Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 10 maq. 20-21
  • Mekhoa eo Molimo a e Hloileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mekhoa eo Molimo a e Hloileng
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metsoalle ea Molimo e Qoba Lintho Tse Mpe
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Qoba Leraba la Papali ea Chelete
    Tsoha!—2002
  • Ho Becha
    Tsoha!—2015
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 10 maq. 20-21

Thuto ea 10

Mekhoa eo Molimo a e Hloileng

U lokela ho ikutloa joang ka lintho tseo Molimo a reng li mpe? (1)

Ke mefuta efe ea boitšoaro ba botona le botšehali e fosahetseng? (2)

Mokreste o lokela ho talima ho bua leshano joang? (3) papali ea chelete? (3) bosholu? (3) pefo? (4) tšebelisano le meea? (5) botahoa? (6)

Motho a ka itokolla mekhoeng e mebe joang? (7)

1. Bahlanka ba Molimo ba rata se molemo. Empa hape ba tlameha ho ithuta ho hloea se sebe. (Pesaleme ea 97:10) Seo se bolela ho qoba mekhoa e itseng eo Molimo a e hloileng. E meng ea mekhoa eo ke efe?

2. Bohlola: Likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, bofebe, ho robala le liphoofolo, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka uena ea haufi le bosodoma kaofela ke libe tse tebileng khahlanong le Molimo. (Levitike 18:6; Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 6:9, 10) Haeba monna le mosali ba sa nyalana empa ba lula hammoho, ba lokela ho arohana kapa ho seng joalo ba nyalane ka molao.—Baheberu 13:4.

3. Ho Bua Leshano, Papali ea Chelete, Bosholu: Jehova Molimo a ke ke a bua leshano. (Tite 1:2) Batho ba batlang hore a ba amohele ba tlameha ho qoba ho bua leshano. (Liproverbia 6:16-19; Bakolose 3:9, 10) Mofuta o mong le o mong oa papali ea chelete o silafatsoa ke meharo. Kahoo Bakreste ha ba kopanele papaling ea chelete ea mofuta ofe kapa ofe, e kang lilothari, peiso ea lipere le papali ea chelete ea likarete. (Baefese 5:3-5) Hape Bakreste ha ba utsoe. Ha ba reke thepa e utsoitsoeng ba ntse ba tseba kapa ho nka lintho ntle ho tumello.—Exoda 20:15; Baefese 4:28.

4. Khalefo e Matla, Pefo: Khalefo e sa laoleheng e ka lebisa liketsong tsa pefo. (Genese 4:5-8) Motho ea mabifi e ke ke ea e-ba motsoalle oa Molimo. (Pesaleme ea 11:5, NW; Liproverbia 22:24, 25) Ke phoso ho iphetetsa kapa ho buseletsa bobe ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba bang ba ka ’nang ba re etsa tsona.—Liproverbia 24:29; Baroma 12:17-21.

5. Boloi le Tšebelisano le Meea: Batho ba bang ba ipiletsa matleng a meea ho leka ho folisa maloetse. Ba bang ba loea lira tsa bona ho li kulisa kapa esita le ho li bolaea. Matla a tšehetsang mekhoa ena kaofela ke Satane. Kahoo Bakreste ha baa tlameha ho kopanela ho leha e le efe ea eona. (Deuteronoma 18:9-13) Ho lula haufi-ufi le Jehova ke tšireletso e molemo ka ho fetisisa linthong tsa boloi tseo ba bang ba ka ’nang ba leka ho re betsa ka tsona.—Liproverbia 18:10.

6. Botahoa: Hase phoso ho noa veine e nyenyane, biri, kapa lino tse ling tse tahang. (Pesaleme ea 104:15; 1 Timothea 5:23) Empa ho noa haholo le botahoa li fosahetse mahlong a Molimo. (1 Bakorinthe 5:11-13; 1 Timothea 3:8) Ho noa haholo ho ka senya bophelo ba hao ’me ha ferekanya lelapa la hao. Ho ka boetse ha etsa hore u inehele kapele-pele melekong e meng.—Liproverbia 23:20, 21, 29-35.

7. Batho ba etsang lintho tseo Molimo a reng li mpe “ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21) Haeba ka sebele u rata Molimo ’me u batla ho mo khahlisa, u ka itokolla mekhoeng ena. (1 Johanne 5:3) Ithute ho hloea seo Molimo a reng se sebe. (Baroma 12:9) Tloaelana le batho ba nang le mekhoa ea bomolimo. (Liproverbia 13:20) Metsoalle ea Bakreste ba hōlileng tsebong e ka ba mohloli oa thuso. (Jakobo 5:14) Ka holim’a tsohle, itšetlehe ka thuso ea Molimo ka thapelo.—Bafilippi 4:6, 7, 13.

[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]

Molimo o hloile botahoa, bosholu, papali ea chelete le liketso tsa pefo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela