Moea ho Latela Bibele
“Motho ea e-ba moea o phelang.”—GENESE 2:7.
1. Ho hlokahala hore re hlahlobe eng e le hore re tle re fumane hantle seo Bibele e se rutang ka moea?
JOALOKAHA re bone, litumelo tse buang ka moea li ngata ’me ha li tšoane. Esita le har’a ba bolelang hore ba thehile litumelo tsa bona Bibeleng, ho na le likhopolo tse sa tšoaneng ka seo moea o leng sona le se etsahalang ka oona ha re e-shoa. Empa hantle-ntle Bibele e ruta eng ka moea? Hore re fumane, ho hlokahala hore re hlahlobe se boleloang ke mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “moea” ka Bibeleng.
“Moea” Joaloka Sebōpuoa se Phelang
2, 3. (a) Ke lentsoe lefe le fetoletsoeng e le “moea” Mangolong a Seheberu, hona moelelo oa lentsoe lee oa motheo ke ofe? (b) Genese 2:7 e tiisa joang hore lentsoe “moea” le ka bolela motho ea feletseng?
2 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moea” ke neʹphesh, ’me le hlaha ka makhetlo a 754 Mangolong a Seheberu (ao ka tloaelo a bitsoang Testamente ea Khale). Neʹphesh e bolela’ng? Ho latela The Dictionary of Bible and Religion, “hangata le bolela ntho eohle e phelang, motho ea feletseng.”
3 Ka mohlala, Genese 2:7 e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Hlokomela hore Adama o ne a se na moea; e ne e le moea—feela joalokaha motho ea fetohang ngaka e le ngaka. Joale lentsoe “moea,” le ka hlalosa motho ea feletseng.
4, 5. (a) Fana ka mehlala e bontšang hore lentsoe “moea” le bolela motho ea feletseng. (b) The Dictionary of Bible and Religion e tšehetsa kutloisiso ea hore motho ke moea joang?
4 Kutloisiso ena e tšehetsoa ho pholletsa le Mangolo a Seheberu, moo re fumanang lipoleloana tse kang tsena, “ekare ha moea o etsa sebe” (Levitike 5:1, NW), “moea leha e le ofe o tlang ho etsa mosebetsi oa mofuta leha e le ofe” (Levitike 23:30, NW), “ekare ha motho a fumanoa a koetetse moea” (Deuteronoma 24:7, NW), “moea oa hae o ile oa hloka mamello” (Baahloli 16:16, NW), “le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka . . . ho isa kae?” (Jobo 19:2) le “moea oa ka o llisoa ke ho hlomoha.”—Pesaleme ea 119:28.
5 Ha ho letho litemaneng tsena le bontšang hore moea ke ntho e ’ngoe e kang seriti e tsoelang pele ho phela ka mor’a lefu. The Dictionary of Bible and Religion e re: “Ho bolela ka mantsoe a rōna hore ‘moea’ oa moratuoa o tsoile ho ea ba le Morena kapa ho bua ka ‘moea o sa shoeng’ ho hang ho ne ho ke ke ha utloisisoa ho latela litumelo tse tloaelehileng tsa [Testamente ea Khale].”
6, 7. Ke lentsoe lefe le fetoletsoeng e le “moea” ka Mangolong a Segerike a Bakreste, hona moelelo oa lentsoe lee oa motheo ke ofe?
6 Lentsoe le fetoletsoeng e le “soule” (moea) ka makhetlo a fetang lekholo Mangolong a Segerike a Bakreste (ao ka tloaelo a bitsoang Testamente e Ncha) ke psy·kheʹ. Joaloka neʹphesh, lentsoe lena hangata le bolela motho ea feletseng. Ka mohlala, hlahloba lipolelo tse latelang: “Soule ea ka e khathatsehile.” (Johanne 12:27) “Tšabo ea qala ho oela soule e ’ngoe le e ’ngoe.” (Liketso 2:43) “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” (Baroma 13:1) “Le bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:14) “Batho ba seng bakae, ke hore, lisoule tse robeli, ba [ile] ba pholosoa ka tšireletseho metsing.”—1 Petrose 3:20.
7 Psy·kheʹ, joaloka neʹphesh, ka ho hlakileng e bolela motho ea feletseng. Ho latela setsebi Nigel Turner, lentsoe lena “le bolela se khetholloang ka litšobotsi tsa motho, boeena, ’mele oa nama o nang le rûaḥ [moea] ea Molimo e bululetsoeng ho oona. . . . Khatiso e ho motho ea feletseng.”
8. Na liphoofolo ke meea? Hlalosa.
8 Ka Bibeleng lentsoe “moea” ha le sebetse feela bathong empa le liphoofolong. Ka mohlala, ha e hlalosa pōpo ea libōpuoa tsa leoatle, Genese 1:20 (NW) e re Molimo o ile a laela: “Metsi a a ke a nyekenyehe boieane ba meea e phelang.” ’Me letsatsing le latelang la pōpo, Molimo o ile a re: “Lefatše ha le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, liphoofolo tse ruuoang le liphoofolo tse hahabang le sebata sa naha sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.” (Genese 1:24, NW; bapisa le Numere 31:28, NW.) Kahoo, “moea” o ka bolela sebōpuoa se phelang, ebang ke motho kapa phoofolo.
“Moea” e le Bophelo ba Sebōpuoa
9. (a) Ke moelelo ofe o atolohileng o ka lebisoang lentsoeng lee “moea”? (b) Na see se hanana le khopolo ea hore moea ke motho ka boeena?
9 Ka linako tse ling, lentsoe “moea” le bolela bophelo boo motho kapa phoofolo a bo thabelang. Sena ha se fetole tlhaloso ea Bibele ea moea e le motho kapa phoofolo. Ho etsa mohlala: Re re motho e mong oa phela, re bolela hore ke motho ea phelang. Re ka boela ra re o na le bophelo. Ka tsela e tšoanang, motho ea phelang ke moea. Leha ho le joalo, ha a ntse a phela, ho ka buuoa ka “moea” e le ntho eo a nang le eona.
10. Fana ka mehlala e bontšang hore lentsoe “moea” le ka bolela bophelo boo motho a bo thabelang kapa boo phoofolo e bo thabelang.
10 Ka mohlala, Molimo o ile a bolella Moshe: “Batho kaofela ba neng ba tsoma moea oa hao ba shoele.” (Exoda 4:19, NW) Ka ho hlakileng, lira tsa Moshe li ne li batla ho mo amoha bophelo. Tšebeliso e tšoanang ea lentsoe “moea” e bonoa lipolelong tse latelang. “Re ile ra tšabana haholo le meea ea rōna.” (Joshua 9:24, NW) “Ba ’na ba balehisa meea ea bona.” (2 Marena 7:7, NW) “Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruiloeng.” (Liproverbia 12:10, NW) ‘Mora oa motho o ile a tla ho tla fana ka soule [moea] ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) “O ile a ba lintšing tsa lefu, a pepesetsa soule [moea] ea hae kotsi.” (Bafilippi 2:30) Lekhetlong ka leng, lentsoe lena “moea” le bolela “bophelo.”a
11. Ho ka thoe’ng ka ho sebelisa ha Bibele lentsoe “moea”?
11 Kahoo lentsoe “moea” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng le bolela motho kapa phoofolo kapa bophelo boo motho a bo thabelang kapa boo phoofolo e bo thabelang. Tlhaloso ea Bibele ea moea e bonolo, ha e feto-fetohe hape ha ea pupetsoa ke lifilosofi tse rarahaneng le litumela-khoela tsa batho. Empa ho etsahala’ng ka moea lefung? Ho araba potso eo, pele re tlameha ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re e-shoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Matheu 10:28 le eona e sebelisa lentsoe “moea” ho bolela “bophelo.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Kaofela ke meea