Thuto ea 16
Qeto ea Hao ea ho Sebeletsa Molimo
U tlameha ho etsa eng hore u fetohe motsoalle oa Molimo? (1, 2)
U etsa boinehelo ba hao ho Molimo joang? (1)
U lokela ho kolobetsoa neng? (2)
U ka fumana matla a ho lula u tšepahala ho Molimo joang? (3)
1. Hore u fetohe motsoalle oa Molimo, u tlameha ho fumana tsebo e ntle ea ’nete ea Bibele (1 Timothea 2:3, 4), u be le tumelo linthong tseo u ithutileng tsona (Baheberu 11:6), u bakele libe tsa hao (Liketso 17:30, 31) ’me u sokolohe tseleng ea hao ea bophelo. (Liketso 3:19) Joale lerato la hao ho Molimo le lokela ho u susumelletsa hore u inehele ho eena. Sena se bolela hore thapelong ea botho, ea lekunutu u mo bolella hore u inehela ho eena ho etsa thato ea hae.—Matheu 16:24; 22:37.
2. Ka mor’a hore u inehele ho Molimo, u lokela ho kolobetsoa. (Matheu 28:19, 20) Kolobetso e etsa hore e mong le e mong a tsebe hore u inehetse ho Jehova. Kahoo kolobetso e loketse bao feela ba hōlileng ka ho lekaneng ho etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo. Ha motho a kolobetsoa, ’mele oohle oa hae o lokela ho kenngoa tlas’a metsi ka nakoana.a—Mareka 1:9, 10; Liketso 8:36.
3. Ka mor’a ho etsa boinehelo, Jehova o tla u lebella hore u phelele tšepiso ea hao. (Pesaleme ea 50:14; Moeklesia 5:4, 5) Diabolose o tla leka ho u thibela ho sebeletsa Jehova. (1 Petrose 5:8) Empa atamela haufi le Molimo ka thapelo. (Bafilippi 4:6, 7) Ithute Lentsoe la hae letsatsi ka leng. (Pesaleme ea 1:1-3) Khomarela phutheho haufi-ufi. (Baheberu 13:17) Ka ho etsa sena sohle, u tla fumana matla a ho lula u tšepahala ho Molimo. Kahoo, ho isa ka ho sa feleng u ka khona ho etsa lintho tseo Molimo a li hlokang ho uena!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho lokisetsoa kolobetso ho khothalletsoa thuto ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, kapa buka e tšoanang le eona e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society.