Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ba leq. 13
  • Seo Buka Ena e se Fupereng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Buka Ena e se Fupereng
  • Buka ea Batho Bohle
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Thuto ea 4—Bibele le Mangolo a Eona a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Sebelisang Libuka Tsa Khale Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Buka ea Batho Bohle
ba leq. 13

Seo Buka Ena e se Fupereng

Motho ea qalang ho kena laebraring a ka ’na a fumana ho behoa ha libuka ka ho latellana e le ntho e ferekanyang. Empa ka ho hlalosetsoa hanyenyane kamoo libuka li hlophisitsoeng kateng, kapele o ithuta ho fumana lintho. Ka ho tšoanang, ho fumana ntho ka Bibeleng ho bonolo ha u utloisisa hore na litaba tsa eona tse ka hare li hlophisitsoe joang.

LENTSOE “Bibele” le nkiloe lentsoeng la Segerike bi·bliʹa, le neng le bolela “meqolo ea loli” kapa “libuka.”⁠1 Ha e le hantle Bibele ke pokello—laebrari—ea libuka tse 66, tseo ho ngoloa ha tsona ho nkileng lilemo tse ka bang 1 600, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho hoo e ka bang ka 98 C.E.

Libuka tse 39 tsa pele, hoo e ka bang likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa litaba tse ka hare tsa Bibele, li tsejoa e le Mangolo a Seheberu, kaha boholo ba tsona li ne li ngotsoe ka puo eo. Libuka tsena ka kakaretso li ka aroloa lihlopha tse tharo: (1) Tsa Histori, libuka tse 17, ho tloha ho Genese ho ea ho Esthere; (2) Tsa Thothokiso, libuka tse 5 ho tloha ho Jobo ho ea ho Sefela sa Lifela; le (3) Tsa Boprofeta, libuka tse 17 ho tloha ho Esaia ho ea ho Malakia. Mangolo a Seheberu a akaretsa histori ea pele ea lefatše le ea moloko oa batho hammoho le histori ea sechaba sa Iseraele sa boholo-holo ho tloha ho tsoaloeng ha sona ho fihlela lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.

Libuka tse setseng tse 27 li tsejoa e le Mangolo a Segerike a Bakreste, kahobane li ne li ngotsoe ka Segerike, puo ea machaba ea nako eo. Ha e le hantle li hlophisitsoe ho latela taba ea sehlooho: (1) libuka tse 5 tsa histori—Likosepele le Liketso, (2) mangolo a 21 le (3) Tšenolo. Mangolo a Segerike a Bakreste a lebisa tlhokomelo lithutong le mesebetsing ea Jesu Kreste le barutuoa ba hae lekholong la pele la lilemo C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela