Khaolo ea 13
Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
1, 2. Ha lenyalo le le tlas’a khatello, ho lokela ho botsoa potso efe?
KA 1988 mosali e mong oa Motaliana ea bitsoang Lucia o ne a tepeletse maikutlo haholo.a Ka mor’a lilemo tse leshome lenyalo la hae le ne le fela. Ka makhetlo a mangata o ne a ile a leka matsapa a hore ba boelane le monna oa hae, empa ha hoa ka ha sebetsa. Kahoo o ile a arohana le eena ka lebaka la ho se sebelisane ’me hona joale o tobane le ho hōlisa barali ba hae ba babeli a le mong. Ha a hetla morao, Lucia oa hopola: “Ke ne ke kholisehile hore ha ho letho le tla pholosa lenyalo la rōna.”
2 Haeba u na le mathata a lenyalo, u ka ’na ua ipeha boemong ba Lucia. E ka ’na eaba lenyalo la hao le khathatsong ’me e ka ’na eaba ua ipotsa hore na le ntse le ka pholosoa. Haeba ho joalo, u tla fumana ho thusa ho nahana ka potso ena: Na ke latetse likeletso tsohle tse ntle tseo Molimo a faneng ka tsona ka Bibeleng ho thusa ho etsa hore lenyalo le atlehe?—Pesaleme ea 119:105.
3. Le hoja tlhalo e atile, ke boitšoaro bofe bo tlalehiloeng har’a batho ba bangata ba hlaliloeng le malapa a bona?
3 Nakong eo ho nang le tsitsipano pakeng tsa monna le mosali, ho qhala lenyalo ho ka ’na ha bonahala e le tsela e bonolohali e ka nkuoang. Empa, le hoja linaha tse ngata li e-ba le keketseho e tšosang ea malapa a qhalanang, liphuputso tsa morao tjena li bontša hore karolo e khōlō lekholong ea banna le basali ba hlaliloeng ea ikoahlaea ka ho qhalana hoo. Palo e khōlō e itseng ea bona e tšoenngoa ke mathata a bophelo, ’meleng le kelellong, ho feta ba lulang lenyalong. Hangata pherekano le ho hloka thabo ha bana ba batsoali ba hlalaneng li ba teng lilemo tse telele. Batsoali le metsoalle ea lelapa le qhalaneng le bona baa tšoenyeha. Joale ho thoe’ng ka tsela eo Molimo, Moqapi oa lenyalo, a talimang boemo boo ka eona?
4. Mathata a lokela ho sebetsoa joang lenyalong?
4 Joalokaha ho hlokometsoe likhaolong tse fetileng, Molimo o ile a rera hore lenyalo e lokela ho ba tlamahano ea bophelo bohle. (Genese 2:24) Joale, ke hobane’ng ha manyalo a mangata hakaale a qhalana? Ho ka ’na ha se ke ha etsahala hang-hang. Hangata ho ba le matšoao a temoso. Mathata a manyenyane lenyalong a ka hōla hanyane ka hanyane ho fihlela a bonahala a ke ke a hlōloa. Empa haeba mathata ana a rarolloa ka potlako ka thuso ea Bibele, ho qhalana ha manyalo a mangata ho ka qojoa.
E-BA EA TALIMANG LINTHO KA TSELA EA SEBELE
5. Ke boemo bofe ba sebele bo lokelang ho tojoa lenyalong leha e le lefe?
5 Ntho e ’ngoe eo ka linako tse ling e lebisang mathateng ke litebello tseo molekane e mong kapa ka bobeli ba ka bang le tsona tseo e seng tsa sebele. Lipale tsa maratano, limakasine tse ratoang, mananeo a thelevishene le lifilimi li ka baka tšepo le litoro tse fapaneng hōle haholo le bophelo ba sebele. Ha litoro tsena li sa phethahale, motho a ka ikutloa a qhekelletsoe, a sa khotsofala, a bile a halefile. Leha ho le joalo, batho ba babeli ba sa phethahalang ba ka fumana thabo lenyalong joang? Ho hloka boiteko ho finyella kamano e atlehileng.
6. (a) Bibele e fana ka pono efe e leka-lekaneng ea lenyalo? (b) Ke mabaka afe a mang a ho se lumellane lenyalong?
6 Bibele e sebetsa hamolemo. Ea lumela hore ho na le thabo lenyalong, empa e boetse e lemosa hore ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakorinthe 7:28) Joalokaha ho se ho hlokometsoe, balekane ka bobeli ha baa phethahala ’me ba sekametse sebeng. Kaheho ea kelello le ea maikutlo le khōliso ea molekane ka mong e fapane. Ka linako tse ling banyalani ha ba lumellane ka chelete, bana le ba bohoeng kapa ba bohali. Nako e fokolang ea ho etsa lintho hammoho le mathata a likamano tsa botona le botšehali le tsona e ka ba mohloli oa khohlano.b Ho hloka nako ho sebetsana le litaba tse joalo, empa khothala! Banyalani ba bangata ba khona ho tobana le mathata a joalo le ho finyella tharollo e amohelehang ho bona ka bobeli.
BUISANANG KA LIPHAPANG
7, 8. Haeba ho e-na le ea utloileng bohloko maikutlong kapa ho bile le ho se utloisisane pakeng tsa balekane ba lenyalo, tsela ea Mangolo ea ho sebetsana le ’ona ke efe?
7 Ba bangata ba ho fumana ho le thata ho lula ba khobile matšoafo ha ba buisana ka lintho tse utloisang maikutlo bohloko, ho se utloisisane, kapa ho hlōleha ha motho ka mong. Ho e-na le ho re ka ho toba: “Ke utloa eka ha ua nkutloisisa,” molekane e mong a ka ’na a nkeha maikutlo ’me a feteletsa bothata. Ba bangata ba tla re: “U ikhathalla bouena feela,” kapa “Ha u nthate.” A sa batle ho pheha khang, molekane e mong a ka ’na a hana ho arabela.
8 Tsela e molemo e ka lateloang ke ho mamela keletso ea Bibele: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Banyalani ba bang ba thabileng lenyalong, ha ba fihla selemong sa bo60 sa boikhopotso ba lenyalo la bona, ba ile ba botsoa hore na lekunutu la lenyalo la bona le atlehileng ke eng. Monna o ile a re: “Re ile ra ithuta hore re se ke ra ea robala re e-s’o lokise liphapang, ho sa tsotellehe hore na li ne li le nyenyane hakae.”
9. (a) Ke eng e khetholloang ka Mangolong e le karolo ea bohlokoa ea puisano? (b) Hangata balekane ba lenyalo ba hloka ho etsa eng, esita le haeba see se hloka sebete le boikokobetso?
9 Ha monna le mosali ba sa lumellane, e mong le e mong ho hlokahala a ‘potlake mabapi le ho utloa, e be ea liehang mabapi le ho bua, e be ea liehang mabapi le khalefo.’ (Jakobo 1:19) Ka mor’a ho mamela ka hloko, balekane ka bobeli ba ka ’na ba bona ho hlokahala ho ikōpela tšoarelo. (Jakobo 5:16) Ho bua tjena ka tieo eohle, “Ke kōpa tšoarelo ka ho u utloisa bohloko,” ho hloka boikokobetso le sebete. Empa ho sebetsana le liphapang ka mokhoa ona ho tla ba molemo haholo ho thuseng balekane ba lenyalo e seng hore ba rarolle mathata a bona feela empa hore ba boele ba hōlise mofuthu le katamelano tse tla ba etsa hore ba fumane thabo haholoanyane botsoalleng ba e mong ho e mong.
HO FANA KA TOKELO EA LENYALO
10. Ke tšireletso efe e buelletsoeng ke Pauluse ho Bakreste ba Korinthe e ka ’nang ea sebetsa ho Mokreste kajeno?
10 Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakorinthe, o ile a buella lenyalo “ka lebaka la ho ata ha bohlola.” (1 Bakorinthe 7:2) Kajeno lefatše le lebe joaloka Korinthe ea boholo-holo, kapa le lebe le ho e feta. Litaba tsa boitšoaro bo bobe tseo batho ba lefatše ba buisanang ka tsona phatlalatsa, tsela e sa hlompheheng eo ba aparang ka eona, lipale tsa boitšoaro bo bobe tse hlahang limakasineng le libukeng, thelevisheneng le libaesekopong, kaofela li kopane ho tsosa takatso e feteletseng ea botona le botšehali. Ho Bakorinthe ba neng ba phela tikolohong e tšoanang, moapostola Pauluse o itse: “Ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.”—1 Bakorinthe 7:9.
11, 12. (a) Monna le mosali ba kolotana eng, hona e lokela ho fanoa ka moea ofe? (b) Boemo bo lokela ho sebetsoa joang haeba tokelo ea lenyalo e lokela ho emisoa ka nakoana?
11 Ka hona, Bibele e laela Bakreste ba lenyalong: “Monna a a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:3) Hlokomela hore khatiso e ho faneng—ho e-na le ho batleng ka khang. Katamelano e haufi ea nama lenyalong e khotsofatsa e le kannete hafeela molekane e mong le e mong a amehile ka se molemo ka e mong. Ka mohlala, Bibele e laela banna hore ba sebelisane le basali ba bona “ho ea ka tsebo.” (1 Petrose 3:7) Hona ke ’nete haholo-holo mabapi le ho fana le ho amohela tokelo ea lenyalo. Haeba mosali a sa tšoaroe ka bonolo, a ka ’na a ho fumana ho le thata ho thabela tšobotsi ena ea lenyalo.
12 Ho na le linako tseo balekane ba lenyalo ba tlamehang ho timana tokelo ena ea lenyalo. Hona e ka ba ’nete ka mosali linakong tse itseng tsa khoeli kapa ha a ikutloa a khathetse haholo. (Bapisa le Levitike 18:19.) E ka ’na ea e-ba ’nete ka monna ha a sebetsana le bothata bo tebileng mosebetsing ’me a ikutloa a khathetse maikutlong. Mabakeng a joalo a ho khaotsa nakoana ho fanana tokelo ea lenyalo a sebetsoa hamolemo haeba balekane ka bobeli ba buisana ka boemo ka ho toba ’me e le ka “tumellano.” (1 Bakorinthe 7:5) Hona ho tla thibela molekane e mong hore a se ke a potlakela ho etsa liqeto tse fosahetseng. Leha ho le joalo, haeba mosali ka boomo a hanela monna oa hae kapa haeba monna ka boomo a hlōleha ho fana ka litšoanelo tsa lenyalo ka tsela e lerato, molekane e mong a ka ’na a sala a bulehetse teko. Boemong bo joalo, mathata a ka ’na a hlaha lenyalong.
13. Bakreste ba ka sebeletsa ho boloka monahano oa bona o hloekile joang?
13 Joaloka Bakreste bohle, bahlanka ba lenyalong ba Molimo ba tlameha ho qoba litšoantšo tsa bootsoa, tse ka bakang litakatso tse litšila le tseo e seng tsa tlhaho. (Bakolose 3:5) Hape ba tlameha ho lebela menahano ea bona le liketso ha ba sebetsana le litho tsohle tsa bong bo fapaneng le ba bona. Jesu o ile a lemosa: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Ka ho sebelisa keletso ea Bibele mabapi le likamano tsa botona le botšehali, balekane ba ka tseba ho qoba ho oela tekong le ho etseng bofebe. Ba ka tsoela pele ho thabela katamelano e mofuthu lenyalong eo ho eona likamano tsa botona le botšehali li nkoang e le tsa bohlokoa joaloka mpho e molemo e tsoang ho Moqapi oa lenyalo, Jehova.—Liproverbia 5:15-19.
MABAKA A BIBELE BAKENG SA TLHALO
14. Ke boemo bofe bo bobe boo ka linako tse ling bo itlhahisang? Hobane’ng?
14 Ka thabo, manyalong a mangata a Bokreste, mathata leha e le afe a hlahang ho ka sebetsanoa le ’ona. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha ho joalo. Ka lebaka la hobane batho ha baa phethahala ’me ba phela lefatšeng la boetsalibe le tlas’a taolo ea Satane, manyalo a mang a fihla mothating oo ho oona a qhalanang. (1 Johanne 5:19) Bakreste ba lokela ho sebetsana le boemo bo lekang joalo joang?
15. (a) Ke motheo ofe feela oa Mangolo oa tlhalo oo ho oona motho a nang le monyetla oa ho nyala hape? (b) Ke hobane’ng ha ba bang ba entse qeto ea ho se hlale molekane oa lenyalo ea sa tšepahaleng?
15 Joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 2 ea buka ena, bohlola ke lona feela lebaka la Mangolo la tlhalo leo ho lona motho a nang le monyetla oa ho nyala hape.c (Matheu 19:9) Haeba u e-na le bopaki bo tiileng ba hore molekane oa hao oa lenyalo ha aa ka a tšepahala, joale u tobane le qeto e thata. Na u tla tsoela pele lenyalong kapa u tla hlala? Ha ho na melao. Bakreste ba bang ba tšoaretse molekane ea bakileng e le kannete ka ho feletseng ’me lenyalo le bolokiloeng le felletse hantle. Ba bang ba entse qeto ea ho se hlale molemong oa bana.
16. (a) Ke mabaka afe a susumelitseng ba bang hore ba hlale balekane ba bona ba lenyalo ba fosang? (b) Ha molekane ea se nang molato a etsa qeto ea ho hlala kapa ho se hlale, ke hobane’ng ha ho sa lokela ho ba le ea nyatsang qeto ea eo?
16 Ka lehlakoreng le leng, ketso ea boetsalibe e ka ’na eaba e felletse ka ho ima kapa lefu le tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Kapa mohlomong bana ba hloka ho sireletsoa ho motsoali ea ba tšoereng hampe likamanong tsa botona le botšehali. Ka ho hlakileng, ho na le ho hongata ho lokelang ho hlahlojoa pele ho etsoa qeto. Leha ho le joalo, haeba u tseba ka ho se tšepahale ha molekane oa hao oa lenyalo ’me ka morao ho moo u tsoela pele ho ba le likamano tsa botona le botšehali le molekane oa hao, kahoo u bontša hore u tšoaretse molekane oa hao le hore u lakatsa ho tsoela pele lenyalong. Mabaka a tlhalo a hore u be le monyetla oa Mangolo oa ho nyala hape ha a sa le eo. Ha ho ea lokelang ho ba ntšunye-khare ’me a leke ho susumetsa qeto ea hao, leha e le hore ho na le ea lokelang ho nyatsa qeto ea hao ha u e etsa. U tla tlameha ho phela le liphello tsa qeto eo u e etsang. “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Bagalata 6:5.
MABAKA A KAROHANO
17. Haeba ho se na bohlola, Mangolo a beha meeli efe karohanong kapa tlhalong?
17 Na ho na le maemo a ka lokafatsang karohano kapa mohlomong ho hlala molekane oa lenyalo esita le haeba eo a sa etsa bohlola? E, empa mabakeng a joalo, Mokreste ha aa lokoloha hore a ka kenya motho oa boraro ka tebello ea ho kena lenyalong hape. (Matheu 5:32) Bibele, le hoja e lumella karohano e joalo, e qaqisa hore ea tlohang o lokela hore “a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:11) Ke maemo afe a feteletseng a ka etsang hore karohano e bonahale e le eona ntho e bohlale?
18, 19. Ke maemo afe a feteletseng a ka ’nang a etsa hore molekane e mong a nahanele bohlale ba karohano ea molao kapa tlhalo, le hoja ho se na monyetla oa ho kena lenyalong hape?
18 Lelapa le ka fetoha le hlokang ka lebaka la botsoa bo feteletseng le mekhoa e mebe ea monna.d A ka ’na a becha ka moputso oa lelapa kapa a o sebelisa ho tšehetsa bokhoba ba lithethefatsi kapa ba tahi. Bibele e re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse . . . bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Haeba monna ea joalo a hana ho fetola litsela tsa hae, mohlomong a bile a nka le chelete eo mosali oa hae a e amohelang e le hore a ka lefella mekhoa ea hae e mebe, mosali a ka ’na a khetha ho sireletsa bophelo ba hae le ba bana ba hae ka ho fumana karohano ea molao.
19 Bohato bo joalo ba molao bo ka boetse ba nkuoa haeba molekane a le mabifi ka ho feteletseng ho molekane e mong, mohlomong a mo otla khafetsa ho isa moo bophelo ba hae le ho phela ha hae li leng kotsing. Ho phaella moo, haeba molekane a sa khaotse ho leka ho qobella molekane oa lenyalo ho tlōla litaelo tsa Molimo ka tsela e ’ngoe, molekane ea sokeloang le eena a ka batla karohano, haholo-holo haeba litaba li fihla mothating oo bophelo ba moea bo leng kotsing. Molekane ea kotsing a ka fihlela qeto ea hore tsela feela ea “ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho” ke ka ho fumana karohano ea molao.—Liketso 5:29.
20. (a) Tabeng ea ho qhalana ha lelapa, metsoalle e hōlileng tsebong le baholo ba ka fana ka eng, hona ha baa lokela ho fana ka eng? (b) Batho ba lenyalong ha baa lokela ho sebelisa ho bua ha Bibele ka karohano le tlhalo e le phephi ea ho etsa eng?
20 Mabakeng ’ohle a ho tšoaroa hampe ha molekane ka ho feteletseng, ha ho ea lokelang ho qobella molekane ea se nang molato hore a arohane kapa a lule le e mong. Le hoja metsoalle e hōlileng tsebong le baholo ba ka fana ka tšehetso le keletso e thehiloeng Bibeleng, bana ba ke ke ba tseba makolopetso kaofela a se etsahalang pakeng tsa monna le mosali. Ke Jehova feela ea ka bonang seo. Ho hlakile hore mosali oa Mokreste o ne a tla be a sa hlomphe tokisetso ea Molimo ea lenyalo haeba a sebelisa mabaka a thekeselang hore a tsoe lenyalong. Empa haeba boemo bo kotsi ka ho feteletseng bo phehella, ha ho ea lokelang ho mo nyatsa haeba a khetha ho arohana le monna. Ho ka buuoa lintho tse tšoanang hantle ka monna oa Mokreste ea batlang karohano. “Bohle re tla ema ka pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo.”—Baroma 14:10.
KAMOO LENYALO LE QHALANENG LE ILENG LA BOLOKOA KATENG
21. Ke phihlelo efe e bontšang hore keletso ea Bibele lenyalong ea sebetsa?
21 Likhoeli tse tharo ka mor’a hore Lucia, ea boletsoeng pejana, a arohane le monna oa hae, o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho ithuta Bibele le tsona. Oa hlalosa: “Ho makaleng ha ka ho hoholo, Bibele e ile ea fana ka tharollo e sebetsang bothateng ba ka. Ka mor’a beke e le ’ngoe feela ke ithuta, kapele-pele ke ile ka batla ho boelana le monna oa ka. Kajeno nka bolela hore Jehova o tseba ho pholosa manyalo tlokotsing hobane lithuto tsa hae li thusa balekane hore ba ithute ho ikutloa ba hlomphana. Hase ’nete hore Lipaki tsa Jehova li qhala malapa, joalokaha ba bang ba tiisa. Tabeng ea ka, ho fapaneng le hoo e ne e le ’nete.” Lucia o ile a ithuta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae.
22. Banyalani bohle ba lokela ho ba le tšepo ho eng?
22 Lucia hase mokhelo. Lenyalo e lokela ho ba tlhohonolofatso, e seng moroalo. Bakeng sa ho finyella seo, Jehova o fane ka mohloli o molemohali oa keletso ea lenyalo o kileng oa ngoloa—Lentsoe la hae la bohlokoa. Bibele e ka “hlalefisa sethoto.” (Pesaleme ea 19:7-11) E pholositse manyalo a mangata a neng a le mothating oa ho qhalana ’me e ntlafalitse a mang a mangata a neng a e-na le mathata a tebileng. E se eka banyalani bohle ba ka tšepa ka ho feletseng keletso ea lenyalo eo Jehova Molimo a fanang ka eona. Ka sebele ea sebetsa!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
b Tse ling tsa lintlha tsena ho buisanoe ka tsona likhaolong tse fetileng.
c Lentsoe la Bibele le fetoletsoeng e le “bohlola” le akarelletsa liketso tsa bofebe, bosodoma, ho robala le phoofolo le liketso tse ling tse feteletseng tse tsoileng taolong tse amang ho sebelisoa ha litho tsa botona kapa tsa botšehali.
d Hona ha ho akarelletse maemo ao ho ’ona monna, le hoja a e-na le morero o motle, a sa khoneng ho hlokomela ba lelapa la hae ka mabaka a ke keng a a laola, a kang ho kula kapa khaello ea menyetla ea mesebetsi.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA JOANG . . . HO QOBA HO QHALANA HA LENYALO?
Lenyalo ke mohloli oa thabo le matšoenyeho.—Liproverbia 5:18, 19; 1 Bakorinthe 7:28.
Ho se lumellane ho lokela ho rarolloa kapele-pele.—Baefese 4:26.
Puisanong, ho mamela ke habohlokoa joaloka ho bua.—Jakobo 1:19.
Tšoanelo ea lenyalo e lokela ho fanoa ka moea oa ho hloka boithati le ka bonolo.—1 Bakorinthe 7:3-5.
[Setšoantšo se leqepheng la 154]
Sebetsa mathata ka potlako. Se ke ua lumella letsatsi hore le u likelle u le boemong ba ho halefa