Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-23 maq. 2-6
  • Jehova—Ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova—Ke Mang?
  • Jehova—Ke Mang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang Ea Ralileng?
  • Se Boleloang ke Lebitso la Hae
  • Litšobotsi Tse ka Sehloohong Tsa Jehova
  • Melemo ea ho Tseba Jehova
  • Ke Mang ea li Entseng Kaofela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Molimo oa ’Nete ke Mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Tlotlisa Jehova e le Eena Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Jehova—Ke Mang?
T-23 maq. 2-6

Jehova—Ke Mang?

HA A fohla ka har’a mofero Cambodia, Henri Mouhot, mofuputsi e mong oa Mofora oa lekholong la bo19 la lilemo, o ile a fihla forong e sephara e pota-potileng tempele. E ne e le Angkor Wat, sefika sa bolumeli se seholo ka ho fetisisa lefatšeng. Eitse ha Mouhot a habanya mohaho ona o koahetsoeng ke bolele, o ile a bona feela hore ke mosebetsi oa liatla tsa motho. O ile a ngola: “Mohaho ona o hahiloeng ke setsebi se seng sa boholo-holo se nang le bokhoni bo kang ba Michelangelo o motle ho feta mohaho leha e le ofe oa boholo-holo o hahiloeng ka melao ea tsa kaho ea Greece kapa Roma.” Ho sa tsotellehe ho hlokomolohuoa le ho se tsotelloe ha oona ka lilemo tse makholo, o ne a se na pelaelo ea hore ho na le ea ralileng mohaho oo o hahiloeng ka mokhoa o rarahaneng.

Ho thahasellisang ke hore buka ea bohlale e ngotsoeng lilemong tse fetileng tse makholo, e ile ea beha mabaka a tšoanang, ea re: “Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Empa ba bang ba ka ’na ba re: ‘Mesebetsi ea tlhaho e fapane le lintho tse entsoeng ke motho.’ Leha ho le joalo, hase bo-rasaense bohle ba lumellanang le khanyetso eo.

Hoba a etse qeto ea hore “tšebelisano ea lik’hemik’hale linthong tse phelang e entsoe ka lintho tse phelang,” Michael Behe, e mong oa baprofesa ba thuto ea tšebelisano ea lik’hemik’hale linthong tse phelang Univesithing ea Lehigh, Pennsylvania, U.S.A., oa botsa: “Na ebe tšebelisano ea lik’hemik’hale linthong tse phelang e raliloe ke motho ea bohlale?” O tsoela pele ho bontša hore hona joale bo-rasaense ba rala liphetoho tsa motheo linthong tse phelang ka mekhoa e kang ho fetola liphatsa tsa lefutso. E, lintho tse phelang le tse sa pheleng li ka “hahuoa”! Ha Behe a hlahloba lisele tsa lintho tse phelang tse nyenyane hoo li bonoang feela ka mechine, o ile a bona tšebelisano e rarahaneng ka mokhoa o tsotehang e entsoeng ka metsoako e sebelisanang hore e tle e atlehe tšebetsong ea eona. O ile a fihlela qeto efe? “Liphello tsa boiteko bona bo tsoelang pele ba ho hlahloba sele—ho hlahloba bophelo likarolong tse nyenyane ka ho fetisisa tsa bona—li bontša ka ho hlaka hore ho na le motho ea ‘ralileng’ sele!”

Joale ebe ke mang Ea Ralileng tšebelisano ee eohle e rarahaneng?

Ke Mang Ea Ralileng?

Karabo e fumanoa bukeng eane ea boholo-holo ea bohlale e boletsoeng pejana—e leng Bibele. Mantsoeng a eona a qalang, Bibele e araba ka bonolo bo tsotehang le ka ho hlaka potso ea hore na ke mang ea ralileng lintho tsena tsohle: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.”—Genese 1:1.

Leha ho le joalo, ha ’Mōpi a ikhetholla ho ba bang ba bitsoang Molimo, o itsebahatsa ka lebitso le khethehileng: “Sena ke seo Molimo oa ’nete, Jehova, a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo . . . , Ea alang lefatše le lihlahisoa tsa lona, Ea fanang ka phefumoloho ho batho ba ho lona.” (Esaia 42:5, 8, NW) Jehova ke lebitso la Molimo ea ralileng bokahohle le ea entseng banna le basali lefatšeng. Empa Jehova ke mang? Ke Molimo oa mofuta ofe? Hona ke hobane’ng ha u lokela ho mo mamela?

Se Boleloang ke Lebitso la Hae

Pele ho tsohle, lebitso la ’Mōpi, Jehova, le bolela eng? Lebitso la Molimo le ngoloa ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu (יהוה) ’me le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 karolong e ngotsoeng ka Seheberu ea Bibele. Ho na le maikutlo a hore lebitso lena le ngoloa ka sebōpeho sa ketsiso ea leetsi la Seheberu ha·wahʹ (‘ho ba’) ’me kahoo le bolela “O Etsa Hore ho be.” Ka mantsoe a mang, ka bohlale Jehova o iketsa hore e be eng kapa eng eo ho hlokahalang hore a be eona e le hore a finyelle merero ea hae. E ba ’Mōpi, Moahloli, Mopholosi, Mophelisi le tse ling tse joalo, e le hore a phethahatse litšepiso tsa hae. Ho ekelletsa moo, leetsi lena la Seheberu le nka sebōpeho sa ho ngoloa ha puo se bontšang ketso e sa ntsaneng e le mothating oa ho phethahala. Sena se bontša hore Jehova o sa ntsane a iketsa hore e be mophethahatsi oa litšepiso tsa hae. E, ke Molimo ea phelang!

Litšobotsi Tse ka Sehloohong Tsa Jehova

Bibele e bontša hore ’Mōpi enoa eo e bileng e leng mophethahatsi oa litšepiso tsa hae ke motho ea ipiletsang haholo. Jehova ka boeena o senotse litšobotsi tsa hae tse khethehileng ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe.” (Exoda 34:6, 7) Jehova o hlalosoa e le Molimo ea mosa o lerato. Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le ka boetse la fetoleloa e le “lerato le tšepahalang.” Ha a phetha morero oa hae oa ka ho sa feleng, ka botšepehi Jehova o tsoela pele ho bontša lerato ho libōpuoa tsa hae. Na u ke ke ua nka lerato le joalo e le la bohlokoa?

Jehova o boetse o lieha ho halefa ’me o potlakela ho tšoarela liphoso tsa rōna. Hoa thabisa ho ba haufi le motho ea ikemiselitseng ho re tšoarela eseng ho re tšoaea liphoso. Empa seo ha se bolele hore Jehova o khothalletsa liketso tse fosahetseng. O itse: “’Na, Jehova, ke rata ho lokileng, ’me ke hloile bosholu le bolotsana.” (Esaia 61:8) Joaloka Molimo oa toka, ha a mamelle ka ho sa feleng baetsalibe ba thatafetseng ba tsoelang pele bokhopong ba bona. Kahoo, re ka kholiseha hore ka nako ea hae e tšoanetseng, Jehova o tla lokisa ho hloka toka lefatšeng la rōna.

Ho boloka teka-tekano e phethahetseng pakeng tsa litšobotsi tsa lerato le toka ho hloka bohlale. Jehova o leka-lekanya litšobotsi tsena tse peli ka tsela e hlollang ha a sebelisana le rōna. (Baroma 11:33-36) Ha e le hantle, bohlale ba hae bo ka bonoa hohle. Limakatso tsa tlhaho lia bo paka.—Pesaleme ea 104:24; Liproverbia 3:19.

Leha ho le joalo, bohlale feela ha boa lekana. Hore ’Mōpi a phethahatse ka ho feletseng se tlang mohopolong oa hae, o tlameha hore hape a be le matla a feletseng. Bibele e bontša hore ke Molimo ea joalo: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo. . . . Ka lebaka la bongata ba matla a hae a maholo, . . . ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.” (Esaia 40:26, NW) Ka sebele, Jehova o na le ‘matla a mangata a maholo’ taolong ea hae hore a finyelle thato ea hae. Na litšobotsi tse joalo ha li u hulele ho Jehova?

Melemo ea ho Tseba Jehova

Jehova ‘ha aa ka a bōpela lefatše lefeela’ empa ‘o le entse hore le ahuoe’ ke batho ba nang le kamano ea bohlokoa le eena. (Esaia 45:18; Genese 1:28) O tsotella libōpuoa tsa hae tse lefatšeng. O qalisitse batho ka mokhoa o phethahetseng lehaeng le kang serapa la paradeise. Batho ke bona ba le senyang ’me hona ha ho thabise Jehova ho hang. Leha ho le joalo, tumellanong le lebitso la hae, Jehova o tla phethahatsa morero oa hae oa pele bakeng sa batho le lefatše. (Pesaleme ea 115:16; Tšenolo 11:18) O tla tsosolosa Paradeise lefatšeng bakeng sa ba ikemiselitseng ho mo mamela joaloka bana ba hae.—Liproverbia 8:17; Matheu 5:5.

Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa hore na u ka thabela bophelo ba mofuta ofe Paradeiseng eo: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ke bona bophelo ba sebele boo Jehova a batlang hore u bo thabele. Ke Ntate ea mosa hakaakang! Na u ikemiselitse ho ithuta ho eketsehileng ka eena le ka se hlokoang ho uena hore u tle u phele Paradeiseng?

Ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele, Mangolo a Segerike pampitšaneng ena a qotsitsoe ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me Mangolo a Seheberu a qotsitsoe Bibeleng ea Sesotho e tloaelehileng. Moo NW e tlang ka mor’a taba e qotsitsoeng, ho bontša hore phetolelo e tsoa ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References ea puo ea Senyesemane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela