Khopolo Ena e Kena Bojudeng, Bokreste-’mōtoaneng le Boislamong
“Bolumeli ke tsela e ’ngoe hape ea ho etsa hore batho ba amohele ’nete ea hore ka letsatsi le leng ba tlameha ho shoa, ebang ke ka tšepiso ea bophelo bo molemo ka nģ’ane ho lebitla, ho tsoaloa hape, kapa ka bobeli.”—GERHARD HERM, MONGOLI OA LEJEREMANE.
1. Malumeli a mangata a theha tšepo ea ’ona ea bophelo ka mor’a lefu tumelong efe ea motheo?
HA BO etsa tšepiso ea bophelo ka mor’a lefu, hoo e ka bang bolumeli bo bong le bo bong bo itšetlehile ka tumelo ea hore motho o na le moea o sa shoeng le oo ha a e-shoa o nkang leeto ho ea sebakeng se seng kapa o fallelang sebōpuoeng se seng. Joalokaha ho hlokometsoe karolong e fetileng, tumelo ea hore motho ha a shoe e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea malumeli a Bochabela ho tloha ha a qaleha. Empa ho thoe’ng ka Bojuda, Bokreste-’mōtoana le Boislamo? Ho tlile joang hore thuto ee e fetohe e ka sehloohong litumelong tsee?
Bojuda bo Amohela Maikutlo a Magerike
2, 3. Ho ea ka Encyclopaedia Judaica, na mangolo a halalelang a Seheberu a ruta ho se shoe ha moea?
2 Metso ea Bojuda e khutlela morao lilemo tse ka bang 4 000 ho ea ho Abrahama. Mangolo a halalelang a Seheberu a ile a qala ho ngoloa lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. ’me a ile a qetoa nakong eo Socrates le Plato ba thehang khopolo ea ho se shoe ha moea ka eona. Na Mangolo aa a ne a ruta ho se shoe ha moea?
3 Encyclopaedia Judaica ea araba: “Ke nakong ea ka mor’a mehla ea Bibele feela, tumelo e hlakileng le e tiileng ea ho se shoe ha moea e ileng ea thehoa . . . ’me ea fetoha e ’ngoe ea litšiea tsa litumelo tsa Bojuda le Bokreste.” E boetse ea bolela: “Motho o ne a nkoa e le boleng bo feletseng mehleng ea Bibele. Kahoo moea o ne o sa khetholloe ka ho feletseng ’meleng.” Bajuda ba pele ba ne ba lumela tsohong ea bafu, ’me encyclopedia eo e totobatsa hore sena “se lokela ho khetholloa tumelong ea . . . ho se shoe ha moea.”
4-6. Ho tlile joang hore thuto ea ho se shoe ha moea e be “e ’ngoe ea litšiea” tsa Bojuda?
4 Joale, ho tlile joang hore thuto ee e fetohe “e ’ngoe ea litšiea” tsa Bojuda? Histori e fana ka karabo. Ka 332 B.C.E., Alexandere e Moholo o ile a hapa boholo ba Bochabela bo Hare ka ho panya ha leihlo. Hoba a fihle Jerusalema, Bajuda ba ile ba mo amohela ka matsoho a mabeli. Ho ea ka rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo Flavius Josephus, ba bile ba mo bontša boprofeta bo tsoang bukeng ea Daniele, bo ngotsoeng lilemo tse fetang 200 pejana, boo ka ho hlakileng bo neng bo hlalosa ho hapa ha Alexandere e le karolo e phethoang ke “morena oa ba-Gerike.” (Daniele 8:5-8, 21) Bahlahlami ba Alexandere ba ile ba ntšetsa pele morero oa hae oa Ho Kenya Tsamaiso e Thehiloeng Litloaelong tsa Bagerike, ba tlatsa likarolo tsohle tsa ’muso oo ka puo, setso le filosofi tsa Bagerike. Ho kopana ha litso tsena tse peli—sa Bagerike le sa Bajuda—ho ne ho ke ke ha qojoa.
5 Mathoasong a lekholo la boraro la lilemo B.C.E., ho ile ha qaloa phetolelo ea pele e bitsoang Septuagint ea Mangolo a Seheberu ho a isa Segerikeng. Ka eona Balichaba ba bangata ba ile ba hlompha bolumeli ba Bajuda le ho tloaelana le bona, ’me ba bang ba bile ba sokolohela ho bona. Ka lehlakoreng le leng, Bajuda ba ne ba tseba monahano oa Bagerike, ’me ba bang ba ile ba fetoha bo-rafilosofi, e leng ntho e neng e le ncha ka ho feletseng ho bona. Philo oa Alexandria, oa lekholong la pele la lilemo C.E., e ne e le e mong oa bo-rafilosofi ba joalo ba Bajuda.
6 Philo o ne a hlompha Plato ’me o ne a ikemiselitse ho hlalosa Bojuda ho latela filosofi ea Bagerike. Buka ea Heaven—A History e re: “Ka ho kopanya filosofi ea Plato le neano ea Bibele ka tsela e khethehileng, Philo o ile a lokisa tsela bakeng sa batho ba nahanang ba Bakreste [hammoho le ba Bajuda] hamorao.” Empa Philo o ne a lumela eng ka moea? Buka eo e tsoela pele: “Ho eena, lefu le tsosolosetsa moea boemong ba oona ba qalong, pele ho tsoalo. Kaha moea ke oa lefatšeng la moea, bophelo ’meleng bo fetoha ketsahalo e khutšoanyane, eo hangata e tletseng bomalimabe.” Batho ba bang ba Bajuda ba nahanang ba neng ba lumela hore moea ha o shoe ba akarelletsa Isaac Israeli, ngaka ea Mojuda e tsebahalang ea lekholong la bo10 la lilemo le Moses Mendelssohn, rafilosofi oa Mojeremane oa Mojuda oa lekholong la bo18 la lilemo.
7, 8. (a) Talmud e hlalosa moea joang? (b) Lingoliloeng tsa mohlolo tsa Sejuda tsa morao li re’ng ka moea?
7 Buka eo hape e susumelitseng monahano oa Bajuda le bophelo ba bona ka ho tebileng ke Talmud—kakaretso e ngotsoeng ea se bitsoang molao oa molomo, le litlhakiso le litlhaloso tse tlileng hamorao tsa molao ona, tse bokeletsoeng ke bo-rabi ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E. ho isa Mehleng e Bohareng. Encyclopaedia Judaica e re: “Bo-rabi ba Talmud ba ne ba lumela hore moea o tsoela pele ho ba teng ka mor’a lefu.” Talmud e bile e bua ka bafu e le ba kopanang le ba phelang. Encyclopædia of Religion and Ethics e re: “Mohlomong ka lebaka la tšusumetso ea thuto ea Plato, [bo-rabi] ba ne ba lumela hore meea e ile ea e-ba teng pele.”
8 Hamorao libuka tsa mohlolo tsa Bajuda, Cabala, le tsona li ea bohōleng ba ho ruta ka ho tsoaloa hangata. Ho latela tumelo ena, The New Standard Jewish Encyclopedia e re: “Khopolo ena ho bonahala e qalile India. . . . Ho Kabbalah e hlaha pele bukeng ea Bahir, e ntoo ba ho tloha Zohar ho ea pele, e ne e amoheloa hohle ke ba rutang thuto ea mehlolo, e phetha karolo ea bohlokoa tumelong ea Bahasid le libukeng tsa bona.” Kajeno Iseraele, ho tsoaloa hangata ho amoheloa ka bophara e le thuto ea Bajuda.
9. Pono ea lihlopha tse ngata tsa Bojuda ba kajeno ke efe mabapi le ho se shoe ha moea?
9 Kahoo, khopolo ea ho se shoe ha moea e ile ea kena Bojudeng ka tšusumetso ea filosofi ea Bagerike, ’me kajeno maikutlo ao a amoheloa ke boholo ba lihlopha tsa bona. Ho ka thoe’ng ka ho kena ha thuto ee Bokreste-’mōtoaneng?
Bokreste-’mōtoana bo Amohela Maikutlo a Plato
10. Setsebi se tsebahalang sa Lesepanishe se ile sa fihlela qeto efe mabapi le tumelo ea Jesu ka ho se shoe ha moea?
10 Bokreste ba ’nete bo qalile ka Kreste Jesu. Mabapi le Jesu, Miguel de Unamuno, setsebi se hlaheletseng sa Lesepanishe sa lekholong la bo20 la lilemo, o ile a ngola: “O ne a batla a lumela tsohong ea nama, ho latela mokhoa oa Bajuda, eseng ho se shoeng ha moea, ho latela mokhoa oa Plato [oa Bagerike]. . . . Bopaki ba sena bo ka bonoa bukeng leha e le efe e tšepahalang ea tlhaloso.” O ile a phetha ka ho re: “Ho se shoe ha moea . . . ke thuto ea filosofi ea bohetene.”
11. Filosofi ea Bagerike e ile ea qala ho kenella Bokresteng neng?
11 ‘Thuto ee ea filosofi ea bohetene’ e ile ea kenella Bokresteng neng hona joang? New Encyclopædia Britannica ea totobatsa: “Ho tloha bohareng ba lekholo la bo2 la lilemo AD Bakreste ba neng ba koetlisitsoe ka filosofi ea Bagerike ba ile ba qala ho utloa ho hlokahala hore ba bontše tumelo ea bona tumellanong le eona, ka bobeli bakeng sa ho khotsofatsa bohlale ba bona le hore ba khone ho sokolla bahetene ba rutehileng. Filosofi e neng e ba loketse hamolemohali e ne e le ea Plato.”
12-14. Origen le Augustine ba ile ba phetha karolo efe ho tsoakeng filosofi ea Plato le Bokreste?
12 Bo-rafilosofi ba babeli ba joalo ba pele ba ile ba sebelisa tšusumetso e khōlō lithutong tsa Bokreste-’mōtoana. E mong e ne e le Origen oa Alexandria (hoo e ka bang ka 185-254 C.E.), ’me e mong e le Augustine oa Hippo (354-430 C.E.). Ka bona, New Catholic Encyclopedia e re: “Ka Bochabela ke Origen feela ’me ka Bophirimela ke St. Augustine feela bao ka bona moea o ileng oa tiisoa e le boleng ba moea le maikutlo a filosofi a thehiloeng ho ea ka sebōpeho sa oona.” Origen le Augustine ba ile ba theha maikutlo a bona ka moea motheong ofe?
13 Origen e ne e le morutoana oa Clement oa Alexandria, eo New Catholic Encyclopedia e reng e ne e le “oa pele ho Bo-ntate bao ka ho feletseng ba ileng ba alima neanong ea Segerike tabeng ea moea.” Likhopolo tsa Plato ka moea e tlameha ebe li ile tsa susumetsa Origen ka ho tebileng. Moruti oa thuto ea bolumeli Werner Jaeger o ile a hlokomela ho The Harvard Theological Review: “[Origen] o ile a haha lithuto tsohle tse pharaletseng tse buang ka moea, tseo a li nkileng ho Plato, hore e be thuto ea Bokreste.”
14 Augustine o talingoa ke ba bang Bokreste-’mōtoaneng e le monahani e moholohali oa boholo-holo. Pele a sokolohela “Bokresteng” a le lilemo li 33, Augustine o ne a e-na le thahasello e khōlō filosofing ’me o ne a fetohile ’Muelli oa Thuto e Ntlafalitsoeng ea Plato.a Hoba a sokolohe, o ile a lula e le ’Muelli oa Thuto e Ntlafalitsoeng ea Plato monahanong oa hae. The New Encyclopædia Britannica e re: “Kelello ea hae e ne e le sebaka seo ho sona bolumeli ba Testamente e Ncha bo ileng ba tsoakoa ka ho feletseng le neano ea Plato ea filosofi ea Bagerike.” New Catholic Encyclopedia ea lumela hore “thuto [ea Augustine ea moea], e ileng ea fetoha molao Bophirimela ho fihlela morao lekholong la bo12 la lilemo, e ikarabella haholo . . . ho buelleng Thuto e Ntlafalitsoeng ea Plato.”
15, 16. Na thahasello ea lekholong la bo13 la lilemo lithutong tsa Aristotle e ile ea lokisa boemo ba kereke thutong ea ho se shoe ha moea?
15 Lekholong la bo13 la lilemo, lithuto tsa Aristotle li ne li amoheloa haholo Europe, haholo-holo ka lebaka la ho fumaneha ha libuka tsa litsebi tsa Maarabe ka Selatine tse neng li bua haholo ka mangolo a Aristotle. Setsebi se seng sa Mok’hatholike se bitsoang Thomas Aquinas se ne se khahliloe ka ho tebileng ke monahano oa Aristotle. Ka lebaka la mangolo a Aquinas, maikutlo a Aristotle a ile a e-ba le tšusumetso e khōloanyane thutong ea kereke ho feta kamoo Plato a entseng kateng. Leha ho le joalo, tšekamelo ena ha ea ka ea ama thuto ea ho se shoe ha moea.
16 Aristotle o ile a ruta hore moea o ke ke oa arohanngoa le ’mele ’me ha o tsoele pele o le teng ka mor’a lefu le hore haeba ho e-na le ntho e ’ngoe e sa feleng e teng ho motho, ke ntho e sa bonoeng, bohlale boo e seng ba motho. Ho talima moea ka tsela ena ho ne ho se tumellanong le tumelo ea kereke ea meea ea batho e pholohang lefu. Ka hona, Aquinas o ile a lokisa pono ea Aristotle ea moea, a tiisa ka matla hore ho se shoe ha moea ho ka pakoa ka mabaka. Kahoo, tumelo ea kereke ho se shoeng ha moea e ile ea lula e ntse e momahane.
17, 18. (a) Na Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike lekholong la bo16 la lilemo e ile ea hlahisa phetoho thutong e mabapi le moea? (b) Boemo ba likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana ke bofe mabapi le ho se shoe ha moea?
17 Nakong ea lekholo la bo14 le la bo15 la lilemo, karolo ea pele ea Mehla ea Tsosoloso, ho ile ha tsosolosoa thahasello ho Plato. Lelapa le tummeng la Medici Italy le bile la thusa ho theha sekolo, Florence, ho phahamisa thuto ea filosofi ea Plato. Nakong ea lekholo la bo16 le la bo17 la lilemo, ho thahasella Aristotle ho ile ha fokotseha. ’Me Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike lekholong la bo16 la lilemo ha ea ka ea hlahisa phetoho thutong e buang ka moea. Le hoja Bo-raliphetoho ba Maprostanta ba ile ba pheha khang ka thuto ea pelekatori, ba ile ba amohela khopolo ea kotlo e sa feleng kapa moputso.
18 Kahoo thuto ea ho se shoe ha moea e atile likerekeng tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana. Ha se hlokomela sena, setsebi se seng sa Moamerika se ile sa ngola: “Ha e le hantle, bolumeli ho batho ba habo rōna ba bangata, bo bolela ho se shoe, ’me ha ho ho hong. Molimo ke eena ea hlahisang ho se shoe.”
Ho se Shoe le Boislamo
19. Boislamo bo thehiloe neng hona ke mang?
19 Boislamo bo ile ba qaleha ka ho bitsoa ha Muḥammad hore e be moprofeta ha a ne a le lilemo tse ka bang 40. Ka kakaretso Mamosleme a lumela hore litšenolo li tlile ho eena ka nako ea lilemo tse 20 ho ea ho tse 23, ho tloha ka hoo e ka bang ka 610 C.E. ho isa lefung la hae ka 632 C.E. Litšenolo tsena li tlalehiloe Koraneng, buka e halalelang ea Mamosleme. Nakong eo Boislamo bo bang teng ka eona, Bojuda le Bokreste-’mōtoana bo ne bo kenoe ke maikutlo a Plato ka moea.
20, 21. Mamosleme a lumela eng ka Bophelo ka Mor’a Lefu?
20 Mamosleme a lumela hore tumelo ea ’ona ke tlhōrō ea litšenolo tse filoeng Baheberu ba tšepahalang le Bakreste ba khale. Koran e qotsa Mangolo a Seheberu le a Segerike. Empa thutong ea ho se shoe ha moea, Koran e kheloha mangolong ana. Koran e ruta hore motho o na le moea o tsoelang pele ho phela ka mor’a lefu. E boetse e bua ka tsoho ea bafu, letsatsi la kahlolo le qetello ea ho qetela ea moea—ebang ke bophelo serapeng sa paradeise sa leholimong kapa kahlolo liheleng tse chesang.
21 Mamosleme a khomaretse hore moea oa motho ea shoeleng o ea Barzakh, kapa “Karolong,” “sebaka kapa boemo boo ho bona batho ba tlang ho ba teng ka mor’a lefu le pele ho Kahlolo.” (Surah 23:99, 100, The Holy Qur-an, botlaaseng ba leqephe) Moea oa ikutloa, mono o feta ho se bitsoang “Kotlo ea Lebitla” haeba motho a ne a le khopo kapa a thabela nyakallo haeba a ne a tšepahala. Empa ba tšepahalang le bona ba tlameha ho feta tlhokofatsong e itseng ka lebaka la libe tsa bona tse seng kae tseo ba li entseng ha ba sa phela. Letsatsing la kahlolo, e mong le e mong o tobana le qetello e sa feleng, e leng e qetellang boemo bane bo bohareng.
22. Ke likhopolo life tse sa tšoaneng tse mabapi le qetello ea moea tseo bo-rafilosofi ba bang ba Maarabe ba li hlahisang?
22 Khopolo ea ho se shoe ha moea Bojudeng le Bokreste-’mōtoaneng e ile ea hlaha ka lebaka la tšusumetso ea Plato, empa khopolo eo e ile ea hahelloa Boislamong ho tloha qalong ea bona. Hona hase ho bolela hore litsebi tsa Maarabe ha lia ka tsa leka ho tsoaka lithuto tsa Boislamo le filosofi ea Bagerike. Ha e le hantle, lefatše la Maarabe le ile la susumetsoa haholo ke buka ea Aristotle. ’Me litsebi tse tummeng tsa Maarabe, tse joaloka Avicenna le Averroës, li ile tsa qaqisa le ho manolla monahano oa Aristotle. Leha ho le joalo, boitekong ba tsona ba ho lumellanya monahano oa Bagerike le thuto ea Mamosleme ka moea, li ile tsa qapa likhopolo tse sa tšoaneng. Ka mohlala, Avicenna o ile a phatlalatsa hore moea oa motho ha o shoe. Averroës, ka lehlakoreng le leng, o ile a hanyetsa pono eo. Ho sa tsotellehe lipono tsena, ho se shoe ha moea ho sala e le tumelo ea Mamosleme.
23. Bojuda, Bokreste-’mōtoana le Boislamo li eme hokae tsekong ea ho se shoe ha moea?
23 Joale ka ho hlakileng, Bojuda, Bokreste-’mōtoana le Boislamo kaofela li ruta thuto ea ho se shoe ha moea.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mokhomareli oa Thuto e Ntlafalitsoeng ea Plato, tlhaloso e ncha ea filosofi ea Plato e qapiloeng ke Plotinus lekholong la boraro la lilemo Roma.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Tlhōlo ea Alexandere e Moholo e ile ea lebisa ho tsoakoeng ha setso sa Bagerike le sa Bajuda
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Origen, ea ka holimo, le Augustine ba ile ba leka ho tsoaka filosofi ea Plato le Bokreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Avicenna, ea ka holimo, o ile a phatlalatsa hore moea oa motho ha o shoe. Averroës o ile a pheha khang khahlanong le pono eo