauta bakeng sa kamano e loketseng le ba bang. Mokhoa oa ho lemoha balotsana ba bolumeli le mokhoa oa ho ba le bokamoso bo sireletsehileng le tsona li ne li le har’a lintlha tse akarelitsoeng thutong ena.
13 Thutong eo ea Thabeng le ho pholletsa le maqephe ’ohle a eona, ka ho hlakileng Bibele e re bolella seo re lokelang ho se etsa le seo re lokelang ho se qoba e le hore re ka ntlafatsa boemo ba rōna bophelong. Keletso ea eona ke e sebetsang hoo morupeli e mong a ileng a susumelletseha ho re: “Le hoja ke le moeletsi oa sekolo se phahameng ea nang le mangolo a bachelor le a master ’me ke balile libuka tse ngata haholo ka bophelo ba kelello le boitšoaro ba motho, ke fumane hore keletso ea Bibele ka lintho tse joaloka ho ba le lenyalo le atlehileng, ho thibela botlokotsebe ba bacha le kamoo ho ka fumanoang metsoalle le ho e boloka e phahametse ntho leha e le efe eo nkileng ka e bala kapa ka ithuta eona univesithi.” Ho phaella tabeng ea hore e molemo e bile e nakong Bibele e ka tšeptjoa.
E NEPAHETSE EBILE E KA TŠEPTJOA
14. Ke eng e bontšang hore Bibele e nepahetse litabeng tsa saense?
14 Le hoja Bibele e se buka ea ho ithuta ea saense, e nepahetse litabeng tsa saense. Ka mohlala, nakong eo boholo ba batho bo neng bo lumela hore lefatše le bataletse, moprofeta Esaia o ile a bua ka lona e le “phikoloho” (Seheberu, chugh, eo mona e nang le khopolo ea ho ba “chitja”). (Esaia 40:22) Khopolo ea hore lefatše le lechitja e ne e sa amohelehe hohle ho fihlela lilemo tse likete ka mor’a mehla ea Esaia. Ho feta moo, Jobo 26:7 (Bibele—Phetolelo e Ncha)—e ngotsoeng lilemo tse fetang 3 000 tse fetileng—e bolela hore Molimo o “leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.” Setsebi se seng sa Bibele se re: “Hore na Jobo o tsebile ’nete eo joang, e pakiloeng ke botsebi ba linaleli, ea hore lefatše le leketla sepakapakeng, ke taba eo ho seng bonolo hore ba hanang hore Mangolo a Halalelang a bululetsoe ba e rarolle.”
15. Ho tšepa Bibele ho matlafatsoa joang ke mokhoa oa eona oa ho tlaleha?
15 Mokhoa oa ho tlaleha o fumanoang Bibeleng le oona o matlafatsa tšepo ea rōna bukeng ena ea khale-khale. Ho fapana le litšōmo, liketsahalo tse akarelitsoeng ka Bibeleng li amana ka ho toba le batho ba itseng le matsatsi. (1 Marena 14:25; Esaia 36:1; Luka 3:1, 2) ’Me leha bo-rahistori ba boholo-holo kamehla ba batla ba fetelletsa ho hlōla ha babusi ba bona le ho pata ho hlōloa ha bona le liphoso tsa bona, bangoli ba Bibele ba ne ba hloka leeme ’me ba tšepahala—esita le ka libe tsa bona tse tebileng.—Numere 20:7-13; 2 Samuele 12:7-14; 24:10.
BUKA EA BOPROFETA
16. Ke bopaki bofe bo matlahali ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo?
16 Boprofeta bo phethahetseng bo fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo. Bibele e na le boprofeta bo bongata bo ’nileng ba phethahatsoa ka ho qaqileng. Ka ho hlakileng, batho feela ba ne ba ke ke ba ikarabella bakeng sa sena. Joale, boprofeta boo bo tsoa kae? Bibele ka boeona e bolela hore “ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang,” kapa matla a sebetsang a Molimo. (2 Petrose 1:21) Nahana ka mehlala e meng.
17. Ke boprofeta bofe bo ileng ba bolela esale pele ho oa ha Babylona, hona bo ile ba phethahatsoa joang?
17 Ho oa ha Babylona. Esaia le Jeremia ba ile ba bolela esale pele hore Babylona e tla oela ho Bamede le Bapersia. Ho tsotehang, boprofeta ba Esaia ka ketsahalo ena bo ile ba tlalehoa lilemo tse ka bang 200 pele Babylona e haptjoa! Lintlha tse latelang tsa boprofeta hona joale ke litaba tse nang le bopaki ba histori: ho psha ha Nōka ea Eufrate ka ho khelosetsa metsi a eona letšeng la maiketsetso (Esaia 44:27; Jeremia 50:38); bohlasoa ba ho haella ha tšireletso likeiting tsa nōka ea Babylona (Esaia 45:1); le ho hlōla ha ’musi ea bitsoang Cyruse.—Esaia 44:28.
18. Boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahatsoa joang ho phahameng le ho oeng ha “morena oa ba-Gerike”?
18 Ho phahama le ho oa ha “morena oa ba-Gerike.” Ponong, Daniele o ile a bona phooko e thula pheleu e ba e oa, e roba manaka a eona a mabeli. Joale, lenaka le leholo la phooko le ne le robehile, ’me ha hlaha manaka a mane sebakeng sa lona. (Daniele 8:1-8) Daniele o ile a hlalosetsoa: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.” (Daniele 8:20-22) Tumellanong le boprofeta bona, lilemo tse ka bang makholo a mabeli hamorao, “morena oa ba-Gerike,” Alexandere e Moholo, o ile a liha ’Muso oa ba-Mede le ba-Persia o linaka li peli. Alexandere o ile a shoa ka 323 B.C.E. ’me qetellong o ile a nkeloa sebaka ke balaoli ba hae ba bane ba mabotho. Leha ho le joalo, ha ho le o mong oa mebuso ena e ileng ea latela o ileng oa lekana ka matla le ’muso oa Alexandere.
19. Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahatsoa ho Jesu Kreste?
19 Bophelo ba Jesu Kreste. Mangolo a Seheberu a na le boprofeta bo bongata bo phethahetseng tsoalong, tšebeletsong, lefung le tsohong tsa Jesu. Ka mohlala, lilemo tse fetang 700 esale pele, Mikea o ile a bolela esale pele hore Messia, kapa Kreste, o ne a tla tsoalloa Bethlehema. (Mikea 5:2; Luka 2:4-7) Esaia ea phetseng nakong e le ’ngoe le Mikea o ile a bolela esale pele hore Messia o ne a tla otloa ’me a tšoeloe ka mathe. (Esaia 50:6; Matheu 26:67) Makholo a mahlano a lilemo esale pele, Zakaria o ile a profeta hore Messia o ne a tla ekoa ka likotoana tsa silevera tse 30. (Zakaria 11:12; Matheu 26:15) Lilemo tse fetang sekete pele ho nako, Davida o ile a bolela esale pele maemo a neng a amana le lefu la Jesu Messia. (Pesaleme ea 22:7, 8, 18; Matheu 27:35, 39-43) ’Me lilemo tse ka bang makholo a mahlano esale pele, boprofeta ba Daniele bo ile ba senola hore na Messia o ne a tla hlaha neng hammoho le bolelele ba tšebeletso ea hae le nako ea lefu la hae. (Daniele 9:24-27) Ena ke mehlala feela ea boprofeta bo phethahetseng ho Jesu Kreste. U tla fumana e le ho putsang ho bala haholoanyane ka eena hamorao.
20. Tlaleho e phethahetseng ea Bibele ea boprofeta bo phethahalitsoeng e lokela ho re fa tšepo efe?
20 Boprofeta bo bong bo bongata ba Bibele ba nako e telele bo se bo phethahalitsoe. U ka ’na ua botsa, ‘Empa, see se ama bophelo ba ka joang?’ Haeba e mong a ile a u bolella ’nete ka lilemo tse ngata, na ka tšohanyetso u ne u tla mo belaella ha a u bolella ntho e ’ngoe e ncha? Che! Molimo o ’nile a bolela ’nete ka Bibele. Na see ha sea lokela ho haha tšepo ea hao ho seo Bibele e se tšepisang, se kang boprofeta ba eona mabapi le paradeise e tlang ea lefatšeng? Ka sebele, re ka ba le tšepo e tšoanang joaloka Pauluse, e mong oa barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, ea ileng a ngola hore ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Ho feta moo, ha re bala Mangolo ’me re sebelisa keletso ea ’ona, re sebelisa bohlale boo batho ba ke keng ba bo finyella ka bobona, hobane Bibele ke buka e senolang tsebo ea Molimo e isang bophelong bo sa feleng.
“LE HLAOLELE TABA-TABELO EA” TSEBO EA MOLIMO
21. U lokela ho etsa eng haeba lintho tse ling tseo u ithutang tsona Bibeleng li bonahala li makatsa?
21 Ha u ntse u ithuta Bibele, ho ka etsahala hore u ithute lintho tse fapaneng le tseo u li rutiloeng nakong e fetileng. U ka ba ua fumaena hore tse ling tsa litloaelo tseo u li ratang tsa bolumeli ha li khahlise Molimo. U tla ithuta hore Molimo o na le litekanyetso tsa ho hotle le ho fosahetseng tse phahameng ho feta tse tloaelehileng lefatšeng lena le lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hona ho ka ’na ha bonahala ho makatsa ka lekhetlo la pele. Empa e-ba le mamello! Hlahloba Mangolo ka hloko ho fumana tsebo ea Molimo. E-ba ea ikemiselitseng hore keletso ea Bibele e ka ’na ea u hloka hore u fetole monahano oa hao le liketso tsa hao.
22. Ke hobane’ng ha u ithuta Bibele, hona u ka thusa ba bang joang ho utloisisa see?
22 Metsoalle le beng ka uena ka sepheo se setle ba ka ’na ba hanyetsa ho ithuta ha hao Bibele, empa Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea bolelang hore o na le kopano le ’na ka pel’a batho, le ’na ka sebele ke tla bolela hore ke na le kopano le eena ka pel’a Ntate ea leng maholimong; empa mang le mang ea ntatolang ka pel’a batho, le ’na ka sebele ke tla mo latola ka pel’a Ntate ea leng maholimong.” (Matheu 10:32, 33) Ba bang ba ka ’na ba tšaba hore u tla ameha sehlotšoaneng sa borapeli kapa u tla fetoha ea chesehang ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, bonneteng, u mpa feela u loanela ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo le ea ’nete ea hae. (1 Timothea 2:3, 4) E le ho thusa ba bang ho utloisisa sena, e-ba ea nahanelang maemo, u se ke ua ba likhang, ha u bua le bona ka seo u ithutang sona. (Bafilippi 4:5) Hopola hore ba bangata ba “haptjoa ka ntle ho lentsoe” ha ba bona bopaki ba hore tsebo ea Bibele e hlile e tsoela batho molemo.—1 Petrose 3:1, 2.
23. U ka ‘hlaolela taba-tabelo’ bakeng sa tsebo ea Molimo joang?
23 Bibele e-ea re phehella: “Joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” (1 Petrose 2:2) Lesea le itšetlehile ka lijo tse tsoang ho ’m’a lona ’me le tsitlallela hore seo le se hlokang se khotsofatsoe. Ka ho tšoanang, re itšetlehile ka tsebo e tsoang ho Molimo. U “hlaolele taba-tabelo” bakeng sa Lentsoe la hae ka ho tsoela pele u ithuta. Ka sebele, iketsetse pakane ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pesaleme ea 1:1-3) Sena se tla u tlisetsa mahlohonolo a enneng, hobane Pesaleme ea 19:11 e re ka melao ea Molimo: ‘Ho bolokoeng ha eona ho na le moputso o moholo.’
a [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
B.C.E. e bolela “pele ho Mehla e Tloaelehileng,” e leng e nepahetseng ho feta B.C. (“pele ho Kreste”). C.E. e bolela “Mehla e Tloaelehileng,” eo hangata e bitsoang A.D., bakeng sa anno Domini, e bolelang “selemong sa Morena oa rōna.”
LEKA TSEBO EA HAO
Bibele ha e tšoane le libuka tse ling ka litsela life?
Ke hobane’ng ha u ka tšepa Bibele?
U pakeloa ke eng hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng?
[Lebokose le leqepheng la 14]
SEBELISA BIBELE EA HAO KA BOTLALO
Ho tloaelana le Bibele ha ea lokela ho ba ntho e thata. Sebelisa lethathamo la eona la tse ka hare hore u ithute ho latellana ha libuka tsa Bibele le moo li leng teng.
Libuka tsa Bibele li na le likhaolo le litemana bakeng sa ho li fumana habonolo. Ho aroloa ka likhaolo ho ile ha eketsoa nakong ea lekholo la bo13 la lilemo, ’me mohatisi oa Lefora oa lekholo la bo16 la lilemo ho bonahala a ile a arola Mangolo a Segerike ka litemana tse teng kajeno. Bibele ea pele e feletseng e ileng ea e-ba le linomoro tsa khaolo le tsa temana e ne e le khatiso ea Sefora, e hatisitsoeng ka 1553.
Ha ho boletsoe mangolo bukeng ena, nomoro ea pele e bontša khaolo ’me e latelang e bolela temana. Ka mohlala, ho qotsoa ha “Liproverbia 2:5” ho bolela buka ea Liproverbia, khaolo ea 2, temana ea 5. Ka ho sheba mangolo a qotsitsoeng, kapele u tla ikutloa u nolofalloa ke ho fumana litemana tsa Bibele.
Tsela e molemohali ea ho tloaelana le Bibele ke ka ho e bala letsatsi le letsatsi. Ka lekhetlo la pele, hona ho ka bonahala e le phephetso. Empa haeba u bala likhaolo tse tharo ho isa ho tse hlano ka letsatsi, ho itšetlehile ka bolelele ba tsona, u tla qeta ho bala Bibele eohle ka selemo. Ke hobane’ng ha u sa qale kajeno?
[Lebokose le leqepheng la 19]
BIBELE—BUKA E IKHETHANG
• Bibele e “bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Le hoja batho ba ile ba ngola mantsoe, Molimo o ile a tataisa mehopolo ea bona, e le hore Bibele e ka ba “lentsoe la Molimo” ka sebele.—1 Bathesalonika 2:13.
• Bibele e ile ea ngoloa ka nako ea lilemo tse makholo a 16, ke batlatsetsi ba ka bang 40 ba tsoang limelong tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, e feletseng e lumellana ho tloha qalong ho ea qetellong.
• Bibele e phonyohile likhang tse ngata ho feta buka leha e le efe. Nakong ea Mehla e Bohareng, batho ba ile ba chesetsoa thupeng ka lebaka feela la ho ba le kopi ea Mangolo ana.
• Bibele ke eona ea pele e rekisoang ka ho fetisisa lefatšeng. E se e fetoletsoe, e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse fetang 2 000. Ho se ho hatisitsoe likopi tse likete tse limilione, ’me ho batla ho se na sebaka lefatšeng seo ho sona ho ke keng ha fumanoa kopi.
• Karolo ea khale-khale ea Bibele ke ea lekholo la bo16 la lilemo B.C.E. Ke pele ho hlaha Rig-Veda ea Sehindu (hoo e ka bang ka 1300 B.C.E.), kapa “Canon of the Three Baskets” ea Mabuddha (ea lekholo la bohlano la lilemo B.C.E.), kapa Koran ea Islamo (ea lekholo la bosupa la lilemo C.E.), hammoho le Nihongi ea Shinto (720 C.E.).
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 20]